Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/1 maq. 19-21
  • Keresemese ke Ntho ea Khale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keresemese ke Ntho ea Khale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HONG KONG, SINGAPORE, KOREA E KA BOROA, HAWAII, AFRIKA
  • KERESEMESE EA KHOEBO E FIHLA LINAHENG TSA BOJODE LE BOKOMONISI
  • KERESEMESE E QALEHA MORAO PALENG
  • Na U Lokela ho Keteka Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Keresemese e Bolela Eng ho Uena?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ketekoa le Bochabela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/1 maq. 19-21

Keresemese ke Ntho ea Khale

HA E BONTŠE HO TLALA LEFATŠE FEELA; HAPE KE NTHO EO E LENG KHALE E QALEHILE

UTHULANA Le matšoele a tletseng ka mabenkeleng. Ka lekhetlo la makholo a mahlano libekeng tsa morao tjena u utloa ka liholisa-mantsoe pina e hlasimollang e binoang hamonate ka litšepe. E tsamaea hantle le mechine ea chelete ha e ngola chelete e rekileng. Motho ea tšoantšetsang moea oa Keresemese o teng ka sutu ea hae e khubelu le litelu tse tšoeu, o fana ka limpho ho bana ba fotseng hore ba lule seropeng ho eena. Pontšo e ngotsoeng “Keresemese e monate” e tletse hohle e ngotsoe ka Senyesemane, empa molumo oa mantsoe a u potolohileng ke a puo e sa tloaelehang. Ua ipotsa hore na u hokae.

U Japane, naha eo baahi ba eona ba sa fihleng le karolong e le ’ngoe lekholong ba sekametseng bolumeling ba Bokreste. Ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše Keresemese e fetohile mokete o moholo moo.

Haufinyane, Babuddha ba Majapane ba ile ba nka karolo Keresemeseng ka ho khabisa mohaho o mekato e 53 Tokyo ka mabone a mebala-bala a nang le litšoantšiso tsa moroetsana Maria.

Ka Japane, makasine ea Newsweek e kile ea hlokomela nakong e fetileng hore:

“Keresemese joale ke letsatsi la phomolo le leholo ho ’ohle selemong. . . . Matsatsi a qetellang a Tšitoe a tletse letoto la mekete malapeng, liofising, lifemeng, le matlong a boithabiso ba bosiu e siang sechaba le ‘babalasi’ e matla eo ba qalang selemo se secha ka eona.”

Meru ea lifate tsa Keresemese e khabisa libaka tsa mabenkele. Likarete tsa Keresemese lia bontšoa, empa ka tloaelo li hlahisa lelapa le halalelang le mangeloi ka mahlo a bopapi le moriri o motšo. Batho ba tšoantšetsang moea oa Keresemese ba hohle, bongata ba bona e le basali. Lebenkele le leng mookameli e mong oa lona o itse: “Re fumane hore basali ba molemo ho hapeng bana, haholo ba banyenyane haholo.” Hape ba rateha ho baketeki ba baholo, hobane batho ba tšoantšetsang moea oa Keresemese ba entsoe ka banana ba batle ba teng matlong a lijo le matlong a boithabiso ba bosiu moo ba hlobolang liaparo.

HONG KONG, SINGAPORE, KOREA E KA BOROA, HAWAII, AFRIKA

Hong Kong karolo ea 90 lekholong ea baahi ke Machaena ao e seng Bakreste, empa hoo e ka bang bohareng ba Mphalane libaka tsa khoebo li khanya ka mekhabiso ea Keresemese le ho tlala batho ba rekang. Bahlomphehi ba litelu li tšoeu, ba lisutu li khubelu ba hohle, ba beile bana liropeng ho bona ’me ba fana ka limpho. Mabenkele a Makomonisi e bile oona a etellang pele ho hloella khoheling ea Keresemese.

Singapore likhoeli tse peli pele ho Keresemese lipontšo tse khōlō mabenkeleng li bolela “Re le Lakaletsa Keresemese e Monate le Selemo se Secha sa Thabo!” Litšoantšo li bontša tšoantšetso ea moea oa Keresemese le tsoalo ea Jesu. Batho ba phelang ba tšoantšetsang moea oa Keresemese ka lisutu tsa tloaelo tse khubelu ba fana ka lipompong ho bana.

Keresemese ke le leng la matsatsi a maholo ho feta ’ohle a phomolo Korea e ka Boroa, bakeng sa bao e seng balumeli hammoho le karolo ea 14 lekholong ea baahi e ipolelang hore ke Bakreste. Lipapali tsa bosiu lia tlala bosiung ba Keresemese, empa mekete e etsoang malapeng e mengata haholo. Bareki ba tlala mabenkele ho reka limpho litšoantšiso tsa moea oa Keresemese li teng, joalokaha ho ba teng lifate tsa Keresemese.

Hawaii, Babuddha ba fapanyetsana limpho tsa Keresemese, ba khabisa matlo a bona bakeng sa letsatsi la phomolo ’me ba ba le mekete ea malapa.

Maafrika a mangata ao e seng Bakreste Kenya ba nka Keresemese e le nako ea ho keteka. Ka letsatsi la Keresemese ba keteka, ba noa majoalo, ba fapanyetsana limpho le ho tjeka. Ba ikenya mofere-fereng oa thabo ka meropa le ho tjeka bosiu bohle. Matlo a mangata a bona a na le lifate tsa Keresemese tse khabisitsoeng ka lipalesa. Ho fapana le lifate tse tloaelehileng tsa Phaena tseo ba li sebelisang, ba sebelisa lekhapetla la banana kapa se seng sa lifate tse tala ka linako tsohle tse kang likiprese.

KERESEMESE EA KHOEBO E FIHLA LINAHENG TSA BOJODE LE BOKOMONISI

Motsamai e mong o ile a hlalosa ha a khutlela Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika:

“Haufinyane, ha re kenella ka hare ho Kremlin, motho ea neng a re tsamaisa le libaka a re supisa mohaho o motle o mocha oa Bolshoi ’me a re, ‘ke hona moo re hlomang sefate se selelele sa phaena ’me re etse mokete oa rōna oa Keresemese selemo le selemo, phapang feela e le hore re e etsa ka la 7 Pherekhong, ’me lona ka la 25 Tšitoe.’ Berlin e ka Bochabela selemong se fetileng ka Tšitoe, ke ile ka makatsoa ke ho bona lifate tse khōlō haholo tse khabisitsoeng tsa Keresemese libakeng tsa pontšeng tsa sechaba.”

Bajode ka kakaretso ba latola Jesu Kreste, empa bongata ba bona bo khabisa libaka tsa bona tsa khoebo ka mekhabiso ea Keresemese, ba kopanela meketeng ea liofisi le ho romela litumeliso tsa phomolo ka likarete. Ka Hanukkah, Rabbi Morris Kertzer o-oa bolela bukeng ea hae What Is a Jew?

“Bajode ba Amerika ba fetotse mokete ona o monyenyane ho o etsa o moholo haholo ka baka la mekhoa ea oona ea neano e amanang haholo le mokete oa Keresemese o etsahalang ka nako e le ’ngoe le oona. . . . Ho etsiseng moea o akaretsang o busang ka Tšitoe, Hanukkah joale e se e tšoauoa ka ho fapanyetsana limpho ho ba banyenyane le ba baholo, ’me matlo a khabisoa ka mokhoa o phahameng ka litšoantšetso tse sa tšoaneng tsa Hanukkah.”

Mookameli oa nakong e fetileng oa Kopano ea Liphutheho tsa Baheberu ba Amerika o ile a botsa: “Na Keresemese ha e-ea fetoha letsatsi la phomolo le bolokoang ke bohle?” Kamor’a ho bolela kamoo Bajode ba hoholoang ke ho fapanyetsana limpho le mekete e thabileng ea Keresemese, o re:

“Hoja ke ne ke le mohlanka oa Mokreste ho fapana le moruti oa Mojode, ha ho letho leo ke neng ke tla le bokollela haholo hakana, le ho le ila ka matla, joaloka ho fetoloa hona ho tletseng hohle ho etsoang ke matšoele a Bakreste le Bajode ba bang le ba bang ba bangata bao e seng balumeli ba Bojodeng kapa Bokresteng, . . . ha letsatsi le halalelang hakana le etsoa letsatsi la phomolo la bohetene, le hlokisoang bohlokoa ba ho theoa ha lona ha moea.”

KERESEMESE E QALEHA MORAO PALENG

“Khutlisetsang Kreste Keresemeseng!” Ona ke mohoo oo hangata o utloahalang o etsoa ke ba bangata bao ka tieo ba lakatsang ho hlonepha Kreste Jesu mohla letsatsi la ho tsoaloa ha hae. Ba sitoa ho hlokomela hore ha ho mohla Kreste a kileng a ba Keresemeseng. Kereke ea Puritan ea England e ne e sa hlokomolohe Keresemese feela; hape e ne e nqosa meea leha e le efe e neng e ka leka ho e boloka ka lekunutu! New England ea pele, ho ketekoa ha Keresemese ho ne ho haneloa ka molao kaha ba Puritan ba ne ba khopisoa ke tšimoloho eo e seng ea Bokreste ea mekhoa le meetlo ea eona.

Ka la 25 Tšitoe Baroma hammoho le Bagerike ba boholo-holo ba ne ba keteka ho tsoaloa ha letsatsi leo ho seng se ka le hapang. Mekhoa e latellisoa ho khutlela morao Babylona. Nimrode o ne a rapeloa a entsoe molimo oa letsatsi. Eare ha a bolaoa ke lira tsa hae o ile a emeloa e le sekoqo, ’me eare ha a tsoaloa hape a tšoantšetsoa ka sefate se setala ka linako tsohle. Hoba a ngole sena, The Two Babylons ea Dr. Alexander Hislop e-ea bolela:

“Joale Kutu e tšoarang mollo bolung ba Keresemese ke kutu e shoeleng ea Nimrode, ea rapeloang e le molimo oa letsatsi, empa a khabetsoe ke lira tsa hae; sefate sa Keresemese ke Nimrode [a tsositsoe]—molimo o hlabiloeng o khutletse bophelong hape.”

Sekoqo sena sa kutu se ne se chesoa bosiung ba la 24 Tšitoe; hoseng ka le latelang se nkeloa sebaka ka sefate se setala ka linako tsohle. Dr. Hislop o bontša tšimoloho ea bohetene ea mekhoa e meng e potolohang Keresemese—likerese, ho keteka, likotlolo tsa majoala, lekhala, ho fanoa ha limpho le tse ling.—Maq. 91-103.

Jesu ha a ka a tsoaloa ka la 25 Tšitoe, empa qetellong ea selemo ha balisa ba le lepalapaleng le mehlape ea bona masimong. Ho feta moo, Bakreste ha baa ka ba keteka ho tsoaloa ha hae, empa ba ile ba laeloa ho ikhopotsa lefu la hae ka Sejo sa Mantsiboea sa Morena, seo a ileng a se thea bosiung boo a ekiloeng ka bona. O itse: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19, 20.

Baprostanta ba fumane mekhoa ea bona ea Keresemese ho Mak’hatholike. Mak’hatholike a e nkile Roma ea boholo-holo, joalokaha mok’hadinale oa Lenyesemane Newman a ile a lumela hore Kereke e K’hatholike e fetse ea “fetola lisebelisoa le mekhoa ea borapeli ba bademona ho li etsa tse ka sebelisoang boevangeling” le hore e mengata ea mekhoa ea kereke ea hae “e simolohile boheteneng, ’me ea halaletsoa ka ho nkeloa ha eona ka Kerekeng.” Ho tloha ho Baroma mekhoa ea Keresemese e kenella hole ho pholletsa Greece, Persia, Egepeta, Assyria ’me qetellong Babylona le Nimrode molimo oa letsatsi.

Ha ho moo Keresemese e amanang le Kreste. E tletse bodemona. Leha e le efe linneteng tsena ha ho e ka e fetolang. E ntse e le teng e bile e tletse hohle hobane e na le khoebo e ngata. Litšoantšiso tse ngata tsa batho ba bontšang moea oa Keresemese, joale ka ho eketsehileng ho bontšoa baroetsana ba batle ka tsona.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela