Hantle-ntle ke Bo-Mang ba Nang le ’Nete?
“U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute, hobane ke uena Molimo oa poloko ea ka.”—Pes. 25:5
1. Ke eng se boleloang ke lentsoe ’nete, ’me ke hobane’ng ho ka boleloang hore Jehova ke motheo oa ’nete?
LENTSOE ’nete le hlalosoa e le se lumellanang le lintho tseo e leng tsona, lintho tsa sebele. Le hlalosa se nepahetseng le seo e leng sona kannete. Mohloli, kapa motheo, oa ’nete ke ‘Mōpi ea Matla ’ohle oa bokahohleng, Jehova Molimo. O tseba ’nete ka lintlha tsohle tsa pōpo ea hae. O tseba se nepahetseng le se fosahetseng, se molemo le se sebe. O tseba ’nete ea se etsahetseng nakong e fetileng le lebaka la teng, haesita le hore na maemo a hona joale a lefatše a bolela eng. Hape o tseba ’nete ka nako e tlang, kaha o se a rerile hore e tla ba seng.—Esa. 14:24.
2. Bibele e hlalosa bonnete ba Jehova joang?
2 Ka mabaka a joalo mopesaleme o hlalosa ’Mōpi e le “Jehova, Molimo oa ’nete.” (Pes. 31:5) Ka hona ha Molimo o bua, lipolelo tsa hae li tšepahala ka linako tsohle: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17) Ha a ntša litaelo bakeng sa boitšoaro ba motho, li nepahetse ka mehla: “Litaelo tsa hao kaofela ke ’nete.” (Pes. 119:151) Ha a tšepisa ntho e ’ngoe, re ka itšepisa ka eona: ‘Ha hoa ka ha hlokeha taba leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova a neng a li boletse.’ (Josh. 21:45) Kahoo, Bibele e ea bolela ka Molimo: “Morena oa lichaba, litsela tsa hao li lokile hakaakang, ke ’nete feela.”—Tšen. 15:3.
HO TSAMAEA ’NETENG
3, 4. (a) Motho o tsamaea ’neteng joang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a batla ha batho ba tsamaea ’neteng?
3 Ke ho utloahalang hore Molimo oa ’nete o ka batla ha pōpo ea oona ea batho e tsamaea ’neteng. Hona ho ka etsoa joang? Ka ho fumana tsebo e nepahetseng ka Molimo hore na ke mang le hore na merero ea oona ke efe, joale le ka ho ithuta seo a batlang ha re se etsa, le ka ho se etsa. (Joh. 17:3; 1 Joh. 2:3, 4) Hona ho hlile ho bolela hore ho tsamaea ’neteng ho fetoha tsela ea bophelo, “Tsela,” kamoo Bibele e bolelang kateng.—Lik. 9:2.
4 Lebaka le leng leo ka Iona Molimo o batlang ha batho ba tsamaea ’neteng ke hore ho tlisetsa ’Mōpi tlotliso le thabo ha pōpo ea hae ea batho e bonahatsa litšoaneleho tsa hae tse ntle. (Bapisa Genese 1:26, 27; Liproverbia 23:24, 25.) Le leng ke hore, kaha Molimo o entse batho, o tseba se molemo bakeng sa bona. Ka baka leo, ba latelang litaelo tsa hae ba itlisetsa melemo e fetisisang haesita le ea ka ho sa feleng ho bona le ba bang. (Esa. 48:17) Lebaka le phaellang moo ke hore ka ho tsamaea ’neteng, batho ba ka neoa tokelo ea ho tloaelana le batho bao Molimo o ba sebelisetsang ho tsebisa ba batlang ’nete ka merero ea oona. Ho tšoana le mehla ea Bibele eo Amose a ngotseng ka eona: “Morena Jehova ha a etse letho, a e-so ho senole morero oa hae ho bahlanka ba hae, baprofeta.”—Amose 3:7.
5. Ke lebaka lefe le leng la bohlokoa le teng bakeng sa ho tsamaea ’neteng?
5 Ho sa na le lebaka le leng la bohlokoa la ho tsamaea ’neteng. Motho ea etsang joalo o ngoloa e le ea phahamisang ho lokela ha puso ea Jehova ea bokahohleng. Hoo ho ile ha qholotsoa ke sebopuoa sa moea se ileng sa fetoha lerabele, Satane Diabolose. (Gen. 3:1-4; Tšen. 12:9) Ho kopanyelletsoang ho qholotseng ha hae ke ho soma ka hore Molimo o ke ke oa hlahisa batho ba ka emang ba tiile ho eena le ’nete ea hae. (Jobo 1:6-12) Ka hona ho emela ’nete ka tieo tlas’a khatello leha e le efe ho bontša hore ho teng batho ba tšepahalang ba ke keng ba sekisetsa se nepahetseng. (Liprov. 27:11) Ka lehlakoreng le leng, motho ea sa tsamaeeng ’neteng ha ho letho leo a le etsang haese ho tsamaea feela phosong. Ka boomo kapa e se ka boomo o itumella hore a eme le Satane, “ntate oa ea leshano,” “molimo oa lefatše lena” ea ‘foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang.’—Joh. 8:44; 2 Ba-Kor. 4:4.
6. ’Nete e tla hlongoa ka ho tiea joang lefatšeng ka bophara? Bala Liproverbia 12:19.
6 Leha ho le joalo, Molimo oa ’nete o beile moeli oa nako tumellong ea leshano le bokhopo bo hlahisoang ke lona. (Liprov. 12:19; Moek. 3:1) Molimo o rerile hore, ha nako e beiloeng e fela, o tla thumakanya tsamaiso ena ea bosatane hore e fele, hammoho le ba e ntšetsang pele le ho ikhethela eona. (Dan. 2:44; Tšen. 19:17-21) Jesu o hlile a bolela hore, “Setlama se seng le se seng se sa hlongoang ke Ntate ea maholimong, se tla fotholoa.” (Matt. 15:13) Hona ho tla phetla tsela bakeng sa tsamaiso e ncha ea Molimo ‘eo ho loka ho tla ikahela ho eona.’ (2 Pet. 3:13) Hona ho tla bolela tsamaiso ea lefatše e theiloeng ’neteng, lefatše le ahiloeng feela ke batho ba ratang ’nete!
7. Haeba re rata ’nete, boikutlo ba rōna e lokela hore e be bofe?
7 Ka baka leo, haeba re rata se nepahetseng ’me re batla ho phela taolong e ncha ea Molimo, ke tlamo hore re tsamaee ’neteng. Re lokela ho ba le boikutlo ba mopesaleme ea ileng a rapela, a re: “Jehova, mpontše litsela tsa hao, u nthute mekhoa ea hao. U ntsamaise ’neteng ea hao, u nthute.” (Pes. 25:4, 5) Ka ho tšoanang, re lokela ho ela hloko keletso ea moprofeta Samuele ho Iseraele ea boholo-holo: “Le se ke la kheloha, hobane ekaba ke ho latela ntho tsa lefeela, tse ke keng tsa tseba ho le thusa, leha e le ho le namolela, . . . Felang le tšabe Jehova, le mo sebeletse ka ’nete le ka pelo tsohle tsa lōna.”—1 Sam. 12:21, 24.
‘MEHLALA’ BAKENG SA MEHLA EA RŌNA
8, 9. (a) Iseraele e ile ea fumana molemo joang ka ho tsamaea ’neteng, ha ho bapisoa le lichaba tse e potolohileng? (b) Ho ile ha etsahala joang ha Iseraele e sitoa ho tsoela pele ho tsamaea ’neteng?
8 Litšebelisano tsa Molimo le batho nakong e fetileng li fana ka ‘mehlala’ kapa litšoantšetso ho rōna. Ka tsena re ithuta kamoo Molimo o hlileng o sebelisanang le ba tsamaeang ’neteng le ba sa etseng joalo. (1 Ba-Kor. 10:11; Ba-Roma 15:4) Mohlala o mong oo re ka ithutang ka oona ke oa Iseraele ea boholo-holo. Sechaba seo se ne se bontšitsoe ho ratoa ka ho neoa melao ea Molimo. Ha feela Baiseraele ba ne ba tsamaea linneteng tsa Oona, ba ne ba hlohonolofatsoa haholo. Ka mohlala, ba ne ba sa oele liatleng tsa lichaba tsa lira. (Deut. 28:7) Lijalo tsa bona le mehlape li ne li ngatafala. (Deut. 11:8-15) Tsamaiso ea tulisano ea bona e ne e laolehile le ho ntlafatsoa ka mokhoa o phahameng hoo ho neng ho sa hlokahale literonko. (Ex. 22:1-15) Mafu a seoa a neng a otla lichaba tsa banyefoli a ne a sa ba oele holimo. (Deut. 7:15) ’Me ha ba ne ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng—Jehova o ne a ba tšepisitse hore, “U tla hlohonolofatsoa ho feta lichaba tsohle.” (Deut. 7:14) Ha ho bapisoa, hlokomela boemo bo theohileng ba lichaba tse neng li potile moo tsa Bakanana joalokaha ho hlokomela Bible Handbook ea Henry H. Halley:
“Bakanana ba ne ba rapela, ka boitšoaro bo bobe, e le tšebeletso ea bolumeli, mahlong a melimo ea bona; joale, ba bolaee bana ba bona ba matsibolo, e le mahlabelo ho melimo eona ena.
“Ho bonahala eka, tekanyong e khōlō, naha ea Kanana e ne e fetohile ho kang Sodoma le Gomorrha tekanyong ea sechaba kaofela . . . Na tsoelo pele ea litšila tse nyonyehang hakaalo le sehlōhō e ne e e-na le tokelo leha e le efe hore e ’ne e be teng? . . .
“Baepolli ba mesaletsa ea tsa boholo-holo ba ileng ba epolla masupi a metse ea Kanana ba makala hore na ke kang ha Molimo o sa ka oa ba timetsa kapele ho feta kamoo o entseng.”
9 Leha ho le joalo, Iseraele ea sitoa ho ’na e tsamaea ’neteng. Ka baka leo, Molimo oa hula letsoho la oona ho tšehetsa sechaba. Ke ka baka leo Jesu tempeleng a itseng ho Iseraele: “Ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” (Matt. 23:38) A boela a re: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.” (Matt. 21:43) E ne e ke ke ea hlola e e-ba sechaba se ratoang ke Molimo, lipaki tsa oona.
10. Sechaba se secha sa moea se ile sa iponahatsa joang lekholong la pele la lilemo?
10 Lekholong la pele la lilemo la mehla e tloaelehileng ea rōna, Molimo oa hōlisa sechaba se secha sa moea. Sena e ne e le phutheho ea Bokreste, phutheho e neng e entsoe ka lichaba tse ngata tse sa tšoaneng. (Lik. 10:34, 35; 13:46) ’Muelli ea khethiloeng oa Molimo, Jesu, o ile a rala motheo oa eona, a re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo.” (Joh. 14:6) Ka seo a ileng a se ruta le ho se finyella, o pakile hore kannete o na le ’nete, le hore o tšehelitsoe ke Molimo. (Matt. 3:16, 17; 15:30, 31; Lik. 2:22) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba pakile ho tšoanang, ba khetholloa ka ho hlakileng e le lipaki tsa Bakreste tsa Molimo. (Lik. 1:8; 2:1-4, 43) Ka linnete tse neng li phalla joale ka Bakreste bao, moapostola Pauluse o itse: “Molimo o li senoletse rōna ka Moea oa oona.” Ha ho bapisoa, a hlokomela hore; “e leng boo ho seng le a mong oa marena a lefatše lena ea bo tsebileng.” (1 Ba-Kor. 2:8, 10) Ho etsahetse feela kamoo Jesu a itseng: “Hobane taba tsena [Molimo] u li patetse ba bohlale le ba masene, ’me u li koaholletse ba banyenyane.”—Matt. 11:25.
11, 12. (a) Bibele e hlile ea bolela ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete joang mehleng ea rōna? (b) Tsosoloso ee e ne e le ka merero efe?
11 Ho ea qetellong ea lekholo leo la pele la lilemo, Molimo o ne o finyelletse ho hong hape. O ne o phethile tlaleho e ngotsoeng e bululetsoeng eo hamorao e neng e tla sebelisoa e le motheo oa ho lekanyetsa ’nete. (2 Tim. 3:16, 17) Ho neng ho kenyellelitsoe ka Mangolong a phethiloeng e ne e le boprofeta bo bongata, pale e hlileng ea ngoloa pele. (2 Pet. 1:21) Boprofeta boo bo ne bo bontšitse hore kamorao ho lefu la baapostola ho ne ho tla kena nako ea ho oa ’neteng. (Lik. 20:29) Empa ba bontša hape hore hamorao, ‘mehleng ea bofelo’ pelenyana tsamaiso ena e fela, borapeli ba ’nete bo ne bo tla tsosolosoa. (Esa. 2:1-4; Mik. 3:12 ho ea ho 4:5) Jesu o ile a hlokomela hore batho ba tla bokelloa ka lihlopha tse peli; ba etsang baena ba Kreste hantle le ba tsamaeang ’neteng ba ne ba tla putsoa ka “bophelo bo sa feleng”; ba sa etseng joalo ba ne ba tla ea ‘timetsong e sa feleng.’—Matt. 25:31-46; 2 Joh. 4; 3 Joh. 3, 4.
12 Ho bokelloa le ho hlophisoa hape ha phutheho ea Bokreste mehleng ea kajeno ho ne ho tla etsoa ka merero e ’maloa. Ntlheng e ’ngoe, phutheho ena e ne e tla amohela taeo e kopaneng e tsoang ho Molimo: “O tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona,” kamoo ho bolelang boprofeta ba Esaia 2:3 (hape, Mik. 4:2). Ka ho tsamaea ’neteng, bahlanka bana ba Molimo ba ne ba tla phahamisa tokelo ea puso ea oona ea bokahohleng, ba mo tlisetsa khanya le thabo, le ho itlisetsa melemo e mengata ka bobona. (Liprov. 12:22) Bakeng sa hoo, Molimo o ne o tla ba sebelisa e le lipaki tsa oona tsa kajeno, o ba hlomella hore ba tsamaise molaetsa oa oona molokong ona oa hona joale.
13. Na ho na le mohla Jehova a kileng a sebelisa liphutheho tse fetang bonngoe lefatšeng?
13 Na Molimo o ne o tla sebelisa liphutheho tse fetang bonngoe ho jala linnete tsa oona ‘mehleng ee ea qetello’? Na ho na le mohla Molimo o kileng oa sebelisa ntho e fetang e le ’ngoe nakong leha e le efe ea kahlolo? Mehleng ea Noe, na ho teng sekepe leha e le sefe se seng se bileng teng se e-na le batho ka ho sona, ntle ho areka ea Noe, se ileng sa sireletsoa ke Molimo ’me sa pholoha moroallo? Che, ke areka le ba neng ba le ka ho eona feela e entseng joalo. (1 Pet. 3:20) Na ho bile teng liphutheho tse peli tsa Bokreste lekholong la pele la lilemo? Che, Molimo o sebelisane le e le ’ngoe feela. Kahoo, le mehleng ea rōna, ho sa ntsane ho le teng, ‘Morena a le mong, tumelo e le ’ngoe, le kolobetso e le ’ngoe.’ (Ba-Ef. 4:5) Hore ho ne ho tla ba teng phutheho e le ’ngoe feela e kopaneng ho hlakisoa ke mantsoe a Pauluse a hore “Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a Iōna.”—1 Ba-Kor. 1:10.
“KA HO BEA HA BONA”
14. Motho a ka lekanyetsa joang hore na ke bo-mang ba hlileng ba nang le ’nete kajeno?
14 Re ka lekanyetsa joang hore na ke bo-mang ba hlileng ba nang le ’nete kajeno, kahoo ba tšoanelehela hore ba ka sebelisoa ke Molimo e le lipaki tsa oona lefatšeng? Motheo o moholo oa ho arōla ’nete ho bohata o ile oa raloa ke Jesu ha a re: “Le tla ba tseba ka ho bea ha bona. . . . Efela sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe.” (Matt. 7:16, 17) E, “litholoana” li ne li tlameha ho ba teng, kapa bopaki ba hore matla a moea o halalelang oa Molimo a ne a hlile a tšehelitse batho bana. ’Me matla ana a Molimo a ne a tla hlahisa tholoana ea mofuta ofe ho bahlanka ba oona? Lentsoe la oona lea arabela: “Tholoana ea Moea ke lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.”—Ba-Gal. 5:22, 23.
15. Ho rata Molimo ho amana le lebitso la hae ka tsela efe?
15 Haholo-holo hlokomela “tholoana” e thathamisitsoeng pele, eo ea lerato. Tsela e ’ngoe eo ka eona bahlanka ba ’nete ba Molimo ba tlamehang ho bonahatsa ena ka eona ke joalokaha Jesu a boletse, a re: “Rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka khopolo ea hao eohle.” (Matt. 22:37) Ho rata Molimo ho bonahatsoa ka litsela tse ’maloa. E ’ngoe ea litsela tsena ke ka ho rata lebitso la Molimo. (Ba-Heb. 6:10; Pes. 69:36; 119:132) Ka sebele, Bakreste bao ba nkiloeng lefatšeng lena ba tlameha ho ba ‘batho ba lebitso la hae.’ (Lik. 15:14-18) Ke bo-mang kajeno ba phahamisang lebitso la Molimo (Jehova, Sesothong) ’me ba le tsebahatsa lefatšeng lohle?—Esa. 43:10-12.
16. Ho rata Molimo ho bontšoa joang mabapi le lithahasello tsa ’Muso?
16 Ho rata Molimo hape ho tla bolela ho lumela le ho bua ka ’muso o tlang oa oona bakeng sa lefatše lohle, ’Muso oa hae oa leholimo. Jesu o re rutile ho rapela: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Matt. 6:9, 10) Ke bo-mang bao kajeno ba entseng ’muso oa Molimo thuto e setsing ea ho ruta le ho bolela ha bona joaloka Jesu? Ke bo-mang ba etelang batho malapeng a bona ho ba bolella hore na ’muso oa Molimo o tla finyella eng lefatšeng? Ke bomang ba phethahatsang thomo eo Jesu a e boletseng ha a bolela e sa le pele, a re: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang”?—Matt. 24:14.
17. Ho rata Molimo ho iponahatsa hape ka tsela efe e ’ngoe?
17 Lerato bakeng sa Molimo le boetse le bonahatsoa ka tsela e ’ngoe—ka ho mamela melao ea hae kaofela. (1 Joh. 5:3) Ha khohlano e le teng pakeng tsa melao ea Molimo le melao ea batho, molao oa Bibele bakeng sa ba hlileng ba nang le ’nete ea Bibele ke hore: “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Lik. 5:29) Ke ba etsang joalo feela ba tšehetsoang ke “Moea o Halalelang oo Molimo o o neileng ba o utloang.” (Lik. 5:32) Ka mohlala, ka ho mamela melao ea Molimo, Bakreste kajeno “hase ba lefatše,” ba sa jele pate litabeng tsa lefatše lena tsa lipolotiki, joalokaha ho bile joalo ka Jesu le Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. (Luka 4:5-8; Joh. 6:15; 15:19; 17:14-16) Ke bafe bao mehleng ea rōna ba bolokang ho ikarola hona lefatšeng, le litšila tsa Iona tsa lipolotiki, pefo ea Iona le boitšoaro bo bobe ba Iona, ba utloisisa le hore ba ka kena litlamong kapa ba shoa ka baka la ho hata moo Jesu a hatileng?—1 Pet. 2:21; bona hape Ba-Heberu khaolo ea 13.
18. Fana ka letšoao le leng le khethollang le hlakileng la ba hlileng ba nang le ’nete?
18 Ho sa na le sebopeho se seng sa “tholoana” ena ea moea, lerato. Jesu o itse: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona ke ha le ratana.” (Joh. 13:35) Mangolo a mang a mangata a boetse a bontša hore lerato le joalo e ne e tla ba letšoao le khethollang ka ho hlakileng la bahlanka ba ‘nete ba Molimo. Ka mohlala:
“Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. . . . re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.”—1 Joh. 3:10-12.
“E mong ha a re: Ke rata Molimo, ’me a hloea ngoan’abo, o leshano; hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng?”—1 Joh. 4:20, 21.
Ke sehlopha sefe sa lichaba tsohle sa batho se bontšang ho ratana ka tsela ee, e seng ka lipolelo feela, empa ka liketso? Lekholong le fetileng la lilemo, ke sehlopha sefe se ileng sa ikhula, nakong ea ntoa, hore se se ke sa bolaea balumeli hammoho ba lichabeng tse ling, le ho lumelleng khethollo ea ’mala, ea bochaba le ea tsoelopele kapa ea moruo e kene pakeng tsa sona?
HANTLE-NTLE KE BO-MANG BA NANG LE ’NETE KAJENO?
19. Ke bo-mang ba hlileng ba nang le ’nete kajeno ’me u ka bua joalo hobane’ng?
19 Bopaki bo bontša eng mabapi le tholoana ena ea bohlokoa ea moea oa Molimo, lerato? Ke bo-mang ba e fihlellang? Ke hokae moo re bonang bongata bo boholo ba batho ba lichaba tsohle tse sa tšoaneng le mehlobo kaofela ba kopane hammoho ka lebitso la Jehova ho mo sebeletsa ka botšepehi le ho bolella ba bang ka ’muso oa hae? E, ke hokae moo re fumanang boena ba ’nete ba lefatše ka bophara bo tlamahantsoeng ke lerato? (Tšen. 7:9, 10; Ba-Kol. 3:14) Buka ea bolumeli Interpretation, khaolong e buang ka “Bibele le Litumelo tsa Kajeno, Lipaki tsa Jehova,” e hlokomela se latelang:
“Phuthehong ea tsona le mosebetsing oa bopaki, [Lipaki tsa Jehova] li atamelana joaloka sehlopha leha e le sefe ho tšoantšetseng bophelo ba Bokreste ba pele-pele.
“Ho emella thōko ha tsona lefatšeng, ho potlaka bopaking, ho se tšoenyehe ha tsona ke litlhaselo tsa lefatše ke ho kang ho tlelang bao ka tieo ba lumelang hore ba har’a bakhethoa le ba neelaneng ka botšepehi ba bona ho Molimo ba sa itšiele letho.
“Ke lihlopha tse seng kae tse ling tse sebelisang Mangolo haholo hakaalo melaetseng ea tsona, ka molomo le ka ho ngola, joaloka tsona. Ke lihlopha tse seng kae tse ling tse fumanang ho seo re se bitsang phutheho tšebeletso e ngata hakaalo ho ntšetseng pele mosebetsi oa phutheho joaloka tsona.’’
20. Batho bohle ba ratang ’nete ba ka etsa joang?
20 Tlhahlobo e se nang leeme ea lentsoe la Molimo, e bapisoa le lithuto le mekhoa ea Lipaki tsa Jehova, e tla fana ka bopaki ba hore moea oa Molimo o fela o li tšehelitse, le hore o li sebelisa e le kofuto ea hae ho boleleng ’nete kajeno. Leha ho le joalo, batho bohle ba ratang ’nete ba raemeloa ho hlahloba polelo ena ea hore Lipaki tsa Jehova li hlile li na le ’nete. Ka ho etsa joalo, ba lokela ho etsisa batho bao lekholong la pele ba ileng ba mamela ho bolela ha baapostola: “Ba amohela lentsoe ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na.”—Lik. 17:11.