Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 7/1 maq. 4-8
  • O Lutse o Falimehile ka Lilemo tse 100

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Lutse o Falimehile ka Lilemo tse 100
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO ITŠETLEHA KA JEHOVA
  • HO PHAHAMISA LENTSOE LA MOLIMO
  • ‘LITABA TSENA TSE MOLEMO’ LI LOKELA HO BOLELOA
  • HO THULANA LE PHEPHETSO EA HO FETOHA HA BOEMO
  • HO EMELA ’MUSO OA MOLIMO
  • HO TSEBAHATSA ’MUSO
  • LIJO TSA MOEA ‘NAKONG EA TENG’
  • FALIMEHANG
  • Ho Hōla Tsebong e Nepahetseng ea ’Nete
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • ‘Ke Eme Qhooeng’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • ’Muso o Thehoa Leholimong
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Hatisa Molula-qhooa
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 7/1 maq. 4-8

O Lutse o Falimehile ka Lilemo tse 100

KA TOKOLLO ena, Molula-Qhooa o na le sebaka sa lilemo tse lekholo o ntse o hatisoa. Nakong ea lilemo tseo ho bile le liphetoho tse ngata lefatšeng. Koranta ena le eona e bile le liphetoho ka boeona. Leha ho le joalo, likarolong tse ling tsa bohlokoa, ha e-ea fetoha ho hang. Joale ak’u hlokomele kamoo Molula-Qhooa o ileng oa lula o falimehile ka lilemo tse 100.

Koranta ena e qalile ho ba teng ka Phupu 1879. Le leng la mabaka a bohlokoa a ho hatisoa ha eona e bile khang e bileng teng ka taba ea topollo. Hona ha hlohlelletsa Charles T. Russell ho hatisa Molula-Qhooa, oa Senyesemane, oo ho oona a ileng a ngola tjena, “Topollo [e lokela] ho sireletsoa ’me Litaba tse Molemo tsa Thabo li boleloe phatlalatsa kamoo ho ka etsahalang kateng.”

Lebitso “Molula-Qhooa,” e bile le loketseng hobane mehleng ea boholo-holo ka mehla liboholi tse lutseng qhooeng li ne li lemosa batho ka kotsi e leng haufi. Hona ho boetse ho bohlokoa haholo litabeng tsa moea, hobane Molimo o ile oa bolella moprofeta oa oona Ezekiele ho re: “Mor’a motho, ke u beile seboholi sa ntlo ea Iseraele. U tle u mamele lentsoe le tsoang molomong oa ka, u ba tšose.” (Ezek. 3:17) Ka masene a maholo koranta ena e ile ea hlokomela ho phelela se boleloang ke lebitso la eona ka hore e lule e falimehile moeeng.

HO ITŠETLEHA KA JEHOVA

Tokollong ea bobeli ea Molula-Qhooa, re ile ra bolela hore re kholisehile hore “JEHOVA ke motšehetsi oa eona.” Bahatisi ba makasine oona ba motlōtlō haholo ka hore ka lilemo tse ngata joale ba tsebile ho ‘tšelisa ka Mangolo’ babali ba oona le ho ba nea tataiso e tšepahalang e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. (Pes. 119:105; Ba-Roma 15:4) E, bahatisi ba koranta ena ha ba ithorise le hanyenyane ka baka la thuso ea moea e fanoang ke eona. Ba batla ‘ho rutoa ke Jehova,’ Ea Holimo-limo.—Joh. 6:45.

Ho itšetleha ka Jehova ho ile ha ipaka e le tlhohonolofatso, ’me ho bile le bopaki ba tšehetso ea bomolimo. Hobane tokollo ea pele ea Molula-Qhooa ka Senyesemane, e bile le likopi tse 6 000 feela ’me e le ka puo e le ’ngoe, le ho hatisoa hang ka khoeli. Kajeno, e hatisoa ka likopi tse kaholimo ho tse 9 000 000 habeli ka khoeli. Hape, hona joale Molula-Qhooa o hatisoa ka lipuo tse 82. Thoriso le liteboho li isoa ho Molimo ka keketseho ena.—Zak. 4:6.

HO PHAHAMISA LENTSOE LA MOLIMO

Ho tloha ka khatiso ea eona ea pele, koranta ena e ile ea phahamisa linnete tsa motheo tsa Bibele. Ka mohlala, tokollong ea Phato 1882 e boletse se latelang: “Ruri re kholisehile hore lebitso Jehova ka Mangolong ha le sebelisoe ho mang kapa mang empa Ntate.” Bakeng sa ho hlokomela karolo ea Mora oa Molimo, tokollong ea eona ea pele e boletse hore: “Ho amoheloa ke Molimo ho itšetlehile . . . sehlabelong se phethahetseng sa Kreste.”

Ho theosa le lilemo, Molula-Qhooa o ile oa hlahisa linnete tsa Bibele tse amanang le boemo ba bafu, tšepo ea tsoho le ’muso oa Molimo. (Moek. 9:5, 10; Dan. 2:44; 7:13, 14; Lik. 24:15) Haholo-holo baruti ba Bojakane ba ile ba hanyetsa lithuto tsena. Hobane’ng? Hobane linnete tsena li ne li fapane haholo le lithuto tse ngata tsa bona, tse joaloka ho se shoe ha moea, pelekatori, hlokofatso ea ka ho sa feleng le Boraro-bo-bong.—Ezek. 18:4; Joh. 14:28.

Ha li tloha feela, Molula-Qhooa o ile oa bontša hore ho tla ha bobeli ha Kreste, parousia, e tla ba ho sa bonahaleng joaloka motho ea matla oa moea. (Matt. 24:3; 1 Pet. 3:18) Ho feta moo, ho lula ha eona e falimehile, koranta ena litokollong tsa eona tse qalang (e leng Hlakubele le Phupjane 1880) e ile ea lebisa lemong sa 1914 C.E. e le selemo se nang le liketsahatse fihlelang tlhorong. Se ile sa tšoaea ho fela ha bolelele ba lilemo tse 2 520 tsa Balichaba, e leng nakong eo lichaba tseo e seng Bajode li neng li tla busa lefatše ntle ho ho khathatsoa ke ’muso leha e le ofe oa Molimo.—Luka 21:24.

Koana, esita leha eba makasine ona o ile oa hatisa boitsebiso bo tjena bo lemosang, ha re bolele hore ha re fose. Re talimile ho Jehova Molimo ho fumana tataiso ea moea oa hae. (Pes. 119:169) Ho hlakisa boikutlo leha e le bofe, re ile ra itšetleha tšebetsong ea moea oa hae o halalelang, kapa matla a hae a sebetsang. Moea oo “o batlisisa tsohle, le tse tebileng tsa Molimo.”—1 Ba-Kor. 2:10.

‘LITABA TSENA TSE MOLEMO’ LI LOKELA HO BOLELOA

Leha ho le joalo ho batlisisa Mangolo le ho ithuta linnete tse ho oona ha se feela phetho se hlokahalang Bokresteng ba ’nete. Jesu o ile a roma balateli ba hae ka ho bolela mantsoe ana ‘E-eang, le etse barutuoa,’ ’me a bolela hore ‘litaba tse molemo’ li lokela ho boleloa ho lichaba tsohle.—Matt. 28:19, 20; Mar. 13:10.

Ka ho loketseng, he, sehlooho tokollong ea rona ea ’Mesa 1881 se ne se re “Ho Hlokahala Baboleli ba 1 000.” Ka nako e loketseng, palo e itseng ea arabela pitsong ena. Ho toba, tokollo e ’ngoe ea koranta ena e itse: “Na u-ua bolela? Re lumela hore ha ho motho le ea mong ea tla balelloa ho mohlatsoana [balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste] ntle leha eba e le baboleli. . . . E, re bitselitsoe ho utloa mahlomola le eena le ho bolela litaba tse molemo.”

HO THULANA LE PHEPHETSO EA HO FETOHA HA BOEMO

Ka sebele baboleli ba ‘litaba tse molemo’ ba ile ba thulana le liphephetso bofelong ba lekholo la bo-19 la lilemo. E, ho bile le liphetoho tseleng ea bophelo linaheng tse ngata. Lilemong tsa 1800 ho ne ho e-na le lifono-fono libakeng tse itseng, mabone a motlakase le libese tsa motlakase. Eaba lilemong tsa 1890 ho bonoa ‘likoloi tse seng kae tse sa huloeng ke lipere,’ kapa likoloi tsa motlakase. Empa ho baboleli ba ‘litaba tse molemo’ phephetso e bile ho thulana le maemo ana a fetohang maloka le Bibele.

Charles Darwin o ile a qapa khopolo ea lintho-li-ikentse, ka 1859 bukeng Origin of Species. Ha nako e feta, khopolo ena ea lintho-li-ikentse ea hanyetsa Bibele haholo ’me ka hona ea tlisa phephetso e kholo ho babuelli ba Lentsoe le bululetsoeng la Molimo.

Ka mehla Molula-Qhooa o ile oa leka ho thulana le phephetso ea maemo a fetohang. Ka mohlala, tokollo ea Hlakubele 1885 e bile le sehlooho se reng “Khopolo ea Ntlo-li-ikentse le Mehla ea Tsoelopele.” Koana, ka mehla khopolo ea lintho-li-ikentse e ile ea pakoa e le bohata maqepheng a koranta ena.

Empa ho thoe’ng ka basomi ba bang ba Bibele? Ba bang ba boletse hore moprofeta Esaia o entse phoso ka ho rea Sargone morena oa Assyria, hobane ha ho moo motho enoa a hlahang teng paleng ea lefatše. (Esa. 20:1) Empa Molula-Qhooa oa Senyesemane oa Pherekhong 1886 o ile oa hlahisa mabaka a fumanoeng a pakang bonnete ba Bibele.

Ena ke mehlala feela. Ho theosa le lilemo, koranta ena e ile ea tsoela pele ho hatisa boitsebiso bo pakang Mangolo e le “lentsoe la Molimo.” (1 Ba-Thess. 2:13; 2 Tim. 3:16, 17) Hase ka baka la mokhoa o khabanehali oa ho ngola Molula-Qhooa o tsebileng ho thulana le liphephetso tsa maemo a fetohang, empa e bile ka ho itšetleha ka Jehova le ka Bibele.

HO EMELA ’MUSO OA MOLIMO

Ka lilemo tse ngata, Molula-Qhooa o bile le liphetoho tse itseng ka ho oona. Ka mohlala, tokollo ea ona ea Senyesemane, koranta e maqephe a 16 ea fetoha e tsoang habeli ka khoeli ka 1892, ’me ka 1908 ha hatisoa likopi tse 30 000 tokollo ka ’ngoe. Ho qala ka 1909, ea bitsoa “The Watch Tower and Herald of Christ’s Presence.” Hamorao, ha etsoa phetoho e totobetseng haholo tokollong ea Hlakubele 1, 1939 ha koranta ena e qala ho bitsoa “Molula-Qhooa E Beha ’Muso oa Jehova.” Lihlaku le mongolo tsa fetoloa tokollong ea Phato 15, 1950 ha koranta ena e etsoa maqephe a 32. Ho tloha ka nako eo, litšoantšo tse nang le mebala e sa tšoaneng le liphetoho tse ileng tsa etsoa likoahelong tsa eona tsa hōlisa botle ba eona.

Empa ho phahamisa Lentsoe la Molimo le morero oa oona, ha hoa fetoha ho hang ho Molula-Qhooa. Ho fihlela kajeno oa bokajeno, o lula e le moemeli ea tšepahalang oa borena ba Molimo, “O tsebahatsa ’Muso oa Jehova.” Ho feta moo, koranta ena e ile ea lula e falimehile ka ho hlokomelisa batho litemoso tsa Mangolo ka ho “falimeha” moeeng. Hape e ile ea lemosa babali ba eona ka lintoa, litlala, maloetse le lipontšo tse ling tsa “mehla e bohloko” tse neng li tla tšoaea “mehla ea qetello.”—Matt. 24:3-14; Luka 21:10-36; 2 Tim. 3:1-5.

Ha Mehla ea Balichaba e le lintšing tsa ho fela, lichaba li ne li tšoarehile haholo ntoeng ea pele ea lefatše, e ileng ea nka bophelo ba batho ba ka bang 10 000 000. Kamor’a khohlano eo ea lefatše lohle, Selekane sa Lichaba sa emisoa, ’me har’a batšehetsi ba sona ba mafolo-folo e ne e le Kereke ea Engelane le likereke tsa Canada. Ka Tšitoe 18, 1918, Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste tse leng Amerika (le etsoang ke baemeli ba mekhatlo e sa tšoaneng ea Baprotestanta) le ile la romella Mookameli oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika Woodrow Wilson mantsoe a phatlalatso ao le iketselitseng ona: “Selekane se joalo ha se ntho feela e molemo lipolotiking; empa ho e-na le hoo se bolela polelo ea bopolotiki ea ’muso oa Molimo lefatšeng.” Empa ho tloha ka 1919 ho ea pele Molula-Qhooa o ile oa bontša ka sebete hore Selekane sa Lichaba se ne sa tla hlōleha.

Ho qaleng ha Ntoa ea Bobeli ea Lefatše ka 1939, Selekane sa Lichaba sa felloa ke mosebetsi. Ntoa e sehlōhō e ne e phahama ka matla a sisimosang haholo ka 1942, ha lipaki tsa Jehova li ne li bokane kopanong ’me li mametse puo ea phatlalatsa e sisinyang mohopolo e reng “Khotso—Na e tla ba teng ka ho sa Feleng?” Molula-Qhooa oa tsoela pele ho tlaleha hore, “ha puo e ntse e tsoela pele bamameli ba bona ka leihlo la likelello tsa bona setšoantšo se bukeng ea Tšenolo khaolo ea leshome le metso e supileng, ’me ba bona hantle se khethollang sebata se ’mala oa sekarelata ‘se seng se le sieo’ empa ba se bona hape se se se loketse ho nyoloha sekoting se tebileng hore e be ‘sebata seo u se boneng se le teng, ’me ha se eo ’me se tla ba teng hape,’ ’me nakong ena se nyoloha se se se palangoe ke seotsoa sa bolumeli ba Babylona mokokotlong oa sona. Empa e tla ba ka ‘hora e le ’ngoe’ feela ha sona le seotsoa se theoloa ’me se bolaoa ’me ‘Morena oa marena le ’Musi oa babusi’ a felisa . . . ‘sebata sena sa khotso’ hammoho le lihlooho tsa sona tse supileng le linaka tse leshome.” Le pele Selekane se hlaha hape joaloka Machaba a Kopaneng ka 1945, Molula-Qhooa ka matla o ile oa bolela hore khotso e tla ba teng ka ho sa feleng e ke ke ea tlisoa ke mokhatlo o joalo o entsoeng ke batho empa e tla tlisoa ke ’muso oa Molimo feela.

HO TSEBAHATSA ’MUSO

Kamor’a Ntoa ea I ea Lefatše, mosebetsi oa ho bolela ‘litaba tse molemo’ o ile oa fumana matla. Hona ho ile ha ba joalo haholo ka 1922 kopanong ea Bokreste Cedar Point, Ohio, U.S.A. Ho arabela pitsong e ileng ea etsoa kopanong, Molula-Qhooa o ile oa khothalletsa babuelli ba ‘litaba tse molemo’ ka hore “Tsebahatsang, tsebahatsang, tsebahatsang, Morena le ’muso oa hae.”

Bofelong ba lilemo tsa 1920 khoebo ea mosebetsi New York ea oa ’me hona ha hlahisa Ho Theoha ho Hoholo ha Moruo ha 1930, ho e ka bang naha e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng e ile ea ba le lenane le leholo la batho ba neng ba hloka mesebetsi le ho fokola ha khoebo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata ao ba bileng le oona a chelete, Bakreste, ba ineetseng ba finyella tlhoro e ntle haholo ka 1931. Ha ba ne ba bokane kopanong, ba ile ba fihlela qeto e mofuthu (eo hamorao e ileng ea hatisoa ho Molula-Qhooa), ba re: “Re thabela ho ipitsa le ho nka lebitso le tsoileng molomong oa Morena Molimo, ’me re batla ho tsejoa le ho bitsoa ka lebitso . . . lipaki tsa Jehova.”—Esa. 43:10-12.

LIJO TSA MOEA ‘NAKONG EA TENG’

Sepheo sa Molula-Qhooa, joaloka ha se ile sa boleloa tokollong ea pele, e ne e le ‘ho nea ba ntlo ea tumelo’ ‘lijo ka nako e loketseng.’ (Luka 12:42; Ba-Gal. 6:10) Rea thaba hore maqepheng ana ho ile ha etsahala hore re ise tlhokomelo Lentsoeng la Molimo ’me ka hona re fane ka ‘lijo nakong ea teng’ ho ruisa e seng balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste feela empa hape le metsoalle ea bona ea “bongata bo boholo.”—Matt. 24:45; Tšen. 7:4-10.

Ho etsa mohlala, hlokomela se etsahetseng lilemong tsa 1933 ho ea ho 1945, ha “’Muso oa Boraro oa Jeremane” tlas’a Adolf Hitler o ne o leka ho felisa Lipaki tsa Jehova Jeremane. Mosebetsi oa bona o ile oa thibeloa ka molao ’me ba 6 019 ba kengoa chankaneng, ’me ba bang ba bona ba kengoa chankaneng ka makhetlo a mabeli, a mararo kapa ho feta. Ba likete tse peli ba hlokofatsoa literonkong tsa tlhoriso. Lipaki tsa Jehova tse 635 tsa shoela teronkong, tse 203 tsa bolaoa. Empa ba ’na ba boloka matla a bona a moea ka hore ba ikhopotse likarolo tseo ba ithutileng tsona ho Molula-Qhooa ka hore ba li kenye ka sekhukhu ka teronkong le ka ho buisana ka boitsebiso ba lihlooho tse ncha. Mohlala o totobetseng oa lijo tsa moea ‘nakong e loketseng’ e bile sehlooho sa Molula-Qhooa se reng, “Ho se Jele Pate,” se ileng sa hatisoa bofelong ba 1939. O ile oa matlafatsa Lipaki tsa Jehova bakeng sa lehlakore leo ba neng ba se ba ikhethetse Iona e le Bakreste ba sa jeleng pate.—Joh. 17:16.

Thapelo, ho itšetleha ka Jehova le ho ananela lijo tsa moea ha matlafatsa tumelo ea bona. Ka hona, har’a mehlala e mengata e ka qotsoang, Molula-Qhooa o ile oa hatisa mantsoe a latelang ho tsoa kampong e ’ngoe ea tlhoriso a ileng a boleloa ke motlamuoa e mong lengolong la hae la ho qetela: “Ka baka la ho se lumele ka matla ho kopanela ho sena, ke ahloletsoe lefu. . . . Ke na le khotso, boiketlo boo le ka sitoang ho bo lekanya. . . . Baratuoa ba ka, phethahatsang takatso ena ea ka: tšepahalang le be matla, e le hore re ka bonana haufinyane ’me e le ka ho sa feleng.”

Nakong e tšoanang, Bakreste ba ’nete kae kae lefatšeng ba ile ba thabela “lijo nakong ea teng” joaloka ha li hatisoa koranteng ena. Ho tlohela ka 1933 ho ea ho 1951, Lipaki tse baloang ka likete-kete li ile tsa tšoaroa Linaheng tse Kopaneng tsa Amerika, ’me ba bangata e le ka baka la ho se jele pate ha bona ha Bokreste. Ho feta moo, bonyane Lipaki tse ka bang 1 500 li ile tsa hlaseloa naheng eo. Empa linyeoeng ba ile ba bua ka tsela e matla ea tlhōlo ’me ka linako tsohle ba ne ba hlōla, ka ba ka leo ba etsa letšoao le ke keng la hlakoloa le ba etsang batho ba loanelang tokoloho ea batho.

Ka baka la ho akheloa ha seqhomane se chefu toropong ea Hiroshima le Nagasaki, Japane, ka 1945, lefatše la kena nakong ea matsoalo le ho se tsitse. Ka 1957 ma-Russia a qapa sefofa-sebakeng sa pele se entsoeng ke motho ho potoloha letsatsi ’me joale ha kena mehla ea tsoelopele le tsebo. Ka bo-1960, ha ba le likhathatso har’a batho libakeng tse sa tšoaneng, ’me bochaba bo ne bo hlahelletse ho sena. Empa leha ho le joalo, lilemong tsena tsohle, Molula-Qhooa oa ’na oa leka ho fana ka lijo tsa moea tse nakong. Ha re hetla morao, mohlala o totobetseng oa ‘lijo tse joalo nakong ea teng’ o bonoa sehloohong sa Molula-Qhooa oa 1962 se neng se hlakisa boemo ba Bokreste ba ho ikokobelletsa ha bona “borena” ba ’muso.—Ba-Roma 13:1-7.

FALIMEHANG

Re phela nakong e likhathatso. Tšilafalo e bea bophelo kotsing. Mabakeng a mangata, ho na le bopaki ba sehlōhō se etsoang ke batho ba bang ho ba bang. Hangata ho bontšoa meharo, batho ba lapa, ’me ba hlokofala ka litsela tse ling. Empa Molimo o tšepisa hore o tla “senya ba senyang lefatše.” (Tšen. 11:18) Ka hona, ho na le ‘litaba tse molemo’ ho ba ithaopelang ho li mamela ka kananelo ’me makasine ona o tsoela pele ho fana ka molaetsa o joalo o amang pelo.

Ka lilemo tse 100 joale Molula-Qhooa o ile oa falimeha ka tsela ea moea. Ha e le thato ea Jehova, o tla tsoela pele o falimehile. Re tšepa hore u tla falimeha hammoho le koranta ena, ka tšepo u lebelletse nakong eo ka eona Jehova a tlang ho lokolla batho ba lipelo li tšepahalang ho ba kenya tlhohonolofatsong e feletseng eo a e tšepisitseng ea “maholimo a macha” le “lefatše le lecha.”—2 Pet. 3:11-13.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

LILEMO TSA BALICHABA LIA FELA MPHALANE 1914

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

“Lebitso la Rona le Lecha”—tokollo ea Mphalane 15, 1931

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

’Mala o Mocha 1939

Boholo bo Bocha 1950

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela