Phetoho e Khōlō
Na makasine e le ’ngoe feela ea Bokreste e ka hla ea ama tsela eo monna a phelang ka eona? Phihlelo e latelang e tsoang Spain e supa hore ho ka ba joalo.
Roberto ea sefahleho se lonya o ne a lula a le mong kamehla ha a palame terene, empa ka tsatsi le leng a lula pel’a monna moholo e mong, ea ileng a re: “Na u rata ho bala?” A lumela, ’me Roberto a neoa Molula-Qhooa. Le hoja mohlomphehi ea moriri o moputsoa a ile a tsoa ka tereneng, Roberto a ’na a bala ho fihlela a qetile makasine kaofela. Ha a fihla qetellong ea moo terene e eang, a ema platfomong a ntse a ipotsa: “U ea kae? Ebe ha u bone hore u ke ke ua hlola u etsa seo u neng u tlile ho tla se etsa?”
A tsietsoe ke ho hloka mosebetsi, melato e mengata le lithetso, hoseng hoo Roberto o ne a palame terene e eang motseng o moholo a rerile ho ea bolaea eo ba neng ba entse selekane sa khoebo le eena ea mo qhekelletseng hore a lahleheloe ke chelete eohle ea bophelo ba hae. Joale Roberto a rera ho khutlela hae, a bolaee mosali oa hae le bana ’me qetellong a ipolaee. Empa joale a palama terene e latelang e khutlelang hae, a kopana le Paki eo a ahisaneng le eona, ’me a kōpa thuto ea Bibele.
Kamor’a ho batlisisa ka likhoeli tse ngata, Roberto e mocha a kopana le paki ea Jehova e neng e mo file makasine ka tereneng, a qetella a mo fumane har’a bongata kopanong ea Bokreste. Nahana ka thabo ea monnamoholo ha a utloa hore Roberto le lelapa lohle la hae ba ithuta Bibele, ba ba teng libokeng tsa batho ba Molimo le hore ba tla kolobetsoa haufinyane! E, makasine e le ’ngoe e ne e tlisitse phetoho e khōlō.