Tumelo Phuthehong ea Jehova e Hlōlang
“Felang le tšabe Jehova, le mo sebeletse ka ’nete le ka pelo tsohle tsa lōna; hobane le tšoanetse ho lemoha tse kholohali tseo a le etselitseng tsona.”—1 Sam 12:24.
1. (a) Phutheho ea Molimo e bonahalang lefatšeng e ile ea bonahala neng hona joang ka 1513 B.C.E? (b) Ke hobane’ng ha e ne e bitsoa puso ea leholimo?
PHUTHEHO ea Molimo e bonahalang ea lefatšeng e ile ea bonahala ho hlongoeng ha meloko e 12 ea batho ba Baheberu e le seshaba se nang le puso ea leholimo ka selemo sa 1513 pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Ha hoa etsoa likhetho tsa puso ea lentsoe la sechaba bakeng sa ’muso ona. Molopolli oa batho bao bokhobeng ba lefu Egepeta oa boholo-holo ke Eena ea neng a ikarabella bakeng sa ’muso ona. O ile a o hloma. Enoa e ne e le Molimo ’me ’musong ona o nka karolo e phahameng. Ka baka leo o bitsoa puso ea leholimo e nang le ’musi oa eona ea bitsoang ’Musi oa leholimo! Bafo bohle ba ’ona ba laeloa ka ho nepahetseng ho rapela eena, e le ’Musi oa bona le molimo oa bona. Hona ho ne ho lumellana le melao e ’meli ea pele ho Melao e Leshome e ileng ea neoa sechaba sa Iseraele thabeng ea Sinai ho la Arabia.
2. Ke hobane’ng ha sechaba sena se ile sa bōpa phutheho eo ho neng ho se e tšoanang le eona lefatšeng ka nako eo?
2 Lilemo tse mashome a mane hamorao, ha ’Musi oa bona oa leholimo a ba tlisa Naheng ea Pallo, borena ba leholimo bo ile ba tsoela pele holim’a bona. Moprista ea moholo o ne a emela Molimo ka linako tsohle ’me baahloli ba ile ba emisoa linakong tse thata ho sebeletsa joale ka baemeli ba ’muso ba ’Musi oa leholimo ea sa bonahaleng. Sechaba sena se ile sa etsoa phutheho ea puso ea leholimo e bonahalang. Ho ne ho se e tšoanang le eona lefatšeng!
3, 4. (a) Ke hobane’ng ha phutheho ea Iseraele e ile ea tsoela pele ho ba ea puso ea leholimo leha ho se ho hlonngoe ’muso oa lefatšeng? (b) Samuele o ile a paka hore phutheho ea puso ea leholimo e tla ’ne e tsoele pele joang?
3 Puso e joalo ea sebele ea leholimo e ile ea tsoela pele e hlōla ho sa tsotellehe boiteko bo phetiloeng ba mebuso e e potolohileng e rapelang melimo ea litšoantšo ho e felisa. E ile ea tsoela pele esita le kamor’a hore ho emisoe marena a batho a bonahalang sechabeng sa Iseraele ka selemo sa 1117 B.C.E. Hona ho tlile joang? Hobane morena oa motho o ne a sebeletsa feela joale ka moemeli ea bonahalang oa ’Musi oa sebele oa puso ea leholimo. Ha a ka a felisa ho tšoaneleha ha borena ba Hae ka baka la hobane sechaba se ile sa nka bohato ba puso ea lentsoe la sechaba. Ho ne ho sa etsoe khetho ea puso ea lentsoe la sechaba, empa Molimo oa nka bohato bo fellang tokelong ea oona ’me oa khetha morena ea bonahalang holim’a sechaba seo o neng o kile oa se lopolla hore e be lefa la oona. Ho paka phello ena ke seo Samuele, eo e neng e le moahloli Iseraeleng ka nako eo, a se boletseng, a re:
4 “Ha ho le joalo, le Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho khahlile Jehova ho le etsa sechaba sa hae. . . . Felang le tšabe Jehova, le mo sebeletse ka ’nete le ka pelo tsohle tsa lōna; hobane le tšoanetse ho lemoha tse kholohali tseo a le etselitseng tsona. Ha le ka ’na la etsa hampe, le tla timela, lōna le morena oa lōna [oa motho].”—1 Sam. 12:22-25.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe a Samuele e le khothatso e khōlō ho Bakreste ba ’nete kajeno? (b) Ke mehlala efe e ’meli e lemosang eo re nang le eona ho Iseraele e thibelang ho etsa hore Jehova a lahle batho ba hae ba hlophisitsoeng? (c) Mopesaleme o ile a hlalosa boikutlo ba masala a kentsoeng botlamuoeng joang a neng a batla hore phutheho ea puso ea leholimo e hlahe hape?
5 Ke khopolo e khothatsang hakaakang ho bohle bao ‘Jehova a khahliloeng ho ba etsa sechaba sa hae’ mehleng ea rōna! Haeba re tsoela pele ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa rōna, le ka ’nete, ha ho mohla a tla re lahla. Re na le mohlala o lemosang oa ho hlōleha ho etsa sena. Hokae? Tabeng ea meloko e leshome ea Iseraele tlas’a marena ao ba ileng ba ikhethela oona ao ka ho totobetseng a ileng a etsa lintho tse mpe. Jehova o ile a fela a ba lahla le morena oa bona ea bonahalang. Hona ho bona ha bolela tlokotsi bakeng sa sechaba. Ba isoa botlamuoeng naheng ea ’muso oa lefatše oa Assyria, ’me ha ho mohla ’muso oa bona oa meloko e leshome o ileng oa boela oa hlongoa hape. Tlokotsi e joalo ea oela ’muso oa meloko e ’meli e meng ea Iseraele. Motse oa eona oa moreneng e ne e le Jerusalema, moo morena oa eona oa lelapa la borena la Davida a neng a lula ho se neng se bitsoa ‘terone ea Jehova.’ (1 Likron. 29:23) Ka 607 B.C.E., hoba Jerusalema e timetsoe ke ’Muso oa Lefatše oa Babylona, ba isoa Babylonia. Ka lilemo tse 70 naha ea habo bona eo ba neng ba e filoe ke Molimo, naha ea Juda, ea lula e le lesupi ho ea ka taelo ea ’Musi e Moholo oa leholimo, Jehova. Phutheho e bonahalang ea puso ea leholimo ha bonahala e se teng. Empa ho ne ho le teng masala a tšepahalang a neng a laba-labela hore phutheho e joalo ea puso ea leholimo e boele e hlahe hape. Mopesaleme o hlalosa boikutlo ba bona:
6 “Empa uena, Jehova, u hlola ka ho sa feleng, ’me lebitso la hao le tla hopoloa melokong. U tla tsoha, u hauhele Sione, hobane e se e le nako ea ho mo utloela bohloko; e, nako e lekantsoeng e tlile. Hobane bahlanka ba hao ba rata majoe a Sione, ba utloela lerōle la hae bohloko. Ke moo lichaba li tla hlonepha lebitso la Jehova, marena ’ohle a lefatše a tšabe khanya ea hao. Etlare ha Jehova a tsosa Sione, o tla hlaha khanyeng ea hae; o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, ’me a ke ke a nyelisa thapelo ea bona.”—Pes. 102:12-17.
7. (a) Jehova o bontšitse joang hore o ne a sa nyelise boikutlo ba masala a bakileng mabapi le phutheho ea puso ea leholimo? (b) Phutheho ea Jehova ea puso ea leholimo holim’a masala a tsosolositsoeng e ile ea iponahatsa joang ho sa tsotellehe borena ba Balichaba?
7 Ruri ho supa kananelo ea phutheho ea Jehova ha motho ea bakileng a thabisoa ke “majoe” a eona le ho rata “lerōle” la eona, kamoo re ka buang kateng. Jehova ha a ka a nyelisa kananelo ea mofuta o joalo ea batlamuoa ba bakileng ba Babylona. A e putsa ka tokollo qetellong ea lilemo tse 70 tsa lesupi la Sione, Jerusalema. A ba khutlisetsa naheng ea habo bona, hore moo ba boele ba sebelise borapeli ba puso ea leholimo ka bohloeki ba bona. A tsoela pele ho ba Morena oa bona oa Puso ea leholimo, le hoja joale a se na moemeli ea bonahalang oa hae Jerusalema e tsosolositsoeng. Empa boprista ba hae bo khethiloeng bo tlotsitsoeng ba boela ba nka hape tšebeletso ea puso ea leholimo tempeleng e hahiloeng hape ea borapeli. Hona ho etsahetse ho sa tsotellehe ho busa ha mebuso ea Balichaba ea lefatše holim’a bona ho latela taelo ea Jehova. Ka nakoana eo tokisetso eo e bile kamoo ’muso oa Jehova oa puso ea leholimo holim’a batho ba hae ba khethiloeng o ileng oa iponahatsa. O ne a sa ba lahla.
8. (a) Ea iponahalitseng e le ’muelli e moholo oa phutheho ea puso ea leholimo ke mang, hona joang? (b) Empa ke joang ’muso oa puso ea leholimo lefatšeng o ileng oa bonahala o hlōtsoe ka ho sa feleng?
8 Ba ratang phutheho ea puso ea leholimo ba lebella hore e iponahatse ka tsela e babatsehang ha ho fihla ‘peo ea Davida’ e neng e tšepisitsoe, e leng Messia ea hlileng a boleloa. (Ba-Roma 1:3, NW) Messia enoa, ea tsoang ho ’Musi oa Puso ea Leholimo, Jehova, o tlile ka sebopeho sa Jesu Kreste. Ha ho lea mong bokahohleng bohle ea ileng a rata phutheho ea puso ea leholimo ho mo feta. Ke ka baka leo a ileng a bolela ka sebete “’muso oa maholimo,” “’muso oa Molimo,” ho theosa le ho nyolosa le naha eohle ea Iseraele e tsosolositsoeng. (Matt. 4:17; Mar. 1:14, 15) Bakeng sa boineelo bona bo sa sisinyeheng phuthehong ea puso ea leholimo o ile a bolaoa lefung la ho shoela tumelo ka letsatsi la Paseka la 33 C.E. Lefung la hae, lentsoe le neng le boletse Molaetsa kapa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo ka botšepehi la khutsisoa. Ka likarolo tsa matsatsi a mararo ha bonahala eka phutheho ea puso ea leholimo e hlōtsoe ka ho sa feleng. Hobane, bona! ’Muelli e moholo oa eona o ne a rapaletse a bata a sa sisinyehe lefung.
TLHŌLO EA KA HO SA FELENG EA PUSO EA LEHOLIMO
9. Phutheho ea Jehova ea puso ea leholimo e ile ea neoa tlhōlo joang, ’me hona ha tsebisoa bo-mang pele?
9 Mohlophisi e moholo oa puso ea ’muso oa leholimo, leha ho le joalo, o ne a ke ke a hlōloa. Phutheho ea hae e sa bonahaleng ea leholimo e leholimong ea lula e tšepahetse ho eena, e emetse feela hore Jehova a nke bohato ba hore a itumise. A nka bohato bona ka letsatsi la boraro kamor’a hore Mora oa hae a shoe lefu la sehlabelo Jerusalema. Ha tlisetsa phutheho ea hae e bonahalang ho hlōla, hobane o ile a etsa mohlolo oa hae o fetang eohle ka ho tsosa bafung ’muelli e moholo oa phutheho ea puso ea leholimo, Mora oa hae ea tšepahalang Jesu Kreste. Makhotla a halalelang a leholimo a thaba le Jehova. Tsatsing lona leo ba ratang phutheho ea puso ea leholimo lefatšeng le bona ba thabisoa ho hlōleng ha ’Musi e Moholo oa puso ea leholimo ha Mora oa hae a iponahatsa ho bona e le ea tsositsoeng bafung.
10. Phetoho e fetang tsohle ho fihlela nakong eo ea bolumeli e ile ea etsahala joang?
10 Joale ho ne ho tšoanetse hore ho etsahale phetoho e khōlō ho tsohle lebaleng la bolumeli. Tlas’a baeta-pele ba ipatlang ba bolumeli sechaba sa Iseraele se ne se latotse phutheho ea puso ea leholimo. Ka tšoanelo, he, Jehova a lahla sechaba seo se khelohileng hore e se be phutheho ea hae e bonahalang ea puso ea leholimo, ’me a felisa tsamaiso ea Sejode. Empa ha a ka a lahla masala a manyenyane a Baiseraele ka bomong a neng a beile tšepo ea oona e feletseng ho Jesu le ho mo latela e le Messia, “peō ea Davida.” A ba fetisetsa phuthehong e ncha e bonahalang ea puso ea leholimo. Hona ho etsahetse ka letsatsi la Pentekonta, letsatsing la 50 hoba Kreste a hlōle lefu. A sebelisa Mora enoa ea tsositsoeng ho tšolla moea o halalelang holim’a barutuoa ba letileng Jerusalema. Neo ena ea moea e neng e tšepisitsoe ho Joele 2:28, 29 ea fanoa, e seng ho sechaba se bolokileng Pentekonta sa Iseraele, empa ho barutuoa ba letileng ba Jesu. Hona ha fana ka bopaki ba phetoho e khōlō ea bolumeli. Ea khetholla phutheho e ncha e bonahalang ea puso ea leholimo.
11. Phutheho e ncha ea Jehova ea puso ea leholimo e ile ea tsoela pele joang ka tlhōlo?
11 Lilemo tse mashome a mararo a metso e supileng hamorao ho timetsoa ha Jerusalema ke Baroma le ho lokolloa ka ho sa feleng tšebetsong ha boprista ba Bajode tšebeletsong e halalelang ea Jehova ha bea tiiso ea molao ea phetoho ea bolumeli. Ha hlakisa hore Jehova o lahlile phutheho ea hae ea lefatšeng ea puso ea leholimo ea Sejode, ’me o qalile tsamaiso e ncha ea Bokreste mabapi le batho ba hae. (Ba-Ef. 1:10) Empa phutheho ea hae e ncha ea puso ea leholimo ea tsoela pele ka tlhōlo ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba ’Muso o Moholo oa Roma ho e hlakola hore e se be teng ka mahloriso a maholo!
12. Tokollo ea Watch Tower ea December 1, 1894 e ile ea bua joang ka ho hlophisoa ha lekholong la pele la lilemo ha phutheho ea Bokreste bakeng sa ho bolela molaetsa nakong ea tsamaiso ena ea Bokreste?
12 Mabapi le phetoho ena ho tloha phuthehong ea Sejode ho ea ho ea Bokreste mehleng eo ea Jesu Kreste le baapostola ba hae, Watch Tower, tlas’a la 1 Tšitoe, 1894, e ile ea bolela sena, leqepheng la 384, serapa 2, mabapi le ho kotuloa ha balumeli ba Bajode mehleng ea Baapostola: “Empa kaha mosebetsi oo oa ho hlophisa kereke ea tsamaiso e ncha ea Boevangeli e ne e se karolo ea mosebetsi oa kotulo tsamaisong ea khale ea Sejode, ka hona mosebetsi oa hona joale oa kotulo oa tsamaiso ea Boevangeli o boetse o fapane le mosebetsi oa tsamaiso e ncha ea lilemo tse Sekete e seng e le haufi.”
13. Boikutlo ba puso ea leholimo ba barutuoa bo ile ba bontšoa joang ka seo baapostola ba nyeoeng ba ileng ba se bolella Sanhedrine ea Jerusalema?
13 Ho “hlophisoa” ha “kereke” kapa phutheho e le batho ba tlotsitsoeng ka moea ho ile ha tsoela pele ho tloha ka Pentekonta, e ileng ea tšoaea ho qaleha ha tsamaiso ea Bokreste. E le Iseraele oa moea e ile ea kenngoa selekaneng se secha le Molimo. Boikutlo ba puso ea leholimo ba phutheho eo ea barutuoa ba Kreste ba bontšoa likarabelong tsa bona lekhotleng la bolumeli la Jerusalema ha Lekhotla leo, le molato oa mali a Jesu, le laela hore ba khaotse ho paka ha bona ka Mora oa Molimo ea tsositsoeng. Ka sebete baapostola ba re: “A ho ahlole lōna hore na ke taba e lokileng pel’a Molimo ho utloa lōna ho fetisa Molimo na? Hobane ha e le rōna, ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho. Molimo oa bo ntat’a rōna o tsositse Jesu, eo le ’molaileng ka ho mo fanyeha sefateng. Molimo o mo phahamiselitse letsohong le letona la oona, hore e be eena Morena le ’Moloki ea neang Iseraele pako le tšoarelo ea libe. Rōna, re lipaki tsa hae litabeng tseo, rōna le Moea o Halalelang oo Molimo o o neileng ba o utloang.”—Lik. 4:19, 20; 5:29-32.
14. (a) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba bontšitse tumelo e hlōlang lefatše joang, hona ka phello efe? (b) Ho sa tsotellehe litemoso tse bululetsoeng, ho ile ha kenella eng ka phuthehong, empa na phutheho ea puso ea leholimo e ile ea nyamela ka ho sa feleng?
14 Bakreste bao ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba khetholloa ka tumelo e hlōlang lefatše. Ba ne ba se lihlong ke ho hlomoha tlas’a lebitso la Mokreste kapa Momessia, hobane moea oa khanya, moea oa Molimo, o ne o le ho bona. (1 Pet. 4:14; Lik. 11:26) Ka baka la mosebetsi oa bona o tšepahalang oa bopaki le ho kolobetsa ha bona barutuoa ba bacha, liphutheho tsa hlaha ka ntle le ka hare ho ’muso o Moholo oa Baroma. Leha ho le joalo, kaofela li ne li bōpa phutheho e le ’ngoe e bonahalang tlas’a Jesu Kreste, li rapela ’Musi e Moholo oa Puso ea Leholimo, Jehova. Hamorao, ho sa tsotellehe temoso e fanoeng ke Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba bululetsoeng ba ngotseng Bibele, bokoenehi—borabele ba bolumeli—ba kena. Phutheho ea ’nete ea puso ea leholimo ha bonahala e nyametse. Joang? Hobane ‘motho oa sebe,’ “mor’a tahleho,” ea neng a hlile a boleloa, a iphahamisa phuthehong ea bolumeli ba bokoenehi joalokaha eka ke molimo. A se ke a ela hloko molimo leha e le ofe o mong, leha e le eena Jehova ’Musi ea nang le ’nete oa Puso ea leholimo. (2 Ba-Thess. 2:3-12; Matt. 13:24-43) Ka lilemo tse fetang makholo a 15 bokoenehi bona ba rena, ho sa tsotellehe boiteko ba balokisi ba tiileng ho itokolla boreneng ba “motho eo oa sebe” ea neng a ikentse molimo. Ebe joale phutheho ea puso ea leholimo e ne e bolailoe ka ho sa feleng? Ho latela Lentsoe la Molimo, ho ne ho ke ke!
PHUTHEHO EA KAJENO EA PUSO EA LEHOLIMO
15. Ke hobane’ng ha makasine e neng e ipolela hore e tšepa Jehova e ileng ea qala ho hatisoa ka July 1879?
15 Ho fihla bohareng ba lekholong la lilemo la bo19 sehlopha sa “motho eo oa sebe” se ne se hlomile liphutheho tse ngata tsa bolumeli Bojakaneng. Lihlopha tsena li ne li ipitsa ka mabitso a mangata a boitsehahatso. Pherekano ea bolumeli ea Bojakane ea tšoarisa boroko. Boitekong ba ho fumana botsitso le kutloisiso e hlakileng ea Bokreste, phutheho e nyenyane ea liithuti tsa Bibele tse tiileng ea itokolla liphuthehong tsohle tsa bolumeli ba Bojakane. Ea furalla litumelo tsa tsona tsa lihlopha ’me ea latela mohlala oa Baberea ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba batlisisa Mangolo tsatsi le leng le le leng hore ba fihle tumelong ea boapostola. (Lik. 17:10, 11) Phutheho ena e ineetseng ka botlalo ea etsa ka matla ho sireletseng sehlabelo sa Jesu Kreste sa topollo le “boteng” ba hae ka molao boo a bo tšepisitseng ’musong oa Molimo. Ka Phupu 1879 makasine e neng e ipolela hore e tšepile Jehova hore a e tšehetse ea qala ho hatisoa.
16. Ho ea ka Watch Tower ea February, 1884, phutheho eo e sa etsoang ka lihlopha e ile ea ipolela hore ke ea tsamaiso efe?
16 Phutheho ena e tsoa boleloa ka tieo ea batla ho ipaka e tšoaneloa ke ho ba phutheho e bonahalang ea Jehova le kofuto eo a e sebelisang. Kahoo ea itokolla botsoalleng leha e le bofe le liphutheho tse ikarotseng ka lihlopha tsa Bojakane, hammoho le liphutheho tsa lipolotiki tsa lefatše lena. E itlhalosa ka tsela ena, phutheho eo ea Bokreste ea re, tokollong ea Tlhakola 1884 ea makasine ea eona ea molao Watch Tower:
“Ka linako tsohle babali ba bacha ba likarolong tsa naha ba botsa: Le bitsoa ka mabitso afe? Na le ‘Bakolobetsi ba Boholo-holo’? Na le ‘Baromuoa ba Bakolobetsi’? Na le ‘Batho ba Lumelang Poloko ea Bokahohleng’? Na le ‘Batho ba Lumelang ho tla Habobeli ha Kreste’? ‘Na le Mamethodist a Boholo-holo’? jj. Ka makhetlo a mangata re ile ra leka ho totobatsa boemo ba rōna, ’me hape re tla leka hakhutšoanyane ho etsa sena.
“Ha re litho tsa mokhatlo leha e le ofe oa lefatše; kahoo, haeba le ne le ka etsa letoto le lelelele la mekhatlo ea bolumeli, re ne re tla arabela ka hore, Che, ho mokhatlo ka mong le ho eona eohle. Re hlokomela feela phutheho ea leholimo—eo ‘mabitso a litho tsa eona a ngoliloeng maholimong.’ (Ba-Heb. 12:23; Luka 10:20.) Bahalaleli bohle bao hona joale ba phelang, kapa ba ileng ba phela nakong ena, ke litho tsa PHUTHEHO EA RONA: ba joalo ke Kereke e le ’NGOE, ’me HA HO E ’NGOE e hlokomeloang ke Morena. Ka baka leo phutheho leha e le efe ea lefatše e khathatsanang le kopano ena ea bahalaleli e hanana le lithuto tsa Mangolo le ho hanyetsa thato ea Morena—hore ‘ba tle ba be bang.’” (Joh. 17:11)
17. (a) Babylona e Moholo e ile ea nka bohato bofe khahlanong le phutheho ea lefatšeng ea bahlanka ba ’nete ba Molimo hang feela kamor’a ho fela ha Mehla ea Balichaba ka 1914? (b) Ke eng se bontšang hore phutheho ea ’nete ea puso ea leholimo e ne e sa bupetsoa ke Babylona e Moholo ka nako eo?
17 Ho atamela ha bofelo ba Mehla ea Balichaba ka 1914 ha ho etsa ho potlakileng haholoanyane bakeng sa phutheho ena e ineetseng ea balateli ba Kreste ho lokoloha ho itsoakanyeng le liphutheho tsa lefatše haesita le Bojakane. ‘Tsoang Babylona e Moholo!’ ea e-ba mohoo o potlakileng. (Tšen. 18:4) Ka nako ea teng, kamoo ho neng ho lebelletsoe, bofelo ba Mehla ea Balichaba ba fihla, ’me ba tšoauoa ke Ntoa ea I ea Lefatše. (Luka 21:24) Babylona e Moholo ea bona monyetla oa eona. E sebelisa Bojakane le sehlopha sa “motho eo oa sebe” oa eona e le likofuto tsa eona, ea atleha ho kenya phutheho eo e seng ea lefatše ea bahlanka ba ’nete ba Molimo botlamuoeng le bohlankeng. Ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’muso o hlomiloeng oa Molimo ka Kreste ho ile ha khutsisoa hoo li neng li hoesheletsoa tlase. Ha bonahala eka bofelo ba phutheho e bolelang ’Muso bo fihlile. Empa na ho ne ho le joalo? Na Babylona e Moholo e ne e fumane tlhōlo ea ka ho sa feleng? Na tšepo eohle bakeng sa ho theoa hape ha phutheho ea ’nete ea puso ea leholimo ho ne ho bupelitsoe ka ho sa feleng? Bakreste ba likelello li sekametseng pusong ea leholimo ba baloang ka limillione tse fetang bobeli kajeno likarolong tsohle tsa lefatše ba tla arabela ka hore Che! ka lipuo tse fetang 190. ’Me ho tla ba joalo ka nepo, hobane ba ka be ba se kamanong eo ba leng ho eona hona joale le Jehova Molimo hoja phutheho e bonahalang ea puso ea leholimo e ne e sa ka ea tsosoa le ho kenngoa matla a maholoanyane le cheseho ho feta leha e le neng pele.
18. (a) Masala a hlophisitsoeng bocha a Baiseraele ba moea a ile a hlokomela hore ba lokolotsoe botlamuoeng ba Babylona e Moholo ka morero ofe o khethehileng? (b) A nka lebitso lefe la tsamaiso ka 1931, hona hobane’ng?
18 Ka 1919, ha Bojakane ba kamorao ho ntoa bo emela Selekane sa Lichaba e le pontšo ea ’muso oa Molimo lefatšeng, masala a Baiseraele ba moea a neng a hlophisitsoe bocha a hana ho amohela ntho eo e emeng sebakeng sa ’muso oa Molimo e entsoeng ke motho. A emela ntho ea sebele, ’muso o tsoetsoeng bocha oa leholimo oa Molimo ka Kreste. Hona ha ’na ha hatisoa ka ho tsoetseng pele matsoalong a bona hore morero feela oa hore ba lokolloe ho Babylona e Moholo e ne e le hore e be lipaki, e seng feela lipaki tsa Jesu Kreste ea beiloeng bocha teroneng, empa lipaki ka kutloisiso e boletsoeng ho Esaia 43:10, 12. Ka 1931, buka Vindication ea hatisoa. Ea hlalosa ka boprofeta ba Ezekiele boo ho bona, ka makhetlo a fetang 60 Molimo o bolelang hore batho le lichaba le bona bahlanka ba oona ba tla ‘tseba hore ke ’na Jehova.’ Tumellanong le buka eo e ncha, ba nka lebitso la tsamaiso le neng le loketse ka ho fetisisa. Esaia 43:10 e ba nea lebitso, Lipaki tsa Jehova!
19. (a) A ile a rata puso ea mofuta ofe phuthehong ea oona ea lefatšeng, me kahoo a qala ho hlophisa lintho joang? (b) Ba qala ho hlokomela hore ke eng eo e leng khang e khōlō pel’a leholimo lohle le lefatše, hona neng?
19 Na re ka lumela hore Molimo oa ’nete o ile oa ananela tsela eo e tšepahalang ea bona ’me oa e hlohonolofatsa? Ebe Jehova o ne a ka etsa ka hosele joang, haholo ha ba ne ba phelela lebitso leo ka hore e hle e be lipaki tsa Hae! Puso ea leholimo, ke hore, puso ea Molimo, ke sona seo ba neng ba se batla phuthehong ea bona bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa bopaki. Ba ipolela pepenene hore ba ea e emela, lihloohong tse peli tse neng li bua ka taba ea “Phutheho,” tse neng li hatisitsoe ho Molula-Qhooa oa Senyesemane litokollong tsa June 1 le 15, 1938. Ba latela sena ka ho lokisetsa kaheho ea lintho ea puso ea leholimo liphuthehong tsa bona tsa Bokreste. Har’a Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha etsoa tsebiso, kopanong e khōlō ho tla fihlela nakong eo ea Lipaki tsa Jehova selemong seo, hore ho tumisoa ha borena ba bokahohleng ba Jehova ke eona khang e khōlō ka pel’a leholimo lohle le lefatše.
20. (a) A ile a susumeletsoa ho mamella mahloriso a mabe ka ho fetisisa joang nakong ea Ntoa ea II Lefatše, ’me ho tsoa ha oona a hlōtse ho ile ha fella ka’ng? (b) Ka ho kopanela tlhōlong eo, ho ile ha hlokahala eng, ’me ke mang ea ileng a paka hore a na le see?
20 Takatso ea ho kopanela le Jesu Kreste ho tumisoeng ha borena ba bokahohleng ba Jehova ha fetoha matla a maholo a susumetsang bophelong ba Lipaki tsa Jehova. Ea ba matlafaletsa hore ba mamelle mahloriso a mabe ho feta oohle a kileng a oela Lipaki tsa Jehova—nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Kahoo phutheho e bonahalang ea Jehova ea tsoa e hlōtse hang hape ho tumisoeng ha hae. Ho batho ba ineetseng le ba kolobelitsoeng hore ba kopanele tlhōlong eo, ho ile ha ba hloka eng? Tumelo phuthehong ea Jehova ea puso ea leholimo. Na masala a Baiseraele ba moea le metsoalle ea bona ea puso ea leholimo, “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste, ba bile le tumelo e joalo e hlōlang? E!
21. Ka lilemo tse fetileng tse 33 ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa lumela phuthehong ea Jehova ea puso ea leholimo?
21 Ho tloha ho feleng ha ntoa eo e feletseng ea bobeli, e ileng ea nyarosa bophelo ba phutheho e bonahalang ea Jehova, ho se ho fetile lilemo tse ka bang 34 tse lekang. Empa, ka mokhoa o tiileng, Lipaki tse ineetseng li bolokile tumelo ea tsona phuthehong ea Jehova. Lia tseba hore na ke efe phuthehong tsohle tse lefatšeng e sebelisoang ke Molimo o Matla ’ohle hore o fane ka bopaki bo boholo lebitsong la oona le ’muso paleng eohle ea Bokreste.—Matt. 24:14.
22, 23. (a) Ke eng e tla ipakahatsa e le phetoho e khōlō ea bolumeli paleng ea motho eohle? (b) Pontšong ea tumelo ea rōna ho Jehova hore ha a lahle batho ba hae ba tšepahalang, re tla etsa joang, hona e le ka moputso ofe bakeng sa hona?
22 Kajeno rōna Lipaki re talimane le bokamoso bo lokelang ho tlisa phetoho e khōlō ho tsohle ea bolumeli paleng eohle ea motho. E, phetoho e nyarosang le ho feta ea selemo sa 33 C.E. mehleng ea baapostola. Ho tla oa ke boemeli ba Diabolose ba mahloriso a bolumeli, Bojakane, e le boo ho hang bo lahliloeng ke Jehova Molimo le Jesu Kreste. Che, ho feta moo, ho tla oa ’mè oa bolumeli ba Bojakane, Babylona e Moholo, ’muso oohle o moholo oa bolumeli ba bohata ba lefatše. Ho tla phahama lipaki tse hlorisitsoeng tsa Jehova pontšong e fetisisang ea khetho ea oona le kamohelo ea tsona pel’a leholimo lohle le lefatše. Bao e neng e le baitšunya-tšunyi ba lipolotiki ba Babylona e Moholo ba tla loanela lefeela ho Lipaki tsa Jehova tse tumisitsoeng. Ba tla hlōloa ke ntoa ea Puso ea Leholimo!
23 Joale, he, boemo ba rōna e lokela hore e be bofe kajeno? Na lebaka le teng la hore re ka felloa ke tumelo phuthehong e bonahalang ea Jehova ka baka la mathata a ntseng a hloellana holimo lefatšeng lee? Ba lumelang hore Jehova a ke ke a lahla lipaki tsa hae tse tšepahalang ba arabela ka hore, “Le hanyenyane!” Pontšong ea tumelo e joalo, re tla ’ne re tšoarelle ho eona le ho sebelisana le eona re sa khoehlise matsoho. Tumelo ea rōna e sa sisinyeheng e tla putsoa ka tlhōlo le moqhaka oa bophelo!