Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 11/1 maq. 17-20
  • Akane Monna ea Ileng a Tšoenya Sechaba Sohle sa Habo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Akane Monna ea Ileng a Tšoenya Sechaba Sohle sa Habo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO HLŌLOA AI
  • JOSHUA O IPILETSA HO JEHOVA
  • MOLIMO O SENOLA SE MO HALEFISITSENG
  • SEBE SA SETHO SE LE SENG SE BEA ’MELE ’OHLE KOTSING
  • MOLATO O TLOSOA SECHABENG
  • Lesholu Iseraeleng
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Joshua
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Buka ea Bibele ea 6—Joshua
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • E re Joshua a U Thuse ho Sebeletsa Jehova ka Sebete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 11/1 maq. 17-20

Akane Monna ea Ileng a Tšoenya Sechaba Sohle sa Habo

JEHOVA MOLIMO ka linako tsohle o lakatsa ho nea batho ba hae lintho tse molemo. (Luka 11:13; Jak. 1:17) Empa ka linako tse ling o tlameha ho ba laea ka litsela tse seng monate ho eena kapa bona. (Ba-Heb. 12:11) Ho mo utloisa bohloko ho etsa joalo, ’me ha ho le teng tsela leha e le efe e ka finyellang molemo bakeng sa motho ka mong kapa sechaba, a ka sebelisa tsela eo. (Gen. 6:6; Esa. 63:10) Mabakeng ’ohle, leha ho le joalo, liphello li mo pakahatsa a nepile liketsong tsa hae.

Taba e ka suptjoang ho laeeng ha hae sechaba sa Iseraele e mabapi le monna Akane oa leloko la Juda. Akane o ne a le lebothong la Iseraele le neng le loana tlas’a Joshua bakeng sa ho rua Lefatše la pallo. Ka nako eo ho ne ho lula Bakanana, Baamore le batho ba bang ba babe ho Jehova le borapeli ba hae. Lichaba tsena li ne li etsa mekhoa ea borapeli ba litšoantšo bo bobe haholo bo silafetseng le ea boitšoaro bo bobe. Molimo o ne o laetse Iseraele hore e ba hleke naheng.—Lev. 18:24, 28.

Molimo o ne o entse mehlolo ho tšelisa Iseraele Leoatle le Lefubelu tlas’a boeta-pele ba Moshe, ’me a nea sechaba lijo le ho thibela liaparo tsa sona hore li ka taboha ka lilemo tse 40 ho pheleng ha sona lefeelleng. A se loanela, a hlola lira tsa sona. (Ex. 14:21-28; Deut. 8:3-5; 29:5) Ho utloahala ha litaba tsena ha kenya moea oa ho tepella le ho tšaba Jehova hore o oele metse eohle ea Kanana.—Josh. 2:8-11; 5:1.

Joale ba ne ba tšetse Nōka ea Jordane ’me ba utloile pontšo e babatsehang ea tlhokomelo le tataiso ea Molimo ho hapeng ha bona Jeriko. Mona Jehova Molimo oa makhotla o ne o entse ka mohlolo hore marako a Jeriko a oele fatše. Ha ho lesole le le leng la Iseraele le ileng la shoa.—Josh. 6:20, 21.

Joalokaha Molimo o ne o laetse, Jeriko, e le oona tholoana ea pele ea naha ea Kanana, o ne o lokela ho neeloa ho Jehova kaofela ha oona; sohle se neng se le ho oona se ne se lokela ho timetsoa le ho chesoa ka mollo. Lintho tsa tšepe—gauda, silevera, koporo le tšepe ka boeona—hoba li chesoe, li ne li lokela ho nyeheloa letlotlong la tabernakele ea Molimo. (Josh. 6:17-19, 24) Ho latela selekane seo Molimo o neng o se entse le Iseraele, ntho eohle “e nyehetsoeng” e ne e thibetsoe kapa e rohakiloe. Hore motho leha e le mang a nke ntho e thibetsoeng ho ne ho tla mo etsa hore a “nyeheloe” kapa a rohakoe joaloka eona—a nyeheloe timetsong.—Deut. 7:25, 26.

HO HLŌLOA AI

Motse oa Ai e ne e le ona o latelang tseleng ea mabotho a Iseraele. Empa mona ha hlaha tlhōlo e nyelisang. Tlaleho ea Bibele e bolela lebaka, e re: “Bana ba Iseraele ba tlōla molao oa ntho tse entsoeng anathema. Akane, mor’a Karmi, mor’a Zabdi, mor’a Zerah, oa leloko la Juda, a nka tsa tse entsoeng anathema; ’me Jehova a halefela bana ba Iseraele ke hona.”—Josh. 7:1.

Ai e ne e le nyenyane ho Jeriko, kahoo lihloela tse neng li rōmetsoe ke Joshua tsa khothalletsa hore: “Ho se ke ha ea sechaba kaofela; ho ee banna ba ka bang kete tse peli, kapa tse tharo, ba futuhele Ai; u se ke ua khathatsa sechaba kaofela, etsoe ba se bakae.”—Josh. 7:2, 3.

Tlaleho ea Bibele e tsoela pele, e re: “Eaba ho ea banna ba ka bang kete tse tharo ba sechaba, empa ba baleha pel’a banna ba Ai. Banna ba Ai ba bolaea banna ba mashome a mararo a metso e tšeletseng ho bona, ’me ba ba phallela ho tloha khorong ea motse ho isa Shebarime, [koaring ea majoe], ba ba bolaela le motheong; ebile sechaba se nyahama lipelo, tsa e-ba joale ka metsi.”—Josh. 7:4, 5.

Ho ne ho senyehile hokae? Na Jehova o ne a ba furaletse? E ne e se hakaalo-kaalo ho shoa ha masole a 36 ho neng ho nyahamisitse hakaalo, hobane hangata ho ee ho lebelloe likotsi tse seng kae ntoeng efe le efe. Tlokotsi ea sebele, e ne e le hore Iseraele, lebotho la Jehova, e ne e balehile lira tsa eona.—Josh. 7:8.

JOSHUA O IPILETSA HO JEHOVA

Ka baka leo, Joshua o ne a tsielehile haholo. A “hahola liaparo tsa hae, a itabanya fatše ka sefahleho pel’a areka ea Jehova, ea ba ea e-ba mantsiboea, a e-na le baholo ba Iseraele, ba ithuntšelitse lihloho ka lithōle.” (Josh. 7:6) Banna bana ba baetapele ba sechaba ba ne ba soabile haholo le ho hlomoha hore, ka lebaka le leng, mohlomong Molimo ha o-oa khahlisoa; ha baa ka ba soaba feela, empa, ho feta moo, ba bontša masoabi a bona pel’a Molimo, ba ikutloa hore ke tšito e ’ngoe e itseng e entseng hore o hule thuso ea oona. ’Nete ea hore ba ile ba lula moo ho fihlela mantsiboea e senola kameho ea bona e tebileng le ho tšoha ha bona hore Molimo o koatile. Ha baa ka ba tšoaea lihloela phoso ka khothalletso ea tsona kapa ba tsekisa masole hore a bile boi, empa ba talima ho Jehova hore ba fumane lebaka la hore a ba bontše hore na ba ka etsa joang ho khutlela mohaung oa oona.

Joshua a buisana le Molimo, a re: “Oho, Morena, Jehova, u no u tšelisetsa’ng chaba sena Jordane, ho tla re neela matsohong a ba-Amore, hore ba re timetse? Hoja ra lumela ho itulela mose oane oa Jordane! Oho Morena, ana ke tla re’ng, ha e le moo ba-Iseraele ba balehile pel’a lira tsa bona? Hobane ba-Kanana le bohle ba ahileng lefatšeng ba tla utloa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rōna lefatšeng. ’Me ha ho ka ba joalo, u tla etsa’ng ka lebitso la hao le leholo?”—Josh. 7:7-9.

Joshua a ke ke a tsekisoa ka nepo ka ho belaela ka Jehova ka lekhetlo lena. Joalokaha bahlalosi ba Bibele Keil le Delitzsch ba bolela, Jehova o ne a mpa a sebelisa puo e sebete ha a buisana le Molimo thapelong—tumelo e neng e phahametsoe ke litsela tsa Morena—le ho etseng boipiletso bo potlakileng ka ho fetisisa ho Morena hore a phethahatse mosebetsi oa Hae ka eona tsela e khanyang eo a neng a qalile ka eona. (Bapisa Genese 18:23-26.) Joshua mohlomong o ile a ikutloa hore tlholohelo eo batho ba neng ba bile le eona pele ba tšela ho kena ka Kanana e ne e ile ea tsoakana le boithati, ’me e ne e se takatso ea pelo eohle ea ho etsa thato ea Molimo. A lakatsa hore kamano e ntle ea Iseraele le Molimo e theoe hape kamoo e neng e le kateng ka mosou oane ho Jordane.

Mona re bona hore Joshua o ile a tšolla pelo ea hae le boikutlo a sa siee letho, joalokaha ho lokela hore ho be joalo thapelong. (Bapisa Ba-Heberu 10:19-22.) Joale, a ikutloa eka seo a tsoa se bolela se ka ’na sa utloahala e le thohako ho Jehova—joalokaha eka Molimo o lebetse tlotla ea oona, Joshua a botsa Molimo hore na joale O ka phahamisa joang lebitso la oona le leholo pel’a lefatše. Lebitso la Jehova le ne le tlamahantsoe le sechaba sa Iseraele, ’me, ho Joshua, thohako e neng e tla tlisoa ke litaba tsa ho hlōloa ha Iseraele holim’a lebitso la Jehova e ne e le ntho e bohloko ka ho fetisisa ea taba ena kaofela.—Bapisa mantsoe a Moshe ha a ne a buella Iseraele kamor’a hore e etse sebe se tebileng.—Ex. 32:11-14.

MOLIMO O SENOLA SE MO HALEFISITSENG

Karabelo ea Molimo ho Joshua ea e-ba hore: “Tsoha; u itabanyelitse’ng joalo ka sefahleho?” Joale ka ha eka o re, ‘U rapaletse mono ho lekana. U tšoanela ho hlokomela hore hase kahobane ke fetohile. Ke nako ea ho fumana hore na khathatso e lutse hokae, e leng, sebeng se entsoeng ke batho.’ Molimo joale ka mokhoa o hlakileng oa re: “Ba-Iseraele ba entse sebe; ba tlōtse selekane sa ka see ke ba laetseng sona; ba nkile tsa tse entsoeng anathema; ba utsoitse, hape ba patile, hape-hape ba kentse lintho tseo liphahlong tsa bona.”—Josh. 7:10, 11.

Iseraele (1) e ne e robile selekane ka ho se utloe litaelo tsa Molimo (Ex. 24:7, 8), (2) e nkile anathema, (3) e hlile e utsoitse seo e neng e le sa Molimo, (4) eaba e pata taba eo, joalokaha eka Jehova ha a bone (Joshua mohlomong o ne a ile a botsa batho bohle, kamor’a ho oa ha Jeriko, hore na ebe ba ne ba mametse ka ho neela ntho e ’ngoe le e ’ngoe timetso, empa, haeba Joshua o ne a entse joalo, Akane joale o ne a ile a pata phoso ea hae), (5) ’me a pata ntho e hanetsoeng har’a lintho tsa bona, joalokaha eka e ne e le tsa bona, ’me kahoo ba iketsa ba manyala ho tšoana le ntho eo ba e nkileng.—Josh. 6:18, 19.

Kaha ba molato ha baa ba tla ’me ba lumela sebe sa bona, ho ne ho tlameha hore ho pepesoe. Le ka nako eo, Jehova a etsa hore Joshua a sibolle senokoane ka tsela e iketlileng, a nea enoa monyetla oa hore a bebofatse molato oa hae ho isa moo a ka o bolelang e le eena. Molimo o ka be o ’nile oa bolela lebitso la ea molato hang. Empa a etsa hore Joshua a bitse batho ho ea ka meloko, malapa, matlo le motho ka mong. Hona ho ile ha etsoa ka lotho, Jehova e le eena ea tsamaisang se etsoang.—Josh. 7:14, Liprov. 16:33.

Motho e mong a ka ’na a botsa, Molimo o ne o ka halefela sechaba kaofela ka se entsoeng ke motho a le mong hobane’ng? Liithuti tsa Bibele li lumellana hore e ne e le taba ea sebe sa kopanelo pel’a Molimo. Baiseraele e le sechaba ba ne ba bitsoa ka lebitso la Molimo. Seo ba neng ba se etsa se ne se emela Molimo oa bona le litsela tsa oona, mahlong a lichaba tse ling. Ketso ea meharo, bosholu le leshano ho motho a le mong ho ne ho ama botumo ba sechaba kaofela, ’me kahoo lebitso la Molimo oo ba neng ba o sebeletsa.—Deut. 21:1-9.

SEBE SA SETHO SE LE SENG SE BEA ’MELE ’OHLE KOTSING

Ho feta moo, sebe se joalo, haeba se lumelloa hore se loane lintoa, e seng ho phahamisa lebitso le borapeli ba ’nete ba Molimo, empa feela ho hapa ka boithati. Moapostola Pauluse o bontšitse hore ho lumelloa kapa ho khothalletsoa ha sebe se tebileng ho tloaella ka bolotsana ’me ho kotsi ha a ne a ngolla phutheho ea Bakreste e Jerusalema hore e hlokomele “monoko o mahloko o se ke oa le hlahela, oa tla oa le ferekanya, ’me ba bangata ba senyeha ke oona. Ho se ke ha e-ba e mong e leng mofebi, leha e le ea etsang litaba tsa Molimo bosaoana, joale ka Esau, ea neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tsoaloa, a reka sejonyana se le seng feela.”—Ba-Heb. 12:15, 16; bapisa 1 Ba-Korinthe 5:6, 7, 13.

Eare ha ho akheloa ha lotho ho supa Akane, Joshua o bile mosa, le hoja a ne a tsebile hore Akane o molato. A re ho Akane: “Mor’a ka, nea Jehova, Molimo oa Iseraele, letlōtlo, ’me u mo rorise; u ntsebise le see u se entseng, u se ke ua mpatela sona.” (Josh. 7:19) Akane joale a ‘rorisa Molimo’ ka hore o ile a lumela hore tsamaiso ea Jehova ka lotho e ne e nepahetse le hore Molimo o ne o mo halefetse hantle. Akane o ne a “entse manyala Iseraeleng,” bonokoane bo ileng ba tlisetsa Molimo tlontlollo e khōlō kaha e ile ea tlontlolla Iseraele eo ka nako eo e neng e emela Molimo lefatšeng.—Josh. 7:15.

MOLATO O TLOSOA SECHABENG

Joale, ho bontša ka pel’a Iseraele eohle lebaka la tlokotsi ea bona Ai, ’me kahoo a pake hore Akane ke eena ea molato, Joshua a laela hore lintho tse utsoitsoeng li latoe tenteng ea Akane ’me li beoe ka pel’a sechaba. (Josh. 7:22, 23) Ho latela taelo ea Molimo, Akane o ne a tlameha ho bolaoa. Lelapa la hae, tente le thepa li ne li tlameha ho chesoa hore e be molora le tsona, e le hore litšila tsena, monoko o mahloko o ka hlekoa Iseraeleng, hobane le Iona lebitso la Akane ha le boleloa le ne le nyatseha. Hoba Akane a tlepetsoe ka majoe hore a shoe, kamorao ho moo a chesoa, tlaleho e bolela hore ho ile ha bokelloa majoe a mangata holim’a molora oa hae ’me sebaka seo sa bitsoa Akore (pherekanyo, khathatso) e le khopotso ea tlokotsi eo ba neng ba e tliselitse Iseraele.—Josh. 7:24-26.

Batho ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho bolaoa ha lelapa la Akane le ho senngoa ha thepa ea hae ha lia tšoaneleha. Empa nahana thohako le khathatso tse neng li tlisitsoe ke takatso ena e meharo ea Akane. E seng hona feela, empa banna ba 36 ba ne ba shoele. Ho feta mooo, lelapa la Akane ho thata hore le ne le ke ke la tseba ’nete ea hore lintho tse rohakiloeng, tse utsoitsoeng li cheketsoe tlas’a tente ea Akane.—Josh. 7:21.

Hore Joshua o ile a etsa ntho e nepahetseng ho totobatsoa ke bohato bo latelang ba Jehova ka ho etsa hore ho hloloe Ai. Kahlolo ea Jehova ea ipakahatsa e le tlhohonolofatso le tšireletso ho Iseraele ha e tsoela pele ka ntoa ea lilemo tse tšeletseng ho hapa naha, e hlōla marena ka ho latellana. Ha ho tlaleho ea hore ho na le ea kileng a boela a pheta ketso e kang ea Akane. Le hamoraonyana, mehleng ea baahloli, ha ho hlaha sebe se matla, sechaba se ile sa bontša cheseho e kholo ho itlhoekiseng pel’a Molimo ka ho tlosa bobe, leha e le hore ho ne ho tla shoa batho ba bangata.—Baahl. Khaoh. 20.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela