Bacha ba Hopolang ʼMōpi oa Bona
SEHLOOHO sa Labohlano motšehare oa mantsiboea likopanong tsa lichaba tsa “Tumelo e Hlōlang” tsa Lipaki tsa Jehova tse neng li feta 100 ka 1978 e ne e le ‘BACHA, LE BE MEHLALA EA TUMELO.’ Nakong ea karolo ea lenaneo e neng e re ‘Bacha ba Hopolang ‘Mōpi oa bona,’ bahlankana le baroetsana ba ineetseng ba ile ba bolela ka bophelo ba bona e le bahlanka ba Jehova. Tlase mona ke tse ling tsa liphihlelo tseo ba ileng ba li pheta.
U tla hlokomela hore lenane la bacha bao ho ileng ha buisanoa le bona le ile la fihlela qeto ea ho neela bophelo ba bona ho boleleng ‘litaba tse molemo tsa ‘muso’ ka nako e tletseng. (Matt. 24:14) Ba bang ba etsa hona e le “bopula-maliboho ba khethehileng,” bonyane ba senya lihora tse 140 khoeli ka ʼngoe mosebetsing ona. Ba bangata ba fetohile “bo-pula-maliboho ba kamehla,” ba neelang boholo ba lihora tse 1 000 ka selemo ho boleleng ‘litaba tse molemo.’ A re ke re nahaneng ka tse ling tsa lintho tseo bacha bana ba Bakreste ba ileng ba li bolela.
Kopanong e neng e le motseng oa New York, moroetsana e monyenyane o ile a bolela hore: ‘Kea tseba hore bacha ba bang ba tsila-tsila ho itlama ka Jehova Molimo. Le bona ba bang ba kolobelitsoeng ba chechela morao hore ba ka etelletsa lithahasello tsa moea pele. Ke buisoa ke tsebo, hobane ke tsela eo ke neng ke ikutloa ka eona. Empa metheo ea Mangolo, e kang o ho Malakia 3:10 moo re bolelloang hore re nee Molimo seo re mo kolotang sona, o ile oa nthusa hore pelo ea ka e fetohe. Ke khothalletsa lōna bacha bohle ba teng mona har’a bamameli hore le etelletse lithahasello tsa moea pele. Mang kapa mang ea moholo bo lekaneng hore a ka ea liphathing kapa a itšoara hampe kapa a noa lithethefatsi o boetse o moholo bo lekaneng hore a ka ineela bophelo ba hae ho Jehova.’
HO THABELA “TŠEBELETSO EA TŠIMO”
“Tšimo ke lefatše,” kamoo Jesu a boletseng. (Matt. 13:38) Ke ka baka leo Lipaki tsa Jehova li supang mosebetsi oa tsona oa ho bolela e le “tšebeletso ea tšimo.” Kopanong e neng e le New York, ngoanana ea tlase lilemong o ile a bolela ka seo tšebeletso ea tšimo e se bolelang ho eena:
‘Tšebetso ea ka ea ho abelana linnete tsa Bibele le ba bang e qalehile ke sa le monyenyane haholo. Ha ke ntse ke tsamaea le batsoali ba ka ka ntlo le ntlo, ke ne ke ee ke lumelise mong a ntlo ka pososelo e mofuthu haholo ʼme ke mo nee molaetsa o monyenyane o hatisitsoeng. Kamorao ho nako ka tseba ho bua le batho ka litaba tsa Bibele. Ke ile ka thabela ho fumana hore lenane la bao ke neng ke bua le bona le ne le batla thuso ho utloisiseng Bibele. Ka ba etela ka mehla ʼme ho ne ho thabisa ho ba bona ba tsoela pele tsebong ea Molimo le ho ba hlokomela ha ba lahla mekhoa e litšila, ha esita leha ba bontša takatso ea ho kopanela tumelo ea bona e ncha e theiloeng Bibeleng le ba bang. Ho tšoareha tšebeletsong ea tšimo hangata ho ne ho tiisa tumelo ea ka taolong e ncha e tlang ea Molimo e tlang ho khutlisetsa paradeise lefatšeng ka bophara. (Tšen. 21:1-5) Haeba ke tla kholisa ba bang ka tšepo eo, e tlameha hore e qale e be matla ho ’na pele.’
Paki e nyenyane e ileng ea buisana le karolo e neng e bua Senyesemane Montreal, Canada, e ile ea re: ‘Tšebeletso ea ka ea tšimo e qalehile bongoaneng ba ka. Ke ne ke ee ke tsamaee le batsoali ba ka tšebetsong ea bona ea boboleli. Ha ke le lilemo li hlano ka qala ho fana ka lineelano tse bonolo ka ntlo le ntlo.
‘Lilemong tseo tsa pele tšebeletso ea tšimo e ne e le monyaka oa sebele. Leha ho le joalo, kamorao ho nako ka chabeloa sekolong hore ke ema ke fapane le mokhopi. Joale ea e-ba tšitiso ho ʼna hore ke bue le liithuti hammoho le ʼna ka ’nete. Ha ke ne ke bolela ka ntlo le ntlo, ka qala ho tsoafa mohopolo oa hore ke kopane le e mong eo ke mo tsebellang sekolong. Ha ke hetla morao nakong ena, tabeng ea ka ke nahana hore bothata e ne e le ho tšaba batho, hoo Bibeleng ho thoe’ng ke “ho isang sefing.”—Liprov. 29:25.
‘Hoba ke tsoe sekolong, ka etsa qeto ea hore ke leke bopula-maliboho bo thusang. Ka baka leo, ho bolela ha ipiletsa ho ʼna ho feta leha e le neng pele. Ha nka ka hlola ke ho nka e le mosebetsi oa ho ithabisa, leha e le hore e ne e le moroalo o boima. Ha ke bona liithuti tsa ka tsa Bibele li tsoela pele ʼneteng, ka thabela ho khotsofala ho tebileng ka bopaki ba hore Jehova Molimo o tšehelitse boiteko ba ka. Joale ke bile pula-maliboho ka lilemo tse fetang bobeli le likhoeli tse tšeletseng. Ha ke hetla morao menyetla eo ke bileng le eona hore nka khetha mesebetsi e meng, boikutlo ba ka bo sa tšoana le ba moapostola Pauluse, ea ileng a ngola, a re: “Ke fela ke lekanya hoba ntho tsohle ke tšenyehelo, ha li ka bapisoa le boholo ba ho tseba Jesu Kreste, Morena oa ka, eo ke lahlileng tsohle ka baka la hae, ʼme ke li etsa lithōle, ke tle ke rue Kreste.”’—Ba-Fil. 3:8.
HO ANANELA PHUTHEHO
Na bacha ba thabela hore ba kopanele le phutheho ea Bokreste? Dan, ea sebeletsang e le pula-maliboho Quebec, o pheta phihlelo ea hae, o re: ‘Ke kolobelitsoe feela ka 1975, ʼme bophelo ba ka pele ke tseba ka ʼnete ea Bibele bo ne bo hlephile haholo e se ba Bokreste. Ke ipatlela menyaka, ke ne ke tahoa hangata. Ha ho se ho sa ’natefele, ka tsuba matekoane le ho leka lithethefatsi tse ling. Ha ke le lilemo li 17 ke ne ke tsuba matekoane hoo e ka bang tsatsi le leng le le leng.
‘Empa thabo eo ke neng ke hopola hore ke na le eona ka nako eo hase letho ha e bapisoa le thabo eo ke bileng le eona hoba ke kopane le batho ba Jehova. Seboka sa pele seo ke bileng ho sona Holong ea ʼMuso ke sa se hopola le joale. Ntho e ileng ea nkhahla haholo ke hore kamorao ho liboka ba fapa-fapaneng ba ile ba itsebisa ʼna hoba ba nkatamele ka boiteko ba hore ke ikutloe ke phuthulohile. Ho tlohela nakong eo ho ea pele ke ile ka kopanela liboka ka mehla Holong ea ʼMuso. Pele ke ithuta ʼnete, ke ne ke sa rate ho kopana le batho ba baholo, kaha ho ne ho se letho leo re tšoanang ka Iona. Empa har’a Bakreste hammoho le ʼna ke fumane metsoalle e metle ea lilemo tsohle.’
Paki e ʼngoe e nyenyane ea New York ea fana ka lebaka le fapaneng la ho thabela botsoalle ba phutheho: ‘Ke thabela ho ba karolo ea phutheho kaha ke tseba ho sebeletsa ba bang. Ke thabela ho thusa baena ba hōlileng le bo-khaitseli haeba ba hloka ho thusoa ho hloekiseng matlo a bona. Nako le nako ke tokelo ea ka ho thusa Bakreste hammoho le ʼna ho thotha ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Ke le mocha ke na le matla le sehlahlo. Ebe tsela ekaba efe e molemo haholo ho bo sebelisa ho feta ho tlotliseng Jehova ka ho sebeletsa ba bang ka phuthehong?’
EA LILEMO LI 10 O BATLA THUSO
Kopanong ea Munich, Jeremane, mohlankana o ile a bolela phihlelo e latelang karolong ea ba buang Segerike kopanong eo: ‘Ha ke le sekolong se tlase, batsoali ba ka ba khaotsa ho kopanela le phutheho ea Bokreste. Ke thabela ho le bolella hore, ho sa tsotellehe ho ba ngoana, ka atleha ho bolokeng kamano eitseng le phutheho.
‘Ha ke le lilemo li 10 ka qala ho rapella thuso ho Jehova. Kaha batsoali ba ka ba ne ba sa ntumelle ho kopanela le Lipaki tsa Jehova pepenene, ho ʼna ha bonahala hore tsela feela ea ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela ke ka meneelo ea chelete. Joale ka qala ho bokella chelete ea lijo eo batsoali ba ka ba neng ba mpha eona. Ka nako ea lilemo tse peli ke ne ke bokelletse 500 drachmas. Ka thabo ka neelana ka eona phuthehong. Baena ba nthapella ʼme ba etsa litokisetso tsa hore mocha oa thaka ea ka a nketele. Nakong ea ha ke ntse ke bapala le eena ho ne ho tsamaisoa thuto ea Bibele, e ileng ea tiisa tumelo ea ka. Lilemo hamorao ka ea naheng esele bakeng sa lithuto tsa sekolo. Sepheo-pheo sa ka, leha ho le joalo, e ne e le hore ke lokolohe ho ba teng libokeng tsa phutheho.
‘Eare ha batsoali ba ka ba utloa ka sena, ha e-ba le phello e ntle ho bona. Hang hape ba boela ba e-ba teng libokeng Holong ea ʼMuso ʼme hona joale ntate o sebeletsa setulong sa boikarabelo ka phuthehong. Ha e le ʼna, hona joale ke thabela hore ke sebeletse joaloka pula-maliboho oa ka mehla ʼme eo ke takatso ea ka bakeng sa bacha bohle.’
Ruri ke monyaka ho utloa ka bacha ba bangata ba ileng ba etsa borapeli ba Jehova ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba bona. Re na le tšepo ea hore liphihlelo tsena li tla susumetsa ba bang hore ba utloe taelo ea Mangolo, e reng: “U mpe u hopole ʼMōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”—Moek. 12:1.