Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 9/1 leq. 32
  • Kamoo Mathata a Bona a Lenyalo a Ileng a Rarolloa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Mathata a Bona a Lenyalo a Ileng a Rarolloa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 9/1 leq. 32

Kamoo Mathata a Bona a Lenyalo a Ileng a Rarolloa

Mathata a lenyalo a ama ba limillione kajeno. Hangata motsong oa mathata ke ho se nahane kapa le tsona liketso tse sehlōhō tsa molekane a le mong kapa e mong. Empa ba bangata ba fumanetse mathata a bona a lenyalo pheko. Ka mohlala, hlokomela kamoo sena se etsahetseng tabeng ea banyalani Europe e ka bochabela.

Ka lilemo, Stefan o ne a tahoa, a otla mosali oa hae ka sehlōhō ’me a senya chelete ea hae a becha lipere. Ho sa tsotellehe mathata mosali oa hae a mamella ka nako eo, a ’na a phela le eena le ho mo thusa ka lichelete. Empa joale Stefan a qala ho ithuta Bibele ’me a qetella e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Le hoja bophelo bohle ba hae bo ne bo fetohile bo le molemo, mosali oa hae joale a batla mokhoa oa ho mo hlala.—1 Ba-Kor. 6:9-11.

Ka khotla, ha moahloli a batla lebaka la tlhalo, ho ne ho se letho leo mosali a ka le buang ka boitšoaro ba monna oa hae ba nakong eo. Ka baka leo, lenyalo ha lea ka la qhaloa. Kamor’a nako, mosali a phetla pelo ea hae hore a mamele ’nete ’me kamor’a likhoeli tse robeli tsa ho ithuta Bibele a tšoantšetsa boineelo ba hae ho Molimo ka ho kolobetsoa metsing. Kajeno, banyalani bana ba fumana thabo borapeling ba bona bo kopaneng ba Molimo o mohau, Jehova.

Bokreste ha bo sebelisoa bo hlahisa banna, basali le bana ba molemo. ’Me Bibele e fana ka thuso ho rarolleng mathata. Hape e nea ba amohelang molaetsa oa eona tšepo ea ’nete le e phelang e fellang thabong.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela