Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 12/1 maq. 22-25
  • “Khotso . . . ho Batho Bao o Khahloang ke Bona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Khotso . . . ho Batho Bao o Khahloang ke Bona”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LEFU LA HAE LE BOHLOKOA HAHOLOANYANE
  • “BATHO BAO O KHAHLOANG KE BONA”
  • LIMPHO TSA KERESEMESE LE LIMPHO TSA BOKRESTE
  • Ke hobane’ng ha batho ba bang ba sa keteke Keresemese?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Keresemese—Na Kannete e Lumellana le Bokreste?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Jesu o Hlahile Neng?
    Tsoha!—2008
  • Na Jesu o Hlahetse Lehloeng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 12/1 maq. 22-25

“Khotso . . . ho Batho Bao o Khahloang ke Bona”

TSOALO EA JESU E NE E LE KETSAHALO E KHOLO, EMPA E NE E LE QALO FELA!

KA SELEMO sa 2 B.C.E., hoo e ka bang mathoasong a Mphalane, monna le mosali oa hae ba ne ba tsamaile ho ea ngolisoa Bethlehema, tumellanong le taelo e neng e ntšitsoe ke Sesare Augusto. Mosali e ne e le moimana. “Ba sa le moo, matsatsi a ho beleha ha hae a phetheha; a beleha mora oa hae oa letsibolo; a mo phuthela maseleng, ’me a mo robatsa sejelong, kahobane ho no ho se sebaka sa bona tlung ea baeti.”—Luka 2:6, 7.

Tsoalo ena e ne e e-na le ho hongata ho sa tloaelehang, le tsebiso ea eona e ne e sa tloaeleha. “Ho ne ho le balisa naheng eo, ba phelang metebong, ba lebetse mehlape ea bona bosiu. Joale hang, lengeloi la Morena la ba hlahela, khanya ea Morena ea ba teela hare, ’me ba tšaba ka tšabo e kholo. Lengeloi la re ho bona: Se tšabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kholo, e monate, ee e tla ba ea sechaba kaofela; ke ho re, kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki, motseng oa Davida; ke Kreste, Morena.”—Luka 2:8-11.

Tsena e ne e le litaba tse kholo! Bajode ba ne ba lebelletse ho tla ha Messia. Na balisa baa ba ne ba hlile ba ka lumela hore lesea lena le tsoetsoeng bocha ke eena? Lengeloi la tsoela pele la re: “Le tla fihlela lesea le phuthetsoeng, le robalitsoeng sejelong.” Ha phakisa ha hlaha lebotho la mangeloi, le rorisa Molimo ’me le re: “Khotso e be lefatšeng ho batho bao o khahloang ke bona.” Balisa ba potlakela Bethlehema—ba ne ba tseba hore ona ke motse oa Davida, moo Messia a neng a tla tsoalloa teng. Ba fumana ngoana ka sejelong—pontšo e boletsoeng ke lengeloi. Kahoo ea e-ba lipaki tse boneng ka mahlo phethahatso ea boprofeta ea ho tsoaloa ha botho ha Messia. Ba tletsoe ke thabo, balisa ba khutlela mehlapeng ea bona, ba rorisa le ho boka Molimo.—Luka 2:12-20, Mik. 5:2; Matt. 2:4-6.

Ke eona tsoalo eo lichaba tse ngata kajeno li e ketekang ka la 25 Tšitoe. Hore lena e ke ke ea e-ba letsatsi le nepahetseng ho bontšoa ke mantsoe ana a tsoang ho Clarke’s Commentary mabapi le Luka 2:8.

“E ne e le tloaelo har’a Bajode ho isa linku tsa bona mafeelleng, hoo e ka bang ka paseka, le ho li khutlisetsa hae ha lipula li qala ho na: nakong eo ba tsoileng le tsona, balisa ba ne ba li alosa bosiu le motšehare. Kaha paseka e ne e etsahala selemo, ’me lipula tsa pele li ne li qala mathoasong a khoeli ea Marchesvan, e leng e lumellanang le karolo ea Mphalane le Pulungoana tsa rōna, re fumana hore linku li ne li alosetsoa ntle lepalapaleng nako eohle lehlabula.”

Ha ho mehlape e neng e ka ba kantle bosiu ka Tšitoe, kahoo Commentary e qetela ka hore:

“Ka lebaka lena tsoalo ena ea Tšitoe e lokela ho tloheloa.”

Letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu le ka fellisoa feela ho fella nakong eo ka eona balisa ba neng ba le ntle lepalapaleng le mehlape ea bona bosiu. Jesu o qalile tšebeletso ea hae ha a ba lilemo li 30; ea tsoela pele ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, ha a bolaoa sefateng sa tlhokofatso a le lilemo li 331⁄2.a Likhoeli tse tšeletseng li bolela hore o ile a tsoaloa likhoeli tse tšeletseng pele ho paseka, kapa qetellong ea selemo, hoo e ka bang ka la 1 Mphalane. Leha ho le joalo, ’nete ea hore letsatsi le tobileng la ho tsoaloa ha Jesu ha lea boleloa e supa hore Bakreste ha ba ea lebelloa ho le keteka. Tsoalo ea hae e ne e le qalo feela.

LEFU LA HAE LE BOHLOKOA HAHOLOANYANE

“Qetello ea taba e ’ngoe e fetisa qalo ea eona.” (Moek. 7:8) Ka sebele ho bile joalo tabeng ea bophelo ba Jesu mona lefatšeng. Jesu ka boeena o ile a nahana hore ketsahalo ea bohlokoa e ka hopoloang ke lefu la hae, e seng tsoalo ea hae. Le ne le tšoaea qetello e atlehileng ea morero oa Jehova ka ho rōmela Jesu lefatšeng. Ka lefu la Jesu ho ile ha lokisetsoa topollo bakeng sa batho bohle ba ka pholosoang. Ka lefu la hae Jesu o ile a tšepahala tlas’a liteko tse boima ka ho fetisisa ’me a paka hore Satane o leshano. Ka lefu la hae o ile a fumana ’muso o tla felisa bokhopo le ho tlisa khotso e sa feleng. Ho ithaopela ha hae ho sia leholimo, hore a tle lefatšeng ’me a shoe e le sehlabelo, le ho phahamisetsoa ha hae matleng a ’Muso li bontšoa ho Ba-Filippi 2:5-11.

“Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste; eo leha a na a ema ka sebopeho sa Molimo, a sa kang a lekanya hobane oa utsoa ha a iketsa ea lekanang le Molimo; athe o ifelisitse ka ho nka sebopeho sa mohlanka, ka ho iketsa ea tšoanang le batho. ’Me ha a hlahile a le joale ka motho, o ikokobelitse, a iketsa ea utloang ho isa lefung, e, le lefung la sefapano. Ke ka baka leo Molimo o mo phahamisitseng ka ho fetisa, ’me o mo neile lebitso le holim’a mabitso ’ohle; hore lebitsong la Jesu, mangole ’ohle a ba maholimong, le lefatšeng, le ka tlase ho lefatše, a khumame; ’me maleme ’ohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, e be tlotliso ea Molimo Ntate.”

Jesu Kreste o fetoha Morena oa Khotso eo ho boletsoeng ka eena ho Esaia 9:6, ’me joaloka morena oa ho loka oa Jehova o tla tlisa maemo a khotso a Pesaleme ea 72:6, 7: “O tla theoha, a be joale ka pula holim’a makhulo, joale ka melupe e kolobisang mobu. Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.” Ka ho loketseng, he, lengeloi le neng le tsebahatsa ho tsoaloa ha hae ho balisa le ile la bua ka eena e le ea neng a tla tlisa “khotso . . . ho batho bao o khahloang ke bona.” Ka sena sohle re bona hore ke lefu la hae leo e leng la bohlokoa. Tsoalo ea hae e ne e hlokahala e le keta-pele ea lefu la hae, empa ke lefu la hae le ileng la finyella ho hongata le le lokeloang ke hore re ikhopotse lona. Kahoo, letsatsi la ho tsoaloa ha hae ha lea ngoloa, le ho ngoloa, empa letsatsi la lefu la hae lea tsejoa ’me ho hopoloa ha lona ho laetsoe.—Luka 22:7, 19, 20.

“BATHO BAO O KHAHLOANG KE BONA”

Jehova o thibela ho tsoakanya borapeli ba hae le se neoang melimo ea bademona. “U se ke ua etsa selekane le bona, kapa le melimo ea bona,” kamoo a ileng a bolella batho ba hae ba Iseraele. “Ba ke ke ba aha lefatšeng la hao, e se re ba etsa hore u ntšiteloe ka ho sebeletsa melimo ea bona; hobane hoo e ka ba leraba ho uena.” (Ex. 23:32, 33; 1 Sam. 5:1-4) Thibelo ena e phetoa hape ho Bakreste: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? Kreste o na le selekane sefe le Beliale?”—2 Ba-Kor. 6:14, 15.

Sehlooho se tlang pele ho sena se bontšitse tšimoloho eo e seng ea Bokreste ea Keresemese. E theiloe borapeling ba letsatsi ba lichaba tse ngata tsa boholo-holo. Le oona mosebetsi oa topollo le poelano o tsamaeang le lefu la Jesu lia tlailoe. Jesu ea tsositsoeng e le mokena lipakeng o boelanya Molimo le batho ba baetsalibe. Lekhala tloaelong ea Keresemese ke boemeli ba bohetene ba messia oa bohata ea boelanyang Molimo le motho. The Two Babylons ea Hislop e hlalosa ka sena le tloaelo ea ho aka tlas’a sefate sa lekhala:

“’Mali a ke a shebe ketsong e le ’ngoe e sa ntsaneng e bolokoa ka Boroa ka bosiung ba Keresemese, ea ho aka tlas’a lekala la lekhala. lekala leo la lekhala tumela khoeloeng ea Druidic, eo, joalokaha re se re bone, e nkiloeng Babylona, e ne e le tšoantšetso ea Messia, “Monna lekala.’ Lekhala le ne le nkuoa e le lekala le halalelang—lekala le tsoang leholimong, ’me la hola sefateng se ileng sa hlaha lefatšeng. Kahoo ka ho khomaretsoa ha lekala le halalelang sefateng sa lefatšeng, leholimo le lefatše, tse neng li arohantsoe ke sebe, li kopantsoe hammoho, ’me kahoo lekala la lekhala ea e-ba bopaki ba poelano e Halalelang le motho, kako e le bopaki bo tsebisahalang ba tšoarelo le poelano.”—Maq. 98. 99.

Banna le basali ba amoheloang ke Jehova ’me kahoo ba thabela khotso e tšepisitsoeng ba tla lulella thoko haholo le mekete ea bohetene, le hoja ena e ikhakantse e le e hlonephang tsoalo ea Jesu. Ho phaella, moo, khoebo e feteletseng ea moea oa Keresemese e fosana le moea oa Jesu.

LIMPHO TSA KERESEMESE LE LIMPHO TSA BOKRESTE

Sebopeho se amanang le Keresemese sa khoebo se bokolleloa hohle, empa ba bang ba ikutloa hore hona ho tlosoa ke ’nete ea hore ho fana ho hongata ho etsoa ka nako ena. Hona ho nea letsatsi la phomolo motsoako oa Bokreste, kaha Jesu o ile a hatisa taba ea ho fana haholo. Ba e bea joalo khang ea bona. Leha ho le joalo, mabakeng a mangata ke taba ea ho fapanyetsana limpho, ea ho lebella ho buseletsoa ke motho eo u mo fileng mpho. Haeba mpho e sa buselletsoe, ea sitoang ho etsa joalo o tlosoa lethathamong la Keresemese ’me ha a romeloe mpho isao. Ena ke tsela e fapaneng hantle le ileng ea bueIloa ke Kreste Jesu. O ile a bontša moea o nepahetseng ka mantsoe ana:

“Enore ha u etsa ’mōka oa motšehare, leha e le oa ha lalla, u se ke ua bitsa metsoalle ea hao, leha e le banab’eno, leha e le baheno, leha e le barui bao u ahisaneng le bona; e se re mohlomong le bona ba u bitsa, ba ananya tsa hao. Empa enore ha u etsa ’moka, u bitse bahloki, le lihole, le lihlotsa, le lifofu, ’me u tla ba motho ea lehlohonolo, kahobane ha ba na seo ba ka u buseletsang sona; ’me tsa hao li tla buseletsoa tsohong ea ba lokileng.”—Luka 14:12-14.

Moea o joalo o bontšoa keletsong e ho Liproverbia 19:17: “Ea hauhelang mofumanehi o alimela Jehova, Jehova o tla putsa ketso tsa hae.” Lengolo lena hammoho le le etellang pele a bontša hore Jehova o oa lefa. Mohlomong eo u mo fang le eena a ka lakatsa ho u fa. Ha ho phoso ea letho ho sena, empa ntlha ke hore: sepheo sa hao ha u fana hase hore u buseletsoe ka mpho. Ho fana ha hao ho ka ’na ha kenya takatso ea ho fana, joalokaha Jesu a ile a bontša, a re: “Fanang, ’me le tla fuoa; le tla feloa sefubeng ka tekanyo e kholo, e hlohliloeng, e katiloeng, e tšolohang; hobane tekanyo eo le lekanyang ka eona, le tla lekanngoa ka eona le lona.” Leha ho ka ba joalo, u fana hobane u thabisoa ke ho fana: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.”—Luka 6:38; Lik. 20:35.

Itloaetse ho fana ho theosa le selemo. Ho thusa ba bang. Hoa u thabisa. Ho khahlisa Jesu haholo ho feta ho beela ka thoko letsatsi la phomolo la lefatše ka lebitso la hae bakeng sa ho fapanyetsana limpho. ’Me ho hapa kamohelo ea Jehova, eena ea tla lefa ea fanang a thabile ka khotso tlas’a ’muso oa Molimo ka Kreste.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa bopaki ba tšebeletso ea lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, bona Aid to Bible Understanding, leq. 921.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela