Na u ka ba le Kamano e Haufi le Molimo?
“Lekunutu la Jehova ke la ba mo tšabang, o ba ruta selekane sa hae.”—Pes. 25:14.
1. Molimo o na le kamano efe le batho bohle?
MOLIMO, e le ’Mōpi, o na le kamano e itseng le batho bohle. Moapostola Pauluse o ile a bua tjena le sehlopha sa bahlalefi ba Athene: “Ke oona o fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Lik. 17:25) Empa ba phehellang bokhopong ba ke ke ba thabela lekunutu la hae. (Liprov. 3:32) Leha ho le joalo, o ba lumella hore ba be le bana, ba thabele lintho tse molemo tsa lefatše, le hore ba be le sebaka sa ho baka, haeba ba sekametse moo.—Lik. 14:16, 17.
2. Ho hlokahala eng ho fumana mohau oa Molimo, ’me na tlhokahalo ena e ka khahlametsoa ke batho?
2 Leha ho le joalo, kamano e haufi haholo e fetang feela ho ba sebopuoa sa Molimo ke ea bohlokoa hore ho amoheloe mohau oa oona le ho ba le eena e le motsoalle ea haufi. Ho lumellana le eena le merero ea hae ke habohlokoa haeba motho a tšepile ho fumana bophelo bo sa feleng. Ntho e monate ke hore e mong le e mong a ka ba le kamano ena haeba a hlile a lakatsa hore ho be joalo kamor’a hore a neoe sebaka, hobane moapostola Pauluse o ile a bolella Baathene hore Molimo o ’nile oa lokisetsa ka mehla hore batho ba “batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong oa rōna.”—Lik. 17:27.
3. Ke mokoallo ofe oo batho bohle ba nang le tšepo ea ho atamela Molimo ba o hlokomelang o le teng pakeng tsa bona le Molimo?
3 Ke eng e amehang ho batleng Molimo? Hona oona o nka bohato bofe mabapi le ea batlang ka tieo? Se re thibelang ho atamela Molimo ke boetsalibe ba botho. Libe tsa rōna li ka thibela puisano ka tsela e tšoanang le leru le leholo le letenya. (Bapisa Lillo 3:44.) Li ka ba tsa re sitisa le hore re ikutloe re e-na le takatso ea ho ipiletsa ho Molimo; li ka ba tsa re etsa hore re ikutloe re le litšila ’me kahoo re sa tšoaneloe ke hore re ka o atamela. Leha ho le joalo, haeba re sa ele hloko hore bohle re baetsalibe, re etsa le lintho tseo le oona matsoalo a rōna a li nyatsang tsatsi le leng le le leng, ha re boemong ba ho atamela Molimo, ’me Molimo o ke ke oa mamela lithapelo tsa ba sa hlokomeleng ’nete ena e sebetsang bokahohleng ho batho bohle.—1 Pet. 3:12.
LEFU LA KRESTE LE TSOHO KE MOTHEO
4. Molimo o ile oa nka bohato ba pele joang ho tlosa mokoallo oa puisano le katamelano le oona?
4 Ha e le hantle, Molimo ka booona o nkile bohato ba pele bo isang kamanong le oona ka ho lokisetsa ho tlosa mokoallo ona oa puisano le lekunutu. Tokisetso ke efe? Moapostola Pauluse o-oa arabela: “Moo Molimo o totisitseng lerato la oona ho rōna teng, ke ka hore, re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna.” (Ba-Roma 5:8) Kreste e ne e le motho ea phethahetseng le ea se nang sebe ha a le lefatšeng, empa a itjarisa kotlo ea baetsalibe bohle joalokaha eka e ne e le moetsalibe. Le hoja a ne a se na molato, a hlokofatsoa ke kotlo e feletseng bakeng sa libe tsa batho. Moapostola Petrose o re ho rōna: “Eena ea jereng libe tsa rōna ’meleng oa hae sefapanong, . . . eo le folisitsoeng ka matetetso a hae.” (1 Pet. 2:24) Hona Molimo o hlile oa ho rera makholo a lilemo e sa le pele, joalokaha moprofeta Esaia a hlile a bolela hore: “O hlabetsoe libe tsa rōna, a tetekoa ka baka la makhopo a rōna.” (Esa. 53:5) Ketso ea Jesu Kreste ho emeng sebakeng sa batho e tlisitse ho lekalekana bakeng sa sohle se neng se batloa ke toka bakeng sa libe tse entsoeng le ho rala motheo bakeng sa ho tloha ha thohako ho bohle ba lumelang libe tseo e leng tsa bona ’me ba lumela tokisetsong ea Molimo.—Ba-Roma 8:1.
5. Ke hobane’ng ha e se lefu la Jesu feela, empa hape le tsoho ea hae, e le tsa bohlokoa ho rōna?
5 Ho phaella moo, ’nete ea hore Kreste ha a ka a lula a shoele ka linako tsohle, empa o ile a tsosoa ’me joale ke mona oa phela, e tiisa thuso ea hae e teng ka linako tsohle, e le hore motho a ka thabela kamano e haufi haholo le Molimo. Mangolo a re tiisetsa hore: “E leng eena ea teletsoeng lefu [le mahlomola] ka baka la libe tsa rōna, ’me o tsositsoe ho re bea ba lokileng.” (Ba-Roma 4:25) O hlahile moo Molimo o leng teng ho neelana ka bohlokoa ba sehlabelo sa hae. Kajeno ke Jesu ea tlotlisitsoeng eo Johanne a ileng a mo bona ponong har’a liluloana tsa mabone tse supileng tsa gauda, tse emelang phutheho ea Bokreste, ’me a e-na le linaleli tse supileng, kapa sehlopha sa balebeli ba tlotsitsoeng, ka letsohong la hae le letona. (Tšen. 1:12-16) Ka eena, moprista e Moholo oa rōna ea phelang, ho ngoliloe, ho thoe: “Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena, kahobane o ntse a phela ka mehla ho ba rapella.”—Ba-Heb. 7:25.
6, 7. Ke joang Kreste ‘a shoeleng ka nqa ea sebe’ empa a phela “ka nqa ho Molimo”?
6 Ka baka leo, motho ea lumelang ho Kreste a ke ke a phela joaloka ea shoeleng moeeng ka baka la libe tsa hae, a thibetsoe hore a ka buisana le Molimo, empa a ka tšoana le ea phelang, ea sebeletsang Molimo, ka tsela e molemo le e hahang, ka mafolo-folo a mamela melao ea Molimo, a haha ba bang. Ka sena, moapostola o re ho “bahalaleli” ba Roma: “Re tsoe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a e-shoa; lefu ha le sa na matla ho eena. Hobane ho shoeng ha hae, o shoele hang ka nqa ea sebe; ’me ho pheleng ha hae, o phelela Molimo. Ka mokhoa o joalo, le lōna, le ke le bale hore le shoele ka nqeng ea sebe, le hore le phelela Molimo ka Jesu Kreste.”—Ba-Roma 1:7; 6:9-11.
7 Mona moapostola o totobatsa hore Kreste o tlile lefatšeng ka morero o tobileng oa ho sebetsana le ntho eo e sa hloekang le e nyatsehang—sebe—ntho e hloiloeng, e, e nyonyehang ho Molimo le ho Kreste. (Ba-Heb. 1:9) Le hoja Kreste ka mehla a ne a nyakallisoa ke ho etsa thato ea Ntat’ae, sebe ke sera, ’me, ka ho se felisa, Jesu o ne a tlameha ho feta tlas’a liphihlelo tse ngata tse bosula le tse bohloko. Pelenyana a e-shoa, o itse: “Ho phethehile.” (Joh. 19:30) Kahoo a hlomoha le ho shoa mabapi le sebe—ho felisa sebe. Empa hona joale ‘o phelela Molimo.’ O tlotlisitsoe leholimong, ka ho sa feleng, kopanong le Molimo, kaha sehlabelo sa hae ha ho sa hlokahala hore se phetoe. Ha hona ho finyelletsoe o ne a ka kena mosebetsing o hahang, hore a tlise batho kamanong e haufi le Molimo hape, le hore a tlise thato ea Molimo ho bohle ba batlang bophelo.—Ba-Heb. 7:25; 8:1, 9:28.
MOLIMO O HULELA BATHO HO KRESTE
8, 9. Molimo o hulela batho ho Kreste joang?
8 Jehova Molimo o bontšitse lerato le leholo le mosa o sa tšoanelang ho batho ka ho etsa tokisetso ena. ’Me ho bileng ho fetang moo, Molimo o sebetsa mabapi le morero oa oona. Ke Molimo o hulelang batho ba lipelo li lokileng ho Kreste. Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng.” O buile ka baapostola ba hae e le bao a ba neiloeng ke Ntate.—Joh. 6:37, 39, 44.
9 Molimo o hula joang? Kannete ha ho etsoe ka thata-thata, ka tšobotsi, kapa ka ho qobella motho ka matla. Thato ea motho oa moetsalibe ea manganga ha e mo lumelle ka tlhaho, ka boeona, hore a sekamele ho ikokobeletseng Molimo. Empa Molimo o ka etsa hore phetoho e be teng thatong ea motho. O tseba se leng botebong ba pelo ea motho. A ke ke a mo etsa feela hore a utloe ka Kreste le ka tsela ea poloko, empa hape a ka mo nea kutloisiso ea tokisetso. A ka tutubulla mahlo a foufetseng. Ho hulela ha Molimo banna le basali hore ba lumele ho Kreste tsamaisong ena ea lintho, le hoja bona ka bobona ba ne ba ke ke ba ho etsa le ka mohla, ke ho kenya ka lipelong tsa bona tsebo ea botle ba Kreste, molemo o babatsehang oa ho kopanngoa le eena.
10. Ho hula ha Molimo ho na le phello efe ho motho ea tšepahalang?
10 Joale, ho motho ka mong, o lakatsa ho tloha pelong ho latela Kreste le ho kopanngoa le eena, joaloka batho, ha ba hlile ba bona ’me ba lemoha molemo oa motho ea molemo, ba lakatsa ho mo atamela hore a fetohe motsoalle oa bona. Mohlala oa ketso ea Molimo ho huleleng lipelo o fumanoa ho batho ba Iseraele ea boholoholo mehleng ea Davida mora oa Jese. Molimo o ne o tšepisitse Davida ’muso. Eare ha ho fihla nako ea hore Molimo o nee Davida ’muso, a hulela lipelo tsa batho ho Davida, hore ba sebeletse ka boithatelo tlas’a hae. (2 Sam. 2:4; 3:36; 5:1-3) Kahoo Molimo o hulela lipelo tsa batho ho Kreste.
HO SEBELISOE THATO EA BOTHO
11. Thato ea motho e nka karolo efe ho tleng ho Kreste, ’me thato ea ea se nang tsebo e fetoloa joang?
11 Hase hore thato ea motho ka mong ha ho moo e amehang tabeng. Le hoja mohlomong qalehong a ne a ke ke a ba le thato ea hore ka mafolo-folo a tle ho Kreste, thato eo e-ea fetoha ha a ithuta—ha ‘mahlo a pelo ea hae’ a tutubulloa. (Ba-Ef. 1:18) Jesu o ile a qotsa boprofeteng ba Esaia mabapi le ba fetohang bana ba mosali oa Jehova oa leholimo, Sione, tsamaisong ena ea lintho, a re: “Ho ngoliloe mangolong a baprofeta, ho thoe: Ba tla rutoa bohle ke Molimo [Jehova], Ka baka leo, e mong le e mong ea utloileng Ntate, ea ithutileng ho eena, o tla ho ’na.” (Joh. 6:45; Esa. 54:1, 13) Motho, a bona le ho utloisisa, o fetola thato ea hae. Haeba a sa batle ho etsa joalo, ha a tlamelloe hore a fetohe. Kutloisiso e tlisa tumelo, ’me tumelo ea motho ka mong e susumelletsa Molimo le Mora oa oona ho amohela eo, joalokaha hamorao Jesu a ile a bolella balateli ba hae hore: “Ea nang le melao ea ka, ’me a e boloka, ke eena ea nthatang; ’me ea nthatang o tla ratoa ke Ntate; le ’na ke tla mo rata, ’me ke tla ipontša eena. . . . Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentsoe la ka; Ntate o tla mo rata, ’me re tla tla ho eena, re ahe ho eena.”—Joh. 14:21-23.
12. Kreste, le eena, o tlisa motho haufi le Molimo joang?
12 Kaha Ntate ka linako tsohle ha a bonahale ho batho, o itšenola ka Kreste, hobane Jesu, ha a le lefatšeng, o ile a senola botho bo botle ba Molimo, hoo a neng a ka re: “Ea mponang o bone Ntate.” (Joh. 14:9) Ho tla ho Kreste, ba lumelang ba tseba Ntate haholoanyane le ka mokhoa o haufi haholo joaloka Kreste a phetlela lipelo tsa bona botebo le botle ba litšoaneleho tsa Molimo.
13. Motho o tlameha ho italima joang, e le hore a ka atamela Molimo ka mokhoa o amohelehang?
13 Ka lehlakoreng la motho ka mong, he, ke mehato efe e ka nkuoang ho finyella ho atamela le ho ba haufi le Molimo? Motho o tlameha ho ikutloa hore ho na le sekheo, boikutlo ba hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e khotsofatsang ka mokhoa o feletseng bophelong ba hae. O tlameha ho ipona a sa phethahala, a sa ikhone, a hlokomela hore ke moetsalibe, ’me a hlokomela ho hloka thuso ha boemo ba hae. Haeba mang kapa mang a sa utloe a ananela ka mokhoa o tletseng boemong ba hae ba ho hloka ho hong, ho nahanisisa ka Molao o fanoeng ke Molimo ka Moshe ho Iseraele ho tla mo kholisa ka ho phethahetseng hore ke moetsalibe. Morero oa molao e ne e le ho bontša hore ha ho motho ea lokileng le ho isa ba pelo li tšepahalang ba batlisisang ho bona bohlokoa ba molopolli.—Ba-Gal. 3:19, 24.
14. Ke mehato efe e tsoetseng pele e hlokoang ka lehlakoreng la motho ea batlang ho amana le Molimo?
14 Ho utloa sekheo sena, motho ea nang le kelello e nepahetseng o tla sheba ka tieo le ka botšepehi ka Bibeleng le ho ithuta ka tsela ea Molimo ka Kreste. Ha a hlokomela ho haelloa ha hae ho feletseng ke kamano le Molimo, hape o kholiseha hore sebe se fela se le sebe le hore na se mo entse eng. O ipona hore ha e le hantle ke sera sa Molimo. Joale o batla ho fetoha. (Ba-Roma 5:10) Ka ho loketseng, oa baka ’me o kōpa tšoarelo. Ka nako ena eohle o tlameha ho hlokomela hore hase pono ea hae e phahameng kapa molemo, empa Molimo o mo hulelang ho oona. Motho o fumana hore a ka fumana tšoarelo ena motheong oa sehlabelo se phekolang sa Kreste. A tsebile le ho ananela morero oa Molimo, o bontša takatso le qeto ea ho ineela ka ho feletseng hore e be mohlanka oa Molimo, ’me o bontša tumelo ena le qeto ka pel’a ba bang ka ho kōpa kolobetso ea metsing.
BOEMO BO BOCHA LE MOLIMO
15. “Letsoalo le letle” ke eng leo ea kolobetsoang a le kōpang?
15 Ka kolobetso ena, motho o kōpa ho Molimo hore a be le letsoalo le letle. (1 Pet. 3:21) “Letsoalo le letle” le bolela hore boikutlo ba molato bakeng sa libe tse fetileng ha bo sa imetse letsoalo la hae. Ho phaella moo, le bolela hore o na le kamano e ncha le Molimo le Kreste e le metsoalle ea hae. (Joh. 15:14, 15) Hona ho tsoaloa ke lebaka la hobane tumelo ea hae sehlabelong sa Kreste e mo fumanela tšoarelo libeng tsa hae tse fetileng ’me hape le ho feta moo.
16. Motho ea joalo joale o se a e-na le boemo bofe bo botle le Molimo, ’me a ka boloka boemo boo joang?
16 Ho sebelisa mohlala: Tšoarelo ea ’muso oa lefatše e hlakola litlōlo tsa molao tsa senokoane tsa nakong e fetileng. Empa senokoane se boetse se qalisa bocha. Ha se na matšeliso kapa tiiso ea hore se tla fumana thuso bakeng sa nako e tlang, kapa hore liphoso tseo mohlomong a tla li etsa kamoso ha a na ho li tsekisoa. Empa ea lumelang ho Kreste o amoheloa ke Molimo e le motsoalle, eo Molimo o tsoelang pele ho sebelisana le eena e le ea haufi, hona joale le kamoso, ho fihlela ha eo a etsoa ea phethahetseng. (1 Pet. 5:10) Ha feela a ntse a boloka tumelo eona ela le botšepehi, a ka rapella hore a tšoareloe libe tsa hae tsa tsatsi le leng le le leng ’me a boloke kamano eo e haufi. Koana, a ‘se ke a nkela mohau oa Molimo lefeela ’me a fosa morero oa oona.’ (2 Ba-Kor. 6:1) A ke ke a nahana ka nepo hore a ka nkella katamelano eo ’me a ’na a tsoela pele ho tšoarella boemong ba hae bo botle ho Molimo.
HO BEOA TLHOKOMELONG EA KRESTE
17. Ha Molimo o huletse motho ho Kreste, joale Kreste o etsetsa motho eng?
17 Ha Molimo o huletse motho ho Jesu Kreste, boemo ba hae ke bofe? Jesu o lumetse hore batho bohle ke ba Ntate le hore bao Jehova a ba hulang ba neoa Jesu, ba neoa eena bakeng sa tlhokomelo le kholo ea Bokreste. (Joh. 17:9, 10) Molimo o ne o tšepisitse ka moprofeta Esaia ka Kreste hore: “Ka baka la mofufutso oa moea oa hae, o tla bona se mo kholisang.” (Esa. 53:11) Jesu Kreste ka baka leo o ne a shebelletse Molimo hore a etse hore mosebetsi oa hae le sehlabelo li bee litholoana. Hape Jesu o ile a bolela hore Molimo o ne o mo neile matla holim’a nama eohle. (Joh. 17:2) Ka ho sebelisa matla ana a ka sireletsa bao Molimo o ba hulelang ho eena, a ba hlokomela ho e mobe, mohanyetsi ea bohale oa ’nete. Ka bao a ba neiloeng, Jesu o itse: “’Na ke li fa bophelo bo sa feleng, ’me li ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, ’me ha ho motho ea ka li utlang letsohong la ka. Ntate ea ’neileng tsona o moholo ho bohle; ’me ha ho motho ea ka li utlang letsohong la Ntate.” (Joh. 10:28, 29) Ka ho loketseng, ha ho mahloriso, ho kula, mathata, khanyetso, kapa ntho leha e le efe, leha e le Iona lefu, e ka tšajoang ke Mokreste.—Ba-Roma 8:38, 39.
18. Qetello ea motho ea latelang Molisa ea Molemo ka botšepehi ke efe?
18 Tlas’a Jesu Kreste Molisa ea Molemo, ba mo latelang ka botšepehi ba tiisetsoa bophelo bo sa feleng. Jesu o itse: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”—Joh. 3:16.
19, 20. Ka hona, he, bohlokoa ba ho ba le kamano e haufi le Molimo ke bofe?
19 Bophelo bo sa feleng! Le hoja motho a ka shoa, tšepo ea hae ha e fifale. Hobane Jesu o ile a bolela ho tiea le ho se senyehe ha kamano e ntle ea Mora le bao Ntate a ba tlisang ho eena e le litho tsa “mohlatsoana” oa linku tsa hae ha a re: “Hohle hoo ke ho neoang ke Ntate, ho tla fihla ho ’na; ’me ea tlang ho ’na, nke ke ka mo lahlela ntle.”—Luka 12:31, 32; Joh. 6:37.
20 Ka baka leo, tlas’a tlhokomelo ea Molisa ea Molemo ba tlang ho eena ba ka lebella thuso le tataiso litšobotsing tsohle tsa bophelo, ka tšepo ea bophelo bo sa feleng ka pele. Ke eng se ka bang molemo, he, ho feta ho thea kamano e ntle le Molimo le Mora oa hae? Empa, litabeng tsa tsatsi le leng le le leng tsa bophelo, kamano eo e ntle e ipakahatsa e le ’nete joang—kamano e haufi, e mofuthu, e sireletsehileng?