Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 3/1 leq. 7
  • Bohlale bo Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohlale bo Molemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 3/1 leq. 7

Bohlale bo Molemo

Hoseng ho hong mohoeletsi oa ’Muso La Orotava, Tenerife Island, o ile a kokota monyako o mong ’me ha arabela monna ea tšoeroeng ke boroko haholo. Ha a hlokomela hore o mo tsositse borokong, Paki ea ikopela tšoarelo ’me ka bokhutšoanyane ea hlahisa koranta tsa Bokreste, tse ileng tsa amoheloa.

Hamorao, Paki ena le monna oa eona ba etela monna enoa, ea bitsoang Isidro. Mona monna eo a bolela hore, le hoja a ne a bala Bibele seoelo, o ne a sa e utloisise. Isidro a amohela buka ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.

Le hoja qalehong Isidro a ne a sa kenya letho pakeng tsa maqephe a Bibele ka nako eo ba mo etetseng ka lekhetlo la pele, ha banyalani ba Lipaki ba khutla hape, ba hlokomela hore Bibele le buka ea hae ea ’Nete li ne li tletse litšoantšo tsa bolumeli. Ha ho ntse ho qoqoa, setšoantšo se seng sa oela fatše. Paki e chakileng ea se thonaka, ’me ea se bea tafoleng.

Hamorao, Isidro a bolella Paki hore hona e ne e le leraba, hobane o ne a utloile hore maprostanta a chesa litšoantšo tsa bolumeli ha ba chakile. Koana, Lipaki tsa Jehova hase Maprostanta, empa Isidro ka ho totobetseng o ne a ipotsa hore na li tla etsa joang. Leha ho le joalo, kamor’a ho ithuta khaolo e ’ngoe bukeng ea ’Nete, eena le mosali oa hae ka bobona ba tlosa litšoantšo tsohle tsa bolumeli ka tlung ea bona.

Kamorao ho nakoana, leha ho le joalo, Isidro le mosali oa hae ba ne ba tsoetse pele moeeng ’me ba lokisetsa ho kolobetsoa e le Bakreste ba ’nete. Hape, ka boiteko ba bona beng ka bona ba tšeletseng ba qalile ho ithuta Bibele. Ba bararo ho bona ba ne ba buisana ka Mangolo le Isidro ka boeena—monna ea bohlale ea neng a tsositsoe borokong hoseng ho hong ’me a fumana molemo ka ho sebetsoa ka bohlale.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela