Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 10/15 maq. 14-19
  • Sebaka sa Bacha ka Phuthehong ea Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebaka sa Bacha ka Phuthehong ea Bokreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEBAKA SA BACHA TOKISETSONG EA MOLIMO
  • MENYETLA EA HO ROKA JEHOVA
  • Bacha, Rorisang Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ke Hobane’ng ha Ke Lokela ho Bua ka Molimo?
    Tsoha!—1994
  • Bacha—Thabisang Pelo ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Bacha—Na Le Tseleng e Isang Katlehong ea Sebele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 10/15 maq. 14-19

Sebaka sa Bacha ka Phuthehong ea Bokreste

“Rokang Jehova . . . bahlankana le baroetsana.”—Pes. 148:1, 12.

1, 2. (a) Phello e ba efe ha u hlokomolohuoa kapa u siuoa sebakenga feela? (b) Jehova Molimo le Jesu Kreste ba talima bana joang?

MOHLOMONG U KILE ua utloa phihlelo e kang ena: U ne u memetsoe moketeng o itseng o moholo moo bamemuoa bohle ba neng ba tšoaetsoe libaka tseo ba tla lula ho tsona. Empa ka ho se hlokomele ho itseng ha u ka ua lokisetsoa sebaka. Hona ho ka tsietsa le ho ba boemo bo soabisang. Ha ho monate ho siuoa kapa ho hlokomolohuoa, ha ke re?

2 Ka tsela e tšoanang, batho ba bang ba ka ʼna ba sekamela ho hlokomoloheng kapa ho sia bacha, ba ba nka e le ba sa tšoaneleheng hore ba ka eloa hloko kapa ha amehuoa ka bona. Empa hase kamoo ʼMōpi oa rōna, Jehova Molimo, kapa Mora oa hae Jesu Kreste ba talimang bacha. Ha bana ba lelekoa ke barutuoa ba hae, Jesu a khalemela barutuoa ba hae, a re: “Lesang bana ba tle ho ʼna, ʼme le se ke la ba thibela.” (Mar. 10:14) A hatisa hore le tsona libopuoa tse nyenyane ke tsa bohlokoa ho Molimo, Jesu o itse: “Na lirobele tse peli ha li rekoe ka peni e le ʼngoe na? Athe le se seng sa tsona se ke ke sa oela fatše, ka ntle ho Ntat’a lōna.” (Matt. 10:29) Kahoo haeba Jehova a nka le tsona linonyana tse nyenyane e le tsa bohlokoa, ebe bana bona joale ke ba bohlokoa hakaakang ho eena!

3. Ke hobane’ng ha e se bana bohle, leha e le mangeloi ʼohle, a ratehang ho Molimo?

3 Leha ho le joalo, bohlokoa bo joalo ho Molimo hase ntho e itlisang. Hase bacha bohle ba ratehang ho Molimo—le oona mangeloi. Bibele e re: “O bolokile litlamong tse sa feleng le lefifing, ho lebella kahlolo ea letsatsi le leholo teng, mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba ʼona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa ʼona.” (Juda 6) Mangeloi a na le likabelo tsa mosebetsi leholimong, a sebeletsa Jehova Molimo e le karolo ea phutheho ea hae ea leholimo. Empa mangeloi ao ho boleloang ka oona kaholimo a ile a bona ntho e ʼngoe hape e ileng ea ipiletsa ho oona, ʼme kahoo a lahla ‘tulo tseo e neng e le tsa oona.’ A ile a bona eng?

4, 5. (a) Ke hobane’ng ha mangeloi a itseng a ile a khaotsa ho sebeletsa Molimo, ʼme Molimo o ile oa sebetsa maemo a sisimosang a ileng a hlaha joang? (b) Bohle re ka ithuta eng ka see?

4 Bibele e-ea hlalosa: “Bara ba Molimo ba bona barali ba batho hoba ba batle, ʼme ba inkela basali har’a . . . bona.” (Gen. 6:2) Na ‘bara bana ba Molimo’ e ne e le banna feela ba lefatšeng? Che, ha e le hantle e ne e le bara ba Molimo ba mangeloi ba ileng ba tlohela sebaka sa bona se neng se ba loketse leholimong ʼme ba iphetolella ʼmele ea botho e le hore ba ka ba le likamano tsa botona le botšehali le basali ba batle ba lefatšeng. Ka baka la tšusumetso ea bona ea boitšoaro bo bobe, ʼme hamorao ea bana ba bona ba tlhaho e tsoakaneng, maemo a phakisa a theoha lefatšeng, a fella ka qeto ea hore Molimo o tlise moroallo oa phikoloho eohle. Bibele e re: “Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ʼmōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ʼohle. Jehova a re: Ke tla timetsa lefatšeng batho bao ke ba bōpileng.”—Gen. 6:5, 7.

5 Mona ho teng ntho eo bohle re ka ithutang eona, bacha hammoho le batho ba baholo. Ke ena: Jehova o na le sebaka bakeng sa bahlanka ba hae ba ʼnete, ʼme ba lokela hore ka tokelo ba tšoarelle ho sona sebaka seo. E, hore re be ba bohlokoa ho Jehova, re tlameha ho tseba sebaka sa rōna tokisetsong ea hae le ho tšoarella ho sona. Ba bacha, sebaka se le loketseng ke sefe?

SEBAKA SA BACHA TOKISETSONG EA MOLIMO

6. (a) Sebaka se re loketseng ke sefe? (b) Ke eng se re etsang ba bohlokoa ho Molimo?

6 Ka kameho e lerato bakeng sa batho, Jehova a fana ka Mora oa hae, Jesu Kreste, hore a hlalose sebaka se re loketseng kaofela. Kreste a rala metheo ea phutheho ea Bokreste. Kajeno phutheho eo ea barapeli ba ʼnete e teng har’a Lipaki tsa Jehova. Kahoo, sebaka se loketseng bacha le ba baholo ka mokhoa o tšoanang se ka phuthehong ena ea Bokreste. Empa hlokomela: Hase feela ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova kapa ho kopanela le tsona ho etsang hore motho e be oa bohlokoa ho Jehova! “Ho batloang,” kamoo ho bolelang 1 Ba-Korinthe 4:2, ‘ke hoba e mong le e mong a fumanoe a tšepeha.’ Ngoana ea tšepahalang ea lilemo li tšeletseng kapa ea lilemo li 16, ke oa bohlokoa haholo ho Jehova ho feta mangeloi a matla a ileng a tloha litulong tse a loketseng ʼme a se ke a tšepahala. Mangeloi ao ha a sa na sebaka leha e le sefe tokisetsong ea Molimo.

7. Mosebetsi o moholo oo bohle re lokelang ho o etsa ke ofe?

7 E le karolo ea phutheho ea Bokreste, kaofela ha rōna—ba bacha le ba baholo, ba batona le ba batšehali, ba na le mosebetsi o le mong o moholo le o tšoanang hore ba o etse ka botšepehi. Mosebetsi oo ke ho tsebahatsa merero ea Ntate oa rōna, ho sebeletsa re le Lipaki tsa hae, ka boitšoaro ba rōna le ka ho bua ha rōna ka eena. Ke feela ha re etsa sena re ka bang sebakeng se re loketseng. Pesaleme ea 148 e re: “Rokang Jehova . . . bahlankana le baroetsana, maqheku hammoho le bana! A ba ke ba rorise lebitso la Jehova.” Bacha ba hlile ba khothalletsoa ka ho khethehileng hore: “U mpe u hopole ʼMōpi oa hao matsatsing a bocha ba hao.”—Moek. 12:1.

8, 9. (a) Lintho tse se nang bophelo li phethahatsa morero oa tsona pōpong joang? (b) Re ka phethahatsa morero oa rōna bophelong joang?

8 Potso ke hore: Na u sebakeng se u loketseng? Na kannete u roka Jehova? Phetla Bibele ea hao ho Pesaleme eo ea 148. Hlokomela khothalletso e phetoang hangata moo ea ho roka Jehova. E, letsatsi, khoeli, linaleli, lifate, liphoofolo, linonyana; e, libopuoa tsohle tsa Molimo li khothalletsoa ho mo roka. ʼMe ak’u nahane hore na hoo li ho etsa ka tsela e hlollang hakaakang. Ho chaba kapa ho likela ha letsatsi ka mokhoa o khanyang ka mebalabala e metle haholo ke tlotla e khanyang ho Moetsi e Moholo oa letsatsi. Linaleli bosiu li hasane joale ka lidaemane tse khanyang leseleng le letšo bo benyang, kapa khoeli e silevera ha e khanya holim’a maqhubu a leoatle, e bontša hore Sebetli se seholo se ikarabella ka lintho tsena tse ratehang. Lefutso le bohlale la liphoofolo, ho falla ha linonyana ka ho fofa—re ka ʼna ra tsoela pele re hlokomela kamoo lintho tse Jehova a li entseng li felang li mo roka. Empa ho thoe’ng ka lōna “bahlankana le baroetsana”—lōna makharebe?

9 ’Mele ea lōna ka boeona ke tlotla ho Jehova. Botle, matjato le ho sisinyeha ka bokhabane ba bahlankana le baroetsana ha ba matha li bolela mosebetsi oa Mohlophisi e Moholo. Empa batho le bona ba reretsoe ho roka Jehova ka tsela e khabane eo ba phelang bophelo ba bona ka eona, le ka lintho tse molemo tseo ba li buang ka eena le ka mesebetsi ea hae. Re lokela ho ba le boikemisetso ba mopesaleme Davida: “Molomo oa ka a o ke o bolele lithoko tsa Jehova.” Hape, boitšoaro ba rōna bo lokela ho bea mohlala. Bakreste ba phehelloa hore ba ‘khelohe bobe, ʼme ba etse ho molemo.’ (Pes. 145:21; 1 Pet. 3:11) Na u bontša Jehova kananelo bakeng sa molemo oa hae ka ho mo roka ka litsela tsee? Na u sebakeng se u loketseng?

MENYETLA EA HO ROKA JEHOVA

10. Bacha ba Bakreste ba ka ʼna ba ikutloa joang ka boemo ba bona ka phuthehong?

10 Batho, ka bomalimabe, ba sekametse ho ameheng ka boemo. Ho ne ho le joalo ka baapostola ba Jesu; Jakobo le Johanne ka lekhetlo le leng ba bile ba kōpa hore Jesu a ba nee litulo tse phahameng tse haufi le eena ʼmusong oa hae. (Mar. 10:35-37) Bacha ba bang kajeno ba na le boikutlo bo tšoanang. Ba ikutloa hore ba haelloa ke litokelo kapa menyetla ea ho etsa lintho ka phuthehong. ‘Ke mocha feela. Nka etsa’ng?’ ba ka ʼna ba botsa joalo. Empa ʼnete ke hore, Iōna bacha le na le menyetla e khethehileng ea ho roka Jehova.

11. Bacha ba na le menyetla efe e khethehileng ea ho roka Jehova?

11 Karolo e ngata ea selemo, le haufi haholo le bao le balang le bona, haesita le matichere a sekolo. Ka hona boitšoaro ba lōna bo pepeneng, kamoo ho leng kateng, bo hlokomeleha ho batho ba bangata. Ipotse: Na boitšoaro ba ka bo hlahisa Jehova hantle, Molimo oo batho ba nkhethollang ka oona? Hopola, hore na u itšoara joang ho tla tlatsetsa ho rokoeng ha hae kapa ho mo tlisetse thohako. ʼMe ntho e ʼngoe eo ho ka nahanoang ka eona ke ena: Na ke sebelisa menyetla eo ke nang le eona sekolong ho bua ka merero ea Jehova? Na boikutlo ba rōna ha boa lokela ho tšoana le ba mopesaleme Davida: “Molomo oa ka a o ke o bolele lithoko tsa Jehova”? (Pes. 145:21) Bacha ba bangata ba Bakreste ba nkile maikutlo a hore sekolo ke “sebaka” sa bona, ʼme kahoo ba falimehetse menyetla eo ba ka bang le eona ea ho fana ka bopaki. Uena?

12. (a) Ke hobane’ng ha hangata bacha ba ho fumana ho le thata ho pakela liithuti hammoho le matichere? (b) Phihlelo ea mocha e mong e bile efe?

12 Leha ho le joalo, bacha ba bang ba ho fumana ho le thata ho pakela bao ba balang le bona kapa matichere. Lebaka le leng ke hore ba ikutloa ba soaba hore ba ka tsebahala e le liithuti tsa Bibele kapa batho ba thahasellang ho bua ka Molimo. Kahoo, mocha oa California o ile a leka ho ipatela ba bang hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Joalokaha u ka nahana, ho phela ka ho tšaba ba bang hore ba tsebe ha hoa ka ha mo thabisa. Qetellong, mocha enoa a inahana ka ho teba ka taba. O ne a kholisehile hore tumelo ea hae ke eona ea ʼnete, joale ebe a ka ba lihlong ka eona ka lebaka lefe? A fihlela qeto ea hore a pepese tumelo ea hae feela, ʼme ha menyetla a itlhahisa, a hlalosetse ba bang kamoo Bibele e utloahalang kateng. Ha a ka a thabela haholo feela ka lebaka leo, empa a hapa tlhonepho ea matichere a mangata le bao a balang le bona.

13, 14. Menyetla e meng ea ho paka sekolong ke efe?

13 Mocha enoa a fumana hore menyetla e mengata ea ho tsebahatsa maikutlo a Molimo litabeng ha a le sekolong. Le uena u ka e fumana. Ka mohlala, mohlomong sehlopha se ka ʼna sa be se buisana ka libuka tsa moqapi e mong ea tsebisahalang ea ileng a ngola ka ho se shoe ha moea, kapa taba e ʼngoe feela e amanang le Bibele. Tlalehong ea hao e ngotsoeng, kapa puisano e etsoang sehlopheng, ka bohlale u ka bontša hore na maikutlo a moqapi a bapisoa joang le seo Bibele e se bolelang ka taba. (Ezek. 18:4; Moek. 9:5, 10) Bacha ba Lipaki ba entse eona ntho ena, ʼme ea bulela lipuisano tse tsoelang pele tsa Bibele sekolong.

14 Ka nako e ʼngoe ha motho a ntse a kena sekolo taba ea tšimoloho ea motho hangata e-ea hlaha puisanong ea sehlopha ʼme ena le eona e fana ka monyetla o motle bakeng sa bopaki. U ka sebelisa boitsebiso bo tsoang bukeng Did Man Get Here by Evolution or by Creation?, u bontša bopaki bo emelang pōpo. Bacha ba Lipaki ba entse hona, ʼme, ka baka leo, ba fana ka libuka tse ngata ho tsena ho matichere le bao ba balang le bona. Kapa, ho se seng sa lihlopha tseo u leng ho tsona ho ka ʼna ha hlaha puisano ka ho laetsana, boikutlo ka botona le botšehali, lithethefatsi, botahoa, kapa taba e ʼngoe feela. Hangata bacha ba Bakreste ba ʼnile ba kenyelletsa buka Your Youth—Getting the Best out of It, e buang ka litaba tsena kaofela, ʼme matichere le bao ho ithutoang le bona ka mokhoa o tšoanang ba ʼnile ba thabela le ho fumana molemo bukeng ena.

15-17.(a) Ke liphihlelo life tse ling tse ntle tseo bacha ba bileng le tsona ka ho paka sekolong? (b) Lipotso tse peli tseo bacha ba Bakreste ba ka ipotsang tsona ke life?

15 Bopaki bo botle sekolong bo ʼnile ba fanoa lefatšeng lohle ke bacha ba Bakreste ba falimehileng le ba tšepahalang ba ikhathatsang. Ka mohlala, mocha oa Mokreste o ngola hore: “Nakong ea ha re ne re na le nako ea bolokolohi sehlopheng sa rona ke ne ke e-na le menyetla e mengata haholo ea ho paka, haholo nakong ea matsatsi a phomolo. Ka ho tlohela libuka tse theiloeng Bibeleng setulong sa ka moo ba bang ba neng ba ka li bona, liithuti tse ngata tse thahasellang li ile tsa itlisa ho ʼna. Phihlelo e putsang ka ho fetisisa ke e amang tichere ea ka ea thuto ea litokelo le litšoaneleho tsa baahi. Ke ne ke sietse seithuti se seng sa hae buka, ʼme ngoanana o ne a e bala sehlopheng ka tsatsi le leng ha tichere e e bona ʼme e mo botsa hore na o e fumane hokae.” Phello? Kamorao ho nako, puisano ea Bibele ea tsatsi le leng le le leng e ne e tšoaroa le tichere ka nako ea lijo tsa motšehare. Qetellong liithuti tse ʼmaloa tsa qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste. ʼMe tichere ea tsoela pele ho isa ntlheng ea hore e be Paki e ineetseng!

16 Ketsahalong e ʼngoe, Paki e nyenyane ea ikemisetsa ho nea tichere ea eona limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Kamorao ho matsatsi a seng makae, ka boikokobetso e botse tichere: “U ratile sehlooho seo ke u fileng sona joang?” Qalehong tichere e ne e ee e sisinyi mahetla feela ha seithuti se e botsa. Leha ho le joalo, ho phehella ha seithuti ka boikokobetso ha phakisa ha mo khahla. Tichere ea bea lebaka la hore haeba e phehella hore seithuti sa eona se mamele le ho ithuta ka lithuto tsa sekolo, ke hobane’ng, ha le eona e ke ke ea lefa ho phehella ha seithuti ka ho ithuta Bibele. Ka baka leo, lipuisano tse ngata tsa Bibele ka lihlooho tsa makasine tsa tsoela pele. Qetellong tichere ena ea beeletsa limakasine, ea e-ba teng libokeng Holong ea ʼmuso le lelapa la eona, ʼme ea e-ba Paki e kolobelitsoeng!

17 Liphihlelo tse kang tsena li tloaelehile. E, batho ba baloang ka likete ba tsebile ʼnete ea Molimo ka bopaki ba bacha sekolong. Joaloka mocha oa Mokreste, na u sebete u bile u rata Jehova hore u ka bua feela lebitsong la Lentsoe la hae le metheo? ʼMe habohlokoa ka mokhoa o tšoanang, Na u na le matla a botho a ho itšoara tumellanong le litlhokahalo tse lokileng tsa Molimo? Haeba ho le joalo, joale u har’a bongata bo khethehileng ba bacha lefatšeng ka bophara ba lutseng sebakeng se ba loketseng. Ba sebelisa menyetla ea bona ho roka Jehova.

18. Ke hobane’ng ha ka ho khethehileng bacha ba ka bang molemo haholo ho faneng ka bopaki?

18 Bacha hangata ba ka ba molemo haholo ho faneng ka bopaki. Ka mohlala, ka kakaretso le ka pheta litaba hamolemo haholo ho bacha ba bang; le tseba ho bua ‘puo’ ea bona, kamoo ho leng kateng. Hape, batho ba bang ba baholo ba sekamela ho mamela lōna bacha, joalokaha banna ba hōlileng tempeleng ea Jerusalema ba ile ba mamela Jesu ea lilemo li 12. (Luka 2:46, 47) Ka baka leo, u se ke ua nyenyefatsa tlatsetso e ntle eo u ka e etsang ho rokeng Jehova. Ha u mo lumella, Molimo o ka u sebelisa ka tsela e khōlō ho finyella morero oa oona hore litaba tse molemo tsa ʼMuso li boleloe lefatšeng ka bophara.—Matt. 24:14.

19. Bacha e ka ba thoko ho Jehova joang ka phuthehong ea Bokreste?

19 Ka phuthehong, le teng, bacha ba ka tlatsetsa haholo ho rokoeng ha Jehova. Lefatšeng kajeno bacha ba bangata ba sebelisa puo e litšila, ba apara habohlasoa ʼme ba haelloa ke mekhoa e metle. Kahoo ha lōna bacha ba Bakreste le hlonepha, le itlhophile hantle ʼme le thahasella litaba tsa moea kannete, baeti Holong ea ʼMuso ba khahleha ka mokhoa o molemo. Haholo ba khahloa ha ba utloa le fana ka puo e lokiselitsoeng hantle ea seithuti, kapa ba mamela ha le fana ka litlhaloso tse chesehang ka kholiseho ea ʼnete; kapa ha ba le bona le etsa lintho tse kang ho hlokomela liholisa-mantsoe le lumelisa ba bang pele le kamorao ho liboka, le thusa moo ho fumanoang libuka le ka ho hloekisa holo. E, baeti ba ka ʼna ba khahloa ke mohlala oa lōna bacha ba Bakreste hoo ba ka susumeletsehang hore ba fihlele qeto ena ka phutheho, “Molimo o har’a Iona ka sebele.”—1 Ba-Kor. 14:25.

20. Kahoo bacha ha baa lokela ho nka boikutlo bofe, ʼme ba ka ba le kholise efe?

20 Kahoo le se ke la nka boikutlo bo seng botle ba hore, ‘Ke mocha. Nka etsa’ng?’ U ka etsa lintho tse ngata tseo e leng thuso ho baena le likhaitseli ba hao, le thoko ho Jehova. ʼMe u ka kholoa hore Jehova o tla u bona le ho u putsa. “Hobane Molimo ha o khopo; o ke ke oa lebala mesebetsi ea Iōna, le kamoo lerato la lōna le sebelitseng kateng ka baka la lebitso la oona, ha le babaletse bahalaleli, le joale le sa ba baballa.”—Ba-Heb. 6:10.

21. Tse ling tsa litaba tseo re tla nahana ka tsona sehloohong se latelang ke life?

21 ʼNete ke hore, lefatšeng le theohileng leo re phelang ho Iona ha ho bonolo ho sebeletsa Jehova, haholo bakeng sa Iōna bacha ba Bakreste. Ho teng likhatello tse ngata tse etsoang ho leka ho qobella hore u tlohele sebaka sa hao se u loketseng. Meleko e meholo, ʼme, ka nako eona eo, e bolotsana haholo. Hopola hore le a mang a mangeloi a Molimo a leholimo a ile a lekoa hore a lahle sebaka se a loketseng, ʼme a lahlehetsoe ke mohau oa Jehova ka ho sa feleng. ʼMe ke eng e neng e ba etsa hore ba lahle? Lithahasello tse sa lokelang tsa likamano tsa botona le botšehali. Kahoo ha rea lokela ho makala hore meleko e meholo kajeno e tla ba ea likamano tsa botona le botšehali. A re ke re hlahlobeng likhatello tse ling tse tobisitsoeng ho senyeng tumelo ea Bakreste ba banyenyane.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela