Maeto a Banna ba Hōlileng a Fumantša Batho ba Molimo Molemo
“Ba boela Listra le Ikonione le Antiokia. Ba matlafatsa lipelo tsa barutuoa, ba ba khothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: ‘E ka khona re kene ’Musong oa Molimo ka ho feta har’a matšoenyeho a mangata.’”—Lik. 14:21, 22, phet. e ncha.
1. Ke hobane’ng ha maeto a balebeli ba tsamaeang a hlokahala kajeno, joaloka lekholong la pele la lilemo?
LEKHOLONG la pele la lilemo, baapostola le banna ba bang ba hōlileng ba ne ba e-ba le maeto a nakong e tšoanelehang e le balebeli ba tsamaeang ho ea liphuthehong tsa Bokreste. Kajeno balebeli ba tsamaeang ba etela nako le nako liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 42 000 lefatšeng ka bophara. Na maeto a joalo, a boholo-holo le a kajeno, a na le ho tšoana ho hongata? E, ka sebele! Hobane se hlokoang ke Bakreste kajeno se tšoana hantle haholo le kamoo ho neng ho le kateng mehleng ea baapostola. Re hloka khothatso le thuso e sebetsang ea maeto ana e le hore re ka tsoela pele ho etsa thato ea Molimo tlas’a maemo a lekang.
2. (a) Bakreste ba ’nile ba thulana le mathata afe, lekholong la pele la lilemo le hona joale, ho hlokahala hore ho etsoe mosebetsi ofe? (b) Ke hobane’ng ha maeto a banna ba hōlileng a ’nile a thabeloa?
2 Ka lebaka la ho se phethahale ho futsitsoeng, Bakreste ba pele ba ile ba thulana le mathata a tšoanang le a rōna. (Ba-Roma 3:23) Meleko eo ba ileng ba talimana le eona e ne e tšoana haholo le eo re biletsoang hore re e hanele. (1 Ba-Kor. 10:13) Ba ne ba phela har’a tsamaiso e khopo ea lintho e sa ntsaneng e le teng kajeno le eo kaofela ha rōna re laba-labelang ho lokolloa ho eona. (Ba-Gal. 1:4) Sera sa bona se seholo, Diabolose, le rōna re tlameha ho se hanyetsa. (1 Pet. 5:8) Har’a mefokolo ea bona ea nama, likhatello tse tsoang lefatšeng le khanyetso e tsoang matleng a meea e khopo e sa bonahaleng, balumeli bao ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le mosebetsi oo ba o etsang. Thōmo ea bona e ne e le hore ba bolele ‘litaba tse molemo’ le ho etsa barutuoa. Thōmo eo e boetse e sebetsa ho Lipaki tsa Jehova kajeno ’me e tlameha ho phethahatsoa pele ho bofelo bo tlang ba lefatše lena la bonyefoli. (Matt. 28:19, 20; Lik. 1:8) Nakong eo le hona joale, maeto a banna ba moea a ’nile a thabeloa e le tokisetso ea ho matlafatsa, ho khothatsa le ho ba thuso ka tsela e ’ngoe ho batho ba Molimo.
3. Ke molemo ofe oo re ka o fumanang ka ho hlahloba litlaleho tsa maeto a mehleng ea baapostola ’me re a tšoantša le kajeno?
3 Maeto ana a mehleng ea boapostola a fana ka thuso e tataisang ho rōna kajeno. (Lik. 14:21-23; 15:36) Ha re ntse re hlahloba litlaleho tse ling tsa Mangolo ’me re bapisa le kajeno, re lokela ho nolofalloa ke ho tebisa kananelo ea rōna bakeng sa tokisetso ea ‘limpho tsa banna’ tse joalo, tse sebeletsang le ho khahlametsa seo re se hlokang.—Ba-Ef. 4:8, 11, 12.
KAMOO MAETO A BANNA BA HŌLILENG A NENG A TALINGOA KATENG
4. Leeto phuthehong ea Antioke le ile la fumantša baena molemo joang?
4 Ebile kamorao ho lekhotla la Jerusalema la 49 C.E. moo Judase le Silase ba ileng ba rōngoa hammoho le Pauluse le Barnabase Antioke. Hoja ebe u ne u bile teng moo, u ka be u fihletse eng? Ho ea ka Liketso 15:32 “baprofeta” ba babeli Judase le Silase “ba khothatsa baena ka lipolelo tse ngata, ’me ba ba tiisa.” Pele ho moo, karohano eitseng e ne e bile teng Antioke ka taba ea lebollo. Empa joale ho amohela ha phutheho ea Antioke lengolo le tsamaisitsoeng ke moea, hammoho le leeto lena la “baprofeta” ba babeli, ho ne ho lokisitse taba. Phutheho e ne e e-na le lebaka la ho thaba.—Lik. 15:2, 22-31.
5. Ba-Filippi 2:20-22 e re bolella eng ka litšoaneleho tsa Timothea?
5 E bile moea oa bona o ikokobelitseng le o itetseng o ileng oa etsa ‘banna ba hōlileng’ khothatso e kaalo ho baena ba bona. Ka mohlala, ho ne ho le teng molekane oa Pauluse oa boromuoa Timothea, eo ka eena Pauluse a ngolileng, a re: “Hobane ha ke na e mong eo pelo ea hae e tšoanang le ea ka joale ka eena, leha e le ea hlokomelang taba tsa lōna ka sebele joale ka eena. Hobane bohle ba ipatlela tsa bona, e seng tsa Jesu Kreste.” Mosebetsi hammoho le Timothea, Pauluse, o ne a sa tsila-tsile ka ho mo rōmela phuthehong ea Filippi, e le ea neng a tla sebetsa joaloka mohlanka har’a bona bakeng sa ‘ho sebeletsa ho ntšetsa pele evangeli.’—Ba-Fil. 2:20-22.
6. (a) Baena ba Kreta ba ne ba tla fumana molemo joang ka hore Tite a phethahatse litaelo tsa Pauluse? (b) Keletso ea Tite e ne e tla ba le phello efe ho bacha le baholo, banna le basali?
6 Ka tloaelo, banna ba hōlileng ba neng ba rōmeloa sebakeng se itseng ba ne ba lula moo nakoana ho matlafatsa baena. Ho ne ho potlakile haholo hore Tite a thuse ho rarolla mathata a neng a le Kreta. A bolelloa hore a ‘lokise tse e-song ho lokisoe, . . . a bee baholo metseng eohle.’ Hape, ha ho talingoa puo e litšila, le ea booatla le maikutlo a lahlehisang a neng a rutoa ke ba bang, Tite o ne a tlameha ho nyatsa ba sa eeng ka molao ka matla, e le hore ba ka ba ‘le tumelo e se nang sekoli.’ (Tite 1:5-14) O ne a tlameha ho laea le ho khothatsa banna ba hōlileng lilemong le basali, hammoho le banna ba bachanyana le basali, haesita le makhoba, e le hore tsela eo ba phelang ka eona e ka ‘hlophisa thuto ea Molimo, ’Moloki oa rōna, nthong tsohle.”—Tite 2:1-10.
7. (a) Balebeli ba etang ba ne ba e-na le litšoaneleho life morao koo? (b) Ho ea ka 1 Ba-Korinthe 11:1, banna ba tšepahalang ba hōlileng ba kang Pauluse ba ne ba lokela ho talingoa joang?
7 Ho totobetse hore balebeli ba neng ba tšoaneleha hantle ba etileng ba ne ba fana ka taeo e hlokahalang ho liphutheho lekholong la pele la lilemo. Kaofela ha bona ba ne ba e-na le lilemo tsa tsebo mosebetsing oa boboleli, le ho jareng boikarabelo e le baholo le ho mamelleng mathata. Hoba a lokolise mahloriso le likotsi tseo a neng a thulane le tsona, Pauluse a senola kelello ea hae e matla ea boikarabelo, a re: “Leha ho sa baloe litsietsi tse tsoang kantle, ke likiloe ka matsatsi ’ohle ke lipelaetso tsa likereke tsohle.” (2 Ba-Kor. 11:23-28) Tite, Timothea le ba bang ba ne ba tloaelane haufi le eena liphihlelong tsena. (2 Ba-Kor. 8:23; 2 Tim. 3:10, 11) Tumelo e nang le mohlala ea ba etsa mehlala e tšoanelehang hore e ka etsisoa.—1 Ba-Kor. 11:1.
8. Baholo ba Efese ba ile ba fumana khothatso efe, ’me ba ikutloa joang ka Pauluse?
8 Hase feela hore baena ba ile ba hlonepha haholo ‘banna ba hōlileng’ bana ba beang mohlala ba neng ba eta bakeng sa mosebetsi oa bona o motle empa hape ba bontša lerato le matla la botho bakeng sa bona. Taba e totobetseng haholo ke ea ha Pauluse a ne a kopana le banna ba hōlileng ba Efese. A ba khothatsa: “Hlong le itise, le lise le mohlape kaofela, oo Moea o halalelang o le beileng balebeli ba oona, ho alosa kereke ea Molimo eo o ithuetseng eona ka mali ao e leng a oona ka sebele.” (Lik. 20:28) Eaba joale o hlokomelisa ka bokoenehi bo atamelang, ’me a ba khothatsa hore ba lule ba falimehile le ho thusa ba fokolang. Hoba ba rapele hammoho, banna bao ba hōlileng ba susumetseha boikutlong ba botho ha ba lumelisa Pauluse, ba hlile ba hlomoloa haholo ke ho tseba hore ba ke ke ba hlola ba bona sefahleho sa hae.—Lik. 20:29-38.
THUSO E SEBETSANG E NEOA LIPHUTHEHO
9. Balebeli ba etileng ba ne ba babatsa le ho khothatsa liphutheho joang?
9 Balebeli ba etileng hangata ba ne ba babatsa balumeli bao ba pele bakeng sa litšoaneleho tse ntle tseo ba neng ba li bontša. Ho bile joalo ka “bahalaleli” ba Kolosse. Ephafrase o ne a buile ka mesebetsi ea bona e metle le ka lerato la bona ka tsela ea moea, ’me Pauluse a leboha sena ho Molimo. (Ba-Kol. 1:2-8) Leeto la Pauluse Thessalonika le ile la tlisa liphello tse totobetseng. Hamorao a ngolla balumeli ba moo a hlokomela mosebetsi oa bona o tšepahalang, mesebetsi ea bona e etsoang ka lerato le mamello. Ba ne ba amohetse lentsoe tlas’a matšoenyeho ’me kahoo ba fetohile baetsisi ba tšoanelehang ba banna ba kang Pauluse, Silvanuse (Silase) le Timothea. (1 Ba-Thess. 1:1-7) Ka polelo le ka mohlala, banna bao ba hōlileng ba rutile barutuoa ba pele le ho ba bontša kamoo tholoana ea moea oa Molimo e ka bontšoang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Ba khothalletsoa ho bea tšepo ea bona e matla ho Jehova le ho itšetleha ka eena ka ho rapela nako le nako. Liphutheho li ile tsa thabela maeto a joalo, li lumela hore li ne li matlafatsoa le ho khothalletsoa ho “tiisetsa tumelong.”—Lik. 14:22.
10. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho ke ke ha sekisetsoa mabapi le bohloeki ba moea le ba boitšoaro? (b) Ke khothatso efe eo banna bao ba hōlileng ba ileng ba e nea balisa ba libaka ka bomong ba khethiloeng?
10 Ntle ho pelaelo, baapostola le banna ba hōlileng ba nka mehato ea ho bona hore liphutheho tsa morao koo li ne li sebetsa ka molao, ka tsela e lumellanang, tlas’a bohlooho ba Kreste. (Ba-Ef. 4:15, 16) Ba ne ba tseba hore bohloeki ba moea le ba boitšoaro bo ne bo lokela ho bolokoa. Ho ne ho ke ke ha sekisetsoa ntlheng ena. Ho seng joalo, phutheho ea Bokreste e ne e ka ipoloka e arohile lefatšeng joang le hore e sebelisoe e le sejana se hlomphehang ho jareng mosebetsi oa Jehova? (2 Ba-Kor. 6:14-17; 1 Ba-Thess. 4:3-8; 2 Tim. 2:20-22) Ho hatisa bohlokoa ba kutlo litlhokahalong tse halalelang, banna bao ba baholo ba ne ba eta le ho ngolla liphutheho mangolo ho thusa balisa ba khethiloeng libakeng ka ling le mohlape o tlhokomelong ea bona.—1 Pet. 5:1-5.
11. Tumellanong le keletso ea Pauluse ho Timothea, ke khothatso efe e ka fanoang ke balebeli ba etileng ho balebeli bohle ba phutheho kajeno?
11 Pauluse o ile a eletsa molebeli e monyenyane Timothea, a re: “e be uena u etsetsang balumeli mehlala . . . U ineele ho bala, le ho khothatsa, le ho ruta, . . . ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.” (1 Tim. 4:12-15) Maetong a bona, balebeli ba tsamaeang kajeno ba fana ka likeletso tse tšoanang. Le joalokaha Pauluse a ile a laela Timothea, ba khothatsa balebeli bohle ba liphutheho ho ‘bolela lentsoe ba phehelle nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe, ba laee, ba khalemele, ba khothatse ka mamello eohle le ka ho ruta,’ le ho ‘etsa mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli,’ ba phethahatsa mosebeti ona ka botlalo.—2 Tim. 4:1-5.
12. Ke keletso efe e amang ho ahlola e ileng ea neoa phutheho ea Korinthe?
12 Baapostola ba ne ba sa lokela ho tsilatsila ho hlalosa se lokelang ho etsoa mabapi le ho ahlola litaba. Ha Pauluse a thulana le boemo bo neng bo ama ho fosa bo neng bo sa lokisoa, a eletsa ka lengolo hore na a ka be e entse joang hoja o ne a le teng ka boeena, ka matla a laela ba ikarabellang Korinthe ho ‘tlosa e mobe har’a bona.’ (1 Ba-Kor. 5:3; 13) A boela a khothalletsa hore liqabang tsa botho har’a baena li lokela ho sebetsoa ke banna ba tšoanelehelang ho ahlola. (1 Ba-Kor. 6:1-6) Keletso e joalo e ne e thusa baena ba ikarabellang ho lokisa monahano oa bona.
TOKISETSO E LERATO HO RE MATLAFATSA
13. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha tokisetso ea Jehova ea balebeli ba tšepahalang, ho kopanyelletsa ba etelang liphutheho nako le nako? (b) Balebeli ba bangata ba tsamaeang ba na le tsebo ea eng?
13 Kajeno, kaha moea oa Jehova o sebetsa ho batho ba hae, banna ba sebetsang ka matla ba tšoanelehang ba nang le tsebo ea lilemo tse telele ba teng bakeng sa ho etela liphutheho. (Bapisa Ba-Efese 4:11, 12.) Le hoja e le batho ba sa phethahalang, ba bontša litšoaneleho tse ngata tse neng li khetholla Pauluse, Silase, Barnabase, Timothea le ba bang. Nakong ea hona joale, ho teng balebeli ba bangata ba tsamaeang ba nang le phihlelo ea lilemo tse fetang 30 mosebetsing oa nako e tletseng. Molebeli e mong ea ntseng a le tšebetsong hona joale ea potolohang o nkile tšebeletso ea nako e tletseng lilemong tse fetileng tse 55 ha a le lilemo li 18. (Moek. 12:1) O sebelitse a sa khaotse ho tloha ka nako eo, a sebetsa lilemo tse fetileng tse 30 a etela liphutheho. Hoo e ka bang banna bana kaofela ba boetse ba sebelelitse e le balebeli liphuthehong tsa libaka ka bonngoe hape e le bo-pula-maliboho. Ba bang ba nkile lilemo lebaleng la boromuoa kapa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower. Boteng ba banna ba joalo ka phuthehong ke lehlohonolo, ho nolofalletsa bohle hore ba fumane matla linthong tsa moea tseo ba li abelanang. Maeto a bona a ka re thusa tšebeletsong le borapeling ba rōna haesita le ho hlaoleleng botho ba Bokreste.
14. Ke eng se bontšang hore banna bana ba hōlileng baa tšoaneleha, ’me ba leka ho haha eng ka ho ba bang?
14 Baemeli ba rōmeloang liphuthehong ntle ho phetoho ke banna ba rōmeloang ho ea etella pele mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Ba utloisisitse se boleloang ke lentsoe ’me ba bea litholoana tse ntle. (Matt. 13:23) Ba tletse boikutlo ba ho potlaka bo tsoaloang ke kananelo ea ’nete bakeng sa se boleloang ke ’muso oa Molimo, le ho hlokomela botebo ba mehla ena ea qetello, ha ba botsoa mosebetsing oa bona. (Ba-Roma 12:11) Ba e-na le boikutlo bona, ba leka ho haha ka ho ba bang oona moea o joalo oa boboleli ba evangeli o khethollang phutheho ea pele ea Bokreste.—Lik. 5:42; 8:1-4.
15. (a) Balebeli ba tsamaeang ba nka litaelo tsa Jesu ho Mattheu 24:14 le 28:19, 20 joang? (b) Tumellanong le se ileng sa etsahala kamorao ho Pentekonta ea 33 C.E., ke thuso efe le mohlala tseo ba li neang liphutheho kajeno?
15 Hlonepho e phahameng ea balebeli ba tsamaeang bakeng sa taelo ea Jesu ea ho bolela ‘litaba tse molemo’ le ho etsa barutuoa e ba khanna hore ba hatise thōmo ena e habeli e le letlotlo le halalelang, tlhokahalo ea bomolimo. (Matt. 24:14; 28:19, 20) Ba hopola se ileng sa etsahala kamorao ho letsatsi la Pentekonta ka 33 C.E., hape le hamoraonyana, kamor’a ho sokoloha ha Kornele le ntlo ea hae, e leng hore, balumeli ba ile ba eketseha ka potlako ’me ba ne ba neoa litaelo ka botlalo, e le hore ba ka phela tumellanong le ‘litaba tse molemo’ le ho li bolella ba bang ka mokhoa o molemo. (Lik. 2:46, 47; 5:14; 6:7; 10:44-48; 20:20) Kajeno, bakeng sa ho ata ha balumeli, balebeli ba tsamaeang ba mema ba bangata kamoo ho ka khonehang ho kopanela le bona bopaking. Ba thusa ba haelloang ke tsebo. Cheseho le ketello pele tse ntle tsa baholo ba etileng li tlatsetsa ho atoloheng ha mosebetsi oa bopaki. Ba re, le Pauluse: “Ho malimabe ’na ha ke sa bolele Evangeli.”—1 Ba-Kor. 9:16.
16, 17. (a) Ha ho alosoa ho kenella ha bolefatše, ke khothatso efe e ka fanoang ke balebeli ba tsamaeang? (b) Ke ka litsela life ba ka thusang baena ho re ba hlole tšusumetso e bolotsana ea lintho tse bonahalang?
16 Ho feta moo, ho na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa ho thusa ba kopanelang le liphutheho ho tsoela pele ba phela ka mokhoa oa Bokreste. (2 Pet. 1:5-10) Ba bang ba sa ntsaneng ba e-so ho lokolohe bolefatšeng ba ka ’na ba leka ho kenya mekhoa e ka ’nang ea khoehlisa melao e phahameng ea boitšoaro e beiloeng ka Lentsoeng la Molimo. Ho alosa ho silafatsoa ke bolefatše, balebeli ba tsamaeang ho hlokahala hore ba bontše masene ho hlokomela liphetoho tse kenang ka bolotsana. Ba tla rata ho khothatsa batho ba Molimo hore ba khomarele haufi metheong ea Mangolo mabapi le mekhoa eo ba phelang ka eona, boitšoaro le litšebelisano tsa bona le ba bang, le haeba ke litabeng tsa botho kapa tsa boithabiso. (1 Ba-Kor. 10:31-33; 1 Pet. 1:14-16; Ba-Heb. 13:18) Ho ka ’na ha hlokahala hore ba hopotse baholo hore ba sebetse ka qeto ho boloka bohloeki ba boitšoaro, thuto le ba moea ka liphuthehong.
17 Tumellanong le keletso e fumanoeng ke Timothea, balebeli ba tsamaeang ba phehelloa ho lemosa Bakreste ka litšusumetso tse khukhunelang tsa lintho tse bonahalang. (1 Tim. 6:9, 10, 17-19) Ka mohlala oa bona ka ho etelletsa pele lintho tsa moea ba khothalletsa ba bang ‘ho batla ’muso oa Molimo pele.’—Matt. 6:33.
18. Ke hobane’ng ha ho finyelloa ha botsitso ba moea le kholo li hlokahala hakana, ’me hona ho ka khothalletsoa joang?
18 Lefatšeng leo ho Iona batho ba lebisoang koana le koana ke meea e ferekanyang ea lithuto tsa bolumeli, batho ba Jehova ho hlokahala hore ba tsitse, e be Bakreste ba holileng ka botlalo. (Ba-Ef. 4:13, 14) Boemo ba bona bo tlameha e be bo tiileng, bo sa ritsing kapele ka baka la monahano o itaolang kapa likhatello tsa boikutlo ba botho. (Ba-Kol. 1:23; 2:6, 7) Ka nepo, he, balebeli ba tsamaeang ba lokela ho hatella bohlokoa ba hore Bakreste bohle ba hole kamehla tsebong e nepahetseng ea Molimo. (Ba-Fil. 1:9, 10; Ba-Kol. 1:9-11) Ba khothalletsa boithuto ba botho, ba malapa le ba phutheho e le hore Bakreste ba ka feptjoa e seng feela ka ‘lebese la lentsoe,’ empa “lijo tse tiileng” e le hore ho ka ananeloa ka botlalo ‘lentsoe la ho loka,’ le hore ‘matla a bona a temoho a ka rutoa ho khetha pakeng tsa se nepahetseng le se fosahetseng.’ (Ba-Heb. 5:12-14) Ha ba hlahloba boemo ba moea ba phutheho, balebeli ba tsamaeang ba tla eletsa ka ho ea ka Mangolo lintlheng tse joalo.
19. Balebeli ba tsamaeang ba thusa ba bang joang ho latela seo ba se hlokang ka bomong? (Jak. 5:19, 20)
19 Banna bana ba hōlileng ba ka ’na ba etela ba kulang, ba tsofetseng le ba bang, kamoo monyetla o ba lumellang. (Liprov. 16:31; Matt. 18:12-14; bapisa Ezekiele 34:4.) Ha ba atameloa ke batho ba sa utloaneng ka maikutlo litabeng tsa botho, ka lerato ba ka ’na ba eletsa empa e le ka tieo ka Mangolo, ka maikutlo a ho busetsa khotso. (1 Ba-Thess. 5:14, 15) Ka litsela tse sa hlokomeleheng hangata, ba ka ’na ba fana ka ho haha moeeng ho ba nang le lipelaelo mabapi le boitšoaro ba Bokreste kapa bao ka litsela tse ling ba hlokang ho ‘tšoloa mollong.’—Juda 22, 23.
20. Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona e bile ba itetseng joang?
20 Joaloka lekholong la pele la lilemo, balebeli bana ba tsamaeang le basali ba bona ba sebeletsa tlas’a maemo a sa tšoaneng. Likarolong tse ngata tsa lefatše beke e ’ngoe le e ’ngoe ba ea sebakeng se sele. Ho fihla libakeng tse thoko kapa likhoeng, ba bang ba tsamaea ka lipere kapa liketsoana, kapa ba tsamaee libakeng tse telele holim’a lithaba kapa ba feta ka makhalo. Lithahasellong tsa liphutheho ba mamella mathata a boima. Ba bangata ba amohetse likabelo hole le malapa a habo bona le metsoalle e haufi. Empa ho sa tsotellehe boemo ba bona, ka boithatelo ba itela, ba lokile hore ba ka fetoha molemong oa ‘litaba tse molemo.’—1 Ba-Kor. 9:23.
21. (a) Ho hlahloba ha rōna tšebeletso ea banna bana ba hōlileng ho lokela ho re thusa ho ananela eng? (b) Ka hona re susumelletsoa ho botsa potso efe?
21 Ho hlahloba litsela tse ngata tseo ka tsona maeto a banna ba tšepahalang ba hōlileng a matlafalitseng liphutheho, mehleng ea baapostola haesita le mehleng ea kajeno, ha ho letho leo ho ka le etsang haese feela ho re thusa hore re ananele boiteko ba bona. Kannete banna ba hōlileng joalo ba itetseng ba har’a bao moapostola Pauluse a ileng a ngola ka bona, a re: “Rea le rapela, banab’eso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang har’a Iōna, ba le busang Moreneng, ba le khothatsang. Le ba hlomphe haholo-holo ka lerato, ka baka la tšebetso ea bona.” (1 Ba-Thess. 5:12, 13) Le hoja re e-na le hlompho ena bakeng sa balebeli ba tsamaeang, rōna ka bōrōna re ka fumana melemo e meholoanyane joang maetong a bona mehleng e tlang? A re ke re bone.