Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 1/1 maq. 6-8
  • “Ha se Molato oa ka”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ha se Molato oa ka”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • SEHLŌHŌ LE HO FOSA Ll TLISA TŠENYO
  • HA HO SA FANOE KA THUSO E LOKETSENG
  • HA KHATELLO E LE TENG
  • BOHLOKOA BA LERATO LE HO TŠEPA
  • TABA E TEBILENG
  • U se Kopanele Libeng tsa ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tlaleha se Fosahetseng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Molato oa Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Na u ‘Bua e Mong Hampe?’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 1/1 maq. 6-8

“Ha se Molato oa ka”

NA KE ka mehla u ka buang joalo? Batho ba angoa ke lipolelo le liketso tsa ba bang. Ka linako tse ling, ke ka toka ba koatang, kapa mohlomong ba tepella haholo ka baka la liketso kapa lipolelo tsa metsoalle ea bona.

Mohlomong u bile le liphihlelo tse joalo. Leha ho le joalo, na u tiisa hore ha se uena ea ikarabellang bakeng sa ho koata, ho tepella kapa mahlomola a ba bang? Kannete, na ke ka mehla u ka reng, “Ha se molato oa ka”?

SEHLŌHŌ LE HO FOSA Ll TLISA TŠENYO

Ka tloaelo, batho ka bomong ba lakatsa hore bonyane ba be le botsoalle ba thabo le batho ba bang. Ha e le hantle, hangata batho ba tepella ha ba bang ba ba hlokomoloha. Ba ka ba ba hopola hore mohlomong bao ho bonahalang ba ba qoba ha ba nahane kapa ha ba na lerato.

Empa leha ho le joalo molato mohlomong o ke ke oa e-ba ho hang ho metsoalle ea motho eo ea bolelang hore oa ‘qojoa.’ Maele a bululetsoeng a bolela hore: “Motho ea molemo o etsetsa moea oa hae molemo; empa ea lonya o itšenya ’mele.” (Liprov. 11:17) E, mohlomong re ka tiisa matla ha re etsa ba bang hampe re e-ba sehlōhō ho bona. Qetellong, bao re ba etsang hampe ba ke ke ba hlola ba lakatsa ho tloaelana le rōna, le haeba ba ka re “qoba” feela ka baka la hobane ba se ba sa batle ho utloa bohloko ka baka la sehlōhō sa rōna.

Hape re ka itšenya ka baka la boitšoaro bo bobe ba rōna. Iseraeleng oa boholo-holo, lihlooho tsa malapa tse neng li sa lumellane le melao ea Molimo, li ne li tlisetsa malapa a tsona tšenyeho. Ka mohlala, Akane a utsoetsa Molimo ka ho inkela hampe seaparo se itseng sa Shineare, lishekele tse 200 tsa silevera le setene sa gauda. Empa eare ha phoso ea Akane e siboIloa, ‘Jehova a mo tlisetsa tšenyo,’ ’me eena le litho tsa lelapa la hae ba tlepetsoa ka majoe hore ba shoe. (Josh. khao. 7) Kajeno, hlooho ea lelapa la Bokreste e ka ’na ea ameha le litho tsa lelapa la eona phosong e tlang ho fella ka hore ba khaoloe phuthehong ea Bokreste. Ha e le hantle, monna ea joalo eo ka boeena a tlōlang Lentsoe la Molimo ’me a mamella phoso e tebileng ka lapeng la hae ‘o senya lelapa la hae.’ (Liprov. 11:29) Eena, ’me mohlomong le ba bang ka lapeng la hae, ba khetholloa hantle ke Bakreste ba tšepahalang, ba ba beela ka thōko botsoalleng ba bona joaloka bafosi ba sa bakeng. (1 Ba-Kor. 5:11-13) A talimane le boemo bona ba ho fosa, monna ea joalo ho hang a ke ke a re, “Ha se molato oa ka!”

HA HO SA FANOE KA THUSO E LOKETSENG

Baholo ba Bakreste, koana ba lokela ho leka ho thusa balumeli hammoho le bona ba khothometsehang ba sa hlokomela. Moapostola Pauluse o ile a bea litaba ka tsela ena: “Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna bao le leng ba moea, le ke le mo tsose ka moea o mosa; ’me u iponele e se re ua lekoa le uena.” (Ba-Gal. 6:1) Leha ho le joalo, haeba baholo ba khethiloeng ka phuthehong ba sitoa ho fana ka thuso ea moea ha e loketse, na ba lokolohile boikarabelong haeba motho ea fosang a qetella a ineetse molekong?

Ka lehlakoreng le leng, taba-khōlō ke hore na thuso e fanoa joang. Pauluse o boletse hore ba tšoanelehang moeeng ba lokise ea fosang “ka moea o mosa.” Ha re re le teng moholo ha a fane ka keletso ka mosa, ’me, ka baka leo, motho ea eletsoang o tepella haholo, a koata kapa a ferekana ka mokhoa o mong o itseng. Ka baka la ho tšoaroa hampe, motho ea fosang mohlomong a ke ke a ‘lokisoa,’ ’me mohlomong a ba a tsoela pele tseleng e fosahetseng. Tlas’a maemo a joalo, na moholo ea seng mosa a ka hla a re, “Ha se molato oa ka”?—Bapisa Luka 17:1, 2; 2 Ba-Korinthe 6:3.

HA KHATELLO E LE TENG

Joale, hape, ho thoe’ng haeba motho ea nang le matla holim’a ba bang a ipakahatsa a hatella? Ka baka la ho sebelisana le bona ka ho ba hatella, ba bang ba ka ’na ba iphumana ho batla ho le thata ho tsitsa likelellong ’me mohlomong, ha e le hantle, ha hlokahala hore ba etse boiteko bo matla ho laola moea oa bona. Hona ha ho makatse, hobane ka Mangolong rea bolelloa: “Ka ’nete, hloriso ee e hlantše ea hlalefileng.”—Moek. 7:7.

Kannete, khatello e nkang nako e telele e ka ba ea etsa hore le eena motho ea bohlale a etse ka booatla. Ka mohlala, a ka ’na a felloa ke ho itšoara ’me a etsa ho hong ho fosahetseng. Haeba a ka etsa joalo, na mohatelli a ka itlhohlolla boikarabelo bohle ’me a re, “Ha se molato oa ka”?

Le teng, Moeklesia 7:7 e ka ’na ea bolela ka khatello eo ea bohlale a kenang ho eona ka boeena, a etsa lintho tse hananang le boitlhonepho ba botho ’me a iphoufaletsa tlokotsi ea ea hatelloang. A ka ’na a etsa lintho ka boithati ka ho lumella moea oa khatello o mo laole ’me a ba a ipona e se e le ea etsetsang batho melemo e meholo ea nang le tokelo ea ho hatikela mang kapa mang ea nyatsang mekhoa ea hae. (Bapisa 2 Likronike 16:10.) Empa maikutlo a fosahetseng a mohatelli ka sebele ha a mo etse ea se nang molato.

BOHLOKOA BA LERATO LE HO TŠEPA

Ka tlhaho, taba ea ho ba molato e amana le litšobotsi tse ngata bophelong. Ka mohlala, nahana ka kopano ea lenyalo. Lerato, bonolo le kameho e tloaelehileng lia hlokahala bakeng sa thabo tlamanong ea lenyalo. Empa ho thoe’ng haeba molekane oa lenyalo a sitoa ho bontša litšoaneleho tsee? Hona ho thoe’ng haeba ka boomo a ka hana ’me a ba a phehella ho hana ho fana ka tšoanelo ea lenyalo?

Tlas’a khatello ea ho hana ho joalo, le lerato le le sieo, le bonolo le kameho ea ’nete, molekane ea furaletsoeng a ka ’na a ineela molekong ’me a feba. Haeba ho ka etsahala joalo, na molekane ea se nang lerato oa lenyalo a ka latola boikarabelo bohle ka hore, “Ha se molato oa ka”? Le hanyenyane!

E ne e le ho thibela lintho tse joalo moapostola Pauluse a ngolileng hore: “Le se ke la timana [tšoanelo ea lenyalo], ha e se ka tumellano, ka nako e itseng, le tle le ineele ho itima lijo le ho rapela; hamorao, le ke le boelane hammoho, Satane a tle a se ke a le leka ka takatso ea lōna.”—1 Ba-Kor. 7:1-5.

Le haeba Mokreste o sebelisana le setho sa lelapa leo a leng ho lona kapa motho e mong ea ka ntle ho lelapa, o lokela ho etsa ka tsela e tlang ho bululela tšepo. Motho ea sekametseng ho finyella merero ea hae ho sa tsotellehe boiketlo ba ba bang a ka ’na a kena molekong oa mano, a nahana hore seo a tla se fumana qetellong se lokafatsa tsela eo a se fumaneng ka eona. Empa ho ee ho etsahale joang ha ba bang ba fumana hore motsoalle ‘o na le leleme le tletseng bolotsana’? (Mik. 6:12) Ho hang ba ke ke ba hlola ba tšepa motho ea mano kamoso ’me ba ka ba ba mo qoba. Mohlomong o tla fumana hona ho le bohloko. Empa haeba a itjarisa hona, na a ka re, “Ha se molato oa ka”?

TABA E TEBILENG

Ba oetseng matsohong a motho ea nang le leleme le mano ba ke ke ba hlokomela ka mehla mohlomong hore na o entse’ng. Empa o teng ea tsebang ka mehla, ’me O bea molato moo o loketseng. Rea tiisetsoa ka Mangolo: “Ho Jehova motho ea khopo ke manyala, empa ea lokileng o na le lekunutu la hae.” (Liprov. 3:32) Ke ’nete, motho ea khopo ka mantsoe le liketso a ka ’na a ithetsa, a bile a nahana hore ke toka hore a sebelise leleme la hae le mano ka bohata le ho keneng mekhoeng e belaetsang. Ka baka leo, batho ba tšoanang le eena ba ka ’na ba haelloa le ke lebaka le lekaneng la ‘ho mo khalemela.’ (Luka 17:3) Empa haeba ho se mohla motho ea joalo a lokisang litsela tsa hae, ka pel’a Molimo boemo ba hae ke bo se nang thuso. Jehova o talima motho ea khopo e le manyala, ’me ea lokileng ke eena feela ea ka thabelang lekunutu la Molimo.

Qetellong ea litaba, he, bohle ba lokela ho ikarabella ho Ea Holimo-limo. (Ba-Roma 14:10-12) Hona ho hatisa bohlokoa ba ho ineela tsamaisong ea moea oa Molimo le Lentsoe le bululetsoeng, ha ka mehla ho rapelloa ho thusoa litabeng tsa botho le ho qoba sehlōhō, ho fosa, ho hloka boikarabelo, mekhoa e hatellang, litšebelisano tse se nang lerato, le ho se tšepahale. E, maemong a mangata, mohlomong motho a ke ke a qhela boikarabelo ka hore feela a re, “Ha se molato oa ka!”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela