Tsela ea Bophelo Kapa Tsela ea Lefu—Efe?
“U tle u bolelle sechaba sena, u re: Ho itsoe ke Jehova: Bonang, ke bea tsela ea bophelo le tsela ea lefu pontšeng ea lōna.”—Jer. 21:8.
1. Ke lipotso life tse hlahang ka hore joale re talimane le ho khetha pakeng tsa “tsela ea bophelo le tsela ea lefu”?
NA KANNETE ho se ho le hobe hakaalo? Na kaofela re talimane le hona? Na lefatše lohle joale le talimane le ho khetha pakeng tsa “tsela ea bophelo le tsela ea lefu”? Na kannete ho joalo? Na lefu hase ntho e loketseng? Haeba ho joalo, ke hobaneng ha taba ea setho hona joale e fapane le seo e neng e le sona pele? Ka lilemo tse fetileng tse baloang ka likete banna, basali, bana le masea ha baa pholoha lefu. Ba ne ba se na boikhethelo. Joale ke hobane’ng ha kajeno ho ka boleloa hore hona joale, qetellong, re talimane le ho khetha “tsela ea bophelo” kapa “tsela ea lefu”? Ke monyetla ofe oo re nang le oona bakeng sa ho pholoha sera sa nako e telele LEFU?
2, 3. (a) Ho ea ka pale ea boholo-holo, ke neng lefatše lohle le ileng la talimana le lefu la tšohanyetso, kaofela ha lona ka nako e le ’ngoe, le le hammoho? (b) Ke eng se ileng sa nolofaletsa ho khetha pakeng tsa ho phela le ho shoa hore ho be teng?
2 Koana, lena ha se lekhetlo la pele lefatše lohle la batho le talimaneng le lefu, lefu la tšohanyetso, kaofela ha lona. Bangoli ba lipale ba supa morao ketsahalong ea pelenyana ea mofuta ona. Mongoli e mong oa lipale o re: “Maholimo a na a hloloe khale ke lentsoe la Molimo, le hoba le lona lefatše le ntšitsoe metsing, la bolokoa har’a metsi, le hoba lefatše la mehleng eo le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi.”—2 Petrose 3:5, 6.
3 Mongoli eo oa lipale, moapostola oa Mokreste Petrose, o ne a ngola ka moroallo oa lefatše oa mehleng ea Noe. Na tsela ea bophelo le tsela ea lefu li ne li beiloe ka pel’a lefatše la mehleng eo? Ho joalo ka sebele! E ne e le taba ea hore motho ka ho se lumele a lule ka ntle ho areka eo Noe le lelapa la hae ba neng ba e hahile ’me a se ke a feta moroallo a phela kapa hore motho a kene ka arekeng le Noe le lelapa la hae ’me kahoo a pholohe lefu le befileng la lefatše la banyefoli.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha re phela bohle kajeno ho sa tsotellehe moroallo oa mehleng ea Noe? (b) Ke hobane’ng ha thuto e fanoeng ke Noe le lelapa la hae e sa lokela ho re lahlehela kajeno?
4 Pelenyana lengolong lona leo moapostola Petrose o ngolile: “’Me [Molimo] ha o sa ka oa hauhela lefatše la khale, oa mpa oa boloka Noe, ’moleli oa ho loka, e le eena oa boroba meno e le ’meli, mohla o tlisang moroallo holim’a lefatše la banyefoli.”—2 Pet. 2:5.
5 Kaha Noe le lelapa la hae ba khethile tsela ea bophelo pele moroallo o phatloha, re iphumana re le mona kajeno, lilemo tse fetang likete tse ’nè le makholo a mararo hamorao, Thuto eo Noe le lelapa la hae ba faneng ka eona e se ke ea re lahlehela kajeno. Hobane’ng? Hobane Mangolo a Halalelang a bolela e sa le pele bofelo bo joalo ba lefatše la banyefoli ba teng ’me ba tletse lefatše ho tla fihlela joale.
6. Ke hobane’ng ha khatello e le teng ho rōna kajeno hore re khethe “tsela ea bophelo” ’me re lahle “tsela ea lefu”?
6 Ka ho utloahalang, khetho e kang e ileng ea talimana le Noe le lelapa la hae e lokela e talimane le rōna nakong e kang eo ea bofelo e hlileng ea boleloa e atamelang. Tseleng eo ka eona boprofeta ba Bibele bo ileng ba fetoha ’nete ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, e ileng ea tšoaea 1914 e le selemo seo ka sona lilemo tse 2 520 tsa Mehla ea Balichaba li felileng ka sona, liithuti tsa Bibele tse sa ikarolang ka lihlopha li tsebile hore re phela ‘bofelong ba tsamaiso ea lintho.’ (Matt. 24:3, NW) Selemong sena, 1980, re iphumana re tsoetse pele haholo nakong e qetellang ea tsamaiso ena ea lintho. Joale hona joale, ho feta leha e le neng pele, re hatelletsoe ho khetha “tsela ea bophelo” le hore re hane “tsela ea lefu.” Khetho ena e beiloe ka mohau ka pel’a rōna ke Monei-Bophelo oa bohle ba phefumolohang.
7, 8. (a) Pontšo ea boemo bo tšoanang paleng e ile ea fanoa mehleng ea mang oa boholo-holo? (b) Ke ho isa tekanyong efe Jehova a neng a batla hore moprofeta a bonahale pontšeng?
7 Ntle ho moroallo oa mehleng ea Noe re na le papiso e ’ngoe paleng ea motho eo ho eona khetho e neng e le pakeng tsa bophelo bo tsoelang pele le pheliso e sa rerisang ea litokelo tsa bophelo. Hona ho ne ho amana le sechaba sa Iseraele mehleng ea moprista le moprofeta Jeremia, mora oa Hilkia. (Jer. 1:1-5) Jehova Molimo a mo etsa “moprofeta oa lichaba.” Ka hona le hoja re se ba sechaba sa habo Jeremia, se ileng sa etsoa le ho boleloa ke moprofeta enoa oa lichaba sea re ama.
8 Molimo o ileng oa roma Jeremia e le ’muelli oa oona o ne o batla hore e be motho oa pontšeng, ea memang tlhokomelo ea marena, mahosana, baprista, batho feela, e, oa morena, Nebukadnezare morena oa Babylona. Jeremia hape o mema tlhokomelo ea lefatše kajeno ka boprofeta ba hae bo ngoliloeng bo bolokiloeng bakeng sa ho nahanoa ho nakong ke rōna kaofela mehleng ena e thata.—Jer. 1:18, 19; 39:11-14; bapisa Ba-Roma 15:4.
9. Ka liphetoho tsa bopolotiki lefatšeng, nako ea Jeremia e lumellane le ea rōna joang ho tloha ka 1914?
9 Moloko o tsofalang o boneng ka mahlo liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka 1914 C.E. o bone liphetoho tse ngata har’a babusi ba lichaba. Jeremia le eena o ile a bona liphetoho tsa bopolotiki. Hoba morena ea molemo Josiase a shoe ka 628 B.C.E., Jeremia o bone bara ba bararo ba Josiase le setloholo ba suthelana litulo teroneng ea ’muso oa Juda. Hoba mora oa Josiase Joakaze a buse ka likhoeli tse tharo feela Jerusalema, a tlosoa, ’me ngoan’abo Jojakime a mo hlahlama. Hoba mora enoa oa Josiase a oele lefung ka tšohanyetso ka 618 B.C.E., mora oa hae e monyenyane Jojakine a busa ka likhoeli tse tharo eaba o ineela ho Nebukadnezare, morena oa Babylona. Eaba joale Nebukadnezare o etsa mora ea salletseng oa Josiase, e leng Tsedekia, morena e mocha oa Juda. Selemong sa leshome le motso o le mong sa puso e mpe ea Tsedekia Jerusalema ea oela ho Babylona, ’me Tsedekia a isoa Babylona, a sia Jerusalema le tempele ea eona e le lesupi.—2 Likron. 35:23–36:21.
10. Ke eng se neng se etsa hore molaetsa oa Jehova e se be kabelo e bobebe bakeng sa hore Jeremia a fane ka oona, ’me ke mohlala o khothatsang ho bo-mang kajeno?
10 Jeremia a bona ho ea pele ho theoha boitšoarong le bolumeling har’a marena ao a mane a ho qetela a Juda. Na re bone ntho leha e le efe e mpe ka ho lekanang e etsahala har’a babusi ba lipolotiki ba lichaba tse ipolelang hore ke tsa Bokreste? Ho Jeremia e ne e se kabelo e bobebe e neng e mo tlama hore a bolele ka phehello ho oa ha Jerusalema le ho lihuoa ha ’muso oa eona oa Davida. Bakeng sa sehlopha sa Jeremia sa kajeno ha e-ea ba mosebetsi o bonolo ho bolela boprofeta ba Jehova bo bolelang e sa le pele timetso e kotsi ea Bojakane le mehaho eohle ea likereke, lifika le mehaho e meholo ea bona tseo hajoale e leng tse hohelang batsamai hakana. Hona ho etsa hore sehlopha sa Jeremia e be se fapaneng ka mokhoa o hanyetsoang hakana ke baruti ba Bojakane. Empa Jeremia oa boholo-holo e bile mohlala o susumetsang haholo ho bana bao a neng a ba tšoantšetsa ba kajeno.
11. E le hore a ka tšoantšisa polelo ea Jeremia ea kahlolo, Jehova a mo bolella hore a etse joang le ho e bolela?
11 Ka lekhetlo le leng, ho tšoantšetsa ho bolela ha Jeremia timetso, Molimo oa re:
“E-ea, u ithekele pitsa ea letsopa ho ’mōpi, u ee le baholo ba bang ba sechaba le baholo ba baprista [e le lipaki]; u tsoele khohlong ea mor’a Hinnome e pel’a monyako oa Mangeta, u bolele teng mantsoe ao ke tla u bolella ’ona; u re: Mamelang lentsoe la Jehova, lōna marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele:
“Bonang, ke ea tlisetsa nqalo ena, bobe boo e mong le e mong ea bo utloang, litsebe tsa hae li tla re tsii. Ereka ha ba ntlhobohile, ba ngalile nqalo ena, ’me teng libano ba li cheselitse melimo esele e sa kang ea tsejoa ke bona le ke bo-ntat’a bona le ke marena a Juda, ’me ba tlatsitse nqalo ena ka mali a se nang molato; ’me ba hahetse Baale linqalo tse liphahameng ho chesa bana ba bona teng ka mollo, e tle e be secheso ho Baale, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ke sa kang ka ba bolella sona, se sa kang sa itlhahela pelong ea ka.”—Jer. 19:1-5.
12. Hoba Jeremia a phsatle pitsa, o itse’ng ka Tofethe le Khohlo ea Hinnome?
12 Ke “bobe” bofe bo neng bo tla etsa hore tlaleho ea bona e thibe litsebe? “Nqalo” e neng e entsoe e halalelang ho melimo ea bohata e ne e tla silafatsoa ke ‘polao’ ea barapeli ba litšoantšo ba moo. (Jer. 19:6) Hoba Jeremia a bolele sena, he, ha baholo ba sechaba le baholo ba baprista ba shebelletse, a pshatla pitsa fatše ’me a re:
‘Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ke tla pshatla sechaba sena le motse ona joalo, joale ka ha ho pshatloa pitsa ea ’mōpi, eo e sa tl’o kopanngoa. ’Me ho tla patoa litopo Tofethe, ka ho hloka sebaka moo ho patoang teng.’—Jer. 19:10, 11.
13. Kamorao ho moo, Jeremia a bolela’ng ka lebaleng la tempele ea Jerusalema?
13 Hoba ho etsoe tšoantšiso eo ka pel’a baholo, ha lokela hore joale molaetsa o joalo o boleloe ho batho ba Jerusalema. Eaba Jeremia o sia likotoana tsa pitsa e pshatlehileng haufi le Monyako oa Mangeta a ea ka leboea a tsoa le motseng ho ea ka lebaleng la tempele. Joale, moo ho mametseng bohle, a re:
“Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Bonang, ke ea tlisetsa motse ona le metse eohle ea mona [e mathōkong] likotsi kaofela tsee ke li boletseng bakeng sa eona, hobane ba satalalitse melala ea bona, hore ba tle ba se ke ba utloa lentsoe la ka.”—Jer. 19:14, 15.
MAHLORISO A BOLUMELI LE HO HLAPHOHELOA HO OONA
14. Pashkure o ile a itšoara joang ho Jeremia, hona hobane’ng?
14 Baholo ba ileng ba bona Jeremia ha a pshatla pitsa Khohlong ea Hinnome le ba neng ba mametse mantsoe a hae a tsuo ha ba ka ba ikutloa ba e-na le matla a ho mo etsa leha e le eng. Empa molebeli e moholo oa tempele, e leng, Pashkure mora oa Immere moprista, o ikutloa a e-na le matla a ho nka bohato. Bohata boo a ileng a bo profeta ha boa ka ba tiisoa ke Jeremia. Pashkure a mo otla ka bohale mahlong ’me a mo kenya metšoasong pontšeng Monyakong oa Benjamine oa tempele, lerakong le ka leboea. Ke bochaba bo bokaakang! bashebelli ba bangata ba ne ba ka ’na ba nahana joalo, hobane Pashkure o ne a emela Egepeta, a itšetlehile ka lebotho la Egepeta le tla thusa ho sitisa lentsoe la Jehova ka Jeremia hore le tlise kotsi holim’a ’muso oa Juda ka Bababylona. Empa bochaba ba Pashkure ha boa ka ba mo fumanela molemo oa letho o tsoang ho Jehova. O ne a loantša Molimo!
15. Jehova o ile a fetolela lebitso la Pashkure ho lefe, e le ka bohlokoa bofe ba boprofeta?
15 Ka hosesane, hoba Pashkure a lokolle Jeremia, Jehova a ba le molaetsa oa pashkure. Lebitso la hae le kopantse mantsoe a mabeli a Seheberu Pash le Hhur. Ha a le hammoho mantsoe ana a utloisisoa e le a bolelang “Se Saletseng Ho Pota-pota.” Kahoo, ka maikutlo a se boleloang ke lebitso Pashkure, Jehova a bululela Jeremia hore a fetole lebitso:
“Jehova ha a sa tla u bitsa ka lebitso la Pashkure, . . . empa o tla u bitsa Magore-Missabibe (Tšoho kahohle.) Hobane ho itsoe ke Jehova: Bonang, ke ea u neela ho tšoha, uena le [barati] metsoalle ea hao eohle; ba tla oa ka lerumo la bao e leng lira ho bona, u bone hoo ka mahlo; ke tla neela Juda kaofela matsohong a morena oa Babylona, a tle a ba ise kholehong Babylona, a ba bolaee ka lerumo. Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi eohle ea oona, le monono oohle o thata oa oona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke li neele matsohong a bao e leng lira ho bona, ba tle ba li phahle, ba ee le tsona, ba li ise Babylona. ’Me uena Pashkure, le ba ahileng tlung ea hao kaofela, le tla ea kholehong; u tla ea Babylona u shoele teng; ’me u tla patoa teng, le metsoalle ea hao kaofela eo u ntseng u e profetela leshano.”—Jer. 20:3-6.
16. Pashkure o ne a etella ba bang pele ka tsela efe, ’me ke eng se lumellanang le sena kajeno?
16 Ka mantsoe ana a Jehova ho totobetse hore Pashkure o ne a ikhethetse “tsela ea lefu.” Hape, ka boprofeta ba hae ba bohata, o ne a etelletse pele metsoalle ea hae kapa barati ba hae ba bolumeli tseleng eona eo. Ka ho lumellanang, Bojakaneng kajeno ba baloang ka makholo a limillione ba eang likerekeng ba isoa ka ‘tsela eo ea lefu.’ Leha ho le joalo, hona ha ho etsahale ka molato leha e le ofe oa sehlopha sa Jeremia.
17. Pontšo e ileng ea beoa Cedar Point, Ohio, ka 1919, e ile ea feta ho pshatla ha Jeremia pitsa khohlong ea Hinnome joang?
17 Ka tšoantšiso Jeremia o bontšitse boprofeta ba Jehova ka ho pshatla pitsa ea letsopa Khohlong ea Hinnome. Ka lipontšo tsa pontšeng tse khōlo ho feta moo, sehlopha sa Jeremia, se hlokomelisitse Bojakane ka tsuo ea bona e haufi. Ka mohlala, nka kopano eane e neng e le Cedar Point, Ohio, ka Loetse 1919. Moo, ka pel’a bamameli ba 10 000, mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society a fana ka puo eo ho eona a ileng a totobatsa hore ho hlohonolofatsa ha baruti Selekane sa Lichaba se neng se reroa ho etsoa ho tla ipakahatsa e le lefeela. Mokhatlo oo oa lichaba tsohle bakeng sa khotso ea lefatše le tšireletseho o ne o ke ke oa atleha. Ka sebele o ile oa soetsa Bojakane ka 1939, ha ’m’ampoli oa Lejeremane Adolf Hitler a hohlometsa Bojakane Ntoeng ea II ea Lefatše.
18. Pontšo e ’ngoe e ile ea etsoa joang ke sehlopha sa Jeremia ka 1933?
18 Bakeng sa mohlala o mong, nka selemo sa 1933. Selemo sena se ile sa boleloa e le Selemo se Halalelang hobane e ne e le selemo sa 1900 sa boikhopotso ba lefu la sehlabelo sa Jesu Kreste. Ha mopapa a ne a tsebisa ka mokete ona, ho ile ha tšepisoa melemo mabapi le khotso le nala haholo-holo tsa Bojakane hape le lefatše ka kakaretso, ho sa tsotellehe ho fetoha ha Hitler ’m’ampoli oa Riphabliki ea Jeremane. Empa sehlopha sa Jeremia ka sebete sa qholotsa litšepiso tsa bopapa. Ka Sontaha sa la 23 ’Mesa, ka letoto la liea le moea ka WBBR e motseng oa New York e le eona e ka sehloohong, mookameli oa Watch Tower Society a neelana ka puo ea hora e neng e bua ka “Phello ea Selemo se Halalelang Holim’a Khotso le Nala.” Phatlalatso e entsoeng lefatšeng lohle e ile ea neeloa molaetsa ona o thibang litsebe ka hore e hatisoe tokollong ea la 10 Motšeanong ea makasine o tsoang habeli ka khoeli The Golden Age. Hang feela baruti ba Bojakane ba phahamisa lipelaelo tse khōlō, ba kena likhatellong tsa bopolotiki ’me ba hlorisa sehlopha sa Jeremia. Empa hona ha hoa ka ha sireletsa khotso ea lefatše le nala joalokaha ho sa ka ha etsa joalo lilemo tse latelang tse Halalelang tsa 1950 le 1975. Bojakane bo sa ntsane bo talimane le timetso ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang.
19. Ho fetoloa ha lebitso la Pashkure le boprofeta bo tsamaileng le hona ba tsuo bo fumane ho phethahatsoa joang baruting ba Bojakane ba nang ba tšoantšetsoa kajeno?
19 Ka hona kotlo eo Jeremia a ileng a e fumana sefahlehong e tsoa ho mohlokomeli e moholo oa tempele Pashkure e bile le e tšoanang le eona lekholong lena la bo20 la lilemo. Ho tšoana le moeta-pele eo oa bolumeli ea ratang naha ea habo oa boholo-holo, baruti ba Bojakane ba kentse sehlopha sa Jeremia metšoasong. Hobane’ng? Hore ba ka se tlontlolla le ho sitisa ho phatlalatsoa ha morero oa Jehova o tsoang Bokreste ’mōtoana ba boikaketsi, e, bo tsoang bolumeli bohle ba bohata le metsoalle le batšehetsi ba bona ba bolumeli. Boitšoaro ba mofuta o joalo ha boa ka ba tsoelella hantle bakeng sa Pashkure oa boholo-holo leha e le bona baruti ba Bojakane. Jehova a fetola lebitso la Pashkure ho le etsa Magore-Missabibe, e bolelang “Tšoho kahohle.” “Tsoho” e joalo, e ne e tlameha ho ba mabapi le ho tšoha ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. Hape, Pashkure o ne a ahloletsoe ho shoa e le motlamuoa Babylona. Ha e le ka baetsisi ba kajeno ba Pashkure, sehlopha sena sa baruti se ile sa pepesoa le ho ahloleloa timetso ea ka ho sa feleng.
20. Ka 1951, baruti ba Bojakane ba ile ba pepesoa e le sehlopha se tsuong joang?
20 Ho tloha lekholong la pele la lilemo ho tsebisahala ha seo moapostola Pauluse a se bitsitseng “mor’a tahleho” e ne e le ntho e tsietsang Bakreste. Empa ka nako e tšoanelang ea Jehova ‘sephiri sena sa bokhopo’ se ne se lokiselitsoe hore se tle se senoloe. (2 Ba-Thess. 2:3, 7) Kahoo, ka 1951, sehlopha sa Jeremia sa hatisa buka What Has Religion Done for Mankind? Selemong seo ho ile ha lokolloa buka kopanong ea lichaba London England ea Lipaki tsa Jehova. Khaolo ea eona ea 25 e ne e bua ka “Bolumeli bo Bofubelu le ‘Motho eo oa Sebe.’” Leqepheng la 320 le 321 re bala ka “ho oa” kapa “bokoenehi”:
Kahoo ho oa ha baeta-pele ba Bakreste Bokresteng ba ’nete ho iketsa sehlopha sa ‘motho oa sebe,’ kapa tsamaiso ho qalile nakoana kamor’a lefu la baapostola ba leshome le metso e ’meli. Baapostola ba tlohile tseleng ka mokhoa oo, sehlopha sa motho oa sebe sa hlahella pooaneng ’me sa latela tsela ea hae ea boiphahamiso le ea boitšoaro bo se nang molao. A iphahamisa e le moruti oa bokoenehi ea laolang lithahasello tsa bolumeli tsa ba ipolelang hore ke Bakreste. Lentsoe la baruti la e-ba matla ho feta Lentsoe la Molimo le ngoliloeng. Baruti ba etelletsa pele mekhoa ea batho le melao ka holim’a melao ea Molimo ’me ba e fetola lefeela. Ba inkela litlotla tsa “Reverend,” “Right Reverend,” “Most Right Reverend,” “Ea Halalelang,” haesita le “motlatsi oa bomolimo” bakeng sa bopapa, ba iphahamisa litempeleng tsa bona tse kholo le tse nyenyane le mehahong ea likereke e le bona ba lokeloang ke tšabo ba hapang tšabo ea borapeli le hlompho ba li tlosa ho Jehova Molimo le Mora oa hae Jesu Kreste. Ba ipolela hore ke bara ba Molimo, empa ba iketsa melimo kapa ba matla moeeng ho batho ba lipharisheng tsa bona le mehlape ea bona.
21. Ha “mor’a tahleho” oa Bojakane a ikela, o tla ea le eng, har’a boemo bofe bakeng sa Bakreste ‘mōtoana?
21 Buka e boletsoeng ka holimo ka sebete ea totobatsa hore “motho eo oa sebe” sehlopha sa hae se tla oela timetsong e hlileng ea boleloa ‘mahlomoleng a maholo’ a atamelang, hammoho le bolumeli bo bong ba bohata ba mofuta oa Babylona. Ha “motho eo oa sebe” oa Bojakane, “mor’a tahleho” a tloha, Bojakane ka bobona bo tla tloha le bona. Ketsahalong e joalo, e sisimosang tšepong eohle ea bolumeli, ‘tšoho e tla ba hohle’ bakeng sa ba ipolelang ka melomo feela hore ke Bakreste, ha esita le bakeng sa bohle ba sa ipoleleng hore ba ea le Mangolo, le bao e seng ba bolumeli ba Bibele.—2 Ba-Thess. 2:8-12; bona hape buka “Babylon the Great Has Fallen!”—God’s Kingdom Rules!, e hatisitsoeng ka 1963, khaolo ea 26, e hlalosang ka Tšenolo, khaolo ea 17.
HO BALEHELA KA LEHLAKORENG LA MAKHOTLA A BOLAEANG A MOLIMO
22. Re ka pholoha ho timetsoa le “mor’a tahleho” oa Bojakane joang, joalokaha ho bontšitsoe mehleng ea Jeremia?
22 Tsela ea Bojakane ke “tsela ea lefu.” A re khutliseng mehato ea rōna ho eona. Nako e sa lumella motho hore a pholohe ho bolaoeng le “mor’a tahleho” oa bona. Sheba Jeremia e le mohlala. Le hoja a ile a tšoaroa a bolokoa e le motlamuoa ka Lebaleng la Balebeli la Morena Tsedekia ha tlala, lefu la seoa le polao li nka ba tsona ho mo potoloha, o ile a pholoha ho timetsoa ha Jerusalema ’me ha a ka a kena botlamuoeng Babylona. Ba tšabang Jehova ba ileng ba iketsa metsoalle ea Jeremia ba pholoha le eena. Le rōna kajeno re na le monyetla oa ho pholoha.
23. Ke hobane’ng ha ka nako eo ho ne ho se motheo oa molaetsa o molemo o tsoang ho Jehova ka Jeremia o eang ho Morena Tsedekia?
23 Morao koana ka 609 B.C.E., bahlaseli ba Bababylona ba ne ba fohla tsela ea bona ho ea Jerusalema. (Jer. 21:13) A hlokomela se atamelang, Morena Tsedekia a romela batho ho ea botsisisa ho Jeremia, hobane, mohlomong, molaetsa o mong o molemo o tsoang ho Jehova o ne o ka ’na oa e-ba teng. Empa ke lebaka lefe le neng le ka ba teng hore Morena Tsedekia a lebelle lentsoe leha e le lefe le molemo ka Jeremia? Jerusalema le naheng eohle ea ’muso oa Juda ho ne ho le teng lintho tsena tseo Jehova a neng a hlokomelisitse ka tsona: ho koeneheloa ha selekane sa Hae le Iseraele, ho rapeloa ha melimo e meng, likahlolo tse leeme makhotleng, ho tlatlapuoa ha ba se nang ho ithusa ke baqhekelli, ho etsa bahlolohali le likhutsana hampe, ho amoha basebetsi moputso o ba lokelang, ho tšolloa ha mali a se nang molato, le boprofeta ba bohata. (Jer. 21:12; 22:3, 13-16; 23:14, 16) Ka ho hlokahalang Jeremia o ne a tlameha hore ka sebete le ka matla a bolele molaetsa o sa fetoheng oa Jehova oa tlokotsi bakeng sa barobi ba selekane sa Molimo.—Jer. 21:1-7; 1:7, 8, 17.
24. Ke joang re nang le mohlala o motle ho Jeremia mabapi le ho fana ka molaetsa oa Jehova ho Bojakane kajeno?
24 Jeremia o ile a beela Lipaki tsa Jehova mohlala o motle hakaakang bakeng sa kajeno! Har’a Bojakane kaofela kajeno maemo a mabe bolumeling, boitšoarong, tulisanong, kahlolong, ho se tšepo ea topoloho. Joaloka tabeng ea Jeremia, Jehova kajeno ha a ea tsoaka mantsoe ha a bolela qeto ea hae ea boahloli khahlanong le Bojakane. O romile sehlopha sa hae sa Jeremia ho bolela molaetsa o lumellanang le oo o totobetseng oa tlokotsi ho se tšoanang le Jerusalema le Juda tsa mehleng ea boholo-holo. Se sa itšiele letho, se bile se sa thothomele, sehlopha sa Jeremia se tlameha ho khomarela ho sohle seo A se laelang sona ka Lentsoeng la Hae.
25. Lichaba tsohle tsa lefatše joale li nkile leoto ho ea kae, ’me buka Deliverance! ea 1926 e hlalositse ho tla etsahala moo joang?
25 Lichaba tsohle, ho kopanyelletsa le tsa Bojakane, li nkile leoto ho ea Harmagedone. Lebitso leo ha le bolele feela ntoa e kholo pakeng tsa ba sebetsang le ba sebeletsoang, e fellang ka ho hloka molao lefatšeng ka bophara. Ha se ntoa e pakeng tsa motho le motho, empa ke ntho e ’ngoe e tebileng haholoanyane le e kotsi haholoanyane. Morao koana ka 1926 ’nete ena e ile ea qala ho hlakisoa. Buka Deliverance! e ileng ea lokolloa ho neoa batho kopanong e akaretsang ea Liithuti tsa Bibele London England ea Lichaba, ka Motšeanong ea 1926, ea re:
“Bahalaleli ha ba kene ntoeng ea sebele. Ena ke ntoa ea Molimo o Matla ’Ohle; ’me ntoa e etelloa pele ke Mora ea ratoang oa hae, Moprista ea ileng a tšoantšetsoa ke Melkisedeke. Khale-khale moprofeta oa Jehova o ngolile tjena ka hora ena: “Morena [Jehova], ea leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae. O tla ahlola har’a lichaba; hohle ho tla tlala litopo, o tla thumakanya lihloho linaheng tse ngata,” (Pesaleme ea 110:5, 6) Hape o loanela ho lopolloa ha batho, hore ba ka lopolloa ho mohatelli; ’me o loanela motlotsuoa oa Molimo, hore ba tle ba tumisoe bakeng sa bopaki ba bona bo tšepahalang lebitsong la Jehova. . . .
Ka tsela eo ’muso o moholo oa Satane o tlosoa lefatšeng ka ho feletseng. Lebitso la Jehova Molimo lea tumisoa. Empa mantsoe ’ohle a batho ba lekang ho hlalosa letsatsi lena le leholo le le tšabehang la Morena ke a nyelisehang.—Leqephe 280, khatiso ea pele.
Ho se be motho ea ithetsang ho nahana hore ntoa ea Harmagedone ke feela ntoa pakeng tsa batho, kapa hore ke setšoantšo feela. Mangolo a hlakisa hore ke ntho ea sebele. Ke ntoa ea Molimo o Matla ’Ohle, eo ho eona a tlang ho hloekisa lefatšeng tsamaiso eohle e khopo e sebelisitsoeng ke Satane ho foufatsa batho ka eona ka makholo-kholo ana ’ohle a lilemo.—Maqephe 282, 283; bona hape leqephe 261, serapa 2.
26. Ho tšoana le Jeremia, sehlopha sa Jeremia kajeno se ka se etse joang feela hore se thabise babusi ba lefatše?
26 “Ntoa eo ea Harmagedone” e tla felisa ‘mahlomola a maholo’ ao ho oona ’muso o moholo oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ho akarelletsa le Bojakane, o tlang ho felisoa ka oona. (Tšen. 16:13-16; 17:1-18) Sehlopha sa Jeremia se ke ke sa theola ’nete ena feela hore se khahlise babusi ba lipolotiki ba kang Tsedekia ba Bojakane kapa bona ba lefatše kaofela ha lona. Se tlameha ho latela melao, joalokaha ho ile ha etsa Jeremia ho Morena Tsedekia kutlong ea thōmo ea hae e tsoang ho Jehova.
27. Batho ba tla talimana le makhotla afe a bolaeang ntoeng e tla loanoa Harmagedone?
27 “Ntoeng ea letsatsi le leholo” ka Harmagedone, babusi ba tsamaiso ena ea lintho ba tlameha ho ikarabella ho Molimo o Matla ’Ohle, e seng ho batho feela tjee hammoho le bona. Ha e le ka batho bao ka ho rata naha ba tšehetsang mesebetsi ea bopolotiki ea tsamaiso ena ea lintho, ba talimane le makhotla a ahlolang tlas’a taolo ea Jehova. Mehleng ea Jeremia makhotla a bolaeang e bile makhotla a Bababylona tlas’a morena Nebukadnezare. Ntoeng e tlang Harmagedone e tla ba mangeloi a halalelang a Jehova a etelletsoe pele ke Mora oa hae Jesu Kreste.—Tšen. 16:12; 19:11-21.
28, 29. Rōna batho feela ke khetho efe eo re lokelang ho e etsa, kahoo re ela hloko mantsoe a Jehova a ho Jeremia 21:8-10?
28 Babusi ba Bojakane ba etsisitse Morena Tsedekia oa Jerusalema ’me ba hanne ho lokisa le ho batla poelano le Molimo. Joale rōna batho feela re lokela ho etsa joang ponahalong e ke keng ea qojoa ea timetso ea lefatše? (Jer. 21:11, 12; 22:3-5) Re lokela ho nka bohato ba motho ka mong. Re ikhethele ka borona “tsela ea bophelo.” E mong le e mong ho rōna o lokela ho utloa mantsoe a Molimo ka Jeremia:
29 “U tle u bolelle sechaba sena, u re: Ho itsoe ke Jehova: Bonang, ke bea tsela ea bophelo le tsela ea lefu pontšeng ea lōna. Ea ka salang motseng ona, o tla shoa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la seoa; empa ea tsoang ho ea ipea ho ba-Kalde ba le thibeletseng, o tla phela; bophelo ba hae e tla ba khapo ea hae. Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neeloa matsohong a morena oa Babylona, hore a tle a o chese ka mollo.”—Jer. 21:8-10.
30. Ke hobane’ng ha Mojode ‘ea ipeang ho Bakalde’ e ne e se moeki kapa ea hloileng naha ea habo?
30 Mojode ‘ea tsoelang ho Bakalde’ ba neng ba thibelletse ’muso oa Juda e ne e se hobane e le ea sa rateng naha ea habo kapa e le moeki. E ne e le tsela ea ho utloa Jehova Molimo, morena ea sa bonahaleng oa leholimo oa Iseraele. Ena e ne e le “tsela ea bophelo,” ha “tsela ea lefu” e ne e le ea ho se utloe e ileng ea khethoa ke Bajode ba ratang naha ea habo bona.
31. Taba ka nako eo e ne e tšoana le ea mang lekholong la pele la lilemo C.E.?
31 Taba e ne e tšoana le ea Bajode ba entsoeng Bakreste ba lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Jesu Kreste a hla a bolela ho timetsoa ha motse o tsosolositsoeng oa Jerusalema ke makhotla a Baroma, ao a buileng ka oona e le “manyala a bofeliso.”—Matt. 24:15.
32. Ka baka leo, Jesu o fana ka taelo life ho balateli ba hae ba ineetseng?
32 Kahoo, Jesu a laela balateli ba hae ba tlotsitsoeng: “’Me etlaba hona bofelo bo hlahang. Joale, etlare ha le bona manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moprofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang—ea balang a lemohe!—mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ea leng holim’a ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ea hae; le ea leng masimong, a se ke a khutlela hae ho nka kobo ea hae. . . . Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong. Le hojane matsatsi ao a se ke a khutšofatsoa palo, ho no ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakhethoa, matsatsi ao a tla khutšofatsoa.”—Matt. 24:14-22.
33. Nakong e pakeng tsa 66 le 70 C.E., ho utloa taelo ea Jesu le ho se e natse ho ile ha fella ka eng?
33 Bajode ba lumelang ba entsoeng Bakreste ba utloa taelo ena e tsoang ho Morena oa bona. Hoba makhotla a Baroma a cheche kamor’a ho hlasela ha bona Jerusalema le tempele ea eona ntle ho katleho ka 66 C.E., naha eohle ea Judea ea tloheloa ke Bakreste ba kotsing. Ba ne ba sa balehele mokhoa oa Sejode. Ba ne ba utloa Moetapele oa bona Jesu Kreste, ’me ka hona tsela eo ba ileng ba e khetha e bile “tsela ea bophelo.” Bajode ba ratang naha ea habo bona ba khetha “tsela ea lefu” ’me ba timela ho fihlela palong ea ba 1 100 000 ha makhotla a Baroma tlas’a molaoli Tite a timetsa Jerusalema ka 70 C.E.
34. Ba ratang bophelo taolong e ncha ba tla balehela hokae ntle ho tieho?
34 Ka mehlala e joalo ea pale ka pel’a rōna, ebe rōna batho re tla etsa joang kajeno? Re phela ho seo barutuoa ba Kreste ba ileng ba se bitsa “bofelo ba lefatše.” ‘Mahlomola a maholo’ ao ho seng a kang ona holim’a lefatše a hlileng a tšoantšetsoa ke ho timetsoa ha Jerusalema hona joale a talimane le “moloko ona.” Hona joale ke taba ea ho khetha “tsela ea bophelo,” kapa “tsela ea lefu.” Sehlopha sa Jeremia se khethile “tsela ea bophelo.” Sehlopha sena se bontša hore ba bang le bona ba ka etsa ka ho joalo. Ntle ho tieho e tsoelang pele barati bohle ba bophelo bo sa feleng taolong e ncha ea ho loka ba tla iketsetsa molemo ka monyetla o fanoeng ke Molimo oa ho khetha “tsela ea bophelo.” Ba tla balehela ka lehlakoreng la makhotla a bolaeang a Jehova.—Matt. 24:3, 34.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
WBBR, Staten Island, N.Y.