Bophelo ba ka ke le Lesole—Ntoeng ea Mefuta e ’Meli
Kamoo ho bolelang Charles A. Randall
HORA ea 11 letsatsing la 11 la Pulungoana 1918 ke nako e neng e beetsoe hore likhohlano tsohle tsa Ntoa e Kholo li khaotse. Ka nako eo, ke le lesole lebothong la New Zealand moleng oa ntoa o ka Bophirimela haufi le Mons, Belgium, ke ne ke bone ho lekaneng ka ntoa hore ho nkuke bophelo bohle.
Matsatsi a mangata ke ne ke a qetile ka mekoting har’a mahloa le lipula. Ke ne ke phonyohile likulo, liqhomane le meea e chefu. Empa metsoalle ea ka e mengata e ne e sa fumana lehlohonolo le lekaalo, ’me ho ne ho bile bohloko ho ’na ho epela litopo tse mali tsa balekane ba ka. Tšabo, lefu le timetso tsa ngola mehopolo e neng e tla nkhatella ka lilemo tse telele le ho hopoleha habonolo ho fihlela kajeno, leha ke se ke le lilemo li 84.
Pele ntoa e qhoma, lefatše ka kakaretso le ne le khutsitse. Nakong eo ea khotso, ha ke nkile leeto ho tloha hae England ho tla New Zealand, e meng ea metsoalle ea ka e meholo e ne e bile Majeremane a tsamaeang le likepe. Empa ntoa ea pele ea lefatše ea re fetola lira. Ntoa ea bonahala e le lefeela le lekaakang ho ’na! Ruri ho tlameha ho be le tsela e ’ngoe ho lokisa mathata a motho. Le hoja ke ne ke hōlisitsoe ke le Moprostanta ea thata-thata ’me ho se mohla nkileng ka felloa ke hlompho bakeng sa Bibele, ka felloa ke tšepo haholoanyane bolumeling ka kakaretso. Ho bona moprista oa rōna oa ntoa a re tsamaisa a le moleng oa ka pele, sethunya se leketlile lehlakoreng ho eena, ’me ke mo utloa a rapella tlhohonolofatso ea Molimo pele a re rōmela ho ea bolaea ho ne ho bonahala e le boikaketsi bo fetisisang bakeng sa monna eo ho neng ho nkuoa hore o emela “Morena oa khotso.”—Esa. 9:6.
Ka 1917, leha ho le joalo, ke ne ke teane le mokhoa o mong o fapaneng haholo. Har’a masole a rōna a hlometseng a 1 700 sekepeng sa lebotho la rōna (“Waimana”) ho ne ho le teng bahlankana ba supileng ba sa aparang sesole. Ba ne ba le moo khahlanong le thato ea bona. Ho ne ho sisimosa ho ba bona ba akheloa sekolokoto ka sekepeng—ba nkoa ba hlanamisitsoe ba tlamiloe matsoho le maoto. Ba hana ho apara seaparo sa sesole, ho tšoara sehlomo sa mofuta ofe kapa ofe leha e le hona ho sebelisa thepa leha e le efe ea ho itšireletsa ea sesole. Bana ba hanang ka baka la letsoalo e ne e le ba sehlopha se tsejoang e le Liithuti tsa Lichaba Tsohle tsa Bibele. Bahlankana ba qobelloa ho tsamaea le rōna ho ea moleng oa ntoa le ho lula le rōna ka lilemo tse peli tseo re bileng mose ka tsona. Le hoja ke ne ke ananela tieo ea bona le botšepehi ba bona, ho ne ho tla nkuka lilemo pele ke hla ke utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba nka boemo boo ba neng ba bo nkile.
BOPHELONG BO TLOAELEHILENG HAPE
Hoba ke tlohele sesole ka 1919, ho bile thata haholo ho ’na ho qalisa bophelo bo tloaelehileng ba tsatsi le leng le le leng. Boroko bo ne bo khathatseha haholo ha lipono tsa ntoa li ntse li khutla. Ka linako tse ling ke ne ke theoha betheng ’me ke leke ho tsoa ka fenstere pele ke hlokomela hore na ke hokae. ’Me ke ne ke tsoenngoa ke potso: “Ke hobane’ng ha ke phetse ha ba bang ba bangata hakana ba shoele? E tlameha ebe morero o teng oa hore ebe kea phela.”
Ka bophelo ba ka bo ntse bo qepha, ha e-ba thata ho sebetsa polasing ea masole. Eaba ke fumana mosebetsi ke le setimamollo le moqhobi ho ba literene. Phomolo ea ka ke ne ke e lula ha motsoalle oa ka le lelapa la hae polasing ea bona. Ka nako ea phomolo e ’ngoe, bashemane ba hae ba babeli ba kenang sekolo ba fihla lapeng mantsiboeeng a mang ’me ba bolela hore “mahlanya a ha Belcher” a tla hosesane. Mosali oa motsoalle a mpolella hore lelapa la Belcher ke la batho ba ratang bolumeli haholo ba tloaetseng ho pota le moo ka moqoqo ’me ba siee libukana tse ka baloang. Ka mo bolella hore ke tla ba khahlametsa hekeng ’me ke ba thibele ho nyolohela lapeng.
Mantsiboeeng a latelang, nakong ea ha ke re ke tla lata likhomo ho tla hama, bashemane ba matha ho tla mpolella hore “mahlanya a ha Belcher” a fihlile. Eaba kea tsoa, hore feela ke thulane le moshemane ea ka bang lilemo li 16. Hoba re lumelisane ka bokhutšoanyane, a re: “Ke Allan Belcher ’me ke na le molaetsa oa hao. Ke molaetsa oa ’muso oa Molimo ’me ha u o utloa, pelo ea hao e tla nyakalla.” Ra buisana hakhutsoanyane ’me a ntšiela bukana e reng “The Final War.” Hona mantsiboeeng ao, ka nka bukana War or Peace, Which? e neng e siiloe lelapeng le leng ke lona lelapa leo. Ke thahasella litaba tsa ntoa, ka bala bukana eo ho e qeta hona bosiung boo ’me, ha ke e qeta, ka re: “Ke ’nete!” Ke ona molaetsa oa hore mathata a motho a ne a sa itšetleha lintoeng tsa batho empa ho keneIleng ha Molimo ntoeng ea ho qetella khahlanong le bokhopo.—Tšen. 16:14, 16.
Nakoana kamor’a kopano ena ea pele ka 1932, ka qala ho tsamaea ka baesekele lik’hilomithara tse 18 ho ea libokeng tsa thuto ea Bibele tsa Lipaki tsa Jehova. Hape, e ne e le monyaka ho etela mapolasi a haufi le moo ’me ke bolelle batho ka ’muso oa Molimo, oona ’muso feela o neng o tla tlisa khotso ea sebele lefatšeng.—Pes. 37:11; Dan. 2:44; Matt. 6:9, 10.
HO QALEHA NTOA E FAPANENG
Ha hoa ka ha nkuka nako ho elelloa hore ho ba paki ea Jehova ho ama ntoa le hona. Leha ho le joalo, “libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li le matla ka Molimo ho liha liqhobosheane. Re liha ka tsona merero le liphahamo tsohle tse phahamelang ho loantša tsebo ea Molimo.” (2 Ba-Kor. 10:4, 5) Ena ke ntoa ea moea, ho loantšana le maikutlo le lithuto tsa bolumeli ba bohata. Ke ntoa e pholosang bophelo ho e-na le ho bo timetsa.
Leha ho le joalo, ntoa ea pele ke e loanne le ’na ka bonna. Ke ne ke tsuba haholo. Empa ka hlakeloa ka pele hore motho a ke ke a amoheleha ho Molimo boemong bona bo sa hloekang. A hlalosa ka sena kamor’a seboka se seng, Mokreste e mong e monyenyane a re: “U se ke ua re kea u tšeha, empa ha u fihlela kannete tsebo ea ’nete, u tla ho tlohela.” Ke ile ka fela ka fokotsa haholo, empa ke ’ne ke tsube ka linako tse ling, haholo ha ke buisana le sehlopha sa bahlankana, hore feela ke ba bontše hore “ha ke tšehe ka bona.” Leha ho le joalo, ka phakisa ka bona hore ho molemo ho nka boemo bo tiileng, ka thuso ea Jehova ka khaotsa mokhoa ona o litšila ho hang.—2 Ba-Kor. 7:1.
Joalokaha ke ne ke ile ka ngolisa ntoeng ka 1916, e bile takatso ea ka ho ameha ka ho feletseng ntoeng ena ea moea. Eaba joale ke qalisa mosebetsing oa boboleli oa nako e tletseng, ke sia lehae la metsoalle ea ka ’me ke leba Auckland, New Zealand. Ba nahana hore le ’na kea “hlanya” ka baka la ho sia tšireletso le mofuthu oa lelapa ke se na le chelete. Le hoja ka nako eo karabelo e ne e fokola boitekong leha e le bofe ba hore ke ba hlalosetse boikutlo ba ka ka ho sebeletsa Molimo, e bile thabo ho fumana lilemo hamorao hore mosali le mora e mong ba ile ba fela ba amohela ’nete.
Ka kolobetsoa nakoana hoba ke fallele Auckland ’me ka “bula-maliboho” moo ho fihlela ka 1934 ha ke palama sekepe se eang Sydney, Australia, tseleng ea ho ea mosebetsing oa boromuoa, New Hebrides. Eare ha sekepe seo re neng re tla se sebelisa ho eteleng lihleke-hleke tsena se robeha, eaba ke memeloa ho ea sebetsa lehaeng la Bethele le Sydney, sebaka seo mosebetsi oa boboleli ba ’muso o neng o laoloa ho tloha ho sona Australia. Nakoana hoba ke fihle moo, ka fumana lebaka la thabo. Bane ba neng ba hana ntoa ka baka la matsoalo ba neng ba le sekepeng sa lebotho la rōna e ne e le Lipaki tsa Jehova, le hoja lebitso leo le khethehileng le ne le sa sebelisoe ka nako eo.
NTOA EA LEFATŠE HAPE
Ka 1939, ka khutlela temong hape ha ke memeloa ho ea hlokomela thepa e tsejoang e le polasi ea ’Muso. E ne e lokisetsa lijo tsa lelapa la Bethele. E ne e fapane hakaakang le temo ea ka ea nakong e fetileng! Tsebo ea merero ea Molimo e ne e entse phetoho e khōlō katlehong ea boikutlo ba ka le ’meleng oa ka. E ne e bile moriana o molemo haholo, ’me ka ikutloa ke tsitsitse bophelong ka mosebetsi o molemo oo nka o finyeIlang.
Nakoana kamorao ho moo, Ntoa ea II ea Lefatše ea qhoma. Ntoa ea pele ea lefatše e ne e loketse hore e be ke ntoa e neng e felisitse lintoa tsohle. Eo e ne e ipakile e le tšepo ea bohata hakaakang!
Ka lekhetlo lena boemo ba ka bo ne bo fapane. Ke se ke le lesole lebothong le leng, ke ne nke ke ka le tlohela ho ea lebothong le leng. (2 Tim. 2:3) Boikemisetso ba ka e ne e le ho lula ke sa nke lehlakore ho hang, ke lule ‘ke se karolo ea lefatše’ le likhohlano tsa lona tsa sesole.—Joh. 15:19; Esa. 2:4.
Kamorao ho nakoana, Lipaki tsa Jehova tsa thibeloa Australia ka baka la boemo ba tsona ba ho se nke lehlakore. Ke sa tsebe, ho ne ho ntšitsoe taelo ea hore ke tšoaroe. Le hoja ba boholong ba ne ba tseba hore ke Polasing ea ’Muso, ha ho mohla ba kileng ba ntšala morao, le hoja re ne re eteloa hangata ke makhotla a tšireletso. Qetellong, leha ho le joalo, ho nahana ha phahamela khethollo ea bolumeli le moea oa ntoa, ’me thibelo ea tlosoa ka 1943.
Ka tsoela pele polasing ea ’Muso ho fihlela ka 1950, ha ho kulisoa ke setlama se seng sa moo ho nkenya sepetlele. Letlalo la ka le ne le ntšofetse, ’me ke tletse lekhopho le hlohlonang leo hamorao ke ileng ka utloa hore monna e mong o ile a ipolaea ka baka la lona. Ha ke fola, ka khutlela Bethele, moo tšebeletso ea ka e ntseng e tsoela pele.
MEKHOA EA NTOA
Motho o ’nile a tsoela pele ho ntlafatsa lihlomo tsa hae tsa ntoa ho fihlela hona joale ha a e-na le tse chefu tse nyarosang ho tsoela pele ha bophelo lefatšeng. Ntoeng ea rōna ea moea le teng ntlafatso e tsoelang pele e bile teng ho theosa le lilemo.
Ho sebelisoa ha makoloi a nang le liholisa mantsoe—e bile karolo e thabisang ea tšebeletso ka bo-1930. Ho hapa tlhokomelo, re ne re letsa rekoto ea ’mino, ebe joale re letsa rekoto ea molaetsa. Hamorao, ra sebelisa likramafono tse nyenyane, ho jara mechine ena e boima ka ntlo le ntlo le ho mema mong a ntlo hore a mamele puo e khutšoanyane e letsoang ea Bibele. Kapa re etse taetsano ea ho buisana haleletsana ka Bibele ’me re letse puo e teletsana.
Ka linako tse ling sehlopha sa rōna se ne se tsamaea seterateng se nkile litsebiso tse nang le mapetjo a kang “Bolumeli ke Leraba le Bolotsana” le “sebeletsa Molimo le Kreste Morena.” Hape, ho ne ho le likhaso tsa sea le moea tse neng li isa molaetsa malapeng a mangata. Mekhoa ena kaofela e ne e arola batho. Ba bang ba hanyetsa, ba bang ba thahasella.
Ho ithuta le batho Bibele e le batho ka bomong le malapa le ho ba bona ba kopanela le ’na ntoeng ea moea ho ntliselitse khotsofalo e khōlō. Ka linako tse ling, lilemong tsa pelenyana, re ne re ee re tsamaee re le sehlopha ho ea libakeng tse ka thōko bakeng sa mafelo-beke, re robala lihlahleng tse ling likhoeng bosiu ’me re bolela ‘litaba tse molemo’ kapa re ithuta Bibele le baahi ba moo motšehare. Re ne re ee re fane ka libuka re li ananya ka lijo hore re ithuse ho fihlela re khutlela hae. Kajeno, hona libakeng tseo ho teng liphutheho tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova.
Ho fumaneha ha libuka tse ngata tse ntle tsa Bokreste le koetliso e ntle ho tšoareng “lerumo la moea,” Lentsoe la Molimo, ho ntlafalitse tšoaneleho ea ntoa ea rōna ea moea ka ho tsoetseng pele. (Ba-Ef. 6:17) Le liphello e bile tse thabisang, ka khōlo ho tloha ho baboleli ba 41 000 lefatšeng lohle ka 1934 ho ea ho ba fetang limillione tse peli kajeno. E bile thabo e kaakang ho ba teng kopanong ea 1958 motseng oa New York moo ho neng ho bokane ba fetang 250 000 ba bona!
HO PHELA JOALOKA LESOLE LA MOEA
Moapostola Pauluse o ngolile: “Ea eang ntoeng ha a itšitise ka litaba tsa bophelo bona, a tle a khahlise ea mo memileng.” (2 Tim. 2:4) Ka bonna, bophelo bo bonolo, bo sa khurumetsoang ke lintho tse bonahalang tsa lefatše lena, bo ’nolofalelitse ho ithuta ka botebo lentsoe la Molimo le ho o sebeletsa. Hona ho nkhotsofatsa haholo. Ka mehla ke ’nile ka sareloa ke ho bona ba bang ba khoehlisa tšebeletsong ea Jehova kapa ba bile ba tela ntoeng ea bona ea moea.—2 Tim. 4:10.
Ke eng se amehang ho beng lesole le molemo? Boikhalemelo, ho ithaopela ho loana ka bonatla le ho mamella mathata ka linako tse ling, haesita le ho tiea ho tšoarelleng tšoanelong e tsoileng e le kabelo, ho sa tsotellehe hore na e fokola hakae. (Luka 16:10) Batho ba bangata ba ’nile ba etsetsa balaoli ba batho sena. Empa ke ho nka e le tokelo e babatsehang ho ‘loana ntoa e molemo ea tumelo,’ ho sebeletsa Morena oa marena, Jesu Kreste, le Molimo oa hae le Ntate, Jehova.—Esa. 55:4; 1 Tim. 6:12; Joh. 20:17; Tšen. 19:16.
[Setšoantšo sa Charles A. Randall se leqepheng la 24]