Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 5/15 maq. 20-23
  • ’Muso oa Molimo o tla Bolela Eng ho Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo o tla Bolela Eng ho Uena?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO LOKISOA HA TSA MORUO
  • TŠIRELETSEHO EA SEBELE
  • BOPHELO BO TSOSOLOSITSOENG
  • BATHO BA TSOTELLANG
  • ’Muso oa Molimo—Tšepo Feela ea Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Tokoloho ea ’Nete Tlas’a Puso ea ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lefatše le Lecha le Hlollang le Entsoeng ke Molimo
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Seo ’Muso oa Molimo o Tla se Etsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 5/15 maq. 20-23

’Muso oa Molimo o tla Bolela Eng ho Uena?

“Le [’ne] le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matt. 6:33.

HO TLA bolela eng ho uena ho phela ka tlas’a ’muso o laoloang le ho tsamaisoa ke Molimo ea Matla ’ohle? Bophelo bo ne bo tla ba joang ha ‘thato ea Molimo e ne e etsoa lefatšeng joaloka leholimong’?—Matt. 6:9, 10.

Khopolo e ’ngoe ea seo ho neng ho tla bolela sona e fumaneha mantsoeng a mopesaleme ea ileng a re ho Molimo: “U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” (Pes. 145:16) Ak’u nahane ka sena! Nako e-ea tla eo litlhokahalo tsohle tsa sebele le litakatso tsa motho e mong le e mong li tla khotsofatsoang, ’me ho feta ka tsela eo leha e le mang oa rona batho ba sa phethahalang a ka nahanang ka eona hona joale!

Ho fumana moko oa eona, ak’u ipotse: Haeba u ne u na le matla a ho fetola maemo a lefatše, u ne u ka etsa eng? Ke mofuta ofe oa mokhatlo oa batho oo u neng u ka u rata?

HO LOKISOA HA TSA MORUO

Ntle ho pelaelo e ’ngoe ea ntho tse kholo tseo u neng u ka li lokisa e ne e tla ba tsamaiso ea tsa moruo eo e neng e tla atlehisa batho le ho ba e tiileng. Ho phela hantle ke e ’ngoe ea ntho tse bohlokoa lelapeng le leng le le leng kajeno. Empa hona joale, ke ba seng bakaenyana feela ba phelang hantle.

Ntle ho pelaelo, u ne u ka rata ho tlosa bofutsana le ho etsa hore e mong le e mong a be le ho lekaneng—e seng feela ho batho ba itseng ba ’maloa. Empa ha ho tsamaiso ea ’muso oa batho e kileng ea phetha seo. Ha e le hantle, ha ho ahloloa ho ea ka pale ea batho, ho lokisa boemo ba lefatše lohle ba tsa moruo ho ka bonahala joaloka ntho e ke keng ea etsahala. ’Me ho joalo—ho ea ka chalimo ea batho!

Leha ho le joalo, ak’u nahane molao ona oa motheo o boletsoeng ke Jesu Kreste: “Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Molimo ha o sitoe ke letho.” (Matt. 19:26) U ’ne u hopole hore ’Mōpi oa bokahoohleng o na le bohlale le matla a fetang hole haholo a motho leha e le mang. O ile a sebelisa litšoanelo tseo ho bopa lehoohle le nang le libillione tsa melala, eo o mong le o mong oa melala ena o nang le libillione tsa linaleli tse joaloka letsatsi la rona, ’me tsohle li sebelisana ka tumellano e makatsang. Hape o bopile mefuta eohle ea bophelo mona lefatšeng, e rarahaneng haholo le ho fapa-fapana hoo ba bohlale bo tebileng ba e-s’ong ho bo utloisise ka ho feletseng le kajeno lena. Ruri, e ke ke ea ba ntho e kholo ho ’Mōpi ea nang le Matla a joalo ho lokisetsa le ho laola mokhatlo oa batho ba tlang ho sebelisa lefatše lena le menono ea lona bakeng sa hore bohle ba fumane molemo o lekanang.

Kamanong le lijo, ka mohlala, Jesu ka ho khahlisang o ile a re: “Talimang linonyana tsa leholimo; hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa.” Kamanong le liaparo o ile a re: “Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hobane esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona.”—Matt. 6:26-29.

Sena se bontša hore ’Mōpi a ka lokisetsa ka bongata litlhokahalo tsa libopuoa tsa hae tse “tlasana” tsa lefatšeng. Ruri, ka tlas’a ’Muso oa oona Molimo o tla bontša matla ana a hae ho libopuoa tsa hae tse batho. Ha e le hantle, pallo ea oona ke hore: “Jehova oa makhotla o tla etsetsa lichaba kaofela [e seng feela tse ling tsa tsona] mokete oa lijo tse hlabosang, mokete oa liveine tse monate tse nkiloeng holim’a litšifa, tse hloekileng.” (Esa. 25:6) Ho tsoela pele, Bibele e re: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng.” (Pes. 72:16) E, ka tlas’a puso ea ’Muso oa oona, Molimo o tla etsa hore ‘lefatše le melise lijo tsa lona.’—Pes. 67:6.

Ho ba teng ha lintho tsena tse hlokahalang ka bongata ho ke ke ha tla ka mosebetsi o sa thabiseng, o imelang haholo le o tenang. Re ka tiisa sena joang? Koana, ha Molimo o ne o bopa monna oa pele le mosali, o ile oa ba bea paradeiseng, moo mosebetsi e neng e le o thabisang. (Gen. 2:8, 9, 15; 1:31) Jesu o ile a tšepisa hore paradeise ena e lahlehileng e tla tsosolosoa tlas’a puso ea ’muso oa leholimo oa Molimo. (Luka 23:43) Ka hona he, mosebetsi e tla ba o thabisang. Mesebetsi ea batho, ho qapa lintho le mahlale a mang ntle ho pelaelo e tla ntlafala haholo le ho thabeloa haholo.

Empa, ho lokisoa ha moruo ho ne ho ka ba le molemo ofe haeba ho ne ho tla sengoa kamor’a Memo tse seng kae ka ntoa, mefere-fere le liphutuhelano, joaloka ha ho ’nile haeba joalo ka tlas’a muso oa batho? Lintho tse bonahalang li ka thabeloa joang haeba ho se teng tšireletseho?

TŠIRELETSEHO EA SEBELE

Haeba u ne u na le matla a ho tlosa lintho tseo hona joale li bakelang hore tšireletseho e se be teng, na u ne u ke ke ua li tlosa? Joale he, na u ka lebella hore Molimo ea Matla ’Ohle o tla etsa ho ka tlase ho seo pusong ea hae? Che, hobane oa re tiisetsa hore o tla ba a “felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Pes. 46:9) Seo se tla bolela tšireletseho ea lefatše lohle ka lekhetlo la pele paleng eohle, ho fapana le khotso kapa tšireletseho leha e le efe ea kajeno e bang teng feela ka nakonyana, hobane lintoa, mefere-fere, ho tsohela ’muso le tse ling tse joalo li ba teng hoo e batlang e le ka nako tsohle.

’Muso oa Molimo o ke ke oa tlisa khotso ea lefatše lohle feela. O tla etsa ho eketsehileng. O tla tsoela pele o ruta bafo ba ’ona litsela tsa khotso: ‘O tla re ruta mekhoa ea oona, . . . ha re sa tla hlola re ithuta ho loana.’ (Esa. 2:3, 4) Ha Molimo e le oona o rutang le o etsang lintho, u ka bona hore ke hobane’ng ha Bibele e bolela hore ka tlas’a puso ea ’Muso oo batho “ba tla rua lefatše, ba iketle [ithabele] khotsong e kholo.”—Pes. 37:11.

Tšireletseho e boetse e qetoa ke bokebekoa. Kajeno mebuso ea batho e hlōleha ho fothola metsō ea boitšoaro bo se nang molao. Empa lefatšeng leo le tla busoang ke ’muso o le mong, oa Molimo, le ka tlas’a sehlopha se le seng sa melao e lokileng, bokebekoa bo tla tlosoa kapele-pele. Leha e le mang ea tla batlang ho phehella ho tlola melao e lokileng ea Molimo ka nako eo a ke ke a lumelloa ho khathatsana le khotso ea taolo eo e ncha. Kemiso e tla ba ea hore: “Ba bolotsana ba tla felisoa, . . . molotsana o tla ba sieo.” (Pes. 37:9, 10) Joale he, mokhatlo oa batho o ke ke oa hlola o e-ba le literonko, mapolesa, linotlolo tsa mamati, e, le tšabo ka boeona e ke ke ea hlola e e-ba teng. Ka hona, pallo ea Molimo ke hore ka tlas’a taolo ea ’Muso oa oona ba tla beng ba phela “ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mik. 4:4.

Leha ho le joalo, na e ke ke ea ba ntho e soabisang ho thabela ntho tsohle tse hlokahalang bakeng sa bophelo, mosebetsi o thabisang, maemong a nang le khotso, empa qetellong re kule, re tsofale le ho shoa?

BOPHELO BO TSOSOLOSITSOENG

Haeba u ne u le ngaka e fumaneng pheko ea kamehla ea boloetse leha e le bofe, na u ne u tla e sebelisa? Lichelete tse ngata li fuoa batho ba tsebang meriana e folisang ka nakoana. Empa ho sa tsotellehe hore na lingaka li ka etsa eng ho fokotsa bohloko, ho thibela ho phatlalla ha maloetse, ho eketsa lilemonyana li se kae nakong ea motho ea ho phela, ’nete e thata ea sala hore boloetse, botsofali le lefu li ntse li e-tla butle—’me hape ho bohle.

Leha ho le joalo, ka tlas’a ’muso oa Molimo, “ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla kapa bohloko.” “Ha ho motho ea ahileng . . . ea tla re: Ke bohloko!” (Tšen. 21:4; Esa. 33:24) Boloetse, ho tsofala le lefu li tla thibeloa ka matla a Molimo, e le hore ’mele le likelello li khone ho itsosolosa. Li tla tsosolosetsoa bophelong bo phethahetseng hoo ‘nama ea motho e tla nchafalang ho fetisa bonyenyaneng ba hae.’ (Jobo 33:25) Maemo a tla tšoana le a hlalositsoeng ho Esaia 35:4, 6: “Mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlola joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.”

Ha batho ba ne ba sa kule, kapa ho tsofala, ba ne ba ke ke ba shoa. ’Me ho tla ba joalo. Ha ho batho ba phetseng hantle ba batlang ho shoa. Ka tlas’a ’Muso oo ba ke ke ba shoa, hobane tšepiso ke hore: “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.” (Tšen. 21:4) Ka hona, “ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”—Pes. 37:29.

Ho feta moo, Molimo, o bopileng motho ka lintho tsa lefatše, a ka khona ho boela a mo bopa. Ke ka hoo Bibele e reng: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Lik. 24:15) Ka hona bafu le bona, ba leng khopolong ea Molimo (e fetang hole k’homputa leha e le efe e entsoeng ke batho) ba tla khutlisetsoa bophelong ’me ba neoe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng tikolohong e lokileng, lefatšeng la paradeise. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang!

BATHO BA TSOTELLANG

Empa, le hoja melemo eo e ka ba teng, thabo e tla sengoa ke batho ba se nang botsoalle, batho ba baithati ba sa tsotelleng ka likhahleho tsa hao. Ke ka hoo Bibele e reng: “Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho e-na le ho ja khomo e nonneng, moo ho nang le hloeano.” (Liprov. 15:17) Empa e re ka ho Molimo o tla etsa hore liphoofolo tsa naha li be le botsoalle le batho, na o ka etsa ho ka tlase ho sena bathong?—Esa. 11:6-9; Ezek. 34:25.

Thuto ea lefatše ka bophara ea ho ruta batho hore ‘ba se hlole ba ithuta ntoa’ e tla ruta batho hape hore ke joang ‘ba ka ratang bahahisani ba bona joaloka ha ba ithata.’ (Esa. 2:4; Matt. 22:39) Ho feta moo, matla a susumelletsang a Molimo, moea oa oona o halalelang, o sebetsang ka ho batho o tla hlahisa melemo e makatsang, joaloka ha o tla etsa ho liphoofolo. Litholoana tsa moea oo ke “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Gal. 5:22.

Ke litšoanelo tse ntle hakaakang bakeng sa batho ho ba le tsona! ’Me ba tla ba le tsona, hobane moea o tla bang o busa Taolong e Ncha e tla ba oa Molimo. Ka matla a susumelletsang joalo a tla bang a sebetsa ka ho batho, le ho tlosoa ha maemo a mabe a kajeno, a bakelang hore ba bangata e be ba nang le lehloeo, likamano tse ntle li tla ba teng mahareng a batho tseo e tla bang tse futhumatsang pelo le tse thabisang kasebele. ’Me tikoloho eohle e tla ba joaloka ha e hlalositsoe: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang” [kapa “ba kopane,” NW].—Pes. 133:1.

Na ’Muso ona ke o biletsang ho uena? Haeba ho le joalo, teng he ke ho loketseng hore u ithute ka ho eketsehileng ka ’ona. Ka mohlala, ke bo-mang ba tla kopanyelletsoang ’musong oa leholimo oa Molimo? Ke’ng seo motho ka mong oa rona a lokelang ho se etsa e le hore a lumelloe ke Molimo ho phela ka ho sa feleng lefatšeng lena? Na ho teng bopaki, hona joale mona lefatšeng, ba hore ’Muso oo o hlile oa sebetsa? Na Molimo o kile oa bontša hore o ka tlisa melemo e makatsang joalo ho batho joaloka ho folisa ba kulang, ho tsosa bafu, kapa ho kopanya batho ba merabe e fapa-fapaneng le bochaba bo sa tšoaneng tumellanong e le ’ngoe ea ’nete le leratong? ’Me haeba batho ba tla phela ka ho sa feleng tlas’a ’muso oa Molimo, na ho ke ke ha e-ba teng mathata a baahi ba fetelletseng?

Lipotso tsena le tse ling tse ngata ka ’muso oa Molimo li ea arabeloa ka Bibeleng. Hobane’ng u sa kope e mong oa Lipaki tsa Jehova ho tla u thusa ho bona hore ke kae moo Bibele e buang ka litaba tsena? Haeba u ka etsa joalo, ’me ua ithuta ka ho tletseng ka mahlohonolo a maholo a boloketsoeng nako e tlang, u tla utloisisa hore ke ka baka la’ng Jesu a ileng a bolella balateli ba hae: “Le [’ne] le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matt. 6:33.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela