Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 12/1 maq. 17-20
  • Ho Boloka Kamano ea Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Kamano ea Bohlokoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • FALIMEHA, U ETSE QETO
  • HO RAPELLA BA HLOKANG
  • ‘LE TALIME KA MATLA, LE FELE LE LEMOHE’
  • Buka ea Bibele ea 59—Jakobo
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Atamelang ho Molimo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Tumelo e Etsa Hore re se Fele Pelo ’me re be ba Rapelang Kamehla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Boloka Tumelo e Tiile
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 12/1 maq. 17-20

Ho Boloka Kamano ea Bohlokoa

“Atamelang Molimo, ʼme o tla le atamela.”—Jak. 4:8.

1, 2. (a) Ke ka tsela efe Jehova e leng mofani ea moholo? (b) Ea belaelang o kotsing efe, ʼme hona ho ka qojoa joang? (c) Na tumelo e ka hōla, hona na ke ntho e fetang tšebetso ea kelello?

JEHOVA o fana haholo. Re se re ithutile ka tlaleho ea Luka hore Jehova o arabela likōpo tsa ba phehellang thapelong le ba lulang ba falimehile. ʼMe bangoli ba bang ba Bibele le bona ba ile ba bululeloa hore ba fane ka keletso e sebetsang e amanang haufi le taba ea thapelo le tumelo.

2 Jakobo, ka mohlala, qalehong ea lengolo la hae, o re hopotsa hore re lokela ho “kopa” bohlale ho molimo ho thulana le ho mamella le liteko tse sa tšoaneng. Oa eletsa le ho lemosa, a re: “Feela, a kōpe ka tumelo, a se ke a lika-lika.” Ea likalikang ke “ea pelo tse peli” ʼme ha a amohele letho ho Jehova. Ho e-na le hoo, re batla ha tumelo ea rōna e e-na le tšoaneleho e boleloang ke Jakobo, a re: “Ho lekoa ha tumelo ea lōna ho hlahisa mamemello.” (Jak. 1:3-8)a Le hoja, qalehong, tumelo ea rōna e ke ke ea e-ba matla joaloka ea Abrahama, e ka hōla ʼme ka linako tsohle e lume ʼnete, e seng e lika-like. Ho rōna ho ke ho be joalokaha Pauluse a ngolile hore: “Tumelo ea lōna e ntse e hōla ka ho fetisisa, le lerato la lōna bohle ho e mong le e mong le ntse le eketseha.” Tumelo ea ʼnete hase feela tšebetso ea kelello, empa joaloka Pauluse a ngolile hape: “U lumela pelong ea hao.” Re tlameha ho ba le tšusumetso e ntle, e fellang ka mesebetsi e metle.—Ba-Roma 4:20; 10:9, 10; 2 Ba-Thess. 1:3.

3. Ha ho bapisoa, ke linnete life tse tlisoang tlhokomelong ea rōna ho Jakobo 4:7, 8?

3 Ho tiisa sena, Jakobo a ngola tjena hamorao: “Baetsalibe, hatlelang, ʼme lōna ba pelo li peli, hlatsoang lipelo tsa lōna.” Ho fihla moo, Jakobo a etsa lipapiso tse itseng, joaloka Jesu, e le hore a ka hlakisa hore ho utloisisoe linnete tseo ho neng ho hlokahala hore li hatisoe: “Ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ʼme o tla le balehela. Atamelang Molimo, ʼme o tla le atamela.”—Jak. 4:7, 8.

4. (a) Ho atamela ho motho ho hloka bohato bofe, bo susumetsoang ke eng? (b) Na Molimo o itulela ho amohela ba joalo feela, ʼme ke litokisetso life tse seng li entsoe molemong oa bohle?

4 Ke khothatso e kaakang ea ho etsa qeto ka tsela e nepahetseng ʼme, qetellong, ke boipiletso bo futhumatsang pelo hakaakang! Motho a ka ʼna a etsa qeto le ho phehella a utloisisa hore ke tšoanelo ea hae, empa ho atamela haufi le motho e mong ho hloka ntho e ʼngoe e tebileng haholoanyane. Ho tlameha ho tsoa pelong, e khannang motho hore a itebale ʼme a itokisetse ho etsa mahlabelo e le hore a ka fumana le ho thabela kamano e lakatsehang e haufi ea botho. Hlokomela hore Jakobo ha a bolele hore haeba re atamela haufi le Molimo, joale oona, kamoo re ka bolelang, o ituletse feela moo a lebelletse ho re amohela. Ho e-na le hoo, haeba re nka bohato bo tiileng ba botho ho atamela ho Molimo, joale le oona o tla nka bohato bo lumellang le boo ka lehlakoreng la oona. Hona o ho etsa joang? O se o entse litokisetso tse itseng tse molemo ho kopanyelletsa le Lentsoe la Oona le mpho ea Mora oa oona e le Molopolli oa rōna, e le hore ho bonolo bakeng sa batho ba baetsalibe le ba sa phethahalang ho o atamela. Litokisetso tsena li bulehetse bohle ba lakatsang ho sebelisa molemo ho bona ka sepheo se tiileng le sa ʼnete.

5. Bahlanka ba ineetseng ba Molimo ba atisa ho sebelisoa joang ho thusa ba ratang ho ‘atamela ho Molimo’?

5 Na Jehova, leha ho le joalo, o na le letho leo a le etsang la sebopeho sa botho ka ho tobileng haholoanyane? Mabakeng a mangata haholo, ke ntho efe e le ʼngoe e amang le ho hula pelo ea ea batlang ʼnete? Ho feta ho tseba ʼnete, na ho phaella moo hase thahasello ea botho ea ʼnete le e mofuthu e bontšoang ke ea sebelisoang e le mohlanka oa Molimo? (1 Ba-Kor. 3:5) Ha ea batlang ʼnete a ea sebokeng sa pele sa Lipaki tsa Jehova, mohlomong a ke ke a utloisisa hakaalo se boleloang, empa hape ka ho teba o khahloa haholo ke moea oa ʼnete oa botsoalle o bontšoang ke bohle, ntle ho tlhokomelo ea botho le kamohelo tseo a li neoang. Ka tsela ena o ikutloa hore, karabelong ea boiteko ba hae ka hore a batle ʼnete le Mofani oa ʼnete, joale Molimo o atamela ho eena. Ha a ntse a tsoela pele, o utloa bopaki bo bong ba tsamaiso ea Molimo le tlhohoholofatso, hobane O fana ‘haholo, o se na ho khanana.’—Jak. 1:5.

6. Hona ho nolofatsoa joang feela, ʼme ho lokela hore ho hopoloe eng?

6 Ha ea batlang ʼnete a ntse a tataisoa bohato ka bohato tseleng ea ho loka, o ananela hore na ke tokelo e kaakang ho sebelisoa ke Jehova joaloka e mong oa baemeli ba hae ho thusa ba bang hape. Hona ho nolofatsoa ke ho tšollela ha hae moea oa hae ka lipelong tsa rōna, e le hore re ka bontša tholoana ea moea oo le ho bontša lerato la ʼnete le kang la Molimo.—Ba-Gal. 5:22, 23; 1 Joh. 4:11.

FALIMEHA, U ETSE QETO

7. Molumo o akaretsang oa lengolo la Jakobo o supa eng?

7 Jakobo o ne a ngolla Bakreste ba ineetseng ba neng ba nkile bohato ba pako le tšokoloho. Ba ne ba sokolohile tseleng ea bona ea nakong e fetileng ea boetsalibe, ’me joale ba ineetse bobona ba sa itšiele letho ho Jehova ho etsa thato ea hae ho tloha ka nako eo ho ea pele. Joalokaha molumo oa lengolo la Jakobo ka kakaretso o supa, ba bangata ba ne ba sa phelele litumellano tsa boineelo ba bona. Ba ne ba hlokomoloha bohlokoa ba ho boloka kamano eo le Jehova e le boemong ho phelang.

8. (a) Ke hobane’ng ho ke keng ha itšepisoa ka likamano? (b) Ke mabapi le eng Jakobo a neng a chesehela ho thusa ba chechelang morao?

8 Likamano ke seoelo, haeba ho ke ho etsahale, li lulang li eme nqa e le ʼngoe. Ho ke ke ha itšepisoa ka tsona. Li tsoela pele kapa, le hoja e le butle ʼme, joaloka sefate, metso ea tsona e tebe, kapa li fokole ʼme li qale ho omella. Litholoana le makhapetla li utloe bohloko ka baka leo. (Pes. 1:1-3) Ke sona se ileng sa etsahalla sechaba sa Iseraele oa nama. Pele nako e senyeha, Jakobo o ne a cheseha ho khutlisa Baiseraele bao ba moea ba neng ba chechela morao kamoo ho neng ho bonahala kateng. Kahoo, a ba hlakisetsa boemo hantle, a bapisa ʼnete le bohata ka mefuta e sa tšoaneng ea bohlale, hape le botsoalle, ha a hlalosa ho Jakobo 3:13-18 le Jakobo 4:1-6. Joale ho latela boipiletso joalokaha ho boletsoe ka holimo ho Jakobo 4:7, 8. Ho tšoana le tsela eo ka eona Jehova a ileng a ipiletsa ho Iseraele ea nama, ha re bala ho Esaia 55:6, 7 le Malakia 3:6, 7.

9. (a) Mokhoa o mong oa phutuhelo o sebelisoang ke Diabolose ke ofe, ʼme o sebetsa joang mehleng ea kajeno? (b) Petrose o ile a fana ka keletso e khothatsang joang ntlheng ee?

9 Ho isa tekanyong eitseng, na boemo boo bo teng kajeno? ‘Mehla e thata ho sebetsena le eona’ e hlileng ea boleloa, ruri e teng ka likhatello le likotsi tse ntseng li phahama tsa mefuta eohle li khobokellana holim’a batho hohle, haholo Bakreste ba ʼnete ba ‘tseleng e tšesaane e isang bophelong.’ (Matt. 7:14; 2 Tim. 3:1-5) Diabolose o na le mekhoa e ʼmeli e meholo eo a hlaselang ka eona. Ka linako tse ling, joalokaha Petrose a ngotse, o itšoara “joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang” kamor’a hore a re tšose hore re tsoe tseleng eo. (1 Pet. 5:8) O tlisa maemo a tšosang, le haeba a aparela sechaba kaofela kapa a tobana le motho ka mong haholoanyane, ka sepheo sa ho re qobella hore re sekisetse ka mokhoa o itseng, haeba ho hang re sa lahle boemo ba rōna bo amang letsoalo la Bokreste le metheo ea Bibele. Bophelo ba rōna ba tsatsi le leng le le leng, le hona ho phela ka bohona, bo ka ba kotsing ka likhang tse matla tsa mosebetsi kapa ho se nke lehlakore. Joalokaha ho se ho boletsoe, ke hona mona moo ho eeng ho hlokahale hore ho ʼne ho rapelloe bohlale ba ho lemoha le matla a ho sebelisa melao-theo ena ea Bibele. Ke ka baka leo Petrose a ileng a tsoela pele ho khothalletsa: “Hanang ho eena [Diabolose] ka ho tiea tumelong, . . . ha le se le utloile bohloko ka litšiuoana, o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee.”—1 Pet. 5:9, 10.

10, 11. (a) Ke mokhoa ofe hape o sebelisoang ke Satane, ʼme o sebelisoa joang kajeno, o isa kotsing efe? (b) Kahoo re lokela ho falimeha le ho etsa qeto joang?

10 Mokhoa o mong oo Diabolose a hlaselang ka oona o bolotsana haholoanyane. Satane hape ‘o ʼna a ikhakanya joale ka lengeloi la leseli.’ O itšoara joaloka noha, e seng ho tšosa, empa ho ikhakanya le ho thetsa, “joale ka ha noha e ne e thetse Eva ka mano a eona.” (2 Ba-Kor. 11:3, 14) E le bopaki ba leano lena, ho na le ntho e ʼngoe e tsejoang ke Satane eo a sa batleng hore u e tsebe, ke hore nako ea hae e khutšoanyane. Ka baka la ntoa leholimong, kamor’a ho tsoaloa ha ʼmuso oa Messia ka 1914, C.E., eena, drakone e khōlō ‘o ile a liheloa lefatšeng, a halefile haholo a tseba hore nako ea hae ha e sa le kae.’ (Tšen. 12:1-12) Haeba a ka qophella haholo ba ‘bolokang melao ea Molimo le ba nang le mosebetsi oa ho pakela Jesu’ hore ‘mehla ea bofelo’ e sa na le nakoana, joale ntoa o batla a e hlōtse. (Tšen. 12:17) Ba bangata ba ne ba tla lahleheloa ke kutloisiso ea ho potlaka ʼme ba sitoe ho lula ba falimehile. Re ka ʼna ra tšoareha habonolo ka mokhoa o feletseng ka telekiso e tloaelehileng ea bophelo ba tsatsi le leng le le leng. Ruri ho sena re ka ithuta hore na re ka talima lintho joang ka pono ea Jehova le ho leka ho ananela hore na o bala nako joang, re ntse re hopola mantsoe a Petrose: “Bofelo ba ntho tsohle bo haufi; le tsohe masene ke hona, ʼme le phele ka boitšoaro, le tle le tsebe ho rapela.”—1 Pet. 4:7; 2 Pet. 3:8, 9.

11 Bangoli ba Bibele ka bobeli, Jakobo le Petrose, ba buile ho hongata ho re thusang le ho re khothatsa hore re falimehe le ho etsa qeto ka tsela e nepahetseng, ka pelo e ntle re hlokometse lithapelo le tumelo haholo.

HO RAPELLA BA HLOKANG

12. (a) Jakobo o qetella a hōlisitse taba ea thapelo joang? (b) Balebeli hammoho le ba hlokang ba thusoa joang?

12 Qetellong ea lengolo la hae, Jakobo o hōlisa taba ea thapelo mabapi le tumelo ho ea pele le ka lehlakoreng le fapaneng. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, le haeba ‘ke ho utloa bohloko’ kapa ‘ha ho thabiloe,’ re lokela ho tla ho Molimo ka thapelo kapa thoriso. Hape o bua ka ho rapella ba hlokang. Ea kulang, ka ho totobetseng a hlomohile moeeng ʼme a amehile kelellong le boikutlong, o bolelloa hore a “bitse baholo ba kereke, ʼme ba mo rapelle.” Hona ka bohona ke pontšo ea tumelo ka lehlakoreng la hae le hore o tseba hore na a ka batla thuso hokae. Motho ha a ke a bitsa ngaka ntle le haeba a lumela ka mokhoa o itseng ho ngaka eo. Joale hlokomela litholoana tse ntle tsa ho nka tsela e joalo: “ʼMe thapelo e entsoeng ka tumelo e tla pholosa mobabi, ʼme Morena o tla mo tsosa liphateng; ʼme ekare ha a entse libe, o tla tšoareloa tsona.” (Jak. 5:13-15) Hona ka sebele ho fana ka ketello pele e ntle le tsamaiso ho ba hlokang le balebeli ba lokelang ho lula ba lokile ba bile ba ithaopela ho fepela ka se hlokoang.

13. Jakobo o sebelisa Elia e le mohlala o phahameng joang ntlheng ee?

13 Jakobo o hōlisa sena ʼme, a hopotse balebeli le baena ba bang ba hōlileng tsebong, o bolela hore “Thapelo ea ea lokileng e na le matla a maholo ho sebetseng ha eona.” A tšehetsa sena, o qotsa ketsahalo e tsotehang ea lithapelo tsa Elia tse ileng tsa arabeloa, pele “hore ho se ke ha na pula,” e leng nako e ileng ea nka lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, ʼme hape le hore pula e boele e ne. ʼMe Elia e ne e se motho oa mohlolo. “E ne e le motho ea ikutloang joale ka rōna.”—Jak. 5:16-18.

14. E le lentsoe la qetelo, Jakobo o fana ka khothatso e tsoelang pele joang?

14 Ha a phetha, ʼme a fana ka khothatso e tsoelang pele, ea ho falimehela ho thusa, haeba ho ka etsahala, le ho bona ba ‘khelohang ’nete’ o bolela hore leha e le mang le mang “ea khutlisitseng moetsalibe khelohong ea hae, o pholositse moea lefung, ʼme o apesitse libe tse ngata-ngata.” (Jak. 5:19, 20) Ke qeto e tšelisang hakaakang! E tšoana hakaakang le tlhaloso eo e leng ea Jehova ka boeena ha a itlhalosa, a re: “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau . . . o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe.”—Ex. 34:6, 7.

15. Ka ho tšoanang, ke litsela life tse peli tse boleloang ke Juda bakeng sa ho thusa ba hlokang?

15 Ho khahlisang, Juda o phetha lengolo la hae ka mokhoa o tšoanang ʼme o bua ka hore “le ’ne le ikahe holim’a tumelo ea lōna e halalelang ka ho fetisisa, ʼme le rapele ka Moea o Halalelang.” Le eena o hatisa bohlokoa ba ho falimehela ho thusa ba hlokang ho thusoa ka mokhoa o bonolo empa e le o potlakileng, a re: “Le hauhele ba bang ba lika-likang; ʼme le pholose ba bang ka ho ba tšosa, le ba tlose mollong, ʼme le ile le kobo e nang le litšila tsa nama.” (Juda 20-23) Le hona mona ho sa lebisoa khothatso ho ba hōlileng tsebong. Haeba ho na le bao u tsebang hore baa lika-lika kapa ba khothomelitsoeng ho oela litšileng, se ke ua potlakela ho ba khesa, empa ba tšole mollong, haeba ho ka khoneha, u hlokomela ho qoba hore uena kapa leha e le mang le se kene tseleng e silafetseng.

‘LE TALIME KA MATLA, LE FELE LE LEMOHE’

16, 17. Bukeng ea Ba-Heberu, ke motheong ofe Pauluse a bapisang ka makhetlo a mangata, o isa liqetong life?

16 Moapostola Pauluse o ile a sebelisoa e le mongoli bakeng sa mangolo a mangata a Mangolong a Bakreste a Segerike. Lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Baheberu le fana ka thuso e ngata e sebetsang le tataiso ho haheng tumelo ea ʼnete le e matla, e isang kamanong e haufi le Jehova Molimo le Kreste Jesu.

17 Ka ho utloahalang, lengolong le ka holimo Pauluse o bapisa hangata pakeng tsa Bajode ba etsang Iseraele oa nama le Bajode ba fetohileng litho tsa pele tsa phutheho ea Bokreste e bōpang Iseraele oa moea, le eo ho ileng ha ekelletsoa ka Balichaba hamorao. Motheong oa lipapiso tsena, Pauluse o bontša kamoo Bakreste ba Baheberu ba ileng ba thabela melemo e mengata ho feta Iseraele oa nama, empa hona hape ho tlisa boikarabelo bo boholoanyane. Bakreste bohle ba ʼnete kajeno, ho sa tsotellehe botso ba bona, ka mokhoa o tšoanang ba ka sebelisa lintho tsona tsena ho bona ʼme ba fumana molemo kahoo.

18. Ke temoso efe ka ho nyelisa e phetoang lengolong lee, ʼme e theiloe ho eng paleng ea Iseraele?

18 Pelenyana Pauluse o bolela taba ea hore haeba lentsoe le ileng la boleloa ka mangeloi ha ho ne ho fanoa ka Molao ho Iseraele le ile la tlameha ho sebetsoa ka hlonepho e khōlō, joale “ana re tla phonyoha joang, ha re sa hlokomele poloko e kalo, e neng e qale ho boleloa pele ka Morena” Jesu? (Ba-Heb. 2:1-3; Ba-Gal. 3:19) Temoso e joalo e boleloa ho elella qetellong ea lengolo. Hoba a bolele se etsahetseng thabeng ea Sinai, Pauluse oa ngola, a re: “Hobane ba nyelitsitseng ea neng a bua le bona a le lefatšeng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholo-holo rōna re ka phonyoha joang ha re furalla ea buang le rōna a le maholimong.”—Ba-Heb. 12:25.

19. Kahoo, ke litlhaloso life tse tobileng le tse thusang tse entsoeng ho Ba-Heberu 3:12-15; 12:25-29?

19 Ke hona mona moo tumelo ea rōna e lokelang ho luma ʼnete hore re be le tšoaneleho e lekiloeng e hlokahalang. Pelo e-ea ameha. Hoba a qotse hlaloso ea Molimo ka Iseraele hore “pelo tsa bona li kheloha ka mehla,” Pauluse o etsa temoso e matla molemong oa rōna, a re: “Banab’eso, iponeleng, e se be e mong ho lōna a ka ba le pelo ea ho se lumele, e mo lahlisang Molimo o phelang.” Re ke ke ra ema nqa e le ʼngoe feela. Haeba re sa ‘atamele ho Molimo’ ka tumelo e ntseng e hōla ho ea pele ha re ntse re mo ananela haholoanyane, joale ho teng kotsi ea hore re ‘ithatafatse ka thetso ea sebe,’ ʼme re qale ho checha, re sa hlokomele hore na ho etsahalang ke hofe. Re tlameha ho thusana ntlheng ena re ‘khothatsane ka matsatsi ’ohle.’ Re tla hlōla “ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo oa tšepo ea rōna.” Tšepo e tiileng, tumelo ena e sa sisinyeheng, e tlameha ho bolokoa e le hore re ka ruoa “ʼmuso o sa sisinyeheng” le mahlohonolo a oona.—Ba-Heb. 3:10-14; 12:28.

20. Ntle ho ho hatisa tumelo, Pauluse, lengolong lee, o re khothalletsa eng mabapi le thapelo?

20 Pauluse hape o re khothatsa ka thapelo, le ho ‘talima ka matla Jesu, moqali le mophethi oa tumelo ea mameletseng. Le fele le lemohe ea mameletseng khanyetso e kalo ea baetsalibe, le tle le se ke la khathala ke ho felloa ke lipelo.’ Ka baka la sohle seo a fetileng ho sona a ka utloela mefokolo ea rōna bohloko, le hoja a se na sebe ka boeena, ʼme ke ka eena re ka atamelang ‘teroneng ea mohau’ le ho fumana thuso ka nako e loketseng.—Ba-Heb. 4:15, 16; 12:2, 3.

21. Ke hokae hona joang Pauluse a amahanyang thapelo haufi le ‘lihlomo tse aparoang’ tse fanoang ke Molimo, ho isa qetong efe?

21 Qetellong, joalokaha Pauluse a ngotse a ngolla Ba-Efese, hopola hore ho ‘rapela ka moea ka mehla’ ho amana haufi le ho apara “lihlomo tsohle tsa Molimo.” ʼMe, ho tšoana le Pauluse, re lokela ho ithapella le ba bang hore re neoe “ho bua phatlalatsa, re tle re tsebise batho sephiri sa Evangeli ka sebete.’—Ba-Ef. 6:10-20.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa, January 15, 1979 maq. 18-22, bakeng sa puisano ka Jakobo 1:1-12.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela