Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 5/1 maq. 3-7
  • ’Nete ba Bibele ea Fetola Bophelo ba Bona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Nete ba Bibele ea Fetola Bophelo ba Bona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MATHATA A MAHOLO A LENYALO
  • PHETOHO
  • MOLAMU O KHUTLELA SEFATENG
  • HOA ELA
  • ’NETE E ATA LATACUNGA
  • LIKABELO TSE LING
  • RE LEBOHA ’NETE EA BIBELE
  • Jehova o Tšepisa Daniele Moputso o Babatsehang
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • O Matlafatsoa ke Lenģosa le Tsoang ho Molimo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Thabo e Boloketsoeng ba Fumanang ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Buka ea Daniele le Uena
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 5/1 maq. 3-7

’Nete ba Bibele ea Fetola Bophelo ba Bona

NTHO ea pele eo u e hlokomelang ka Delia Rosero ke seemo sa hae. O mokhutšoanyane. Delia o hlasimoloha ka polelo: “Ke lumela hore ke tsoile ho baholo-holo ba ‘pygmy.’” Sefahleho sa hae se tletse khanya. U mo rata feela ha u qala ho mo bona.

Daniele Rosero, monna oa hae, ke monna ea “mokhutšoanyane” ea lilemo li 50, ea motle le ea thabileng. Pososelo ea hae ha a u bona hangata e fella ka hore a u kope, Daniele o ne a se joalo ka mehla.

Ho tseba ho hong ka nako ea bona e fetileng, ke ile ka ba etela haufi ka morero oa ho ngola liphihlelo tsa bona. Ho ’na ho ile ha bonahala e ka ba thuso ea sebele le khothatso ho batho ba bangata.

Ba ha Rosero ba lula motseng oa Andean oa Latacunga, Ecuador, motse o nang le batho ba ka bang 30 000. Ona ke motse oa temo moo lipalesa li leng ngata ’me batho ba motlotlo ka hore ba lema mobu. Moqoqo o latelang oa tsoela pele ha re lutse ka pele lapeng ha Rosero, ntlo e shebileng Nōka ea Cutuchi.

MATHATA A MAHOLO A LENYALO

“Ke ne ke le lilemo li 15 feela,” kamoo ho qalisang Delia, “ha ke kenya leoto leoatleng la lenyalo. Ha hoa ka ha isa kae pele ke rahoa. Ka lilemo tse 14 ke ne ke le lekhoba. Ho se moo nka eang. Ke se na tšepo. Daniele a tahoa. Moqebelo o mong le o mong o ne a tla lapeng ka khitla ho tla re etsa hampe le ho re shapa.

“Motho o tlameha a be a kile a phela mahlomoleng hore a a tsebe. Ha Daniele a ne a nkotla, ke ne ke hloella setulo ke nka setšoantšo sa ‘Mohalaleli’ Vincent Ferrer ke se tšoarela sefubeng ’me ke hoe, ‘Nkotle! Nkotle!’ Daniele o ne a ee a ntlohele ka ho tšaba ‘mohalaleli.’”

Daniele o tiisa tlaleho ea Delia. “Re nyalane ka 1948. Ke ne le lerantha la moshemane, ke le lilemo li 19 feela. Ke sa koetlisoa ke bile ke sitoa le hona ho phelisa lelapa le ntseng le eketseha. Qetellong ra ba le barali ba bane le bara ba bararo. Ho ’na, bophelo bo ne bo se na morero.

“Ka seo re neng re se bolelloa, qetello ea ka e ne e le ea lefu le ho cha liheleng tse tukang. Moprista o ne a re kholisitse hore ha re na molemo, re tsuong e isang kahlolong. Ke hopola hangata tsielehong ea ka ea botahoa ke re: ‘Ke il’o cha, ntloheleng ke hle ke noe!’”

A ntšetsa moqoqo pele, Delia a re: “Re ne re e-na le ’manki o moholo oa lehlaka o tšelang liphahlo. Benigno, mora oa rōna e moholo, le ’na ra ntša liphahlo ka ’manking ’me ra li bea ka hloko sebakeng se seng. Joale ha Daniele a khutlela lapeng a halefile, Benigno o ne a ipata ka ’manking ho fihlela ntat’ae a hlōloa ke boroko. E ne e le eona tsela feela ea ho qoba thupa.”

Ntlo ea ha Rosero e pinki, e nang le lebala le makhethe le tletseng lipalesa, e hole haholo le boemo ba bona ba moruo ba lilemo tse qalang lenyalo la bona. Daniele oa hlalosa: “Ke ne ke rōka marikhoe—bo le bong ka letsatsi. Ke ne ke sebetsana le ho lapa. Empa ka mehla ke ne ke kōpa mong a ntlo ea ho rōka hore a mpe a mphe chelete ea hosesane.”

Delia o eketsa hore, “chelete e ne e sa tle lapeng bakeng sa lijo.” Mahlo a mosali a tlala likhapha. “Oho ke ho bohloko hakaakang ho hopola tse ling tsa lintoa tseo tsa bosiu!” Boemo ba lelapa ba theoha ho isa moo Delia, ka lekhetlo le leng a tsokotsa thipa e khōlō, a ileng a sokela: “E mong kapa rōna ka bobeli o tla shoa empa u ke ke ua nkotla kajeno.” Ka thabo, pale ea ha Rosero ha e felle moo.

PHETOHO

Daniele o bua ka phetoho. “E ne e le Sontaha hoseng ka Phuptjane 1962. Mario Hernández, pula maliboho ea khethehileng (’moleli oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova) o ne a fana ka polelo ea Mangolo ho mosali oa ka monyakong ’me ke ne ke robetse moalong, moo ke sa bonahaleng. Ha e le hantle, ke ne ke mametse ho feta Delia. Ke ne ke utloile hore Bibele ke e ’ngoe ea libuka tse ntle haholo tsa bolumeli lefatšeng, le hoja ke sa ka ka e nka e le puisano e hlileng e tsoang ho Molimo.

“Eare ha Mario Hernández a tsamaea, ka tlōla moalong ’me ka tsitlella: ‘Bitsa ’moleli! Ere ’moleli a khutle! Ke batla ho ithuta Bibele.’”

Delia a mo kena hanong. “Ke ne ke le lekhonono. Ka tsila-tsila ka makhetlo a mabeli kapa a mararo pele ke tsoela tseleng kamor’a paki.”

Eare ha Paki e khutla, Daniele a kōpa Bibele. Daniele o tsoela pele, “ke sa ntsane ke hopola karabelo ea Moena Hernández. ‘Ke hantle, ke tla u tlisetsa Bibele, empa e seng hore e tl’o bokella lerōle. E lokela ho ithutoa!” Moena Hernández o ne a le joalo ka mehla. A toba taba. A sa potapote. U ne u tseba hore na u hokae.”

Daniele o tsoela pele: “Matsatsi a leshome le metso e mehlano hamorao ha thèoa thuto ea Bibele, empa e ne e sa tšoaroe ka mehla. Ngoan’eso Homero le eena a qala ho ithuta ’me a tsoela pele hantle. Homero a tlohela ho sebelisoa ha litšoantšo kapele, empa ke hopola ke re ho eena: ‘Homero, ke sa eme le Maria moroetsana.’ Homero a arabela: ‘Ngoan’eso, u ’ne u ithute. Ho tla u fihlela kapele.’”

Qeto ea Daniele hore a etse ho hong ka seo a ithutang sona ea tla ka baka la ho ba teng kopanong ea potoloho ea Lipaki tsa Jehova. “Homero a ntsebisa ka kopano e Ambato. Ka arabela ka hore haeba ho e-na le chelete e lekaneng, ke tla ea.

“Phutheho ea nkhahla haholo. Batho ba sebelisana, ba le bangata, hammoho. U ne u utloa lerato har’a bongata. Ho se ea tsubang. Ho se mahlapa. Bahlankana le banna ba tiileng, le bona ba sa etse mesoaso e mebe le banana. Ke hopola ke nahana, ‘Ena ke ’nete!’ E ne e se tšabo ea lefu kapa tšabo ea bofelo ba lefatše e neng e nkhanna. E ne e le bohloeki ba phutheho.”

MOLAMU O KHUTLELA SEFATENG

“Ka fihla lapeng ke thabile ’me ka tsebisa Delia: ‘Ke tla ba e mong oa Lipaki tsa Jehova.’”

“U le tahoa. Lipaki tsa Jehova ha li joalo,” ea e-ba karabelo.

Ntlheng eo, ba ha Rosero ba ntlhalosetsa, hore ho ile ha etsahala ntho e sa tloaelehang. Daniele a qala ho ntlafatsa bophelo ba hae ’me Delia a senya ba hae. Ha bonahala hore Delia o nkiloe ke moea oa boiphetetso. Daniele o ne a lokela ho hlomoha ka baka la mahlomola ’ohle a Delia.

“Ha ho chelete ea lijo, haese ea Bibele, ho joalo!” e le hlapa ea hae. Delia o lumela hore o ne a chea Daniele ka boomo. A ikutloa a sireletsehile hore ha boemo ba hae ba moea bo hōla, kotsi ea hore a mo hlokofatse e ne e ntse e fokotseha.

Ka lekhetlo le leng, Daniele a lla pepenene. “Delia, Delia, ke fetohile! Ho etsahala joang ka uena?” a ithapella. Le eena Benigno a botsa ’m’ae hore na o hlile o hlolohetsoe chapo ea linakong tse fetileng.

Ha tsebo ea Daniele e ntse e eketseha, a sebelisa seo a ithutang sona. O hlokomela hore, “Taba ea litšoantšo ea mpea bothateng.” Ka ikutloa hore mehlolo e etsahetse ka baka la ho kenella ha litšoantšo. Leha ho le joalo, Mario Hernández a sebelisa 2 Ba-Korinthe 11:14 tabeng ea hae—‘Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.’ Karabelo ea ka? ‘Ke hantle, bademona ba ka re qhekella ka litšoantšo. Ha li fele he!’”

A tlosa litšoantšo tsohle le liemahale tse ka lebaleng, Daniele a li tlolela ’me hamorao a li chesa. Delia o sa hopola “Ke ne ke tšohile ’me ka potlakela ka ntle ho ntlo ke lebelletse hore marulelo a oe e le pontšo ea bohale ba Molimo. Ka nako ena eohle ke kōpa, ‘Oho Molimo o ratehang, tšoarela motho enoa ea se nang tsebo. Kea rapela u se ke ua re otla!’”

Daniele, leha ho le joalo, o ne a fetohile. Ka la 4 Motšeanong, 1963, a kolobetsoa tšoantšetsong ea boineelo ba hae ho Molimo. Daniele o tsoela pele, “Taba tsa nyolosetsa kamorao ho moo. Ho tsuba e ne e le bothata kannete. Ke hopola tafoleng ea lijo tsa hoseng ke ne ke ee ke re: ‘U se ke ua mpha bohobe. Tlisa koae ea ka.’ Empa moleko ona, le oona, ka o hlōla.”

HOA ELA

Daniele le Homero Rosero e bile bona Lipaki tsa pele Latacunga. Baena ba hopola mantsoe a Arthur Bonno, ea neng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho: “Le itšoare joaloka Bakreste hobane le tla bulela ba bang monyako.” Ba fela ba etsa joalo. Delia, kamor’a nako, a neela bophelo ba hae ho Jehova, a etsa joalo ka 1965.

Daniele o hopola kamoo molebeli oa phutheho, Luis Narváez a ileng a mo khothalletsa hore a be sebete ka seo a leng sona ka mantsoe ana: “Daniele, u ithutile ’nete Bibeleng, hoo e leng ho phetha ho hong. Ke hobane’ng ha u ke ke ua ithuta ho kenya matsoho, u sehe ’me u roke libaki tsa lisutu? U be serōki!”

Daniele o re, a bososela, “ka fela ka ho etsa. Luis o ne a ee a ntlisetse libaki tsa lisutu tsa hae tsa khale. Ke li qhaqholle ho hang ke li rōke hape. Ka tloaela ’me Luis a fumana lisutu tse ncha. Ka iketsetsa khoebo; ka emisa lebenkele le letle le nang le lifenstere tsa galase. Ka ba serōki se seholo. Ke se ke sa kōpe ho fuoa chelete pele ke e sebeletsa. Ba tlisang lintho ba ne ba ntefa hantle. Kamor’a nako, ka thuso ea Jehova ra fumana ntlo.”

Empa ha ’nete ea Bibele e ntse e hōla pelong ea hae, Daniele a hlokomela hore ha a hloke chelete e ngata empa nako e ngata ho bolela. Homero, ngoan’abo, o ne a e-na le lithuto tse ngata tsa Bibele ’me Daniele o ne a batla eona thabo eo. Kahoo ka Phupu 1968 a nkela tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng. Ka nako eo ho ne ho le teng bahoeletsi ba ’Muso ba 12 ba kolobelitsoeng ka phuthehong e nang le batho ba ka bang 30 ba bang teng libokeng.

’NETE E ATA LATACUNGA

Ha Luis Narváez a tla tloha a tloha Latacunga, Daniele o hopola ha a re: “Daniele, ke batla ho u siela ‘nku,’” Motho ea thahasellang e ne e le mosali oa ngaka e ’ngoe e tsebisahalang ho tsa Latacunga, Dr. Mario Moscoso. Ka libeke tse peli ho qalisitsoe thuto, Dr. Moscoso a kopanela ho eona.

Daniele o sa hopola hore, “Mario Moscoso e ne e le moikokobetsi ka linako tsohle. Ha ho mohla a neng a nketsa hore ke ikutloe ke le tlase. Ha e le hantle, a nketsa seithuti. Ka tlameha ho ithuta hore ke fumanele lipotso tsa hae likarabo. Dr. Moscoso e ne e le motsamaisi oa banka ea mali, ’me ha taba ea mali e hlaha ea buisanoa ka kotloloho. Ka nako ea libeke tse seng kae feela a itokolla boemong ba hae le banka ea mali.”

Ka likhoeli tse tšeletseng, Mario Moscoso, eo hamorao e bileng ngaka ea lelapa la mookameli oa rephabliki, a leboha Daniele pepenene ka ho mo thusa ho fumana ’nete. A rōmela Daniele ho ea ithuta le beng ka eena. Delia o re: “’Nete ea kena joaloka seqhomane! Letoto la baleha joaloka lethathamo—ba ha Armas, Bravo, Coronel, Leon, Villagómez. Litho tsa malapa tse fetang 30 tsa neela bophelo ba tsona ho Jehova, re sa re letho ka bana ba bangata le ba bang ba neng ba e-ba teng libokeng ka mehla.

“Ka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, ho ne ho kolobelitsoe ba bacha ba 60, ’me ho no ho tloaelehile hore ho be teng batho ba 200 Latacunga.”

LIKABELO TSE LING

Ka 1971 ba ha Rosero ba abeloa Cayambe, motse o monyenyane o nang le batho ba 8 000. Daniele o re, “Ra ea re le lelapa kaofela, ho kopanyelletsa le mohoehali oa ka.” Ka lilemo tse tharo le khoeli tse tšeletseng phutheho e ne e hlomiloe Cayambe, ’me batho ba 12 ba nka bohato bo tobileng ba boineelo ’me ba bo tšoantšetsa ka kolobetso ea metsing.

Selemo sa 1974 sa nka ba ha Rosero ho ba isa Otavalo, Ecuador. “Hape lelapa lohle la falla, ntle ho Benigno le mohoehali oa ka, ea ileng a salla ho phehela Benigno. Empa lelapa la hōla leha ho le joalo,” kamoo Daniele a bolelang ka thabo. “Ka lilemo tse peli, ha kolobetsoa ba bacha ba 11, ho akarelletsa bahlankana ba bararo bao e bileng bakhoenyana ba ka. Ba nyala barali ba ka ba bararo.

Haholo-holo ho tloha ka 1973, ho phahama ha theko ho ile ha thatafaletsa ba ha Rosero ho tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho bo khethehileng. Empa ba ntse ba tsoela pele. Ka 1976 ba khutlisetsoa hahabo bona motseng oa Latacunga moo boima ba tsa moruo bo batlang bo theohile.

Daniele o hlalosa hore, “khothatso e khōlō ho ’na hore ke ’ne ke tsoele pele ka thuto ea lehae ea Bibele e tsoelang pele. Ka mehla ke kōpa Jehova hore a nkise ho motho ea hlileng a batlang ’nete, hobane hona ke ho susumetsang ho ’na joalokaha ho le joalo ka seithuti. Hona joale ho teng lelapa le ‘letle.’ Le tsoelang pele ’me le tla libokeng. Ke lumela hore tlhaloso ea monna ka tsoelo pele ea hae ea bolumeli e senola haholo. O re, ‘ke Mok’hatholike ka neano, Mobaptiste ka ho nkeha ha botho, Paki ea Jehova ka tsebo e nepahetseng.’”

RE LEBOHA ’NETE EA BIBELE

Moqoqo oa rōna oa theoha ’me joale ra ea ka lebaleng moo lipalesa tsa mefuta le lifate tsa morara li leng ngata. Ka mose ho Nōka ea Cutuchi ho fula likhomo mohloeng o nammeng joaloka kobo har’a liaparo tse khanyang tse anehiloeng hore li ome. Lifate tse lerōle tsa boloukomo li hoasa moeeng o fokang ka bonolo. Leholimo le boputsoa bo khanyang. Delia o hlasimolohile.

O re, “Batho ba re ke tletse bophelo. Ruri hona hohle ho ntlhahetse ka baka la ’nete ea Bibele. Ke mang ea tsebang hore na bana ba ka ba ka be ba le hokae ntle ho tsebo ea Lentsoe la Molimo? Ka bosupa ba bona ba kolobelitsoe ’me ba tsitsitse. ’Nete e boletse bophelo bo bocha ho hang, thabo e ncha, ho ’na.” O-oa tšeha ’me o re: “Re tla tsoela pele ho sebeletsa Jehova le ho tšepa tsamaiso ea hae.”

Daniele o eketsa hore: “’Nete ke bophelo ho ’na. Ke khotsoe hore hoja ea se be ka baka la ’nete, nka be ke shoele ke botahoa.” Ke hlokometse hore Daniele o ntse a nchafala nako e ’ngoe le e ’ngoe ha ke mo bona. O-oa tšeha ’me o re: “Ua tseba ke’ng, hona mona Latacunga batho ba bua joalo. Ha e le hantle, ba mpolella hore ho tlameha hore ebe ho amana le ho bolela ha ka. Ho na le litemana tsa Mangolo tseo ke ratang ho ba bontša tsona, mona ho Pesaleme ea 92:14, 15: “Ba sa tla bea le boqhekung ba bona; ba sa le moko le botala; ba tle ba bolele hoba Jehova o lokile. Ke eena lefika la ka, ’me ha ho bokhopo ho eena.’”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela