Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 10/1 leq. 31
  • Ho Nyoreloa ’Nete hoa Putsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyoreloa ’Nete hoa Putsoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 10/1 leq. 31

Ho Nyoreloa ’Nete hoa Putsoa

Ireland batho ba bang ba ’nile ba batla Lipaki tsa Jehova ho botsa ka ’nete ea Bibele. Ka mohlala, tabeng e ’ngoe Paki ea siela mosali bukana ea ileng a e bala ’me a e fa monna oa hae. Libeke tse peli hamorao, monna enoa a tla lapeng ha Paki ’me a re ho mosali oa eona: “Monna oa hao o file mosali oa ka bukana. Ke e balile, ’me ke ’nete. Ke rata ho buisana le monna oa hao. Ke mo batlile ka libeke tse peli tse fetileng.”

Monna a hlalosa hore o thahasella Bibele haholo. Ha e le hantle, ka ho bala Bibele ea K’hatholike a bolela hore o ne a tseba hore ’muso oa Molimo oa tla. “Seo ke batlang ho se tseba ke sena,” ha rialo monna eo, “na nka fumana sebaka ’musong ona?”

Ha etsoa litokisetso tsa hore banyalani ba Lipaki ba etele ea botsang le mosali oa hae. Nakong ea ketelo, puisano e telele ka Bibele ea tsoela pele. Ka Sontaha se latelang, banyalani ba thahasellang le lelapa la bona ba e-ba teng puong ea phatlalatsa Holong ea ’Muso, ’me hona ha isa thutong ea ka mehla ea Bibele. Kamor’a nakoana feela, lelapa le neng le batla ’nete le ne le tlositse lintho tsa boineelo borapeling ba bohata lapeng la bona ’me ba tsoela pele hantle haholo moeeng.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela