Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/15 leq. 32
  • Thuso ho Liithuli le Matichere

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuso ho Liithuli le Matichere
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/15 leq. 32

Thuso ho Liithuli le Matichere

Buka e theiloeng Bibeleng e hlophiselitsoeng ho thusa bacha ka ho khethehileng e fumane kananelo e khōIō har’a liithuti le matichere Australia. Ka mohlala, lengolong le leng le ileng la amoheloa ke ofisi ea lekala ea Watch Tower Society naheng eo, ho ne ho batloa libuka tse 200 tsa “Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona.”

Lengolo le ne le tekennoe ke moprista kolecheng ea K’hatholike. Eare ha ho isitsoe libuka tseo tse 200, ha suptjoa hore moprista a fumane tumello e tsoang ho baokameli ba hae pele a neelana ka libuka ho liithuti tsa hae. Karabelo ea hae ea e-ba hore hoo ho ke ke ha hlahisa bothata ba letho kaha ke eena hlooho ea koleche. Moprista o ne a fumane buka ka lekhetlo la pele ha a ne a etetse bakuli sepetlele. A fihla betheng ea mohoeletsi e monyenyane oa ’Muso ea neng a iphile sebaka seo a se fumaneng hore a neele moprista bopaki.

Motseng o mong oa Australia, Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse ’nè tsa thathamisa likolo tsa sechaba, tsa batho feela le tsa bolumeli sebakeng sa habo bona tse 20. Basali bana ba qala ka ho atamela hloho ea sekolo ’me ba fane ka buka ea “Bocha” bakeng sa polokelo ea sekolo ea libuka. Ha ho e ileng ea hanoa. Tichere e ’ngoe ea fumana libuka tse 20 bakeng sa ho ithuta lihlopheng. Ka ho etele likolo tsa pele tse 10, bahoeletsi bana ba ’Muso ba tsamaisa libuka tse fetang 300 tsa buka ea “Bocha.”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela