Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 10/15 maq. 19-24
  • Bacha, Hanelang Likhatello Tsa Lefatše!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha, Hanelang Likhatello Tsa Lefatše!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LIKAMANO TSEO E SENG TSA MOLAO TSA BOTONA LE BOTŠEHALI
  • BOITŠOARO HAR’A BATHO BA SA TŠOANENG KA BOTONA LE BOTŠEHALI
  • ’MINO OA “DISCO” LE “DISCOTHEQUES”
  • Bacha, na Boitšoaro ba Bibele ke Tsela e Molemo Haholo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Nka Qala ho Laetsana Neng?
    Tsoha!—2007
  • Bibele e Re’ng ka Thobalano?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Na ke se ke Loketse ho Intša?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 10/15 maq. 19-24

Bacha, Hanelang Likhatello Tsa Lefatše!

“Le se lumelle lefatše le le potolohileng le le petelletse hore le bōpehe joaloka Iona.”—Ba-Roma 12:2, “Phillips.”

1, 2. (a) Ke khothatso efe e lerato eo re batlang ho e nahana ka botebo? (b) Ke hobane’ng ha ho hlokahala ka ho khethehileng hore re nahane khothatso ena e lerato hona joale?

HANGATA Mangolo a phehella hore re hanele boiteko ba Diabolose ba ho re khelosa tseleng e tšesane e isang bophelong. Moapostola Pauluse, ka mohlala, o ngolile hore: “Le se lumelle lefatše le le potolohileng le le petelletse hore le bopehe joaloka Iona.” Nahana ka ho teba ka keletso ena e lerato e ho Ba-Roma 12:2. E ngoletsoe ho re sireletsa le ho re tataisa. Ka holimo, e qotsitsoe ho The New Testament in Modern English ea J. B. Phillips, empa hape re ka ʼna ra fumana molemo ho e bala kamoo Libibele tse ling li e fetolelang kateng: “Le se ke la tšoantša boitšoaro ba lōna le ba lefatše le le potolohileng.” (Jerusalem Bible) “Le se ke la inkela mekhoa ea lefatše lena.” (An American Translation) “Khaotsang ho tšoana le tsamaiso ena ea lintho.”—New World Translation.

2 Ho potlakile haholo ho feta leha e le neng pele hore re lebele ho re re se ke ra tšoana le tsamaiso ena ea lintho. Hobane’ng? Hobane haufinyane—hona bophelong ba batho ba baloang ka likete-kete ba ntseng ba phela—Satane le bademona ba hae ba ile ba lihuoa leholimong ke Kreste le mangeloi a hae. Kamor’a hore e hlalose ketso ena, Bibele e re: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšen. 12:9, 12) Re phela nakong ena e khutšoanyane ea bomalimabe hona joale! Kahoo, khalefong ea hae, Satane o etsa hore re hatelloe boitekong bo futuhileng kahohle hore a re fumane hore re lumellane le boitšoaro ba lefatše lena. Hona o ho etsa joang?

LIKAMANO TSEO E SENG TSA MOLAO TSA BOTONA LE BOTŠEHALI

3, 4. Ke mekhoa efe e neng e atleha nakong e fetileng ho furalliseng batho ba Molimo tsela e tšepahalang?

3 Haeba mokhoa o atleha, na hase ho utloahalang hore Satane a ka o ntšetsa pele ho o sebelisa? Joale, ke eng se neng se ameha ho etseng hore mangeloi a tlohele sebaka se a loketseng leholimong? E, e bile takatso e sa lokelang bakeng sa likamano tsa botona le botšehali. (Gen. 6:1-4; Juda 6) Nahana, hape, se ileng sa etsahala nakoana pele Baiseraele ba kena naheng ea Kanana, kamor’a ho lelera lefeelleng ka lilemo tse ka bang 40. Eare ha Bamoabe ba ba bona, ba ikutloa ‘ba tšohile haholo.’ Hona e bile kahobane Baiseraele ba ne ba le bangata haholo, le kahobane Jehova o ne a ba hlohonolofatsa. (Num. 22:1-3) Kahoo Bamoabe ba batla moprofeta Balaame hore a leke ho fumana hore na Jehova a ka rohaka Baiseraele. Leano lena la hlōleha. Empa qetellong Balaame, ntle ho pelaelo tlas’a tataiso ea Satane, a tla ka morero o ileng oa atleha. Ea e-ba ofe?

4 Balaame a etsa hore basali ba Moabe le Midiane ba bontše moea oa kamohelo ho Baiseraele, ka ho totobetseng ba ba memela ho tla moketeng oa lijo tse monate haholo le veine. Baiseraele ba “qhoaolla” ka baka la ho ja lijo tse monate le ho noa veine e hlabosang, ʼme mohlomong ho ne ho sebelisoa motjeko o tsosang takatso ea botona le botšehali hore ba tsose takatso ea bona. Ba se ke ba hlola ba itebela, kahoo basali bana ba hulela Baiseraele hore ba be le likamano tsa botona le botšèhali le bona. Ba ba etsa hore Baiseraele ba khumamele melimo ea bohata. Ka phello efe? Bohale ba Jehova ba tukela batho ba hae, ba 24 000 ho bona ba bolaoa! Nahana ka sena: Bao ba 24 000 ba ne ba habile ho ea kena Kanana—Naha ea Pallo—kamorao ho lilemo tse telele tsa ho lelera lefeelleng le se nang letho. Leha ho le joalo ba lahleheloa ke phethahatso ea pallo ka baka la ho ekoa ke hore ba kene boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali!—Num. 25:1-9, 16-18; 31:16.

5. Ke ho tšoana hofe hoo re ka ho bonang pakeng tsa Baiseraele ba haufi le ho kena Naheng ea Pallo le boemo ba rona kajeno? Joale re ka lebella hore Satane a leke ho etsa joang?

5 Na u bona ho tšoana boemong ba rōna kajeno? Ho teng. (1 Ba-Kor. 10:11) Hona joale re mosikong oa tsamaiso e ncha e tšepisitsoeng ea Molimo, re habile ho ea kena ho eona joalokaha Baiseraele ba ne ba le haufi le ho kena Naheng ea Pallo. Re ahlola ka mehlala ea nakong e fetileng, u ka lebella hore Satane a leke ho etsa joang? E, ho tsamaisa batho ba Molimo ho ea boemong boo ho bona ba ka etsang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, e le hore Jehova a ka ba ahlola e le ba sa tšoaneloang ke ho kena tsamaisong ea hae e ncha ea ho loka.

6, 7. Ke bopaki bofe bo teng ba hore lefatše le lahlile melao e lokileng ea boitšoaro?

6 Na u ka hana hore boitšoaro bo bobe ba lefatše la Satane bo emisitse tšokelo ea sebele bophelong ba moea ba Bakreste kajeno? E, ak’u nahane kamoo lefatše le ntseng le lahla mekhoa e lokileng kateng. Ha a ahlola nyeoeng eo ho eona mosali ea lilemo li 23 a bileng le likamano tsa botona le botšehali le moshemane ea lilemo li 15, moahloli oa New Mexico o ile a hlokomela hore ketso e ne e se ea tlōlo ea molao kapa e se mpe. “Lekhotla le etsang melao la hlakola bohlola hore ke tlōlo ea molao,” kamoo a ngotseng. “La hlokomela, e le molao oa bohle, hore boitšoaro bona bo ne bo sa fosane le likekelletso tsa lekholong la bo20 la lilemo.” Tumellanong le qeto eo, The Express ea Easton, Pennsylvania, e ile ea hlokomela hore: “Ntoa ea likamano tsa botona le botšehali e letse, ʼme likamano tsa botona le botšehali li hlōtse. Likamano tsa botona le botšehali tse etsoang ke bacha ha li sa hlola li nkoa haholo e le ntho e ka sebelisoang e le ho fetohela ba boholong. Ho ba bangata, li fetohile karolo ea bona ea tsela eo ba phelang ka eona tsatsi le leng le le leng.”

7 Batho ba bang ba baholo mohlomong ha ba tsebe hakaalo ka seo bacha ba Bakreste ba talimaneng le sona tsatsi le leng le le leng ka tsela ea ho phetlehela boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali. Palo e sisimosang ea bacha ba kajeno e qala likamano tsa botona le botšehali e sa le lilemong tse tlase haholo kapa pele, ʼme mekhoa e tsoileng tseleng ea likamano tsa botona le botšehali ke moqoqo o tloaelehileng. Se ithutoang se senola hore ha ba fihla lilemong tse 16 banana ba fetang bonngoe ho ba bahlano ba Maamerika ba se ba kene likamanong tsa botona le botšehali—linaheng tse ling palo e bile e kholoanyane. Makasine ea Time, ha e tlaleha ka makasine e ileng ea batlisisa ea Redbook ka basali ba 18 349, e hlokomela hore: “90% ea ba ka tlase ho lilemo tse 25 ba tlaleha hore ba bile le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Hoo e ka bang basali kaofela—89%—ba se ba fihletse likamano tsa ho kenyana litho ka hanong.”

8, 9. (a) Khatello ea ho etsa boitšoaro bo bobe e khōlō hakae? (b) Na ka phuthehong u bona bopaki ba batho ba ineelang khatellong ee?

8 Khatello e holim’a bacha hore ba etse boitšoaro bo bobe ke e matla haholo. Moroetsana e mong ea lilemo li 22 o ile a bua ka pelo e bohloko, a re: “Matsatsing ana ha u s’o fumane likamano tsa botona le botšehali ha u le 18, ho u lekaneng feela ke hore u ee boitlaming. Metsoalle eohle ea ka ea banana e bile le likamano tsa botona le botšehali ho tloha ha re le sekolong se phahameng. Ba ne ba ntšeha hoo hore ke itšireletse ke ileng ka qapa lipale tsa ka tsa ‘mekhoa e sa lumelloeng.’” Ba batona mohlomong ba bile ba talimane le khatello ea thaka tsa bona ka ho fetisisa hore ba etse boitšoaro bo bobe, kaha ka kakaretso bahlankana ba bangata ba kena bohloleng ho feta baroetsana. Makasine ea Sefora, ka mohlala, e ile ea hlokomela hore le hoja karolo ea 28 lekholong ea banana ba Mafora ba lilemo li 15 e se e se baroetsana, karolo ea 54 lekholong ea bashemane ba lilemo li 15 e se e entse likamano tsa botona le botšehali.

9 Ka masoabi, ho ʼnile ha amoheloa litlaleho tse bontšang hore bacha ba bangata ba Bakreste le bona ba ineetse likhatellong tsa lefatše le busoang ke likamano tsa botona le botšehali, joalokaha Baiseraele ba 24 000 ba ile ba oela melekong ea Bamoabe le Bamidiane ba se nang boitšoaro. Ruri sena ke sefi seo Satane a sa ntsaneng a se sebelisa ho pitla bahlanka ba Molimo! Re ka etsa joang ho itšireletsa le hore re bone tlhohonolofatso ea Jehova?

BOITŠOARO HAR’A BATHO BA SA TŠOANENG KA BOTONA LE BOTŠEHALI

10. Maikutlo a Molimo ka bohlola ke afe? (1 Ba-Kor. 5:1, 9-13)

10 Pele, ke habohlokoa ho utloa kapele tsamaiso ea Jehova le ho se nke se hlokoang ke Lentsoe la hae e le se tsoang ho batho. Bafebi ba ke ke ba fumana mahlohonolo a ʼMuso. “Tšabang bofebe,” ke Bibele e laelang joalo. “Molimo o tla ahlola baboki le bafebi.” (1 Ba-Kor. 6:9, 18; Ba-Heb. 13:4) Ha ho paramente leha e le efe ea batho e ka fetolang molao oa Molimo. Ho amohela kapa ho ananela ha batho ha ho etse hore mokhoa o fosahetseng o nepahale mahlong a Jehova. Likamano tsa botona le botšehali tse etsoang ke batho ba sa nyalanang li fosahetse; ke sebe se tebileng, ho sa tsotellehe hore na batho leha e le bafe ba re eng kapa ba etsa eng. Sebaka se ke ke sa e-ba teng bakeng sa batho ba itšoereng hampe ‘lefatšeng le lecha.’ (Tšen. 21:1-4, 8) Kahoo, hoo ho lokela ho bolela eng mabapi le boitšoaro ba rōna le ba seng batona kapa batšehali joaloka rōna? Ho thoe’ng ka ho laetsana, ka mohlala?

11. (a) Lentsoe la Molimo le re’ng ka ho nyalana le batho ba sa rapeleng Jehova? (b) Ke hobane’ng ha keletso ee e loketse kajeno?

11 Ona e ne e le molao oa Molimo ho Baiseraele mabapi le lenyalo: “U se ke ua nyallana le bona; u se ke ua nea bara ba bona barali ba hao, ʼme u se ke ua nkela bara ba hao barali ba bona.” Ka ho tšoanang, Bakreste ba eletsoa hore ba nyale feela “Moreneng,” ke hore, ho nyala feela morapeli hammoho oa Jehova. (Deut. 7:3; 1 Ba-Kor. 7:39) Tlhokahalo e joalo e ka ʼna ea bonahala e le thata haholo. Empa na ho hlile ho joalo? Ha ho ahloloa ka ho tlala hohle ha boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali lefatšeng kajeno, ke e loketseng le e sebetsang joalokaha e ne e le joalo ha batho ba Molimo ba ne ba phela pel’a Bakanana ba oeleng boitšoarong, kapa har’a baahi ba sekametseng likamanong tsa botona le botšehali ba Korinthe. Kahoo, he, haeba re khothalletsoa hore re se ke ra nyalana le batho ba tumelo e ʼngoe, na e ke ke ea e-ba ho sa lokelang ho laetsana le bona?

12. (a) Ho laetsana ke eng? (b) Ke hobane’ng ha ho laetsana le batho ba sa rapeleng Jehova e le bothoto bo fetisisang?

12 Ho laetsana ke eng? Webster’s Third New International Dictionary e ho hlalosa e le: “Tokisetso ea ho teana pakeng tsa batho ba babeli e motona le e motšehali ka morero oa ho ea thabela ntho e ʼngoe e itseng e monate bohatong ba boithabiso.” Empa na barapeli ba ʼnete ba Molimo ba lokela ho batla “ntho e ʼngoe eitseng e monate . . . bohatong ba boithabiso” le batho ba sa rapeleng Jehova? Hopola Baiseraele bale ba 24 000 ba ileng ba etsa joalo. Ntle ho moo, morero o tloaelehileng oa ho laetsana ke hore ho tloaelanoe hamolemo le eo ho lebelletsoeng hore e tla ba molekane oa lenyalo. Kahoo, ka baka la keletso ea Mangolo ea hore morapeli oa Jehova a se ke a nyalana le motho oa tumelo e ʼngoe, ekaba bothoto ho amohela kapa ho kōpa ho laetsana le motho ea joalo. Ho thoe’ng he, ka ho laetsana le Mokreste e mong?

13, 14. Ho laetsana ka mokhoa “o tlang hantle haholo” ka tloaelo ho talingoa joang, empa hangata ho ee ho hlahe eng?

13 Bacha ba Bakreste ba se ba ntse ba hateletsoe haholo ho tla fihlela joale. Ho latela patlisiso e ileng ea etsoa ka bacha, e mong le e mong ho banana ba bararo ba tlase lilemong ba Maamerika ba bolela hore ba na le bahlankana bao litaba tsa bona le bona li “tlang hantle haholo.” Empa na ho laetsana ho joalo ho bohlale? Ho ka ’na ha etsahala joang? Ngoanana e mong o hlalosa hore: “Bothata bo hlaha ha ke e-na le moshemane e mong eo ke mo ratang ʼme re le ntle koana naheng tseleng e lefifi, kapa mohlomong re le sofeng ntlong ea ka ea boikhathollo. . . . ‘Kajeno ke tla iphapanya,’ kamoo ke eeng ke ipolelle kateng, empa ho akana le ho hakana ho phahama hoo ke ikutloang ke se na thuso haese feela hore ke be le likamano tsa botona le botšehali le moshemane.”

14 Na u ka bolela hore bona ke bohato bo sa tloaelehang, bo sa lokelang? Le hanyenyane; bo loketse hantle haholo. Joalokaha mocha e mong a ngola, a re: “Ha bana ba babeli ba bonana hoseng, motšehare, le bosiu ka likhoeli le lilemo, ha ho kamoo ba ke keng ba tloaelana haufi haholo kateng. Kamorao ho nako ho tšoarana ka matsoho le ho akana ho ba bosula, ʼme ba nahane hore ‘baa ratana.’ Ke lilemo li 18, ʼme ke na le ngoana ea khoeli . . . E, re ile ra tlameha ho nyalana, joale ke lumela hore ke na le tsebo e ngata ka taba ena.” Ho bonahala bopaki bo paka se boleloang ke mocha enoa. Tlas’a sehlooho se neng se re, “Seoa sa Kemaro ea bana ba Tlase Lilemong.” New York Times ea la 18 Phuptjane, 1978, e tlalehile hore: “Hoo e ka bang banana ba sekete se le seng sa likete, a le mong ho ba 10 ba pakeng tsa lilemo tse 15 le 19, baa emola selemo se seng le se seng. Ba ka bang 600 000 ba hlile ba e-ba le bana, ʼme pelehi hangata e qala liphello tse fifatsang bophelo bohle ba ʼmè.” Linnete tse joalo kannete li bohloko li bile lia nahantša.

15. (a) Ba bang ba emela ho laetsana ha bacha joang? (b) Empa na ea ratang Jehova a ka ameha phosong, ʼme hona ho bontšoa joang?

15 Leha ho le joalo, ba bang ba ka ʼna ba buella ho laetsana: ‘Re Bakreste. Rea tseba hore bohlola bo fosahetse; ka hona re ke ke ra kena mekhoeng e joalo.’ Ke ʼnete, mohlomong u ke ke ua rera ho ameha. Empa ha le le bang u e-na le motho eo u hohelloang ho eena, tšusumetso ea likamano tsa botona le botšehali e ka u khannela phosong. Nahana ka Morena Davida, eo e neng e le mohlanka ea fetisisang oa Jehova, ‘monna ea neng a le pelong ea Molimo.’ O ne a tseba molao oa Molimo. O ne a tseba hore ke phoso ho ba le likamano tsa botona le botšehali le Bathe-Sheba, mosali oa monna e mong. Leha ho le joalo a ho etsa. Hobane’ng? Hobane o ile a itumella hore a kene boemong boo ho bona a ileng a pepeseha melekong ea likamano tsa botona le botšehali.—1 Sam. 13:14; 2 Sam. 11:1-4.

16. (a) Ke botsoalle ba mofuta ofe bo hlileng bo leng molemo haholo bakeng sa bacha ba Bakreste? (b) Ba laetsanang ba lebelletse ho nyalana ba lokela ho hlokomela eng?

16 Kannete, he, ke habohlokoa hore ho hlokomeloe ha ho fihloa ho laetsaneng. Ho hotle ha bacha ba bōkana hammoho ʼme ba thabela botsoalle har’a bacha ba bang, empa ho molemo ha hona ho etsoa ka lihlopha, ho e-na le hore ba babeli ba tsoe ba le bang ka ho laetsana. Mohlomong batsoali le ba bang ba baholoanyane ka phuthehong, hangatanyana ba ka lokisetsa lipikniki kapa liboka tse ling tse molemo. Ka makhetlo a joalo, leha ho le joalo, ke habohlokoa hore ka nako tsohle Bakreste ba hlokomele hore boitšoaro ba bona bo hlahisa Molimo oo ba o rapelang hantle. Haeba u nahana ka lenyalo ʼme nako le nako u laetsana le eo u rerang ho mo etsa molekane, hoa utloahala hore le tla batla hore le be le nako eo le leng bang ho eona ho buisana ka litaba tsa botho. Empa le hlokomele hore ha le amehe ho hakaneng le ho phathatsaneng, e leng tse ka ’nang tsa isa bohloleng. Ke bohlale ho qoba libaka tseo ho seng batho ho hang ho tsona tse khothalletsang likamano tsa botona le botšehali.

’MINO OA “DISCO” LE “DISCOTHEQUES”

17. (a) “Discotheqhues” le ʼmino oa “disco” ke eng? (b) Li rateha hakae?

17 Boithabiso bo thabeloang ke bacha ba bangata kajeno ke ho mamela le ho tjekela ʼmino oa “disco.” Ho thoe’ng, he, ka ho ea discong? “Disco” e fetohile ʼmino o ratehang haholo, ʼme “disco” ke libaka tse ratehang bakeng sa boithabiso. “Discotheques”—“disco” ha ho khutsufatsoa—ke libaka tseo ho tsona ho bapaloang lirekoto bakeng sa ho tjeka, le hoja ho ka ʼna ha letsa lihlopha tsa batho ba phelang. ’Mino oa kajeno oa “disco” o na le molumo o pheta-phetang o o khethollang, o hlophiselitsoeng motjeko oa kajeno. Libaka tsa mefuta e mengata e sa tšoaneng li bitsoa “disco” ho qala ka lihlopha tse nyenyane tsa matlo a lijo, tse nang le sebakanyana se senyenyane sa motjeko ho ea liholong tse khōlō tse khabisitsoeng ka mokhoa o fetisisang. Ho tlalehoa hore ho teng “disco” tse fetang 1 500 motseng oa New York o le mong feela hona joale. “Ntho e le ʼngoe feela e tlamahanyang litsamaiso tsena tseo ntle ho moo li sa tšoaneng,” kamoo ho hlalosang makasine ea Esquire “ke ʼmino le moea o tloaelehileng oa cheseho e tlōtseng moeli.”

18. Ke potso efe e hlahisitsoeng mabapi le “disco”? Hobane’ng?

18 Na tsee ke libaka tse loketseng hore Bakreste ba ka ea ithabisa ho tsona? Ena ke potso e botsitsoeng ke ba bangata. Ka mohlala, ho na le lengolo le tsoang ho ngoanana ea lilemo li 16 ea utloileng bohloko ke phello eo ho ea discong ho bileng le eona ho moholoane oa hae. O ngola hore: “Bonang, ke habohlokoa haholo, hobane ke lumela hore hona joale kaha moholoane oa ka a ka ʼna a lahleheloa ke bophelo bo sa feleng. . . . Hoo ke ho kōpang ke hore na ebe baena ka mosa le ke ke la hatisa sehlooho se amanang le liphello le kotsi ea libaka tsee? Ke lumela hore se ka thusa ba bangata.”

19-21. (a) “Discotheques” li joang? (b) Ke mabaka afe a teng bakeng sa hore Bakreste ba qobe libaka tsee? (1 Ba-Kor. 15:33; Joh. 17:16)

19 A re ke re nahaneng he: ‘Moea ona o tloaelehileng oa ho cheseha ka mokhoa o tlōtseng moeli’ ke ofe o khethollang “disco” tse ngata. New York Daily News e ile ea hlokomela: “Ntho e ʼngoe le e ʼngoe ea ‘discotheques’ e likamano tsa botona le botšehali—mokhabiso o ipiletsang nameng le o majaba-jaba, molumo oa liletsa o khethollang ʼmino, tsela eo batho ba aparang ka eona le eo ba tjekang ka eona. Motjeko oa ‘disco’ ke motsoako o se nang moeli oa lerata le motsoebere le mehoo . . . ‘discotheque,’ ʼmino o phahameng le o tlase o khothalletsang likamano tsa botona le botšehali o mpa o matlafatsoa, o feteletsoa le ho phahamisoa.” Makasine ea Esquire e ile ea supa “ho phalla ho thotofatsang ha mabone, melumo, tšisinyeho, lithethefatsi, lipono, le lipono tse thetsang,” ʼme ea hlokomela hore: “Ntho e ʼngoe le e ʼngoe e feteletsoa ho fihla moo e ka fellang teng; joale e tsoakoe le e ’ngoe hape e ntseng e feteletse ho hapa ka matla ka mokhoa oa ho qetela kelello ea motho.”

20 Haeba tsamaiso e hatisa haholo likamano tsa botona le botšehali, ʼme baetšehetsi, ka kakaretso, ba sa re letho ka melao e molemo ea boitšoaro ea Lentsoe la Molimo, ka ho totobetseng sena sebaka hase se loketseng Bakreste. Hona ke ʼnete ho sa tsotellehe hore na se tsejoa e le “disco” kapa ka lebitso le leng. Hopola, lefatše la Satane le etsa ka hohle ho leka ho re petelletsa hore re bopehe joaloka Iona, kahoo na re ke ke ra lebella hore Satane o ne a tla sebelisa boithabiso e le sefi se tla re pitla? Hopola kamoo Baiseraele ba ileng ba cheoa ke seo qalehong se neng se bonahala mohlomong e le ho kopanela boithabisong bo se nang molato, leha ho le joalo ba 24 000 ba lahleheloa ke monyetla oa bophelo Naheng ea Pallo. Ha re batle ho hlaheloa ke seo, ha ke re? Kahoo ho hlokahala hore re hanele likhatello tsa lefatše; ho hlokahala hore re loantše ho tšoana le tsamaiso ena. U se ke ua thetsoa! Bao hangata ba kenang mathateng a boitšoaro—ao ka linako tse ling ho hlokahalang hore ba khaoloe—ke ba ʼnileng ba ea “disco” kapa libaka tse ling tse belaetsang tsa boithabiso.

21 Ke ʼnete, likamano tsa botona le botšehali li ke ke “tsa matlafatsoa, tsa feteletsoa le ho phahamisoa” discong tsohle. Ntlo ea lijo, ka mohlala, e ka ʼna ea phatlalatsa “disco” ʼme mohlomong boithabiso ea e-ba bo itekanetseng ha bo bapisoa le ba libaka tse ling. Ha ho matleng a Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova kapa baholo ba sebaka ka seng ho bolella ba bang hore ba lokela ho se ee litsamaisong tse joalo tse “itekanetseng,” empa ho itlhokomela ho loketse. Ke ʼnete hore “disco” li na le botumo ba ho hloka boitšoaro ka mokhoa o feteletseng haholo. ʼMe hoo ho akarelletsa le ʼmino oa “disco.” A hlokomela phetoho, sebini se bileng se qapang Johnny Bristol o itse: “Likamano tsa botona le botšehali li fumanoa ʼminong kajeno.” Ho ka ʼna ha e-ba ʼmino o mong oa “disco” o sa theoleng boitšoarong, joalokaha ho ntse ho le teng libaesekopo tse seng kae tse itlhonephang. Empa phetoho eona ha e ikhakanye. Boithabiso ba lefatše bo theohile, ka bolotsana bo hlophiselitsoe ho qobella pono ea hore bohlola ha bo hlile ha bo bobe hakaalo. Empa bo bobe! ʼMe Molimo o tla ahlola ka matla “bafebi.”—Ba-Heb. 13:4.

22, 23. Ke hobane’ng ha Mokreste ea hōlileng tsebong a ka qoba “discotheques” le hoja a ka ikutloa hore ho ea ho tsona ho ke ke ha e-ba kotsi moeeng ho eena?

22 U se ke ua ikutloa hore se boleloang mona se reretsoe ho le hlokisa boithabiso, le haeba u mocha kapa motho e moholo. Le hanyenyane! Re rata ha le thabile, le hore le thabele bophelo bo molemo ka ho feletseng—ka ho sa feleng. Empa Satane o na le lithetso, boithabiso—joalokaha ho bile joalo mehleng ea khale e fetileng—bo ka u chea hore u oele ketsong e tla etsa hore Jehova a se ke a u amohela. Qoba likoti tsena, ʼme u thuse ba bang hore ba li qobe. Le haeba mohlomong u ʼnile ua nahana hore ho ea discong tse ling tse itseng ha ho kotsi boitšoarong ho uena, nahana ka phello eo ho ea ho tlang ho ba le eona ho Bakreste ba bang. Ka baka la ho u bona u ea moo, ba ka ʼna ba lahlisoa ho ikalosa kotsing e hlahang, ʼme ba ameha boitšoarong bo fosahetseng. Moapostola Pauluse o ne a ithaopela hore a tele ho etsa lintho tse neng li se kotsi e le hore a ka sireletsa bophelo ba moea ba baena ba hae ba Bakreste. O bile a bolela hore “ekare ha sejo seo se ka khopisa ngoan’eso, nke ke ka hlola ke e-ja nama le ka mohla o le mong, ke tle ke se ke ka khopisa ngoan’eso.” Haeba a ne a e-na le rōna kajeno, na u ka nahana a ne a ka phomola discong?—1 Ba-Kor. 8:13.

23 A re sebetseng hammoho, he, re le ʼmele oa Bakreste o kopaneng, ho hanela likhatello tsa lefatše e le hore bohle har’a rōna re ka thabela mohau oa Jehova le bophelo tsamaisong ea hae e ncha ea ho loka.

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Metsoalle e metle e ka re thusa ho boloka boitšoaro bo botle, thorisong ea Molimo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela