Maele a Bohlale
“Ho leoatla bohlale ba ’nete bo phahamile haholo; a ke ke a ba le molomo khotla,” ho boletse joalo Salomone ho Liproverbia 24:7. NW.
Maele ana a makhutšoanyane ke thuto e seli hakaakang! ho motho oa leoatla, bohlale ba ’nete bo phahamile haholo, hoo e kang bo ke ke ba fihleloa. Ho hang ha a rate ho iteka hore a ka bo fihlella. Ho emang sebakeng sa hoo kamoo ho ngotsoeng kateng Seheberung sa pele ke hore “bohlale bo ka lehakoe la bohlokoa.” Har’a lintho tse neng li hohela tsa boholo-holo, mahakoe a leoatle a ne a le theko e boima. Ho ne ho ka boleloa hore ho leoatla bohlale ba ’nete bo theko e phahamileng haholo. Ho hang haa ikutloe ho lefa theko ea ho etsa ka matla kapa ho itella se hlokoang ke bona ho bo fumana.
Iseraeleng ea boholo-holo banna ba baholo ba bohlale ba ne ba bokana khorong ea motse ho liha likahlolo ka litsekisano le ho fana ka keletso. Seo e ne e se sebaka seo leoatla le ka buang ho sona. Le ne le ke ke la fumanoa moo ho ea batla leha e le keletso e bohlale. Ho e-na le hore le ahlamise molomo oa lona khotla, le ne le e-ba sebakeng se seng le hehla lipolelo tsa booatla.
Ka hore ka mokhoa o hlakileng a bolele linnete ka “leoatla,” Salomone o re thusa ho ananela bohlokoa ba ’nete ba bohlale.