“Molisa” oa Borena oa Boprofeta ba Bibele
1. “Balisa” ba lipolotiki ba lefatše ba bolokile batho joang, ’me hona ho tla phekoloa joang?
“BALISA” ba bopolotiki ba tsamaiso ena ea lintho ba boloka batho ba kang linku ba arohane. Batho ba bang le ba bang ba lesakeng la bochaba le arohaneng. Ha ho lesaka le le leng le kentseng batho bohle. Mokhatlo oa khotso le tšireletseho ea lefatše, Machaba a Kopaneng, o sitiloe ho fana ka lesaka le joalo la bokahohle le hoja hona joale le e-na le lichaba tseo e leng litho tse 151.a Ha le honyelle se hlokoang ke batho bakeng sa lesaka le le leng tlas’a Molisa a le mong. Ke ’Mōpi feela, ‘ea entseng mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle,’ ea ka fanang ka Molisa oa ’Muso ea hlokahallang ho bokella batho bohle ka lesakeng le le leng.—Lik. 17:26.
2, 3. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ho bone ho le molemo ho theola teroneng balisa ba tsoileng ho Morena Davida? (b) Ke hobane’ng ha Jeremia 23:1, 2 e bolela malimabe ka balisa ba joalo?
2 Ka batho ba hae ba khethiloeng ba Iseraele, ’Mōpi a bontša lefatše lohle hore, tlas’a tsamaiso ea hona joale ea lintho, ha ho motho ea sa phethahalang ea ka bokellang batho bohle e le mohlape o le mong ’me a ba busa e le molisa a le mong feela oa bona. Hona ho ipakahalitse e le ’nete le boreneng ba marena a neng a e-tsoa ho Morena Davida, a ileng a hapa Jerusalema ’me a e etsa motse-moholo oa eona ka 1070 B.C.E. E le baemeli ba lefatšeng ba Molimo oa Iseraele ba ne ba lula ho se neng se bitsoa “terone ea Jehova.” (1 Likron. 29:23; 2 Likron. 13:8) Ka baka la balisa ba ’muso ba neng ba ntse ba senyeha butle-butle (ntle ho mekhelo e seng mekae) Molimo oa bona ho le molemo ho theola lesika lena teroneng kamor’a puso ea lilemo tse 463.
3 “Ho malimabe balisa ba senyang, ba qhalanyang mohlape oa makhulo a ka, ho bolela Jehova. Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova, Molimo oa Iseraele, bakeng sa balisa ba lisang sechaba sa ka: Le qhalantse mohlape oa ka, le o hasantse, ha lea ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lōna ka bolotsana ba liketso tsa lōna, ho bolela Jehova.”—Jer. 23:1, 2.
4. E le “balisa,” Sallume (Joakase) le Jojakime ba ile ba tsoella joang?
4 Hoba Morena Josiase ea lokileng a shoe ka 628 B.C.E., bara ba hae ba bararo le setloholo ba ipakahatsa litšebelisano tsa bona li le mpe. Hona ha fella ka hore bafo ba bona ba qhalanngoe. Ka mohlala, ho bile teng Shallume, kapa Joakaze, eena oa pele ho hlahlama Josiase ‘teroneng ea Jehova.’ Hoba a buse ka likhoeli tse tharo, a hapuoa a isoa Egepeta. A shoela moo. (Jer. 22:10-12) Ha e le ka moholoane oa hae, Jojakime, puso ea hae ea lilemo tse 11 e bile e hatellang le e tšollang mali hoo ho neng ho se letho le mo lokelang ha e se feela hore setopo sa hae se lahleloe ka ntle ho menyako ea Jerusalema le hore a epeloe “ka kepelo ea esele.”—Jer. 22:13-19.
5. E le “balisa,” Konia (Jojakine) le Tsedekia ba ile ba tsoella joang?
5 Jojakime a hlahlangoa ke mora oa hae e monyenyane, Jojakine, ea ileng a boela a bitsoa Jekonia kapa Konia. (Matt. 1:11, 12) Kaha e ne e le ngoana ea tsoileng lesikeng la Morena Davida ’me a lutse “teroneng ea Jehova,” mohlomong o ne a nkuoa e le oa bohlokoa joale ka lesale la tiiso letsohong le letona la Jehova. Empa ka baka la bobe ba hae o ne a lokeloa ke hore a tlosoe ’me a liheloe botlamuoeng naheng ea Babylona. Hoba a buse ka likhoeli tse tharo le matsatsi a 10 a ikutloa a tlamehile ho ineela ho morena oa Babylona ea neng a thibelletse Jerusalema ka nako eo. Jojakine le Baiseraele ba fetang 10 000 ba isoa botlamuoeng Babylona, ho ea shoela teng. Ha a ka a sia mora ea neng a tla lula teroneng, empa rangoana’e, Tsedekia mora Josiase, a etsoa morena e le moemeli oa Morena Nebukadnezare. (2 Mar. 24:5-17; Jer. 22:24-30) Tsedekia a koenehela kano e neng e entsoe ke eena ka lebitso la Jehova. Kahoo, eare ha a talimana le liphello tsa tsela ea hae ea borabele ’me a botsa ho moprofeta Jeremia, a tlisetsa Tsedekia molaetsa oa tsuo feela.
6. “Malimabe” a “balisa” bao a ipakahalitse e le malimabe ho bafo ba bona joang, ’me Jehova o ne a ikarabella ka qhalanyo joang?
6 Se ileng sa oela “balisa” bao ba borena ba bane ba ’muso oa Juda le balisa ba tlasana ba mahosana e bile “malimabe,” ka sebele. Hona ha boetse ha bolela ho qhalanngoa ha bafo ba bona ba kang linku ka hore ba ee botlamuoeng Egepeta le Babylona. Hona ha sia naha ea Juda e ie lesupi le senyehileng feela. Ka baka la bokhopo ba bona “balisa” ba ne ba ikarabella ka ho qhalanngoa ha “linku.” Molimo oa Iseraele, Jehova, ho ka ‘na ha boleloa hore ke eena ea ileng a qhalanya ka hore feela o ile a hlahisa makhotla a phethahatsang kahlolo e khalemelang ka hore kotlo e oele batho ba hae ba sa utloeng.—Jer. 23:1, 2; 2 Likron. 36:9-21.
EA TLA BITSOA “JEHOVA, HO LOKA HA RŌNA”
7, 8. (a) Ke mang feela ea ka fanang ka “molisa” ea phahametseng marena ao a mane a ho qetela a Jerusalema, hona hobane’ng? (b) Ka ho tšepisa “molisa” ea phahameng joalo, Jehova o itse’ng ho Jeremia 23:3-6?
7 Molisa oa sebele re mo fumana ka sebopeho sa Molimo oa Bibele, Jehova. A ka fana ka molisa oa ’muso ea molemo ho feta marena ao a ho qetella a Jerusalema a mane, ao bobe ba oona bo ileng ba fella ka ho qhalanngoa ha bafo ba bona ba kang linku. Ha ho talingoa babusi ba sa phethahalang ba batho hore na ba sia masoabi a joang bakeng sa bafo ba bona, Molisa oa leholimo Jehova o tšepisitse ho fana ka molisa ea joalo oa ’muso ea phahameng haholo. Kahoo ka mor’a hore a bolele “malimabe” ho “balisa” ba soabisang, ba ’muso oa Juda, a bululela moprofeta oa hae Jeremia hore a re:
8 “’Me ’na, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape oa ka mafatšeng ’ohle moo ke li hasanyelitseng teng, ke tla li busetsa makhulong a tsona, li tle li ngatafale, li ate. Ke tla li nea balisa ba li alosang; ha li sa tla tšaba, ha li sa tla thothomela, ha ho ka ke ha hlokahala le e ’ngoe ea tsona, ho bolela Jehova. Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho hlahisetsa Davida lehlomela le lokileng [ha ho bapisoa le lehlomela la borena le sa lokang la Davida] e be morena ea renang ka hlalefo, a bee kahlolo le ho loka lefatšeng. Mehleng ea hae, Juda o tla pholoha, Iseraele a ikahele boiketlong, ’me ke lona lebitso leo ba tla ’mitsa ka lona: Jehova, ho loka ha rōna.”—Jer. 23:3-6.
9. Ke hobane’ng ha ’nete ea hore lebitso la “molisa” ea tšepisitsoeng e ne e tla ba “Jehova ho loka ha rōna” e sa bolele hore ke Jehova ka boeena?
9 “O tla bitsoa: ‘Morena ke Mosireletsi oa Rōna.’” Ke kamoo khatiso ea 1978 ea phetolelo ea Mokhatlo oa Khatiso oa Sejode oa Amerika e ngolang Jeremia 23:6 ka eona, ha phetolelo ea Moffatt e baleha tjena, “moloaneli oa rōna.” Ha ho motho lea mong lefatšeng ea bileng le lebitso leo ka sebele. Leha ho le joalo boprofeta bo phethahatsoa ho Jesu Kreste. Ho tšoaneloa ha hae ke lebitso leo ha ho bolele hore Jesu ke Jehova Molimo ka boeena. Baiseraele ba ne ba bitsa Jotsadake, eo lebitso la hae le bolelang “Jehova o boletse ho Loka” kapa “Jehova o Lokile,” e ne e se Jehova ka boeena. (1 Likron. 6:14, 15) Jeremia 33:16 e re bolella hore le hoja Jerusalema e ne e bitsoa “Jehova ke ho Loka ha Rōna,” empa na hoo ha bolela hore Jerusalema e ne e le Jehova ka boeena? Che! Lebitso la morena eo oa ho qetela ea ileng a busa oa Jerusalema e ne e le Tsedekia, ’me lebitso leo le bolela “Ho Loka ha Jah.” Morena ea neng a tla bitsoa “Jehova ho loka ha rōna,” e leng, Jesu Kreste, le fapana haholo le Morena Tsedekia.
10, 11. (a) Ke ho batho bafe tšepiso ea Jeremia 23:5, 6 e phethahalitsoeng? (b) Lebitso “Jehova ho loka ha rōna” le ile la tlamahana le mang ka tšoanelo, hona joang?
10 Boprofeta ba Jeremia 23:5, 6 ha boa ka ba phethahala mehleng ea Jesu holim’a Juda le Iseraele le Jerusalema tsa sebele. Mekha eo ea Bojode e ile ea hana Jesu hore ke Messia. Ea senngoa le ho qhalanngoa ke Baroma ka 70 C.E. Ha e le hantle boprofeta bo phethahalitsoe ho Baiseraele ba moea, barutuoa ba tlotsitsoeng ba Kreste.
11 Nakong ea Ntoa ea I ea lefatše ea 1914-1918 masala a Baiseraele ba moea a ile a qhalanngoa ke baruti le lichaba tsa Bojakane tse neng li le ntoeng ea lefatše ka nako eo. Empa ho tloha ka 1919 ho ea pele Jehova a sebelisa Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng hore a bokelle masala a qhalaneng ho a kenya kopanong ea moea lefatšeng ka bophara. Litho tsa masala ana a bakileng le a tsosolositsoeng a Baiseraele ba moea tsa hloekisoa ’me kahoo tsa etsoa tse tšoanelehelang ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ lichabeng tsohle, ‘lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.’ (Matt. 24:9-14, NW) Ka tsela ena, ka mosa o sa tšoanelang oa Jehova ka Kreste, a boleloa a lokile kapa a sirelelitsoe. Jehova a ipakahatsa e le Motšehetsi oa oona, “moloaneli” oa oona, ’me a fetoha lipaki tsa hae tsa Bakreste. (Esa. 43:10) Joalokaha mohau ona o ne o tla tla ka Molisa oa Borena ea neng a beiloe teroneng ka nako eo, Jesu Kreste, lebitso “Jehova ho loka ha rōna,” le ne le tšoaneleha hore le ka hokelloa ho eena.
12. Ho lokolloa ha masala Babylona le ho beoa ha oona hape naheng ea Juda ha hlekela tsoalo efe ea bohlokoa?
12 Hore a tšoantšetse sena, Jehova a ntša masala a bakileng a Baiseraele “lefatšeng la leboea” le ho ba khutlisetsa naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. (Jer. 23:7, 8) Ho ba nyolla hona hoa hae Babylona le ho ba bea hape naheng eo e neng e le khale e le lesupi ea Juda ha hleka tsela bakeng sa ho tsoaloa ho hoholo ho feta hohle hore ho etsahale, Bethlehema-Juda. E bile ho tsoaloa ha Jesu Kreste e le setloholo sa Morena Davida.—Luka 2:1-38; 3:23-31.
13. (a) Jehova o hlahiselitse Davida ‘lehlomela lefe la ho loka’ ho sa tsotellehe eng ka lesika la borena la Davida? (b) Jehova o sebetsane joang le masala tumellanong le lebitso la lehlomela, “Jehova ho loka ha rōna”?
13 Kahoo Jehova a tsosetsa Davida “lehlomela la ho loka,” ho sa tsotellehe boprofeta ba hae ba “malimabe” khahlanong le Konia (kapa, Jekonia; kapa, Jojakine).b (Jer. 22:24 ho ea ho 23:2; Matt. 1:11-16; 2 Mar. 25:27-30) ‘Lehlomela lena la ho loka, Jesu Kreste, le ile la tela bophelo ba lona ba botho bo phethahetseng e le sehlabelo bakeng sa bafo ba hae ba kamoso ba batho. Ka ho etsa sena a rala motheo bakeng sa balateli ba hae ba ineetseng ba 144 000 hore ba ‘boleloe ba lokile’ ka maikutlo a hore e be majalefa hammoho le eena ’musong oa hae oa leholimo. (Ba-Roma 8:14-17; 1 Ba-Kor. 1:30, 31) Ho tloha ka 1919 C.E., ho sa tsotellehe liqoso tse neng li etsoa ke baruti ba Bojakane khahlanong le masala a majalefa ana a ’muso a ba 144 000, Jehova a khutlisetsa masala ana mohaung oa hae le tšebeletsong. Kahoo Jehova o a loanetse, a a sireletsa kapa a a ‘bolela a lokile,’ ka Kreste.—Ba-Roma 8:31-33; Jer. 23:6.
14. Har’a masala ana a tlotsitsoeng, Jehova o hlahisitse bahlanka bafe ho tloha ho tsoaloeng ha ’Muso ka 1914?
14 Har’a masala ana a tsosolositsoeng a Baiseraele ba moea Jehova o hlahisitse baholo ba tšepahalang kapa balebeli. Hantle joalokaha ’muso oa Messia o ile oa tsoaloa maholimong qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914, balebeli bana ba sebeletsa e le balisa ba mahosana lefatšeng ho fihlela ha masala kaofela a phetha tsela ea oona ea lefatšeng ’me a ikopanya le “Molisa” oa Borena ’musong oa hae oa leholimo.—Jer. 23:3, 4; Esa. 32:1, 2.
KAMOO BARUTI BA BOJAKANE BA HLŌLEHILENG
15. Ha ho bapisoa le boemo ba masala a tlotsitsoeng, Bojakane bo iphumana boemong bofe hona joale?
15 Tlas’a Morena oa leholimo, ea bitsoang “Jehova ho loka ha rōna,” masala a tsosolositsoeng a Baiseraele ba moea a lutse paradeiseng ea moea. (Jer. 23:3-6) Ha ho paradeise e joalo ea khotso ea moea e teng Bojakaneng kajeno. Bo iphumana bo le boemong bo silafalitsoeng ke bofebe le bo otliloeng ka tlala ea moea. Boemo ba bona bo hlomola pelo ’me ke selelekela sa mahlomola pelo a fetisisang ao e leng hona a tlang. A tla etsa hore motho a ipitike joale ka letahoa.—Jer. 23:9, 10; Matt. 24:21, 22.
16, 17. Tumellanong le Jeremia 23:11-14, ke bo-mang ba ikarabellang bakeng sa boemo ba Bojakane kajeno?
16 Ba ikarabellang bakeng sa sena ke baruti ba Bojakane. Ba soetsitse litho tsa likereke tsa bona. Ho joalokaha Jehova a boletse ka baprofeta ba bohata le baprista ba tempele mehleng ea Jeremia:
17 “Hobane ha e le baprofeta le baprista ke banyefoli, le hona ke fumane bolotsana ba bona ka tlung ea ka [tempele], ho bolela Jehova. Ka baka leo, tsela ea bona ho bona e tla ba joale ka nqalo e boreleli, e lefifi; ba tla khothometsoa, ba oele teng, . . . Empa baprofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaea leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho ’na kaofela ha bona ba joale ka Sodoma, baahi [ba Jerusalema] ba teng ba joale ka Gomorrha.”—Jer. 23:11-14.
18. Ke ho tloha neng hona ka tsela efe baruti ba Bojakane ba bileng molato oa bofebe ba moea?
18 E sa le hoba Bojakane bo theoe mehleng ea Constantine e Moholo, Hlooho ea ’Muso o moholo oa Baroma, baruti ba K’hatholike, ’me, hamorao, baruti ba Boprostanta ba bile molato oa bofebe ba moea. Joang? Ka hore e be metsoalle ea lefatše lena le ho nka karolo lipolotiking tsa lona le boitekong ba sesole.—Jak. 4:4.
19. Baruti le litho tsa likereke tsa bona ba hlile ba qaphalelitsoe ke boitšoaro bo bobe ka sebele joang?
19 Baruti ba lumelletse bafebi ba sebele le banna ba robalang le banna ba lule har’a bona le ho sebeletsa likerekeng tsa bona. Ho ke keng ha makalloa, he, ke hore baruti ba lumelle batho ba boitšoaro bo bobe joalo ba lule e le ba bang ba litho tsa bona tse ngolisitsoeng tsa kereke. Kajeno boemo ba boitšoaro bo bobe ba Bojakane boa tsebisahala, “boa tšabeha,” ka tekanyo e kholoanyane ho ea Sodoma le Gomorrha. Ka tšoanelo Bojakane bo tla hlokofatsoa ke phello e tšoanang le ea metse eo e boitšoaro bo bobe ea boholo-holo.
20. Ke hobane’ng ha baruti ba tla noa kabelo e mahloko a lefu?
20 Joalokaha e le bona ba nyatsehang haholo har’a batho ba Bojakane, baruti le baeta-pele ba bolumeli ba tla noa kabelo ea lefu: “Hobane ka baprofeta ba Jerusalema [ba neng ba tšoantšetsa Bojakane] bonyefoli bo hlile bo tsoetse pele lefatšeng lohle.”—Jer. 23:15.
21. Ke joang, ka 1925 C.E., sehlopha sa Jeremia se ileng sa hlokomelisa ka bokoenehi ba baruti?
21 Sehlopha sa kajeno sa Jeremia se bile nakong sa ba sa hloka tšabo ha se hlokomelisa lefatše ka bokoenehi ba baruti. Selemo sa 1925 e bile se hlokomelehileng ho sena. Kopanong e akaretsang ea Liithuti tsa Lichaba tsa Bibele Indianapolis, Indiana, ka Phato 24-31, karolo e khōlō e bile ho nkuoa ha qeto e reng “Molaetsa oa Tšepo.” Mookameli oa Mokhatlo a kenyelletsa qeto kamor’a ho neelana ka puo e neng e re “khoeletso ea ho Nka Bohato” eaba o tsoela pele ho e bala. Har’a lintho tse ling e ne e re:
. . . balumeli, ba Mak’hatholike le Maprostanta, ba totobetse ka boikhohomoso, boinahano, botsoa le ho hloka borapeli ha bona. Ka baka leo, ho totobetse hore lipheko tse fanoeng ke ba bang ba seng ba boletsoe kapa bona kaofela ke tse se nang thuso, tse shoeleng le tse se nang matla ho khotsofatsa takatso ea motho.
Bok’hatholike bo itsekela le ho inkela seo ka toka e leng sa Molimo ’o’notši. Ba mehleng ea kajeno ba latola Molimo, ba latola Lentsoe la Oona le morero oa Oona oa topollo, ’me ba fana ka matla a sefofuc e le pheko bakeng sa boemo bo sa butsoang ba motho. Maprostanta, le hoja a ipolela hore a lumela Bibele, ka tsela ea oona ea ketso a e latola. A ruta lithuto tsa bohata le tse hlomphollang Molimo, ’me hammoho le Mak’hatholike le ba mehleng ea kajeno ba ikentse metsoalle ea mebuso ea lipolotiki le ea khoebo ea lefatše ka hore ka bohata ba ipolele ba e-na le matla a ho hloma ’muso oa Molimo lefatšeng. Bana kaofela ba kopane tlas’a Satane morena oa bona e moholo ho sutumelletsa Molimo kamorao le ho hlompholla lebitso la oona. . . .
. . . A tseba sena, le hore nako ea hae e khutšoanyane, Diabolose o leka ho tšosa batho ka moroallo o moholo oa lithuto tsa bohata le thetso le ho tlosa likelello tsa bona ho hang ho Jehova. Nako e fihlile ea hore Molimo o iketsetse lebitso lefatšeng le hore batho ba tsebe ’nete e mabapi le morero oa bomolimo, oo e leng oona mokhoa feela oa poloko bakeng sa lefatše.—Lirapa 5, 6, 9. Bona The Watch Tower ea la 15 Mphalane, 1925, maqephe 310, 311. Hape hlokomela Tšenolo 8:12; 16:8, 9.
22. (a) Ke bo-mang ba sebeletsang lebitsong la morero oa Molimo hore a iketsetse lebitso? (b) Baruti ba bontšitse ho se hlonephe lebitso la Molimo joang ka tsela eo ba profetang ka eona?
22 Puo e neng e re “Khoeletso ea ho Nka Bohato,” e ileng ea kenyelletsa qeto e ka holimo, e itse, serapeng sa 28: “Nako e fihlile ea hore Jehova a iketsetse lebitso lefatšeng. Kereke e na le karolo ho sena ho atolosa ho ba lipaki tsa Morena.” (Leqephe la 326, la The Watch Tower ea la 1 Pulungoana, 1925) Kahoo, ho tloha qalong ea selemo (1926) kamorao ho qeto le ho abjoa ha eona lefatšeng lohle e le pampitšana, sehlopha sa Jeremia sa etsa boiteko bo hlokomelehang ba ho bea lebitso la Jehova ka pel’a batho bohle. Empa baruti ba Bojakane ba ipaka ba sa hlomphe lebitso la Molimo. Ba tlosa lebitso la Molimo morerong oa oona oo o o boletseng oa ho tlisa setsokotsane sa tlokotsi holim’a Bojakane, baruti ba ’na ba re “ho ba ’nyelisang [’na Molimo], ba re: Lentsoe la Jehova le re: Khotso e tla ba teng ho lōna.”—Jer. 23:17-20.d
23. (a) Na Jehova o rōmile baruti bao, kapa ke mang? (b) Ho ea ka Jeremia 23:21, 22, ho ka be ho etsahetse joang hoja baruti ba ema morerong oa Jehova?
23 Leha ho le joalo, ke mang ea rōmileng baruti bao ka litšepiso tsa bona tsa khotso? Ba ne ba sa ‘lula morerong oa Jehova’ e le hore ba ka ithuta molaetsa oa hae ka ho nepahetseng. Jehova o ne a sa ba rōma ka lebitso la hae. Ha a ka a bua le bona e le hore ba ka profeta se ‘tsoang molomong oa Jehova.’ Lihlopha tsa bolumeli tsa Bojakane li ithōmile ka botsona li tloha liseminaring tsa tsona tsa thuto ea tsebo ka Molimo. Ho ka be ho etsahetse joang hoja baruti ba lula “morerong oa Jehova” kapa lekhotleng la hae ’me ba khomarela ho tseo a li senolang? Jehova o re: “Hojane ebe ba kile ba ema morerong oa ka, ba ka be ba utloisitse sechaba sa ka mantsoe a ka, ba se sokolla mekhoeng ea sona e mebe le bolotsaneng ba liketso tsa bona.”—Jer. 23:21, 22.
24. Hoja baruti ba ema lekhotleng la Jehova, ke eng eo e ka beng e le leshano ka litho tsa likereke tsa Bojakane le ho ameha ha tsona?
24 Tabeng eo ho ka ba ho se teng ho se rutehe ho sisimosang ha Bibele ho teng kajeno har’a ba eang likerekeng. Hoja baruti ba ne ba etelletse pele ka bobona ’me ba khomaretse Lentsoe le senotsoeng la Molimo ’me ba rutile litho tsa bona tsa likereke tse baloang ka limillione hore li etse ka ho tšoanang, lintoa tse peli tsa lefatše li ka be li sa ba teng, lintoa tse qalileng Bojakaneng! Baruti ba ikarabellang ha baa pateha mahlong a Jehova. Ha e-ea ba feela “Molimo oa bohaufi” o ke keng oa bona lintho tse hole.—Jer. 23:23, 24.
25. Bakeng sa batho ba mamelang, ke eng, ho ea ka Jeremia 23:25-28, seo mang kapa mang ea nang le seo a ka fanang ka sona a lokelang ho se etsa hona joale?
25 Nako e fihlile ea hore batho ba etse qeto ea hore na ebe ba tla mamela ho ea pele “litoro” tsa baruti ba Bojakane kapa ba mamele Lentsoe la Jehova joalokaha le boleloa ke sehlopha sa Jeremia. Nako e boetse e fehlile ea hore bao ba ipolelang hore ke bahlanka ba Molimo ba nke bohato ka khang e beiloeng ho Jeremia 23:25-28: “Moprofeta ea nang le toro a ke a bolele toro, ea nang le lentsoe la ka a ke a bolele lentsoe la ka ka ’nete.”
26. Kaha karohano e tlameha ho ba teng pakeng sa litoro le Lentsoe la Molimo, sehlopha sa Jeremia le “bongata bo boholo” se itheretse ho etsa joang?
26 Lentsoe la Jehova le amana kae le “litoro” tsa leshano, lipono tse itsoelang ho batho lipelong tsa bona? Ha ho moo le amanang le tsona! karohano e tlameha ho ba teng pakeng tsa lintho tse peli, joalokaha ho aroloa koro setoroing. Sehlopha sa Jeremia se e-na le Lentsoe la Molimo ho sona se fihletse qeto ea ho le bua ka botšepehi ka linako tsohle. Ka baka la hlompho bakeng sa Jehova “bongata bo boholo” ba bamameli le bona bo fihletse qeto ea ho etsa ka ho tšoanang.
27. Ke neng, ’me joale joang, Lentsoe la Molimo le tšoanang le mollo le noto?
27 Ka lilemo tse ka bang 60 joale sehlopha sa Jeremia ka botšepehi se buile Lentsoe la Jehova. Ka bolona Lentsoe leo ha lea chesa liphutheho tse ka tukang tsa Bojakane; leha e le hore le se le thumakantse litsamaiso tsa lintho tse kang lithaba. Empa leha ho le joalo Lentsoe la bomolimo joalokaha le boleloa ke sehlopha sa Jeremia ha lea soetsa. Ha, ka nako e loketseng ea Jehova, ‘mahlomoleng a maholo,’ Lentsoe le boleloang le phethahatsoa ke eena, joale ke hona potso ea hae e tlang ho arabeloa hantle: “Na lentsoe la ka ha le joale ka mollo, ho bolela Jehova, le joale ka noto e thuhang lejoe na?” (Jer. 23:29) Kahoo, a re lumeleng Lentsoeng leo.
28. Ke joang baruti ba ‘utsoang mantsoe a Molimo, e mong le e mong ho molekane oa hae,’ kahoo ke mang ea khahlanong le bona?
28 Ho fapana le sehlopha sa baruti, ba sehlopha sa Jeremia ba rometsoe ke Jehova ho bua ka lebitso la hae. Leha ho le joalo, baprofeta ba baruti le bona ba ipolela hore ba bua ka lebitso la hae ’me, kahoo, ba bolele ’nete ea Bibele. Ka tsela ena baeta-pele ba bolumeli ba hlile ba ‘utsoa’ matla le tšebetso ea molaetsa oa tlokotsi o boleloang ke sehlopha sa Jeremia. Ke ’nete, sehlopha sa Jeremia se tšehetsa molaetsa oa sona ka ho qotsa mantsoe, “Ho bolela Jehova.” Empa baruti ba leka ho eketsa matla le molumo oa ’nete ho seo ba se bolelang ka ho hokella mantsoe, “Molaetsa oa bohlokoa!” Ho bonahala eka ba bua ba laetsoe ke Molimo. Kahoo ba ka ’na ba sebelisa temana ea Bibele e le boikhakanyo ba ho bolela ka lipolotiki kapa eona melaetsa e se nang ’nete ea ntoa. Leha ho le joalo Jehova o khahlanong le baprofeta ba joalo ba baruti bao a sa kang a ba roma ba e-tsoa morerong oa hae le ba ‘utsoang’ mantsoe ka Bibeleng ea hae e le hore ba ka itšebelisetsa oona ka mokhoa o fosahetseng.—Jer. 23:30, 31.
29. Jehova o tla bontša joang hore baprofeta ba joalo ba baruti ke mahata?
29 Jehova o tla bontša joang hore baprofeta ba joalo ba baruti ke ba bohata? Ka ho se phethahatse seo ba bolelang hore ke “molaetsa oa bohlokoa!” kapa seo ba nkang hore ba se bua ka lebitso la hae. Ha a tšehetse mashano a bona. “Ke na le tseko le ba profetang litoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba li bolelang, ba khelosang sechaba sa ka [ba se lelerisa] ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha kea ka ka ba roma, ha kea ka ka ba nea taelo, ’me ha e le ho thusa, ha ba thuse sechaba sena letho, ho bolela Jehova.” (Jer. 23:32) Ho hobe haholo bakeng sa batho!
30. Ke eng eo re tla e nea matla a e loketseng—Litiiso tsa baruti kapa Lentsoe la Jehova?
30 Nakong ena ea ha Bojakane bo se khotsong le Molimo, re se ke ra koeetsoa hore re otsele kapa re robale moeeng ke tiiso ea bohata ea baruti ea khotso. A re nkeng ka ho teba “tšenolo,” kapa molaetsa o boima o tsoang Lentsoeng la Molimo.—Jer. 23:33.
“TŠENOLO EA JEHOVA”
31. Ha ba Bojakaneng ba re kōpa hore re ba bolelle ka ho toba hore na molaetsa o matla ke ofe bakeng sa kajeno, re tlameha ho ba bolella eng?
31 Kajeno molaetsa oa Jehova bakeng sa tsamaiso ena ea lintho ea bopolotiki, bolumeli, le khoebo o tletse tsuo e bolelang tlokotsi e senyang. Kahoo ke boikarabelo bo boima ho rōna ho bolela molaetsa oa Jehova bakeng sa ‘nako ena ea bofelo.’ Kahoo ha re arabela lipotso tsa batho ka qetello ea tsamaiso ena ea lintho, a re tiiseng hore re hlile re bolela seo e leng “tšenolo” ea Jehova. Ha sehlopha sa mahoo-hoo a bolumeli kapa baprofeta kapa baprista ba re botsa hore re ba bolelle ka ho toba hore na Lentsoe la Jehova boima ba lona bo oela ka hokae, re tlameha ho ba bolella hore batho ba Bojakane ka bobona ke “moroalo,” e, “moroalo o boima!” Kahoo o tla itlhohlolla “moroalo” ona ka ho tlohella Bojakane tlokotsing.
32. Batho ba Bojakane ba lekanya hore seo sehlopha sa Jeremia se se bolelang e le “tšenolo ea Jehova” ke eng, ’me kahoo ba fetola eng?
32 Batho ba sa hlompheng Jehova ha ba rate ho amohela se boleloang ke sehlopha sa Jeremia hore ke “tšenolo ea Jehova.” Kahoo ha ba rate ho e hopola e le ntho e ’ngoe e hlileng e tebileng. Ka tsela e khahlanong le se boletsoeng, ba latela baprofeta le baprista ba bona ho neelaneng ka seo ba tsitlellang hore e hlile ke eona “tšenolo” ea Lentsoe la Molimo. Empa seo ba se bolelang khahlanong le se boletsoeng ha sea theoa Mangolong a Halalelang. Ke sa boitlhalosetso ba bona, ’me kahoo se ‘fetoha lentsoe la e mong le e mong.’ Ho balumeli ba inahanang bobona joalo, sehlopha sa Jeremia se re: “Le sokantse mantsoe a Molimo o phelang, e leng Jehova oa makhotla, Molimo oa rōna.” (Jer. 23:33-36) Empa na ba ka fetola tlokotsi eo “tšenolo ea Jehova” e re lemosang ka eona? Le hanyenyane!
33, 34. Ke ka boteng ba mang sehlopha sa Jeremia se tlamehang ho hlokomelisa balumeli ba reellang molaetsa oa bona “tšenolo ea Jehova”?
33 Ho fapana le se ’nileng sa boleloa ke ba sehlopha sa Jeremia ho tloha selemong se qetellang ntoa sa 1919, babuelli ba Bojakane ba fana ka molaetsa oa bona oa bohata le o khelosang. Ho o etsa hore o utloahale o le matlanyana ho ba bang, ba supa seo ba se bolelang e le “Tšenolo ea Jehova.” Ho balumeli bana Jehova o ntse a tsoela pele ho rōmela sehlopha sa Jeremia ho bolella bana hore ba se ke ba reella lipolelo tsa bona kapa boprofeta ka hore ba re ke “Tšenolo ea Jehova.” Ebe joale sehlopha sa Jeremia se lokela ho arabela balumeli ba joalo joang? Tjena:
34 “Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova, ha le ntse le bolela lentsoe lena: Tšenolo ea Jehova, kanthe ke hlile ka romela ho lōna [ka sehlopha sa Jeremia], ka re: Le se ke la ’na la bolela, la re: Tšenolo ea Jehova; ka baka leo, bonang, ke tla le ngala.”—Jer. 23:38, 39.
35, 36. Ho ea ka Jeremia 23:39, 40, ke qeto efe joaleka ha e fanoe ke Jehova eo sehlopha sa Jeremia se e bolellang ba bolelang kapa ba mamelang “tšenolo” ea bohata?
35 Ke hantle! Jehova o mona e le Moahloli oa baprofeta ba Bojakane. Ke qeto efe eo a e neang mabapi le “baprofeta” ba bolelang molaetsa oa bona e le “tšenolo ea Jehova” le mabapi le batho ba elang hloko “tšenolo” ea bohata? Moahloli oa re bolella:
36 “Ke tla le ngala, ke le lahlele hole le sefahleho sa ka, lōna le motse oo ke neng ke o neile bo-ntat’a lōna. ’Me ke tla bea holim’a lōna sekhobo se sa feleng le nyeliso e sa feleng, e se nang ho lebaloa.”—Jer. 23:39, 40.
37. (a) Jehova o phethahalitse kahlolo ea hae joang mehleng ea Jeremia, hona ka phello efe? (b) Jeremia joale a tsoella joang, ’me hona e tla ba ’nete joang ka sehlopha sa Jeremia?
37 Qeto ea Moahloli Jehova joalokaha e boletsoe e ile ea phethahatsoa mehleng ea Jeremia, ha Bababylona ba timetsa Jerusalema le tempele ea eona e silafetseng ka 607 B.C.E. phihlelo ena e rohakehileng le e theolang bakeng sa Baiseraele ba manganga, ba sa tšepahaleng ea paka hore Jehova, eo ba neng ba mo hlomphollotse, joale o ne a ba ngalile hore a ba lahle. A ba tlohelletse liphellong tsa bobe ba bona. Ha khutsisa melomo ea baprofeta ba bohata ba baikhohomosi. Empa molomo oa Jeremia oa ’na oa profeta. Jehova o ne a sa mo lahla. Bonneteng ba tšoantšetso ena, Jehova a ke ke a lahla sehlopha sa Jeremia ha haufinyane a phethahatsa qeto ea hae e boima khahlanong le baruti ba Bojakane le liphutheho tsa bona.—Jer. 39:11–40:4; Lillo. 1:1-22.
‘HO THÈTSOA’ HO MOLEMO
38. Jehova o ne a thetsitse Jeremia ka tsela efe, hona ka phello efe?
38 Kahoo Jeremia a phetha lilemo tse 40 tsa ho bolela sohle seo Jehova a mo laetseng sona. A fumana hore Jehova o mo hlōtse ka matla. Jehova a ipaka hore o matla ho mo feta. Lentsoe la hae le ne le susumelitse Jeremia ka matla. (Rotherham) Ka baka la ’nete ena, Jeremia o ne a mamelletse tšebeletso ea bomolimo ho isa qetellong ea eona. Ntlheng ena Jehova o ne a “thetsitse” Jeremia. O ne a ipakahalitse a le matla ho feta mefokolo ea Jeremia. Kahoo, Jeremia ha a ka a utloa bohloko ke ho thetsoa.
39, 40. Hona ho re hopotsa ka mantsoe afe a Jeremia hoba Pashkure a mo lokolle metšoasong?
39 Mona re hopola mantsoe a Jeremia hoba Pashkure, mohlokomeli e moholo oa tempele, a mo lokolle metšoasong:
40 “Oho Jehova, u kile ua nthetsa, ka thetsoa; u kile ua ntiisetsa matla [khahlanong le litšekamelo tsa ka], ka hlōloa. Ke hlile ke entsoe litšeho ka tsatsi lohle, ba ntšoma kaofela. Hobane ka mehla ha ke bua, ke ee ke hoe, ke hoelletse batho bothata le tšenyo; ka baka leo, lentsoe la Jehova le mphetohetse sekhobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng. Leha nka re: Ha ke sa tla hlola ke ’molela, leha e le ho bua ka lebitso la hae, eba ho na le ho kang mollo o chesang pelong ea ka, o kentsoeng masapong a ka. Ke khathala ke ho o boloka, kea sitoa. Hobane ke utloile liketselletso tsa ba bangata; ho ntse ho tšabeha ka nqa tsohle. . . . Empa Jehova o ho ’na joale ka senatla se tšabehang; ka baka leo, ba ntlhorisang ba tla khopjoa, ba ke se ke ba hlōla letho; ba tla hlabisoa lihlong ka ho fetisa, ke hobane ba fositse, e tle e be lihlong tse sa feleng, tse se nang ho IebaIoa.”—Jer. 20:7-11.
41. Kahoo re tla nolofaletsoa ho ’na re bolela ka Molisa oa Borena ea bitsoang “Jehova ho loka ha rōna” joang?
41 Joaloka “senatla se tšabehang” Jehova o tla re tiisa mefokolong ea rōna. Ka matla a hae, re tla ’ne re bolele ka Molisa oa hae oa Borena, ea bitsoang “Jehova ho loka ha rōna.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a American Annual, leq. 117.
b Bona God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, e hatisitsoeng ka 1973, leqephe 62, serapa 40, le se ngotsoeng tlase ho leqephe. Hape Paradise Restored to Mankind—By Theocracy!, e hatisitsoeng ka 1972, leqephe 119, serapa 31.
c “Matla a sefofu,” ke hore, khopolo ea hore lintho li ikentse ho ea ka khopolo ea Darwin.
d Kamoo ho boletseng litaba tsa “United Press” ka la 26 Loetse, 1977, tse tsoang Motseng oa Vatican: “Mopapa o boletse hore takatso e ’ngoe ea hae ha a atamela 80 e amana le ho tiea ha Kereke ea Roma e K’hatholike. ‘Kereke e tla lula,’ kamoo a boleteng, ‘e lule har’a pale ea setsokotsane. Kereke e lula e tiile ’me e le matla har’a liketsahalo tsa lefatše lena ho fana ka molaetsa ’ohle le poloko e sa felang.’”
Bona leqephe 3-A la The Galveston Daily News ea la 26 Loetse, 1977, tlas’a sehlooho se reng “Pope Paul Looking Forward To Approaching Death.”