“Botšepehi”—Na bo ka u Thusa?
“E NTENNE! Ha ke sa e batle ho hang!” Ke hangata hakae u utloang motho e mong a bua joalo kapa uena u kene molekong oa hore u bolele joalo? Keketseho e khōlō ea bonokoane, pefo, khethollo le maemo a mang a hatellang a entse hore ba bangata ba fihle ntlheng eo ho eona ba tenehelang bophelo.
Empa ho bonolo ho boloka boemo ba thabo ho sa tsotellehe maemo a tepeletsang. Ntlheng ena, Mangolo a phahamisa bohlokoa ba “botšepehi.” Ho bontšang kamoo boemo bona e leng phihlelo e thusang ke phihlelo ea moprofeta Habakuke.
Le hoja ka ho totobetseng a phetse lekholong la bosupa la lilemo B.C.E., Habakuke o ile a talimana le maemo a tšoanang le ao batho ba bangata ba talimanang le oona kajeno. Moprofeta o ile a llisoa ke pefo, tlatlapo le qhoebeshano tse neng li bonoa kae le kae. (Hab. 1:1-3) “Ka baka leo, molao o robetse, ha ho sa ahloleloa ka ho loka,” kamoo ho ileng ha tsota Habakuke, a phaella ka hore: “Hobane molotsana o likile ea lokileng, ’me kahlolo ea khopamisoa.”—Hab. 1:4.
Ho tšoana le ba bangata kajeno, moprofeta oa Molimo o ne a batla ho tseba hore na Ea Holimo-limo o tla mamella bokhopo bo joalo hobane’ng. (Hab. 1:13, 14) ’Mōpi a fana ka karabelo e latelang:
“Ngola tšenolo, e betle mamatjaneng, hore ea balang a e bale habonolo; hobane tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa. Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.”—Hab. 2:2, 3.
“Tšenolo” eo ho neng ho bonahala e lieha ho phethahala e ne e amana le ho timetsoa ha ba khopo, ba har’a batho ba Molimo le ba neng ba sa ipolele hore ke barapeli ba Jehova. Le hoja ho ne ho bonahala e lieha, tšenolo eo e ne e tla fela e phethahale.
Ha a sa ntsane a e emetse, moprofeta oa Molimo o ne a lokela ho itšoara joang? Ke hona mona moo Mangolo a bolelang botšepehi. Habakuke a bolelloa hore: “Bona, moea oa hae o hohomohile, ha oa loka ka ho eena; empa ea lokileng [ea tšepahalang] o tla phela ke tumelo ea hae.” (Hab. 2:4) “Botšepehi” bo nolofalletsa motho ho ‘’na a phela’ joang? Ho sena ho na le thuto ea bohlokoa le bakeng sa batho ba phelang kajeno.
Botšepehi tabeng e mona ha bo bolele feela ho lumela kelellong hore Molimo o teng. Ho e-na le hoo, bo bolela tumelo kapa kholiseho e tiileng litšepisong tsa Molimo tsa ho felisa maemo a hatellang. Ka mokhoa o pheta-phetang Mangolo a hlakisa khahleho eo Molimo o nang le eona ho ba lumelang litšepiso tse joalo, haesita le ho se khahloe ha oona ke batho ba haelloang ke tumelo. Hona ho boleloa hantle ho Ba-Heberu 11:6, moo re balang hore: “Empa tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”
Ke joang, he, ea tšepahalang ‘a tla ’ne a phele’? Hona ho supa nakong ea hona joale le e tlang.
Ho latela buka e hlalosang mantsoe ea William Gesenius, hangata lentsoe la Seheberu bakeng sa “phela” le bolela “ho phela hantle, ka nala, ho atleha, ho ena.” Motho eo tumelo ea hae e tiileng litšepisong tsa Molimo tsa ho felisa ba babe lefatšeng o tla tsoa a ntse a thabela bophelo bo monate haholoanyane. Moprofeta Mikea, ea neng a phela nakong eo ka eona motho a neng a ke ke a tšepa le molekane oa hae oa lenyalo (ea robetseng sefubeng sa hae), o bontšitse boikutlo bo botle ha a re: “Empa ha e le ’na, ke tla talima ho Jehova, ke lebelle Molimo oa poloko ea ka.” (Mik. 7:5-7) Ka mokhoa o tšoanang, ba bontšang ‘boikutlo ba ho lebella’ Molimo kajeno ba tla fumana hore bobe bo tletseng hohle ha bo ba tšoase.
Molemo o mong oa botšepehi o ’neteng ea hore Molimo o tla ‘boloka’ phutheho ea bahlanka ba oona ba tšepahalang maemong a mahlonoko, ho kopanyelletsa le eona tšokelo ea lefu. (Pes. 33:18, 19; 41:1, 2; 138:7) Mehlala ea sena ke Jeremia le Ebede-Meleke, bao ho bonahalang ba phetse ka nako e le ’ngoe le Habakuke. Ba phonyoha ho lihuoa ha Jerusalema ke Bababylona ka bobeli, e leng ho e neng e le karolo ea tšenolo ea likahlolo tsa Molimo tse boletsoeng ke Habakuke.—Hab. 1:6-11; bapisa Jeremia 39:11-18; 40:1-10.
Boprofeta ba hore batho ba tšepahalang ba tla ’ne ba phele ke bo molemo haholo bakeng sa Bakreste. Moapostola Pauluse o ngolile: “Hobane ha ke na lihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Molimo a ho pholosa mang le mang ea lumelang, mo-Jode pele, le eena mo-Gerike. Hobane ho loka ha Molimo ho koaholotsoe ka ho eona, ho tsoang tumelong ho isang tumelong, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ea lokileng o tla phela ke tumelo.”—Ba-Roma 1:16, 17.
Ka mantsoe ana Pauluse o ne a hatisa melemo ea bohlokoa e tlelang batho ba lumelang sehlabelong se phekolang libe sa Jesu Kreste. Tumelo e joalo ha e tlise tlhohonolofatso ea Molimo feela ho ba nang le eona ha ba sa ntsane ba emetse bofelo ba bokhopo, empa hape e isa tšoarelong ea libe, boemo ba ho loka ho Molimo le “poloko”—e, monyetla oa ho ‘’na motho a phela’ ka ho sa feleng phethehong.—Hab. 2:4; Joh. 3:16; Lik. 10:43; 26:18; Ba-Gal. 2:15, 16.
Ha ho talingoa litebello tsena tse thabileng, barati bohle ba Molimo kajeno ba tla fumana molemo khothatsong ena ea Mangolo e tsoelang pele e amanang le tumelo: “Ka baka leo, le se ke la lahla tšepo ea lōna, e nang le moputso o moholo. Hobane le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng. Hobane ho se ho se hokae, ’me ea tlang ho tla o tla hlaha a ke ke a lieha. ’Me ea lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a koeneha, moea oa ka ha o khahlisoe ke eena. Ha e le rōna, ha re batho ba koenehang ho ea timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.”—Ba-Heb. 10:35-39.
Ka sebele, ho tšepahala ho Molimo ho ka u thusa. Ba tšepahalang ba ‘tla ’ne ba phele’ ka hore ba thabele mahlohonolo a bophelo ba bomolimo hona joale le ka ho fumana bophelo bo sa feleng taolong e ncha ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” e hlileng ea boleloa boprofeteng ba Bibele. (2 Pet. 3:13; Tšenolo 21:1-5) Ho talimiloe sena, barati bohle ba Molimo ka botšepehi ba tla ela hloko khothatso e bululetsoeng e reng: “Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.”—Hab. 2:3.
“Motho ea tšepehang o ruile mahlohonolo; empa ea ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.”—Liprov. 28:20.
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 3]
“Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.”—Hab. 2:3.
MOPROFETA HABAKUKE O NE A BOLELA’NG KA SEO?