Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 10/1 maq. 13-16
  • Na u Tšoanela ho Latela Mokhoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na u Tšoanela ho Latela Mokhoa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOKHOA KE ENG?
  • MEKHOA E KA QOJOANG
  • MEKHOA E LAKATSEHANG E KA LATELOANG
  • Pono e Leka-lekaneng ka Meetlo e Tloaelehileng
    Tsoha!—2000
  • Meetlo kapa Melao-metheo ea Bibele—Ke Hofe ho Laolang Bophelo ba Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Litso Tsa Sebaka ka Seng le Melao-Motheo ea Bokreste Na Lia Lumellana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 10/1 maq. 13-16

Na u Tšoanela ho Latela Mokhoa?

BANYALANI ba tsoang Rhodesia ba ne ba etetse metsoalle Austria. Ha ba le moo, ba memeloa sebokeng se sa rereloang lapeng la batho ba bang. Ha ba kena ka tlung eo, ba kōpuoa hore ba rōle lieta ’me ba neoa e mong le e mong li-slippers. Qalehong, banyalani ba makala. Ba ne ba sa tloaela ho rōla lieta tsa bona pel’a batho bao ba sa ba tsebeng, haholo lapeng la motho e mong. Leha ho le joalo, ba phakisa ba khutlisa likelello ’me ba lumellana le kōpo. Hobane’ng? Hobane ho ne ho bonahala e le mokhoa oa lelapa leo.

Hona, koana, e ne e le qeto e bonolo haholo hore e ka etsoa, kaha ho ne ho se khang e khōlō e amehang. Leha ho le joalo, hase mathata ’ohle a amang mekhoa a rarolloang habonolo joalo, haholo ha a amana le litaba tsa letsoalo la Bokreste. Mekhoa e mengata e etsoang ha e kotsi ’me, bonneteng, e fana ka matla le moeno bophelong. E meng e kotsi haholo ’me e ka sitisa kamano ea ’Mōpi le motho ka matla, ha e meng e lokela hore e batloe haeba motho a tla tsamaea tseleng ea bophelo.

MOKHOA KE ENG?

Mokhoa o ’nile oa hlalosoa e le “tloaelo e bileng teng ka nako e telele e nkoang e le molao o sa ngoloang.” Hape ke “tšebeliso kapa tloaelo e tloaelehileng ho ba bangata . . . kapa e tloaelehileng ho motho ka mong.” Tšebelisong ea mantsoe a molao, o sebetsa “molaong o sa ngoloang o pakoang ke . . . tloaelo e nyalanang.”

Ho tšoantšetsa sena, ha re eeng bukeng ea Bibele ea Genese, khaolo ea 29. Moo re fumana tlaleho ea litumellano tsa Jakobo le malome oa hae Labane bakeng sa ho mo nea morali oa hae e monyenyane, Ragele, hore a mo nyale. Tumellano e ne e le hore Jakobo a sebetse lilemo tse supileng ha Labane bakeng sa Ragele, eo a neng a mo rata haholo. Ha ho fela lilemo tse supileng, Jakobo a atamela Labane, a re: “’Nee mosali oa ka, ke tle ke tle ho eena, hobane matsatsi a ka a phethahetse.” Leha ho le joalo, Labane a qhekella Jakobo ka ho mo nea morali oa hae e moholo, Lea, bakeng sa Ragele. Ka ho totobetseng, Jakobo o ile a ferekana haholo ha a senola sena ’me a ipelaetsa ho malom’ae. Labane a mo arabela ka ho re’ng? “Ha ho ke ho etsoa joalo mona ha eso, hore e monyenyane a ntšoe pele ho e moholo.” Nile ho hore o ne a thetsitsoe ka mokhoa o joalo, Jakobo ha a ka a hanyetsa molao ona o sa ngoloang empa a bontša hore o o ela hloko ka hore a eme beke e ’ngoe hape pele a ka neoa Ragele e le mosali oa hae.—Gen. 29:15-28.

Re ka ’na ra boela ra sebelisa mohlala oa kajeno o bontšang se boleloang ke lentsoe “mokhoa.” Rhodesia, manyalo a lokela hore a ngolisoe ka molao ke moemeli oa ’muso e le hore a ka eloa hloko ka molao. Ka nako e ’ngoe ho ne ho se joalo. Tšebeletso ea lenyalo e ne e tlameha ho phethahatsoa ho latela mokhoa oa Seafrika, molao o sa ngoloang, hore le tle le eloe hloko motseng. Har’a lintho tse ling, hona ho ne ho ka akarelletsa ho lefuoa ha bohali, haesita le hore ho be teng ea kenang lipakeng ho tiisa bonnete ba lenyalo ba batsoali kapa bahlokomeli. Le kajeno basali ba bangata ba Maafrika, le hoja ba e-na le mangolo a ngolisitsoeng a lenyalo, ha ba inke e le ba hlileng ba nyetsoeng ntle leha ho ka lateloa litloaelo tsena.

Ena ke mehlala ea mekhoa e tloaetsoeng e hlileng e seng mebe, ntle le haeba, koana, e senngoa. E mengata, bonneteng, e monate haholo ’me e phaella haholo ho thabeleng bophelo. Ka mohlala, ke mang ea sa thabeleng ho ja lijo tsa Sechaena—kapa a leka ho etsa joalo—ka mahlakana ao ba jang ka oona? Mokhoa oa ho rōla lieta ha u kena lapeng la motho hase o khathollang feela empa hape ke tsela e sebetsang ea ho bontša ho nahanela mong a ntlo le boiteko ba hae ba ho boloka ntlo ea hae e hloekile e le makhethe. Hape, ho tloha nakong ea khale haholo, mekhoa ea kotulo e ’nile ea akarelletsa ho nyakalla haholo le thabo. (Pes. 126:5, 6) E, mekhoa e joalo e phaella ho hoholo thabong ea bophelo.

Jesu Kreste ha a ka a nyatsa mekhoa eohle e tloaetsoeng. Ha e le hantle, ka lekhetlo le leng o bile a nyatsa Mofarisi ea neng a bitsoa Simone ka ho sitoa ho latela tloaelo e itseng e amanang le ho amohela baeti. (Luka 7:44-46) Ka lekhetlo le leng, Jesu a sebelisa bohlokoa ba mokhoa oa ho bala Mangolo synagogeng e le hore a ka fana ka bopaki bo botle mabapi le ho ba Messia ha hae. (Luka 4:16-21; bapisa Liketso 15:21.) Moapostola Pauluse le eena a sebelisa hamolemo mokhoa oa ho bala Mangolo synagogeng. Bonneteng, ho etsa sena, le ho hlalosa Lentsoe la Molimo, ho ile ha fetoha mokhoa ho eena. Thessalonika, “ka tloaelo ea hae,” Pauluse a sebelisa ntlo ea thapelo ea Bajode ’me “ka lisabbatha tse tharo a fetolana le bona [Bajode] ka Mangolo.” Phello ea e-ba efe? “Ba bang har’a bona ba lumela, ba khomarela Pauluse le Silase.” (Lik. 17:2-4) Kahoo, e le hore ba fane ka bopaki, Jesu le Pauluse ba sebelisa mokhoa o motle.

MEKHOA E KA QOJOANG

Leha ho le joalo, ho na le mekhoa e kotsi. Nakong ea ha Jesu a ne a le lefatšeng Bajode ba ne ba hahile tsamaiso ea lineano tse neng li imela batho haholo. Ha e le hantle, ba bangata ba ne ba talima lineano tsena e le tsa bohlokoa ho feta lentsoe le ngotsoeng la Molimo. Jesu ka boeena o ile a nyelisa ka matla ba neng ba bea lineano tse joalo ’me kahoo ba etsa lentsoe la Molimo lefeela hore ke baikaketsi. Na Bafarisi ba molato ba kile ba fumana molemo ho see? Che, hobane barutuoa ba ile ba re ho Jesu: “Na ua tseba hobane Bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utloa polelo ea hao na?” Hase feela hore Bafarisi ka bobona ba ne ba foufalitsoe, empa ba neng ba le joalo ke bao ba neng ba imelitsoe ka lineano tsena. (Matt. 15:1-14) Ho hloka tsebo ho neng ho qobelletsoe ke meetlo e joalo kapa lineano li ne li hlile li fella ka hore Bajode ba bolaee eena ea pakiloeng hore ke Messia eo e neng e le khale ba mo tšepisitsoe, “Moemeli e Moholo oa bophelo.”—Lik. 3:14-17, NW.

Kajeno le teng re na le mekhoa e ka ’nang ea isa ho senyeheng ha moea ntle le haeba re itšetlehile ka matla ka Lentsoe la Molimo. Rhodesia, ka mohlala, ho tloaelehile hore monna ea qetang ho nyala a siee mosali oa hae hae ’me a ee metseng e meholo ho ea sebetsa. Ho ea ka molao o sa ngoloang, o tlameha ho etsa joalo kapa a tsekisoe ke motse. Empa hangata ho ee ho etsahale joang ha ho lateloa mokhoa ona? Hang ha a fihlile motseng o moholo, monna o tlameha ho fumana moo a lulang. Joale a fumane kamore, mohlomong a e kopanetse le motho a le mong kapa ho feta. Kamorao ho nako, o qala ho ikutloa hore joale o hloka motho ea ka mo phehelang le ho mo hlatsoetsa. Joale o qala ho batla seo ba se bitsang mosali oa mapoto. Mapoto ke feela lentsoe le nkiloeng lentsoeng la Senyesemane “pot” ’me le ngoloa ka puo ea Seshona. Mosali enoa ha a hlokomele mesebetsi ea ntlo ea monna eo feela empa hape ho mo khotsofatsa le litakatsong tsa botona. Joale taba e fetoha taba ea ho phela ka bohlola.

Joale ho thoe’ng ka mosali ea motseng koaa? O hlokomela masimo, liphoofolo le bana, ’me mohlomong o bona monna oa hae hang kapa habeli ka selemo. Ka monna a le sieo lapeng boholo ba nako, mosali le eena o tekong ea ho itšoara hampe. Joale ke mona moo mokhoa o tloaetsoeng o ka isang ho tlōleng Lentsoe le hloekileng la Molimo la ’nete ka ho toba. Bibele e bolela hore ha monna le mosali ba nyalana ba fetoha nama e le ’ngoe ’me ka baka leo ba lokela ho khomarelana. (Matt. 19:5, 6) Koana, ho ka ’na ha e-ba makhetlo ao ka oona monna kapa mosali a ho fumanang ho hlokahala hore a arohane le molekane oa hae ka nakoana, mohlomong ka baka la maemo a sa kang a hlokomeleha. Kapa, hona mohlomong ho ka ba ha etsahala ka tumellano e le hore ho ka phethoa tlamo ea nakoana. Empa ha ho phela ka karohano ho fetoha tloaelo, joaloka mohlaleng o boletsoeng, ho ka isa kotsing e khōlō.

Ka thabo, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse phelang moo ho sebelisoang mokhoa ona ka sebete li ’nile tsa emela thohako e tsamaeang le ho sitoa ho latela mokhoa. Li etsa joalo ho e-na le ho kena tseleng ea bophelo e fellang ka ho se amoheloe ke Jehova le hore ho ka ’na ha hlaha ho lahleheloa ke bophelo bo sa feleng. Ba bang, ho e-na le hore ba siee basali ba bona ’me ba ee ho ea sebetsa motseng o moholo, ba kene mosebetsing o kang oa ho lema kofi kapa libanana. Jehova o ba hlohonolofalitse ka boiteko ba bona bo tiileng ba ho khomarela haufi le malapa a bona le tataiso e fanoang ka Lentsoeng la hae. Le hoja hona ho ka ’na ha fella ka ho se amohelehe motseng, ba ho etsa joalokaha ba etsetsa Jehova e seng batho.—Ba-Kol. 3:23.

Mekhoa e meng e ama tloaelo tse mpe hoo li nyonyehang ho Jehova, ’me, kahoo, ho batho ba hae. Har’a mekhoa e joalo ke bosodoma, ho robala le phoofolo, ho robalana ha banna kapa basali, ho nyalana ha batho ba tsoalanang haufi ka mali, le mekhoa e meng ea boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali. Ena e ne e sebelisoa ke baahi ba Kanana ba Naha ea Pallo. Hoba a bolele mekhoa e neng e le litšila le ho nyonyeha ho eena, Jehova a lemosa Baiseraele hore: “Le boloke melao ea ka, ’me le se ke la etsa leha o le mong oa mekhoa e manyala e neng e etsoa le e-so ho kene, ’me le ke se ka itšela litšila ka eona.” Joale a hatisa botebo ba taba ka hore, “Ke ’na Jehova, Molimo oa lōna.”—Lev. 18:1-30.

Kahoo re bona maikutlo a Jehova ka mekhoa e litšila joalo. Kajeno teng ho joang? Na mekhoa ee e tloaelehile naheng ea heno? Boemo ke bofe tikolohong ea haeno? Na hase ’nete hore linaha tse ling li fetola melao ea tsona e le hore ho robalana ha banna kapa basali ha ho sa etsetsoa kotlo ka molao kapa banna ba robalanang kapa basali ba talingoa e le ba amohelehang motseng? Joaloka mehleng ea Baiseraele ba boholo-holo le phutheho ea pele ea Bokreste, mekhoa e joalo e-ea nyatseha ho bohle ba batlang ho ‘halalela boitšoarong bohle ba bona.’—1 Pet. 1:15; Ba-Roma 1:24-27.

MEKHOA E LAKATSEHANG E KA LATELOANG

Ho tla fihlela mona re buisane ka mekhoa e ka tlatsetsang ka thabo bophelong ba motho, mekhoa e amang taba ea letsoalo le rutiloeng ka Bibele le e lokelang ho qojoa e le hore Mokreste a ka lula a hloekile mahlong a Jehova. Joale a re hlokomeleng mekhoa e meng e tloaetsoeng eo Mokreste a ka ratang ho e latela e le hore a ka ipoloka a arohile lefatšeng. Hopola hore tlhaloso ea “mokhoa” e na le mohopolo oa tloaelo “e tloaelehileng ho ba bangata,” kapa “e tloaelehileng ho motho ka mong.” E meng ea mekhoa eo Mokreste a ka e hōlisang ke efe?

Na u hopola tlaleho e khaolong ea 17 ea buka ea Liketso, moo ho tlalehiloeng hore Pauluse le Silase ba ile ba tloha Thessalonika ’me ba ea Berea? Baberea ba ile ba arabela joang thutong ea Bokreste? Temana ea 11 e re: “Ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na?” Na ke mokhoa oa hao hore ho ithuta Lentsoe la Molimo e be tloaelo ea matsatsi ’ohle? Na u na le linako tsa ho nahanisisa ka ho teba ka lintho tseo u ithutileng tsona? Motho ea entseng hona mokhoa oa matsatsi ’ohle bophelong ba hae o nkoa a thabile.—Pes. 1:1, 2.

Ho thoe’ng ka ho kopanela le Bakreste hammoho borapeling? Na u ke ke ua bolela hore ena ke tloaelo e ntle e ka ntšetsoang pele? Moapostola Pauluse o ile a nahana joalo. Ha e le hantle, ha a ngolla Bakreste ba Baheberu, o ile a supa ka mokhoa oo ho neng ho bonahala o se o tsoela pele har’a ba bang—oa ho hloboha ho bokana hammoho borapeling bo joalo. Ho e-na le ho ananela mokhoa ona, moapostola a phehella balumeli hammoho le eena hore ba latele mokhoa o fapaneng le oo. A ba bolella hore ba lokela ho bokana hammoho e le hore ba ka tsosetsana leratong le mesebetsing e metle. Le rōna ha rea lokela ho etsa ho ka tlase ho moo—ha e le hantle, ‘re etse joalo haholo, etsoe re bona letsatsi le ntse le atamela.’—Ba-Heb. 10:24, 25.

Qetellong, re ka ’na ra ipotsa: Ke bontša ho ameha hakae ka ba bang? Na ke itloaelitse hore ke abelane ’nete le balumeli hammoho le ’na le ba bang malapeng a bona? Ak’u hlahlobe boikutlo ba baapostola ba Jesu mabapi le mokhoa ona. Jerusalema, ka lekhetlo le leng, Petrose le Johanne ba ne ba laetsoe hore ba se hlole ba bua ka lebitso la Jesu. Ka pel’a Sanhedrine ea Bajode baapostola bana ka hlonepho, empa e le ka sebete, ba bolela hore: “Ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Joale, hoba ba lokolloe, bahlanka bana ba Molimo ba ikopanya le balumeli bahabo bona, ’me ba rapela ba le hammoho, ba re: “Morena, bona litšokelo tsa bona, ’me u nee bahlanka ba hao matla a ho bolela lentsoe la hao, ba sa tšabe letho.” (Lik. 4:18-30) Ke boikutlo bo botle hakaakang!

Empa e ne e se phetho. Hamorao, ka baka la mosebetsi oa bona o sebete, baapostola ba kenngoa chankaneng. Leha ho le joalo, bosiu ba lokolloa ke lengeloi. Eaba ba ea hokae? Tempeleng ho ea bolela litaba tse molemo ho ea pele. Ba phakisa ba iphumana ba le ka pel’a lekhotla la Bajode. Kamor’a hore ba bolele ka sebete hore ‘e ka khona ba utloe Molimo e le morena ho e-na le batho,’ ba shapuoa ’me ba lokolloa. Empa ba etsa joang? “Ha ba ka ba phetsa ka matsatsi ’ohle ho ruta le ho bolela tempeleng le ka matlung, hore Jesu ke Kreste.” (Lik. 5:17-42) Balateli baa ba tšepahalang ba Jesu Kreste ba ne ba e-na le mekhoa e metle hakaakang! Na u na le boikutlo bo joalo mabapi le mokhoa oa Bokreste oa ho bolela ‘litaba tse molemo’?

Kahoo, he, u ka arabela potso, Na u tšoanela ho latela mokhoa, joang? Liqeto tse bohlale li tla fella ka botsoalle bo mofuthu le balumeli hammoho ha ka nako eo li ntse li tlatsetsa ka motsoako le moeno bophelong ba hao. Ho feta tsohle, ka mokhoa oo u tla be u haha kamano e atamelaneng, e mofuthu le ea botho le Jehova, eena ea fanang ka tsohle hore re thabe. Ho phaella moo, u tla be u iketsetsa tiiso uena ka bouena ’me mohlomong le ba bang bao u ba bolellang ‘litaba tse molemo’ tokelo ea ho phela taolong e ncha ea ho loka ea Molimo, moo mekhoa eohle e tla bonahatsa khanya ea Molimo.—1 Ba-Kor. 10:31.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela