Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/1 maq. 7-9
  • ’Muso oa Molimo—Ke Oona Tšepo Feela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo—Ke Oona Tšepo Feela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’NETE EA BOHLOKOA EA BIBELE
  • BAETA-PELE BA BOLUMELI BA MOLATO
  • MAIKUTLO A KEREKE
  • MAIKUTLO A FOSAHETSENG
  • BOEMO BA BOKRESTE
  • SE TLA TLISOA KE ’MUSO OA MOLIMO
  • Baprofeta ba Bohata Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • ’Muso oa Molimo—Tšepo Feela ea Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • ’Muso oa Molimo
    Tsoha!—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/1 maq. 7-9

’Muso oa Molimo—Ke Oona Tšepo Feela

BATHO ba hlasetsoe ke likhathatso tsa mefuta eohle. Empa pheko e teng. Ho hlokahalang ke ’muso oa lefatše o lokileng o tlang ho tsamaisa litaba tsa lefatše ka tsela e lerato le e nahanelang molemong oa bohle. Na u ke ke ua lebella hore pheko eo e be sehlooho sa thuto ea Jesu?

Ke sena. “’Muso e ne e le sehlooho se busang thuto ea hae,” kamoo ho hlokomelang leselinyana la bolumeli la Christianity and Crisis, ’me lea phaella: “Ha ho taba e neng e lutse kelellong ea hae hakaalo kapa e le setsi sa molaetsa oa hae. E boleloa ka makhetlo a fetang lekholo lipaleng tsa Litaba tse Molemo.” E, Jesu o itse: ‘E ka khona ke bolele Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.’ (Luka 4:34) O ile a ruta balateli ba hae hore ba rapelle ’muso oa Molimo hore o tle.—Matt. 6:9, 10.

’Muso oa Molimo ke eng? O tla tlela ho rarolla likhathatso tsa lefatše joang?

’NETE EA BOHLOKOA EA BIBELE

Batho ba bangata baa tseba hore morena ke ’musi, le hore ’muso oa morena o akarelletsa sebaka seo a busang holim’a sona. Ka hona ha hoa lokela hore ho be thata ho utloisisa hore ’muso oa Molimo e tla ba puso kapa ’muso holim’a lefatše lohle, o tsamaisoa ke Mora eo e leng oa oona, Jesu Kreste. ’Muso ona oa Molimo o tla nkela mebuso eohle ea lefatše sebaka.

Ka lilemo tse 100 ’nete ena ea Bibele ka ’Muso e ’nile ea hatisoa ka ho Molula-Qhooa. Bonneteng ba taba, ho tloha ka 1939 lebitso la makasine ka molao e bile “Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.” Tokollo ea Tšitoe 1881 e itse: “Ho hlongoa ha ’muso ona, koana, ho tla akarelletsa ho lihuoa ha mebuso eohle ea lefatše, kaha kaofela ha eona—haesita le e molemo ea eona—e theiloe khethollong le litokelong tse sa lekaneng le ho hatelloa ha ba bangata ’me ho ratoa ba seng bakae—joalokaha re bala hore: ‘o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.’”—Dan. 2:44.

Leha ho le joalo, ho batho ba bangata, ho akarelletsa Bakreste-ka-lebitso, ha ba tsebe ’nete ena ea Bibele. Ipatlele. Ha u na le sebaka, botsa batho: ‘’Muso oa Molimo ke eng, hona o tla tla joang?’ Mohlomong u tla makala hore ebe ho teng pherekano e kholo hakana ka taba ena, ’me kahoo kutloisiso e le e fokolang. Ho tjee ka lebaka lefe?

BAETA-PELE BA BOLUMELI BA MOLATO

Ke kahobane baeta-pele ba bolumeli ka bobona ba ferekane ka ’Muso. Taba e ngotsoeng ke mohlophisi ho The Church Quarterly Review e lumela hore:

“Re bile kotsing ka nako e telele ea ho hoholoa ke leqhubu le phahamang la likhopolo le likhopoloana ka hore na hantle-ntle maikutlo a bohlokoa ke afe ka hore na ’Muso ke eng.”

Ka lebaka la pherekano ea bolumeli haholo-holo, likereke ha li bue haholo ka taba ena. Francis P. Miller, Mopresbyterian ea tsebisahalang, o ile a meketsa:

“Ho khutsa ha Bakreste ba bangata ka ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea litlokotsi tse khōlō ka ho fetisisa tsa mehla ea rōna.” Ka hona ha a qetella a ngola hore: “Ke le mophutheho ke isa thapeli ho baruti ba rōna le ba thuto ea tsebo ka Molimo: Re bolelleng ka ’Muso oa Molimo; re hlalosetseng hore na ke eng le hore na o tla amana joang le lefatše la mehleng ea rōna . . . Ho hlokahala ka potlako. Baruti ba rōna le ba thuto ea tsebo ka Molimo ba lokela ho bua ka mantsoe ao batho ba phutheho ba tla a utloisisa ka ’Muso oa Molimo o haufi.”—Christianity and Crisis, la 13 Phuptjane, 1960.

Empa na ba ho entse? Ho hloka tsebo le pherekano tsa batho ba bangata ka ’muso oa Molimo li senola hore ha baa ho etsa. Nahana ka motsotsoana ka maikutlo ao u ’nileng ua utloa batho ba a bolela ka ’Muso. Na ba bontša maikutlo a latelang a rutiloeng ke likereke?

MAIKUTLO A KEREKE

Ka nako e telele ho ’nile ha rutoa hore Kereke ea Roma e K’hatholike, ha e le hantle, ke ’muso oa Molimo lefatšeng. Empa likarolong tse qalang tsa lekholo lena la lilemo, The Catholic Encyclopedia (1910) e itse tlas’a “’Muso oa Molimo”:

“‘’Muso’ ha o hlile ha o bolele hakaalo sepheo se lokelang ho finyelloa kapa sebaka . . . ho e-na le hoo ke boikutlo ba kelello (Luka xvii, 20-21), o emela tšusumetso e tlamehang ho laola likelello tsa batho haeba e tla ba ntho e le ’ngoe le Oona le ho itšoarella maikutlong a Oona.”

Na maikutlo ao a utloahala a tloaelehile? E bile a ratehang haholo ’me a boleloa ke baeta-pele ba bangata ba kereke. Ka mohlala, Kopano ea Baptist ea ka Boroa ea 1925 e ile ea ho bea ka tsela ena:

“’Muso oa Molimo ke puso ea Molimo lipelong le bophelong ba motho ka mong kamanong e ’ngoe le e ’ngoe ea botho, le sebopehong se seng le se seng kapa tsamaiso ea batho ba hlophisitsoeng. . . . ’Muso oa Molimo o tla be o phethahetse ha monahano o mong le o mong le thato ea motho li tla be li hapiloe ho kenngoa thatong ea Kreste.”

Leha ho le joalo, ho sa na le maikutlo a mang a ratehang. Likereke hape li amahantse ’muso oa Molimo le boiteko ba batho ba bopolotiki ho rarolleng likhathatso tsa lefatše. Moprista oa K’hatholike Martin K. Hopkins, ha a bua ka thapelo eo Jesu a ileng a e ruta, o ngola hore: “Thato ea hao e etsoe lefatšeng joale ka ha e etsoa leholimong. Hona ho hlalosa kamoo ’muso oa Molimo o tla qetella o tlile. Ho hloka hore re shebe ka nq’ane ho kajeno le ho sebeletsa ho tsosolosoa ha litsamaiso tsohle tsa batho ho Kreste.”

Ho thoe’ng ka maikutlo ana a sa tšoaneng? Na ’Muso ka tsela leha e le efe o itšetlehile ka boiteko ba batho ho etsa litsamaiso le batho ho ba tsa Bokreste? Na ’Muso ke “puso ea Molimo lipelong le bophelong ba motho ka mong”?

MAIKUTLO A FOSAHETSENG

Maikutlo a ka holimo ka ’muso oa Molimo, ao batho ba bangata ba nang le oona, a fosahetse. Ha a lumellane le Bibele. ’Me hona ho sa tsoa lumeloa ke baeta-pele ba kereke ka bobona. The Dictionary of the Apostolic Church, e hlophisitsoeng ke James Hastings, e re:

“Ho hang ha ho mohlala le o monyenyane feela Liespistoleng tsa maikutlo a boholo-holo hore Kereke e lefatšeng e ne e le ’Muso oa Molimo. ’Me maikutlo a bangoli ba bang ba thuto ea tsebo ka Molimo ba kajeno, a hore lefatše lena kamoo re le tsebang kateng le tla ntlafala tlas’a tšusumetso ea Bokreste ho fihlela le fetoha ’Muso, ho hang ke asele monahanong oa tsona.”

Le hoja baeta-pele ba kereke ka tloaelo ba ile ba supa ’Muso e le ‘boikutlo ba kelello,’ kapa ‘puso e ka pelong ea motho,’ maikutlo ana joale a hanoa ka kakaretso, joalokaha The Church Quarterly Review e hlokomela hore:

“Ba bang ho rōna re ka hopola mehla ea ha potso ena e ne e se na bothata ho hang. ’Muso e ne e le ka bonolo feela puso ea Molimo pelong le bophelong ba motho ka mong . . . Kajeno bonolo boo bo se bo fetohile ntho e fetiloeng ke linako kapa polelo e sa reng letho ea bopolotiki.”

Ha ho bapisoa le maikutlo a sa nepahalang a kereke, leha ho le joalo, molaetsa oa ’Muso o ileng oa boleloa likarolong tsa Molula-Qhooa o ipakile o le tumellanong le Bibele. E, ka ho hlakileng Mangolo a bontša hore ’muso oa Molimo ke puso ea Molimo e sebelisoang ka Mora oa oona, Jesu Kreste. Puso ena e hlile ea boleloa ka Bibeleng ka mantsoe ana: “Hobane re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, . . . hore a holise ’muso le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng.” (Esa. 9:6, 7) Puso ea ’Muso oa Molimo e haufi. Haufi e tla liha le ho nka sebaka sa mebuso eohle ea batho.—Dan. 2:44.

BOEMO BA BOKRESTE

Kahoo, boemo bo loketseng ba Bokreste ke bofe mabapi le tsamaiso ee, e tlang ho nkeloa sebaka ke ’muso oa Molimo? Bibele e hlalosa hore lefatše la hona joale le tlas’a puso ea Satane. (Matt. 4:9; Joh. 12:31; 14:30; 2 Ba-Kor. 4:4) Khale haholo ha tokollo ea Tšitoe 1882 ea makasine ea Molula-Qhooa (oa Senyesemane) e ne e hlokomelisa ka ’nete ena, e ile ea hlalosa:

“Haeba re bona ka ho hlakileng hore mebuso ea hona joale ke ea ‘morena oa lefatše lena’ ’me e lokela ho thothometsoa kaofela le ho suthela ’Muso oa Molimo oo re o rapellang, ‘’Muso oa hao o tle,’ joale re ke ke ra hlola re e-ba le takatso e tsoetseng pele ho tsoakana le eona ka tsela leha e le efe.”

Ha ho bapisoa le likereke tsa Bojakane, Molula-Qhooa ka lilemo tse fetileng tse 100 o bontšitse babali ba oona boemo bo nepahetseng ba Bokreste, joalokaha bo boletsoe ke Jesu, a re: “Ha le ba lefatše.” Nako le nako o ’nile oa pheta ka khatiso thuto ea Jesu: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” (Joh. 15:19; 18:36) Kahoo ho e-na le ho ferekana litabeng tsa lipolotiking tsa lefatše lena, Bakreste ba ’nete ba tšehelitse ka pelo eohle puso ea ’muso oa Molimo.—Joh. 6:15.

SE TLA TLISOA KE ’MUSO OA MOLIMO

Ke eng seo u ka se lebellang pusong ea Molimo? Pele ho tsohle, kannete u tla lebella hore ’musi oa eona e be ea lokileng, ea mosa le ea qenehelang. ’Me Jesu Kreste o ipakahalitse e le motho ea joalo. (Matt. 11:28-30) Tlas’a tsamaiso ea Molimo, Kreste o khethile batho ba nang le litšoaneleho tse joalo hore ba buse le eena leholimong. (Luka 22:28-30; Tšen. 5:9, 10; 20:6) E mong oa banna bana o ile a ngolla e mong ea neng a e-na le tšepo e joalo: “Ha re mamella bohloko le eena, re tla busa le eena.”—2 Tim. 2:12.

Ruri re ka lebella puso ea marena ana hore e be ea ho loka le khotso, e tlisang thabo le bophelo bo botle ba ’mele ho batho bohle—bafo ba eona ba lefatšeng. Kreste o ile a bonahatsa matla ao a a filoeng ke Molimo a ho phekola maloetse ’ohle ha a le lefatšeng; o bile a tsosa le bafu! Tlas’a puso ea ’Muso o tla boela a sebelisa matla ana a mohlolo tlhohonolofatsong le molemong oa motho e mong le e mong ea lefatšeng! Ka nako ea teng, lefatše lohle le tla fetoleloa paradeiseng e ntle bakeng sa ho thabeloa ke bohle.—Luka 23:43; Tšen. 21:4.

Kannete ’muso oa Molimo ke eona tšepo feela bakeng sa ho bona mahlohonolo ao re a laba-labelang hakana kaofela ha rōna!

[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 9]

’Muso oa leholimo oa Molimo o atametse. Kapelenyana o tla liha mebuso eohle ea batho le ho nka sebaka sa eona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]

MAIKUTLO A BIBELE

“’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.”—Jesu. Joh. 18:36.

“Borena bo beiloe lehetleng la hae, . . . hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”—Esa. 9:6, 7.

MAIKUTLO A KEREKE

“’Muso oa Molimo o tla qetella o tlile. . . . [ha] ho tsosolosoa . . . litsamaiso tsohle tsa batho ho Kreste.”—Moprista oa K’hatholike

“’Muso oa Molimo ke puso ea Molimo lipelong le bophelong ba motho ka mong.”—Kopano ea Baptist ea ka Boroa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela