Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Pele ke ithuta Bibele, ʼna le mosali oa ka re ile ra hlalana ka molao, e seng ka baka la boitšoaro bo bobe empa feela hobane re ne re sa tsoelle hantle. Joale ke se ke le Mokreste. Ka Bibele, na ke lokolohile ho nyala hape?
Hore na motho ea boemong boo u bo bolelang a ka ba bolokolohing ka Mangolo hore a nyale hape ho itšetlehile ka hore na lenyalo le ile la fela mahlong a Molimo kapa che.
Lenyalo la hao le ile la qhalana ka molao pele u eba Mokreste, mohlomong ka lebaka la molao le kang ho se lumellane. Hoo ho felisitse lenyalo mahlong a ʼmuso. Empa ka ho loketseng u amehile ka hore na Monei molao oa Bokahohle o ntse a talima lōna le mosali oa hae le le “nama e le ʼngoe.”—Gen. 2:22-24.
Jesu o buile ho hong ho re thusang mona. Kamor’a ho lumela hore hlalo e ne e fumanoa ka mabaka a sa tšoaneng, a eketsa ka hore: “E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe [porneia, ka Segerike], a nyala e mong, oa feba.” (Matt. 19:9; 5:32) Kahoo, motheo feela oa Bibele bakeng sa tlhalo o ka lokollang motho ho kena lenyalong hape ke “bofebe” kapa porneia, e akarelletsa bohlola le boitšoaro bo bong bo feteletseng ba likamano tsa botona kapa botšehali.
Kahoo, hoja mosali oa hao o ne a bile molato oa bofebe, u ka be u bile le motheo oa Mangolo oa ho hlala. Haeba u ne u entse joalo, ebang ke ka lebaka la bofebe kapa lebaka le leng la ʼnete la molao, le ne le ke ke la hlola le e-ba “nama e le ’ngoe.” Ka puo feela, ha u ne u le sefebe ʼme mosali oa hao a ikhethetse hore a se ke a u tšoarela ʼme a fumane tlhalo, le ka be le lokolohile ka bobeli ka Mangolo.
U re, leha ho le joalo, boitšoaro bo bobe bo ne bo sa etsahala pele ho tlhalano. Kahoo, ha ho talingoa se boletsoeng ke Jesu, ke lebaka lefe le teng la ho lumela hore tlhalano ka ho itlisang e qhalile lenyalo mahlong a Molimo? Le hoja motho ha a fetoha Mokreste, a ka kōpa tšoarelo ea Molimo bakeng sa libe tsa nakong e fetileng, hona ha ho bolele hore litlameho tsohle tsa nakong e fetileng le lintho tse entsoeng li hlakotsoe. (1 Joh. 1:7; 1 Ba-Kor. 6:9-11) Ho etsa papiso: Mohlomong u kalimile chelete ho motsoalle, le lumellana ho mo lefa molato likhaohana. Joale u ba Mokreste. Na hoo ho ka hlakola molato oa hao? Le hanyenyane. Ha u ithuta ka pono ea Molimo ka ho lefa melato, mohlomong u tla ikutloa u tlamehile haholo ke tlameho ea hao. (Pes. 37:21; 15:4; 112:5) Ho ka ba joalo mabapi le lenyalo. Ha u nyala, Molimo oa qala ho le talima ka bobeli le le “nama e le ʼngoe.” Joale ipotse: Na ho teng motheo oo ka oona Molimo o khaolitseng ho le talima joalo?
O ka ʼna e-ba teng. Mohlomong ho na le ho etsahetseng kamor’a hore le hlalane ho neng ho ka felisa lenyalo mahlong a Molimo. Re ka ananela hore na ho joalo hobane’ng ka no nahana taba leseling la se boletsoeng ke Jesu, joalokaha se tlalehiloe ho Mattheu 19:9. Le hoja le ne le sa etsa boitšoaro bo bobe, haeba mosali oa hao a u hlalile ʼme hamorao u fela u etsa “bofebe,” lenyalo le ka nkoa le felile. U o lahlile, ʼme ho bile teng hamorao motheo oa Bibele oa hore ha le sa le “nama e le ’ngoe.” Ka lehlakoreng le leng, mohlomong ke eena ea bileng molato oa “bofebe” kamor’a ho hlalana. Joalokaha Jesu a ho lumelletse, tlas’a maemo ao lenyalo le ka talingoa le felile mahlong a Molimo, hobane tlhalano e teng ʼme uena, ea se nang molato, u fumane bopaki ba hore o bile le boitšoaro bo bobe.
Ka baka leo, tabeng e kang ea hao ea hona joale, ho etsahetseng kapa ho sa etsahalang hoba le hlalane e ka ba lebaka le lekanyetsang ho fumana hore na mahlong a Molimo lōna ba babeli le sa le “nama e le ’ngoe.”
Haeba u fumana hore mahlong a Molimo ha u-ua lokoloha ho ea ka Mangolo ho nyala hape, u ka etsa joang? Monyetla o mong e ka ba ho leka ho kopanela ʼnete ea Bibele eo u e tsebang le molekane eo le hlalaneng le eena. U ka ʼna ua ba le hona ho mo thusa hore a bone hore Bibele e ka fetola botho le ho tlisetsa batho ka bomong thabo bao nakong e fetileng bophelo ba bona bo neng bo tšoenyehile. Empa haeba lōna ba babeli le ikhethela ho kopana hammoho hape, e ka ba ho loketseng hore le boele le nyalane ka molao hape e le hore kopano ea lōna e hlomphehe mahlong a bohle.—Ba-Heb. 13:4.
Haeba hona joale a sa ikemisetsa poelano, tsoela pele u phela bophelo bo hloekileng, joalokaha u ʼnile ua etsa joalo kamoo ho bonahalang. (Jak. 3:17; 1 Ba-Thess. 4:3-5) Moapostola Pauluse o hlalositse hore ba phelang ba se na balekane ba boemong ba ho sebelisa nako ea bona le bolokolohi ka tsela e molemo ka ho phehella borapeli ba ʼnete.a (1 Ba-Kor. 7:29-35) Ho kopanela ka ho tsoetseng pele le phutheho ea Bokreste le ho tšoareha ho boleleng le ho ruteng Lentsoe la Molimo ho tla tlisa khotsofalo e khōlō le mahlohonolo a mangata.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Awake! ea la 8 December, 1972, maq. 5-8, le The Watchtower ea la 1 May, 1977, maq. 264-268