Bopaki ba ’Mōpi
NKA sebonela-hole se matla ka ho fetisisa, ’me u shebe bongateng ba lintho tsa maholimo. Shebisisa ka seholisa-lintho sa morao-rao haholo ka har’a marang-rang a likaroloana tse nyenyane tsa lintho tse etsang lintho. ’Me re bona eng? Hona—hore linthong tse kholo bo tsotehang, haesita le ho tsona tse nyenyane bo fetisisang, e, bokahohleng bohle bo bonahalang—taolo, botle le tlhophiso li teng. ’Me moo re bonang tlhophiso, re ee re fihlele qeto efe? Na Bibele ha e supe karabelo, ho Ba-Heberu 3:4?—“Hobane ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e ee e hahuoe ke motho; empa ea hahileng ntho tsohle ke Molimo.”
Taolo eona ho thoe’ng ka eona? Ke mohlalefi ea neng a tšaba Molimo Sir Isaac Newton ea ileng a hlokomela ka lekhetlo la pele hore lintho tse bokahohleng li ntse li lahla taolo li ea pherekanong. Hona ha isa qetong ea hore, ntle le haeba ho ka kenelloa ka mokhoa o nang le morero ke matla a mang a kantle, phetoho e ’ngoe le e ’ngoe sebopehong lefatšeng le re potolohileng e tlameha ho tsamaea le ho lahleheloa ke tlhophiso. Tlhophiso ea tšimolohong e ntse e senyeha. Ntho ea pele, he, Motho e mong o tlameha a be a hlophisitse, a bōpa le ho hlomamisa lintho ka taolo. Haeba Mohlophisi eo a sa kenelle, taoleho e tla ’ne e senyehe ho ea pele.
Hore Mohlophisi ea bohlale o hlahisitse bokahohleng ho tumellanong le seo bahlalefi ba bang ba se bitsang khopolo ea “big-bang” (hore bokahohle bo hlahile ka ho qhoma ha polokoe e ’ngoe ’me bo ntse bo atoloha ho ea pele). Lilemong tsa morao tjena khopolo ena e ntse e phahamela ea “steady-state” (hore bokahohle haesale bo le ka sebopeho seo bo leng ka sona le hore bo ntse bo hlahisa lintho ho ea pele), ’me kahoo ha bo na tšimoloho. Empa ha rea tšoanela ho itšetleha ka lehlabathe le balehang la likhopolo tsa kajeno tsa tsa mahlale ho paka hore ’Mōpi o teng. Hobane ’Mōpi ka boeena o hlakisa hore na ke mang le hore na o seng: “Ho itsoe ke Jehova, . . . Ke ’na ke entseng lefatše, ke bōpileng motho holim’a lona; maholimo a aliloe ke ’na ka matsoho a ka, ka laola makhotla a ’ona kaofela.” (Esa. 45:11, 12) Bopaki ba ho ba ’Mōpi hona bo ka bonoa le ho makalloa ka lintho tse ngata hakana tseo re li bonang ho re potoloha.
“KE ’NA KE ENTSENG . . . MOTHO”
Ntle ho pelaelo, ka nako e ’ngoe bohle re kile ra phenya menoana e menyenyane ea ngoana oa lesea—e entsoe e le bonolo e bile e le metle haholo, e le ea bohlokoa—e le metle le ho feta linala tsa liphoofolo! ’Me ntle ho pelaelo re ile ra nahana hore na bophelo ba ngoana eo e monyenyane bo ile ba qaleha joang leheng la ’mè le lenyenyane ba ntlha ea sepele, ka ho kopana le peō ea ntate e nyenyane hoo e ke keng ea bonoa ke leihlo le feela. E, bohle re qalehile bonyenyaneng bo boholo, leheng le ’nileng la e-ba le likaroloana tse ntseng li arohana, ho fihlela ha ho le teng likaroloana tse nyenyane tse fetang 10 000 000 000 000 tse etsang motho e moholo tse ileng tsa “tseba” hore na li ka khaotsa neng ho ’na li ikarola.
Tšebetso eohle ea kemolo le khōlō ka khetho e phahametse kutloisiso ea rōna ka ho tsotehang. Empa ha e-ea phahamela kutloisiso ea Molimo, hobane ke eena Moqapi oa eona. Joalokaha Morena Davida a itse: “’Mōpo oa ka ha oa ka oa pateha ho uena, ha ke ntse ke bōpjoa sephiring, ke lohuoa litho botebong . . . Mahlo a hao a bone moloho oa tsona; matsatsi a ka a ngoliloe kaofela hammoho bukeng ea hao.” E, ke ho latela paterone e entsoeng ke ’Mōpi ea lerato re etsoang, re neoang ’mele o babatsehang ’me o neoe litšoaneleho tsa boitšoaro le litšobotsi hore bophelo ba rōna bo lule bo leka-lekana le hore re ’ne re thabele bophelo. Kahoo re na le lebaka le leng le le leng ho kopanela le Davida mantsoeng a hae a monate a boletsoeng lilemong tse fetileng tse 3 000: “Jehova u ntekile, ’me u ntsebile. . . . u ntohile popelong ea ’mè. Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa, moea oa ka o tseba teng haholo-holo.”—Pes. 139:1, 13-16.
Limakatso ha li fele tse hahelletsoeng ka pōpong ea Molimo, motho. Ba bang ba ka bolela joang hore bophelo bo qalile feela tjee ka tsietsi e sefofu, le hore motho o ’nile a ntlafala libopeho a hlaha libopuoeng tse tlase ka likotsi tse ileng tsa hlaha li latellana? Ka likarolong tse nyenyane ka ho fetisisa tsa motho ho teng likaroloana tse kang lere tsa paterone ea ho etsoa ha motho, e ’ngoe le e ’ngoe e lokiselitsoe ho etsa motho a le mong feela ea itseng, melaetsa e tšoanang ea boleng e ngoloa karoloaneng e ’ngoe e le e ’ngoe e ikatisang. Ena e bolela hore na ke likaroloana life tse lokelang ho ea etsa mahlo, linko, leleme, litsebe, meno, letlalo, litho le likarolo tsohle tse ling tsa ’mele. Li tiisa hore “mofuta” ho hang ke oa motho, e seng oa tšoene kapa ntja kapa phoofolo leha e le efe e ’ngoe e tlase. E laela hore na motho eo o tla ba le litšobotsi life tse tla futsoa. Likarolo tse khethehileng tse tlisoang ke tšebetso ena ea khōlō ruri li bolela Mohlophisi ea khanyang!
KELELLO EA MOTHO
Karolo e hlileng e hlollang ka ho fetisisa ea ’mōpo oa Molimo oa lefatšeng, motho, ke boko, boo ho bona kelello e tsitsitseng. Boko bo hōla kapele, bo fihla likarolong tse tharo ho tse ’ne tsa boholo ba bona ho motho e moholo ka lilemo tsa pele tse peli tsa ho phela. Hase feela bana ba rōna ba tletseng lipotso ba batlisisang hakana: ‘Ke mang ea entseng leholimo? linonyana? katse? lipalesa? Ke mang ea nketseng?’ E, le bonyenyaneng, ngoana o hlokomela hore lintho tse mo potolohileng li na le baetsi. Ka baka leo, o fihlela qeto ea hore lintho tsohle li na le Moetsi. Ke hobane’ng ha batho ba baholo ba bangata hakana ba khelohile monahanong o utloahalang joalo?
Boko ka bobona ke motsoako o phelang o hlollang oa likaroloana tse nyenyane. Bahlalefi ba baloang ka likete ba ka hla ba sebetsa ka lilemo-lemo ho hlahiseng le ho lokiseng mochine o itšebetsang bakeng sa lekala le itseng le khethehileng. Empa ba lumela hore, haeba ba ne ba ka hlahisa mochine o itšebetsang o ka lekanang le matla le bokhabane ba boko ba motho, ba ne ba tla hloka mohaho o palamaneng holimo o molelele bo fetisisang ho o boloka. Empa boko ba motho bo boima ba liponto tse tharo, bo bonyenyane ho lekana hore u ka bo tšoara ka letsoho le le leng, bo hlomelletsoe ka ho feletseng hore bo ka hlokomela litaba tsa bona, le ho tšoara lekala le leng le le leng la bohlokoa bophelong ba motho. Ho feta moo, ha bo nka melaetsa ea bona e tsoang ponong, kutlong, ho tšoareng, ho latsoeng le ho fofoneleng, ’me bo tsamaisa puo le liketso tsa mong a bona, bo sebetsa e le sefofane seo ho seng mochine o itšebetsang o entsoeng ke motho o ka se fihlellang. Hona ke mochine ofe o entsoeng ke motho o tla ke o sebetse ho tloha pelong e sebelisang lerato, mosa oa botho, teboho, kananelo? Ke mochine ofe o itšebetsang o tla ke o nahane, o bee mabaka, o hlalose, kapa o rapele Moetsi oa oona?
Ha re nahana ka kaheho e hlollang ea motho, le ka lefatše lohle le re potolohileng, mabapi le mesebetsi e bonahalang ea Molimo, re ka re hammoho le Jobo: “Bonang tseo ke bokantle ba litsela tsa oona; ka litsebe tsa rōna re utloa oeoetso e nyenyane ea tsona!” (Jobo 26:13, 14) Empa ha ho hlokahale hore re utloe oeoetso feela ka ’Mopi oa rōna. Haeba re batlisisa ka Lentsoeng la hae, Bibele, re ka ithuta ho hongata, e seng feela mabapi le pōpo ea hae, empa ka morero o moholo o potelletseng ka sena sohle.