Ba Lula ba Tiile Tumelong Linakong Tse Thata
LIKAROLONG tse ngata tsa lefatše, mahloriso a tukela Bakreste ba ’nete, joalokaha a entse lekholong la pele la lilemo. Joalokaha Bakreste ka nako eo ba ile ba lula ba tiile tumelong, ba etsa joalo le kajeno. Ho isa qetellong ea 1978, lengolo le tsoang ho molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova le eang ho ofisi ea lekala ea naha eo a e sebeletsang le boletse ka mahloriso a sehlōhō a ntseng a etsetsoa Lipaki sebakeng se itseng. Ho ema ha tsona li tiile ho khanya e le mohlala o mong oa ho tšepahala ha Bokreste.
Ho latela tlaleho ea molebeli ea tsamaeang, bakhathatsi ba ile ba bolella sehlopha sa Lipaki hore: “Ha re sa batla ho utloa le ntse le bolela ka Jesu.” Empa tsa arabela: “Ha re bone phoso ea letho ea se entsoeng ke Jesu. Kahoo ha ho phoso ea letho ka ho bolela ha rōna ka eena.”
Hona ha halefisa banna. Joale ba etsa hore Lipaki—baena ba bararo le bo-khaitseli ba babeli—ba tlise libuka tsohle tsa bona sebakeng se hole ka lik’hilomithara tse hlano. Eaba moo ba chesa libuka. Joale, hoba ba ise baena sebakeng se thōkoana hape, ba qala ho shapa khaitseli e mong—ngoananyana e monyenyane ha baena ba shebelletse. Ba khutlela ho baena, ba re: “Ngoanana o re ke lōna ba mo qobelletseng hore e be Paki.” Leha ho le joalo, khaitseli e monyenyane ea sa tsoa shapuoa a utloa ha ba bua joalo, ’me a hoeletsa: “Ke leshano!”
Joale moena e mong a tlamelloa matsoho kamorao. A shapuoa hore a be a ilibane. Hoba ba hoeletse, ba re: “Jesu a fele,” bahlorisi ba otla moena e mong ’me ba mo poma tsebe e ’ngoe. Moena oa boraro le eena a otloa hampe, e leng ho batlileng ho foufatsa leihlo le leng la hae. Empa ha ho lea mong ho baena ea ileng a latola tumelo ea hae ho sa tsotellehe tšoaro ena ea bobatana.
Qetellong, ba isa baena nōkeng, ka boikemisetso ba ho ea ba qoelisa. Tseleng baena ba rapela ka tieo. Joale bahlorisi ba fetola maikutlo a bona ’me ba ba isa malapeng a bona. Moo ba bolelloa hore ba se hlole ba ea motseng o nang le Holo ea ’Muso ka likhoeli tse latelang tse tharo. Leha ho le joalo ka Sontaha se hlahlamang e mong oa baena a ea sebokeng motseng oo.
Hamorao, Lipaki tsona tseo tse hlano tsa atameloa ke sehlopha se seng sa banna. “Le atamela Molimo ka mang?” ba botsoa. Moena e mong a arabela, “Ka Jesu.” Empa a kenoa hanong ka mantsoe a reng: “Re atamela Molimo ka meea ea balimo ba rōna.” ’Me moitšunya-tšunyi e mong a phaella ka hore: “Kahoo ha le rapele balimo ba lōna.” Lipaki tsa ikhutsetsa.
Joale e mong sehlopheng a nka molamu o moholo ’me a qala ho shapa baena. Ba bang ba mo tlatsa, ba ba otla ka litebele le ho ba raha ka lirifi tsa bona. Kamorao ho nako, moena e mong a aroloa ho ba bang ’me a isoa sebakeng se seng ke ba bang har’a sehlopha ho ea botsisisoa. A bolelloa hore a phete lepetjo le reng “pele-ea-pele ka ntoa.” Kaha o ile a hana, a shapuoa hape. E mong oa bahlorisi a re: “Re nee lerama le leng hobane Jesu o itse ha motho a u otla lerama le leng u mo nee le le leng.”
Moena a etsa joalo, ’me a bososela ha ba bang ba mo tšeha. Leha ho le joalo, ea neng a itse a tlise lerama le leng ha a ka a mo otla hape, empa ka ho soma a re: “U tšoana le lehlanya. Tsamaea!” Ba bang, leha ho le joalo, ba qala ho mo shapa ka bokamorao ba lithunya tsa bona le litebele, ha ba bang ba mo raha ka lirifi tsa bona. Ka nako eo o ne a se a tsoile tšobotsi.
Hoba ba hlōlehe ho mo etsa hore a sekisetse, ba khutlisetsa moena ho bahlorisi ba pele. Bana ba tsoela pele ho leka ho mo phehella hore a sekisetse le hore a phete lepetjo le reng “Pele-ea-pele ka ntoa.” Ba re, “ke nthonyana e fokolang feela ho etsoa.” Empa moena a ema a tiile, a hana ho sekisetsa tabeng ena ho sa tsotellehe ho otloa ho ea pele.
Hoo e ka bang nakong ena mosali oa moena a fihla moo. Eare ha ba utloa hore na ke mang, banna ba leka ho mo phehella hore a etse hore monna oa hae a phete lepetjo. Empa khaitseli a ikhutsetsa. Ka nako eo ho ne ho se ho fetile bosiu bo boholo, moena a mamelletse lihora tsohle tsa motšehare, eaba bahlorisi ba a tela ’me ba tsamaea.
Hosesane, baena ba fihlela qeto ea hore ba tsamaee ka lenyele, ba sia thepa ea bona e le hore ba se ke ba mema mahlo. Ba fumana Lipaki tse ling, ’me tsena tsa hlokomela baena ba bona ba neng ba mamelletse hakaalo.
Boikutlo ba Lipaki tsena tse hlorisoang ke bofe? ‘Re ikemiselitse, haeba ho hlokahala, ho shoela lebitso la Jehova,’ kamoo li bolelang. ’Me ke sona seo li hlileng tsa se bolella bahlorisi ba tsona sefahla-mahlo. Phello ea ho boloka botšepehi ho joalo e bile efe? Ntlheng e ’ngoe, ba bang ba ileng ba li bona li mamella tlas’a tšoaro e sehlōhō joalo hamorao ba ile ba utluoa ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete.”