Kolobetso Tlhokahalo ea Bokreste
KOLOBETSO e bile karolo ea Bokreste ho tloha qalehong ea bona. Kolobetso ke pontšo ea eng? Ke habohlokoa hakae hore batho ba kolobetsoe? A re ke re nahaneng ka boitsebiso bo bong ba motheo ka kolobetso le bohlokoa ba eona ponong ea Bibele e Halalelang.
Mangolo a supa hore mokhoa o nepahetseng oa kolobetso ke ho qoelisa ka ho feletseng. Lentsoe “kolobetsa” le fetoletse lentsoe le Segerike baptizein, le bolela “ho tipa, ho lihela ka nthong e metsi.” Ha motho a qoelisoa ka metsing, o epeloa ka nakoana ponahalong ’me joale o phahamisoa hore a tsoe ka metsing.
Ho boleloa ka lekhetlo la pele ha kolobetso ka Bibeleng ho ama mosebetsi oa Johanne Mokolobetsi. Ka selemo sa 29 C.E., Molimo oa lumella Johanne hore a kolobetse. Mangolo a bolela hore Johanne “a ea le lefatše lohle le mathoko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ea pako, ea ho tšoareloa libe.”—Luka 3:1-3.
Ho kena ka tlas’a metsi le ho tsoa ka ho oona ho ne ho tšoantšetsa hore motho o fela a bakile kannete, kapa o ikutloa a le lihlong ke ho siteloa molao oa Molimo o neng o fanoe ka Moshe. Kamoo ho leng kateng, o ne a shoa tseleng e joalo ’me a phela boitekong bo bocha ba ho boloka Molao oo. Kaha molao oa Moshe o ne o tlameha ho sebeletsa e le “molisa . . . ho re isa ho Kreste,” kolobetso ea Johanne e ne e le bohato ba bohlokoa ho lokisetseng Baiseraele ho khahlametsa Messia ea tšepisitsoeng—Luka 1:16, 17; 3:4-6; Ba-Gal. 3:24.
Jesu ka boeena o ile a ipea tlas’a kolobetso ea Johanne. Ka lekhetlo leo moea o halalelang oa Molimo o ile oa theohela ho Jesu, o mo tlotsa e le Messia ea tšepisitsoeng. (Mar. 1:9-11) Le hoja e ne e se moetsalibe eo ho hlokahalang hore a bake, Jesu a kena tseleng e ncha ea bophelo ea nakong eo. (1 Pet. 2:22) Kamorao ho moo o ne a tla etsa “thato” ea Ntate oa hae e khethehileng e neng e tla ama ho nyehela bophelo ba hae e le sehlabelo sa topollo bakeng sa libe tsa batho.—Pes. 40:6-8; Ba-Heb. 10:5-10.
Jesu ha a ka a felisa mosebetsi oa ho kolobetsa oa Johanne Mokolobetsi. Ha e le hantle, re bala hore qalehong ea tšebeletso ea hae ‘Jesu a fetisa Johanne ka ho kolobetsa, leha e ne e se eena Jesu ea kolobetsang, empa e le barutuoa ba hae.’ (Joh. 4:1, 2) Kolobetso ena e neng e laeloa ke Jesu e ne e le tšoantšong ea pako ka mokhoa oa kolobetso ea Johanne.
TLHALOSO E FAPANENG
Hoba Jesu a shoe, a tsohe le ho nyolohela leholimong, molao oa Moshe oa fela. (Ba-Roma 10:4; Ba-Ef. 2:15) Na hoo ho ile ha felisa bohloka ba kolobetso? Che, empa joale, ho Bajode, e ne e tšoantšetsa ho itlhahisa bobona ho Jehova Molimo motheong oa sehlabelo se phekolang sa Jesu e le Messia. Leha ho le joalo, pelenyana Jesu a nyolohela leholimong, o ile a nea barutuoa ba hae thōmo, a re: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Matt. 28:19, 20.
Na u hlokometse hore joale kolobetso e ne e ke ke ea hlola e nka Bajode feela empa hape “lichaba tsohle”? Ha a ntse a phela lefatšeng Jesu o ne a ile a bolela e sa le pele hore mohau o khethehileng oa Molimo ho Bajode o ne a tla fela. (Matt. 8:11, 12; 21:43) Hona ho etsahetse ka 36 C.E. ha Molimo o laela moapostola Petrose ho kena tlung ea Kornele, eo e seng Mojode, ’me a bolele molaetsa oa Bokreste ho eena le ba ntlo ea hae. Kamorao ho hore Balichaba bana ba amohele ’nete ka Jesu Kreste, ba amohela neo ea mohlolo ea moea o halalelang ’me ba kolobetsoa.—Lik. 10:1-48.
Kaha Molimo o ne o se o sa sebetsane le sechaba sa batho ba neng ba ineetse ho eena ka ho khethehileng ho tloha tsoalong, ho tloha ka nako eo ho ea pele kolobetso ea fetoha tšoantšetso e loketseng ea boineelo ba pelo eohle ho Molimo. Ho kena ka tlas’a metsi ho ne ho tla supa hore motho o ne a shoa tseleng ea bophelo e likolohang ho eena ka boeena. Ho nyoloha ka metsing ho ne ho tla tšoantšetsa ho tsoa ha hae a phela ho etelletsa thato ea Molimo e senotsoeng pele. (Bapisa Mattheu 6:33; Ba-Filippi 1:10) Jesu o bontšitse hore hona ke tlhokahalo ha a re: “Ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ’me a ntšale morao.”—Matt. 16:24.
Kutloisiso ea ho kolobetsoa “ka lebitso la Ntate le la Mora, le la Moea o Halalelang” ke efe? (Matt. 28:19) Re ka utloisisa sena hamolemo ka ho nahana ka mantsoe a Jesu joalokaha a tlalehiloe ho Mattheu 10:41, a re: “Ea amohelang moprofeta, kahoba a e-na le lebitso la moprofeta, o tla neoa moputso oa moprofeta; le ea amohelang, ea lokileng, kahoba a e-na le lebitso la ea lokileng, o tla neoa moputso oa ea lokileng.” Hona ho bolela ho amohela moprofeta kapa motho ea lokileng ho hlokomeloa seo a leng sona. Ba eang kolobetsong ea Bokreste ba tlameha ho hlokomela Ntate, Mora le moea o halalelang ka seo li leng sona: Ntate e le Morena ’Musi ea phahameng; Mora e le molopolli le morena; ’me moea o halalelang e le matla a sebetsang a Molimo a thusang batho ho etsa thato ea bomolimo.—Pes. 83:18; Matt. 20:28; Tšen. 19:16; Joh. 14:16, 17.
KE EA BOHLOKOA HAKAE?
Ke habohlokoa hakae hore batho ba ipee tlas’a kolobetso ea Bokreste? Nahana ka keletso ea moapostola Petrose ka Pentekonta, 33 C.E., ho Bajode ba neng ba kopanetse boikarabelo ba hore ka boetsalibe ba khokhothele Messia kapa Kreste, le bao ho neng ho hlokahala hore ba hloekisoe sebe seo, o itse: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobeletsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang.” (Lik. 2:38) Ho latela Mangolo, batho ba lakatsang ho fumana tšoarelo ea libe ka Jesu Kreste ba tlameha ho baka le ho kolobetsoa.
Na hona ho bolela hore metsi a kolobetsang a hlatsoa libe? E ka ba phoso ho ba le qeto e joalo. Ha a ne a hlalosa ka moroallo oa mehleng ea Noe, Petrose o nea kolobetso tlhaloso e tomanyana, a re: “se tšoantšoang ke hoo [ho feta ha batho ba robeli metsing a Moroallo ka areka] ke kolobetso e re pholosang joale—e seng e hlatsoang litšila tsa ’mele, empa eo e leng ho itlama ha letsoalo le letle pel’a Molimo—ka tsoho ea Jesu Kreste.”—1 Pet. 3:21.
Ke joang, he, re etsang kōpo eo ea letsoalo le letle ho Molimo? Ka ho etsisa Noe, ho ineela bōrōna pele re feta har’a metsi. Ho tšoana le Noe, re ineela ho Jehova Molimo ho etsa thato ea hae le ka hore ho tloha ka nako eo ho ea pele re e etse. Hona ho fella ka hore re fumane letsoalo le letle, hobane ha re tseba hore re etsa thato ea Molimo re thabela letsoalo le letle. Kahoo ho ineela ha rōna ho Molimo e hlile ke ‘kōpo ea letsoalo le letle ho Molimo.’ Letsoalo le letle ha le hlahisoe ke ho etsa ha rōna mesebetsi eo e leng ea rōna ea ho loka, empa ka ho etsa mesebetsi e hlalositsoeng ke Molimo, thato ea Molimo. Ke sona seo re ineelang ho se etsa.
Kahoo ho ineela ha rōna ho Molimo ka Kreste ho thea ‘kopo ea letsoalo le letle ho Molimo.’ Ka bōrōna, ho se phethahaleng ha rōna, boemong ba rōna ba boetsalibe, ha re amohelehe ho Molimo. Kahoo, kahobane re baka sebeng ’me re sokoloha le ho ineela, Jehova o sebelisa mali a hloekisang a sehlabelo se phekolang sa Kreste ho rōna, kahoo a re lopolla thohakong ea sebe le ho re nea letsoalo le letle ho Eena. Ka baka leo, ho feta ha rōna ka boikokobetso tlas’a metsi a kolobetso ho tšoantšetsa ho ineela ha rōna ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste.
Na hona ho fana ka maikutlo a hore kamorao ho kolobetso motho a ke ke a hlola a itlhokomela e le moetsalibe? Le hanyenyane. Leha e le eena Pauluse, Mokreste ea kolobelitsoeng le moapostola oa Jesu Kreste, o buile ka pelo e bohloko: “Ha e le ka ’na, ka kelello ea ka, ke sebeletsa molao oa Molimo, empa ka nama ke sebeletsa molao oa sebe.” (Ba-Roma 7:25) Leha ho le joalo, Bakreste ba ineetseng le ho kolobetsoa ba ka ba le letsoaIo le letle ka hore ba tseba hore molemo o phekolang libe oa sehlabelo sa Jesu o hlakola libe tsa nakong e fetileng le tseo mohlomong ba ka li etsang tsatsi le leng le le leng ka baka la ho se phethahale ha botho. (1 Joh. 2:1, 2) Ka baka leo, ha ho hlokahale hore Bakreste ba ikutloe ba imetsoe ke molato oa letsoalo le molato ka baka la tsela eo ba phetseng ka eona nakong e fetileng le ka baka la boemo ba ho futsa sebe.
QALO FEELA
Na batho ba lokela ho talima ho kolobetsoa ha bona e le bopaki ba hore “ba tsoelletse” qetellong le hore joale ba loketse ho fumana bophelo bo sa feleng? Hoo e ka ba bothoto hobane Bibele e bea kolobetso e le feela qalo ea boineelo ba motho tšebeletsong e halalelang ho Molimo. Hopola, ho kolobetsoa ha Jesu ho etsahetse qalehong ea tšebeletso ea hae ea bomessia. Ho baapostola ba hae le barutuoa ba bang ba pele e bile bohato ba pele. Na u kile ua lemoha polelo ea moapostola Petrose ea hore kolobetso hape “ke e re pholosang joale?” (1 Pet. 3:21) Tlhaloso ea G. F. C. Fronmüller e hlokomela hore: ‘Ho ngoloa ha lentsoe la Segerike bakeng sa “pholosa” le sebetsa nakong eo ho sebelisoa hobane ho pholosoa ke hona ho qalileng ’me ha ho ea s’o phethoe.’—Matt. 10:22; Ba-Roma 13:11; Ba-Fil. 2:12; Tšen. 2:10.
Ho bontšang hore ho hlokahala ho fetang bakeng sa pholoso ho feta kolobetso feela ke mantsoe a latelang a moapostola Pauluse: “Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ’me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha. Hobane motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.” (Ba-Roma 10:9, 10) Ka sena ho totobetse hore ntle ho tumelo le kolobetso, ho “bolela ka molomo” hore Jesu Kreste ke Morena le hore Molimo o mo tsositse bafung ke tlhokahalo ea polokeho.
Le hoja polelo ena ea molomo e etsoa nakong ea ha motho a kolobetsoa, hona ha ho bolele hore kamorao ho moo ha ho sa hlokahala hore motho a bolele ho ea pele tšepo eo a nang le eona ho ba bang. Ho fapana le moo, Bibele e bontša hore re tlameha ho tsoela pele ho bolela joalo libokeng tsa phutheho, pel’a baholo ba mebuso kapa makhotla ba ka ’nang ba hloka hore ba hlalosetsoe tšepo ea rōna ea Bokreste, le ka hore pontšeng re bolele ‘litaba tse molemo’ tsa ’muso oa Molimo.—Ba-Heb. 10:23; 1 Pet. 3:15; Matt. 24:14.
Ka ho hlakileng, bakeng sa bohle ba lakatsang ho fumana boemo bo amohelehang ho Molimo, kolobetso ea Bokreste ke tlhokahalo. Ha ho talingoa seo e se tšoantšetsang, kolobetso ha e-ea lokela ho nkoa habobebe kapa hore ho kenoe ho eona ntle ho ho e lokisetsa pele. Na u nahana ho kolobetsoa haufinyane? Haeba ho joalo, nahana ka ho teba ka hore na e bolela eng. Ikemisetse ho phelela ka ho sa feleng boineelo ho Molimo boo e bo emelang.