Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/1 maq. 10-11
  • Na U Motšehetsi? U ka ba Eena!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Motšehetsi? U ka ba Eena!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Banna, Bontšang Lerato la Boitelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Malapa a Bakreste—‘Lulang le Falimehile’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Linotlolo Tse Peli Tse Lebisang Lenyalong le Tšoarellang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/1 maq. 10-11

Na U Motšehetsi? U ka ba Eena!

HOSENG ho hong ho hotle selemong se seng sehlopha sa batsamai se ne se tsamaea ka koloi har’a naha e shebahalang e le ntle. Har’a sona ho ne ho le teng banyalani ba seng ba hōlile bao, ho theosa le lilemo, ba neng ba ithutile mokhoa oa ho fana le ho amohana. Taba eo ho ileng ha qoqoa ka eona ea fana ka monyetla oa hore monna a phephetse mosali oa hae ka mokhoa o mong o motle. Ha a arabela ka mokhoa o tšoanang, mosali oa hae a re: “Mpolelleng, nka etsa joang ka monna eo?” Motsoalle e mong ea neng a tsamaea le bona, ea neng a fetile mathateng a boima a lenyalo, a arabela ka lentsoe le tiileng le le utloisisang, a re: “U mo rate le ho mo tšehetsa.”

“Ho mo tšehetsa”? Na ka tloaelo ha re ho nke e le karolo ea monna ho tšehetsa mosali oa hae? E, ka kakaretso melao ea naha e laela hore ntate le monna a tšehetse mosali oa hae le bana ka lichelete. E ’ngoe ea litsela tseo monna a bontšang ka tsona hore ‘o rata mosali oa hae joaloka ’mele oa hae’ ke ka ho mo hlokomela.—Ba-Ef. 5:28, 29.

Empa ho na le ho tšehetsa ho hong hoo batho ba ka ho fananang. Ke ho tšehetsana boikutlong ba botho, kelellong le boitšoarong. Ho tšehetsa ha mofuta ona ke tlameho ea setho se seng le se seng sa lelapa ho tse ling. Ka ho makatsang, liithuti tse ling tsa mehleng ea kajeno tsa tlhaho ea motho li ikutloa hore banna ba hloka haholo ho sena ho feta basali ba bona. Ke hore, joalokaha ba thulana le lefatše le befileng, ho hlokahala hore ba ikutloe hore “mosalinyana” ea lapeng o ba tšehelitse ka botšepehi.

Hore na mosali a ka thusa monna oa hae hakae ntlheng ena ho ka bonoa maqepheng a pale. Ha ho pelaelo ka hore Sir Winston Churchill o ile a finyella ho hoholo, a phetha mosebetsi o hlollang e le tona-kholo ea England nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Ho tlalehoa a ile a bua tjena ka lekhetlo le leng: “Ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo bakeng sa monna leha e le ofe ea tšebeletsong ea sechaba hore a tsoe ho seo ke fetileng ho sona ntle ho thuso e ineetseng ea seo rōna mona England re se bitsang karolo e molemo ea motho.” Mohloli ona oa litaba o bolela hore e ne e le mosali ea tšobotsi e ntle haholo, eo mohlomong a ka beng a bile le seo a se sebetsang ka boeena, empa a etsa bophelo le boiketlo ba monna oa hae tsona mosebetsi oa hae. Leha ho le joalo, e seng hore hona ho ne ho hloka hore e be mosali ea “phoqang” monna, ho mo khahlisa leha ho sa hlokahale, hore e be mosali ea lumelang eng le eng. Che. Ha e le hantle, ho bonahala hore o ne a mo sebetsa ka kotloloho ’me a mo hanyetsa a tiile ha a fumana hore ke habohlokoa hore a etse joalo.

Ea bileng a re neang mohlala o molemo haholoanyane oa ho tšehetsa ha bosali ke Sara, mosali oa mopatriareka Abrahama. Ha ho tlaleho ea hore o ile a belaela ka hore ebe ho ile ha hlokahala hore a lelere hakana naheng esele. Ha a ka a belaela ha a mo kōpa hore a iketse khaitseli ea hae ho mo sireletsa. Ho feta moo, re bala hore ha a ne a buisana le eena o ne a bua ka eena e le “Moren’a ka.” ’Me hore e ne e se mosali ea kelello e fokolang ho ka bonoa ho bueng ha hae ho Abrahama ha boiketlo ba mora oa hae Isaaka bo sokeloa ke moholoane oa hae ka malapa Ishmaele.—Gen. 18:12, 21:8-14.

Ke ka litsela life kajeno mosali a ka tšehetsang monna oa hae. Tsela e ’ngoe e sa tsoa hlokomeloa bukeng e tsoa hatisoa bocha e buang ka ho etsa bophelo ba lelapa bo thabisang. Ha e bua ka karolo ea mosali, e re: “Se hlokoang ke monna hase mosali ea mo ratang feela le ea mo hlonephang empa hape eo e leng mothusi oa sebele, ea mo tšehetsang liqetong tseo a li etsang. Hona ha ho thata ha ho tloaelehile hore ho lumellanoe ka liqeto kamor’a hore ho buisanoe hammoho ka tsona. Empa ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo hakaalo haeba u sa rerisoe letho kapa haeba ho bonahala u hanyetsa. . . . [Empa] ha a u bona u sebetsa ka thata bakeng sa ho atleha ha morero, ho sa tsotellehe maikutlo a hao, na ha u lumele hore ho tšehetsa ho tšepahalang joalo ho etsoang ka botšepehi ke uena ho tla mo etsa hore a u rate haholo?” (mongolo o motenya ke keketso.)

Ke eng hape seo mosali a ka se shebang haeba a batla ho tšehetsa e le kannete? O tlameha ho alosa bofokoli bo tloaelehileng boo basali ba bangata ba nang le bona, e leng, ho soma. Hase ntle ho lebaka Morena Salomone oa boholo-holo a buang ka hona. (Liprov. 21:19; 25:24) Ke hobane’ng ha basali ba bang ba ho etsa ho sa tsotellehe taba ea hore ba hlile ba rata banna ba bona? Ho ka ’na ha tsoaloa ke bofetoheli bo etsoang ho sa hlokomeloa bakeng sa bohlooho ba monna—mohlomong e le ka lebaka la ho batla ho bua ho hongata litabeng kapa ho hopotsa monna hore le eena ha a ea phethahala. Joale, hape, mohlomong ka baka la ho feteletsa bohlokoa ba litaba. ’Mōkeng oa boithabiso mosali a ka ’na a soabisoa ke phoso e ’ngoe e ka ’nang ea etsoa ke monna oa hae. Kapa mohlomong a fosa mokhoa oa ho bua, ’me kahoo a ikutloa a tlameha ho mo tšoaea phoso. Mosali a ka ’na a nyatsa tsela eo a itlhophileng ka eona, mohlomong thae ea hae e sa lula hantle kapa mohlomong moriri oa hae o sa kangoa hantle ha a hlaha ka pel’a batho. Ho ba ea somang kapa ea hatellang lintho tse joalo hase ho tšehetsa. Ha e le hantle ke ho nyahamisa monna.

E seng hore ho tšehetsa ke eona karolo e kholo ea mosali a le mong. Joalokaha ho se ho hlokomelehile, monna le mosali, e, batsoali ka bobeli le bana, ba na le litlameho ntlheng ena. Ho ka ba ’na ha boleloa hore ka ho tšehetsa e mong o hana ho bua eng kapa eng haeba ho se letho le tobileng leo a ka le buang. Ho ka etsoa likhang ka lebaka lefe ka litaba tse hlileng li sa reng letho? Ka nako e ’ngoe ho ee ho boleloe hore motho ea se nang litaba o itšena kapele. Empa haeba re le pelo-telele re ke ke ra potlakela ho bolela ho se thabe ka lintho tse fokolang.

Ka lehlakoreng le leng, ho teng litsela tse ngata haholo tseo ka tsona monna le mosali ba ka tšehetsanang ka mokhoa o nang le thuso. Koana, e totobetseng ho li feta ke ka ho bolellana kananelo kapa ho babatsa. U ka tšehetsa feela le ka ho bososela ka mokhoa o khothatsang le o nang le botsoalle, ho mamela ka hloko ha e mong a bua, le haeba a bua le uena kapa a bua pontšeng. Feela ka ho atamelana ha ’mele, ho ba moo e mong a leng teng, ho thabela ho ba le eena ho feta ho ba har’a ba bang, ka ho tšoarana ka matla ka matsoho—balekane ba ka tšehetsana. Haholo ha ho na le ntho e fosahetseng, mantsoe a kutloelo-bohloko a lerato le botšepehi, ho bebofatsa ho senyehileng, a etsa hore ho bonahale ho e-na le tšobotsi e pholosang ka ho oona, a tšehetsa. Hona hohle ho ka ba le phello e hahang ho ba babeli, hobane “ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”—Liprov. 11:25.

Ntle ho moo, na litho tsa lelapa, ka ho tšehetsana, li mpa li sa mamele feela “Molao oa Gauda” ho etsa ba bang seo bona ba ka ratang ba bang ha ba ba etsa sona? Ba etsa joalo ruri.—Luka 6:31.

Kahoo, na u motšehetsi? Hase feela hore U KA ba eena empa U TŠOANELA ho ba eena, molemong oa hao le molemong oa ba bang.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela