Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 7/1 maq. 18-23
  • Kamoo Jehova a Tsamaisang Batho Ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo Jehova a Tsamaisang Batho Ba Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TSAMAISO MABAPI LE LINNETE TSA ’MUSO
  • LINNETE KA BALICHABA
  • TSAMAISO MEHLENG EA RŌNA
  • “Leseli le Jaletsoe ea Lokileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1982
  • Kamoo Li Khethoang Le Ho Tataisoa Ke Molimo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • ‘Molimo, Romela Leseli la Hao’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • “Molimo ha a Leeme”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 7/1 maq. 18-23

Kamoo Jehova a Tsamaisang Batho Ba Hae

“Hobane Molimo oo ke Molimo oa rōna ka mehla le ka ho sa feleng; o tla re tsamaisa ho isa le lefung.”—Pes. 48:14.

1. Bibele e bontša joang hore Jehova o tsamaisa ba mo ratang?

HO THEOSA le makholo a lilemo, Jehova o ’nile a tsamaisa ba mo ratang le ba batlang ho mo sebeletsa. Mopesaleme e ne e le e mong oa bona, hobane o ile a kōpa Molimo hore: “Romela leseli la hao le ’nete ea hao, li tle li ntsamaise.” (Pes. 43:3) Moprofeta Daniele o ne a tseba hore “Molimo o teng leholimong o senolang liphiri,” ’me a hla a bolela hore mehleng ea rōna, “nakong ea bofelo,” “tsebo [ea ’nete] e tla eketseha.” (Dan. 2:28; 12:4) Esaia o ile a boela a profeta hore “mehleng ea bofelo” borapeli ba ’nete ‘bo tla hlongoa ka ho tiea’ le hore Jehova o ne a tla tsamaisa batho ba hae: ‘O ba rute mekhoa ea oona ba tsamaeang litseleng tsa hae.’ Kahoo, memo e ileng ea fetisetsoa ho batho kajeno ke e reng: “Tlong, a re tsamaeeng leseling la Jehova.”—Esa. 2:2-5.

2. Jehova o nahanela eng ha a tsamaisa batho ba hae linneteng tsa hae?

2 Jehova o tsamaisa batho ba hae linneteng tsa hae joang? Ntlheng e le ’ngoe, o nahanela hore o bōpile batho ka boikhethelo bo lokolohileng. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a hlokomela “boikhethelo bo lokolohileng” ba Filemone. (Filem. 14) Kaha Molimo o bōpile boikhethelo bona bo lokolohileng, ha a bo sitise ka ho qobella batho hore ba lumele linnete tsa hae kapa ba nke bohato ka tsela e itseng, joaloka lirobote. Kahoo, mehleng ena ea Bokreste, ka lerato o ipiletsa ho batho ba nang le lipelo tse lokileng hore ba tle ’me ba kopanele le phutheho ea hae e amohelehang ’me joale o ba tsamaisa ka bonolo ka moea o halalelang, Lentsoe la hae le bululetsoeng le phutheho ea hae e ntšang ’nete e lefatšeng.

3. Ntho ea bohlokoa e lokelang ho hopoloa ka ho khethehileng ke efe ka hore na Jehova o tsamaisa batho ba hae joang?

3 Ntho e ’ngoe e ka nahanoang e amanang le ho tsamaisa ha Molimo batho ba oona ke hore Molimo o fana ka kutloisiso ea linnete tsa hae ka nako ea hae, le ka tsela ea hae. (Dan. 12:9) Hape, Jehova o etella pele batho ba hae ka mokhoa o tsoelang pele ’neteng. A bōpile kelello ea motho, Jehova o tseba hore ‘lijo’ tse nyenyane haholo tsa moea li ke ke tsa e matlafatsa ka nepo, empa tse ngata haholo ka nako e le ’ngoe mohlomong li ka feta seo motho a ka se jarang. Ho Johanne 16:12 Jesu o ile a re ho baapostola ba hae ba tšepahalang: “Ke sa na le litaba tse ngata tsee nka beng ke le bolella tsona; empa ha e le joale, li ka le imela.” Ho etsa papiso: ha motho a tsoa nakong e telele ea ho koalloa kamoreng e lefifi, ho molemo ha a ka phetlehela leseli hanyane-ka-hanyane. Leseli le lengata kapele le ka nyarosa, mohlomong le bile le senya. Ho joalo ka bohlokoa ba leseli le tsoelang pele ka mokhoa o iketlileng le linnete tsa Molimo. Ho lumellana le se boleloang ke monna ea bohlale: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang, le ntseng le eketsa ho khanya ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.”—Liprov. 4:18.

4. (a) Jesu o ile a supa eng ka bohlokoa ba tlhakiso e tsoelang pele ea ’nete? (b) Kaha linnete tsa Jehova li hlakisoa hanyane-ka-hanyane, bahlanka ba hae ba tlameha ho ikemisetsa ho etsa joang?

4 Jesu o ne a tseba hantle hore ke tsela ea Jehova hore a hlakise linnete tsa hae ka mokhoa o tsoelang pele. O ile a bolella barutuoa ba hae hore hamorao moea o halalelang oa Molimo o ne o tla ba tsamaisa ’neteng eohle. (Joh. 16:12, 13) ’Me kaha linnete tse neng li theiloe pele li ne li tla hlakisoa butle-butle, ho ne ho tla ba teng tlhokahalo e lumellanang le seo bakeng sa bahlanka ba Molimo hore ba otlolle kapa ba lokise maikutlo a bona litabeng tse sa tšoaneng tsa Mangolo ha nako e ntse e tsoela pele.

TSAMAISO MABAPI LE LINNETE TSA ’MUSO

5, 6. Mabapi le ’muso oa Molimo, ke eng se bontšang hore barutuoa ba Jesu ba ne ba e-na le maikutlo a fosahetseng?

5 Ha a ne a tsamaisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, Jehova ha a ka a ba hlakisetsa ka nako e le ’ngoe linnete tsohle tse neng li amana le merero ea hae. E le mohlala, nahana ka thuto e setsing ea Bibele, ’muso oa Molimo. Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele hore: “’Muso oa hao o tle.” (Matt. 6:10) A phehella: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” (Matt. 6:33) Empa na balateli ba hae lilemong tseo a neng a le lefatšeng ka tsona ba ile ba utloisisa lintlha tsohle tse qaqileng ka puso ea ’Muso? Na ba ne ba ka arabela lipotso tse buang ka oona ka nepo, tse kang: ’Muso oa Molimo ke eng? Ke bo-mang ba tla busa ho oona, hona babusi ba tla ba bakae? O tla tla neng? O tla etsetsa lefatše le batho eng?

6 Hore ba neng ba buisana le Jesu ba ne ba se na tsebo ena eohle ho totobatsoa ke potso eo ba ileng ba mo botsa eona hoba a tsohe: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele?” (Lik. 1:6) Ho e-na le hore a arabele ka hore a bolele ntlha e ’ngoe ka puso ea ’Muso, Jesu a re: “Ha hoa le lokela ho tseba mehla, leha e le linako tseo Ntate a itaoletseng tsona a ’notši.” (Lik. 1:7) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a sebetsa taba ka tsela ee? Hobane barutuoa ba ne ba e-na le maikutlo a tebileng empa e le a fosahetseng ka ’Muso. Ba ne ba lumela hore ’Muso e ne e tla ba puso ea lefatšeng, e neng e tla liha puso ea Roma. Empa ’nete ke hore ’Muso e ne e le oa leholimo, le hore ba khetheloang ho busa le Kreste ba ne ba tla nkoa lefatšeng ho isoa leholimong. (Tšen. 5:9, 10; 14:3; 20:4) Ho feta moo, potso ea bona e supa hore ba ne ba lebelletse hore ’Muso o hlongoe hang-hang. Empa ho ne ho ke ke ha e-ba joalo, hobane ho e-na le hoo, ho ne ho tla feta makholo a mangata a lilemo.

7. (a) Ho sa tsotellehe maikutlo a bona a fosahetseng ka ’Muso, boikutlo ba Jesu e ne e le bofe ka barutuoa bao? (b) Na re utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka puso ea ’muso oa Molimo?

7 Le hoja barutuoa ba hae ba bile le maikutlo a sa nepahalang, Jesu ha a ka a ba nyelisa ’me a ba lahla. O tsebile hore ho fumana ha bona kutloisiso ea linnete tsa Molimo ho ne ho tla tla hanyane-ka-hanyane, le hore moea o halalelang o ne o tla tsamaisa balateli ba hae ka mokhoa o tsoetseng pele e le hore ba ka fumana kutloisiso e hlakileng ka nako e tšoanelang. Qetellong, tsebo e feletseng mabapi le puso ea ’Muso e ne e tla ba ea bona. Empa khabareng, Jesu a kenya ho balateli bao ba pele thahasello e tebileng le cheseho ho batla ’Muso pele, le boithaopo ba ho lokisa maikutlo a bona ka oona. Ka hona le hoja tsebo ea bona e nepahetseng e ne e lekanyelitsoe ka linnete tsa ’Muso, seo ba neng ba se tseba se ile sa ba nolofaletsa, ha ba sa eme, ho ‘lebella le ho akofisa ho tla ha letsatsi la Jehova.’ (2 Pet. 3:12) Kajeno, tsebo ea rōna ka puso ea ’muso oa Molimo, hore na ke eng le hore na o tla finyella eng, e tsoetse pele haholo, empa e ntse e sa phetheha ka ho feletseng.

LINNETE KA BALICHABA

8. Ke bothata bofe bo bileng teng ka Balichaba, ’me na bona bo bile ba hlaha ka Pentekonta?

8 Khang e ’ngoe e bontšang kamoo kutloisiso ea ’nete ea Molimo e tsoelang pele e ile ea amana le kamoo basokolohi bao e seng Bajode, kapa Balichaba, ho tloha ka 36 C.E. ho ea pele ba neng ba talingoa ke ba bang ba basokolohi ba Bajode ba keneng Bokresteng. Ka mohlala, na ba lokela ho bolotsoa joalokaha ho ne ho le joalo ka Bajode ba tlhaho? Na taba e ile ea hlahisoa ka 33 C.E. ha moea o halalelang oa Molimo o tšolloa ka Pentekonta? (Lik. 2:1-4) Che, hobane le hoja ho tšolloa hoo ho ile ha paka hore Molimo o ne o e-na le barutuoa bao le hore ho tloha ka nako eo ho ea pele o ne o tla ba tsamaisa, ha o-oa ka oa ba nea tsebo ea mohlolo ka ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e qaqileng ka linnete tsa Molimo. Hona ho ka bonoa ka ’nete ea hore khang ea lebollo ha e-ea ka ea beoa litaelong tseo baapostola le baholo ba neng ba le Jerusalema ba ileng ba fihlela qeto ka tsona ho fihlela lilemo tse 16 kamorao ho Pentekonta, ka selemo sa 49 C.E.—Lik. 16:4.

9-11. (a) Kamor’a ho latela tsamaiso ea Jehova ka lilemo, ke hobane’ng ha bahlanka ba hae ba bile molemong oa ho sebetsana le bothata ba lebollo? (b) Ke joang pono e ileng ea neoa Petrose e ileng ea thusa ho lokisa ho ea kutloisisong e nepahetseng ea ’nete?

9 Ka lilemo tseo tsohle Jehova o ile a lumella batho ba hae hore ba hle ba latsoe hore na o sebetsana joang le Balichaba. Ka tsela ena, kananelo ea bona le kutloisiso ea taba ea tebisoa. Kahoo ha ho hlaha khang e ileng ea hloka bohato bo etsang qeto, bahlanka ba hae ba ne ba hlomelletso hantle hore ba e sebetse ka bohlale le temohisiso. Ka mohlala, nka tokiso eo Petrose a ileng a tlameha ho e nka ka pono ea hae. Lilemo tse fetang boraro kamorao ho Pentekonta moapostola Petrose o ile a tsamaisoa ke moea o halalelang hore a lokise maikutlo a hae ka Balichaba, bao a neng a ba nka ba silafetse, ba sa hloeka.

10 Ponong, Petrose a bolelloa hore a je lijo tse neng li nkuoa li sa hloeka tlas’a molao oa Moshe. Ha a arabela ka ho makala hore a ke ke a ja lijo tse joalo, lentsoe le tsoang leholimong la mo bolella hore seo Molimo o reng se hloekile se ke ke sa hlola se nkoa se silafetse. ’Me ka nako eona eo manqosa a tsoang ho Molichaba Kornele a fihla. Kornele o ne a a rōmile ho kōpa Petrose hore a tle tlung ea hae ho tla mo bolella ka merero ea Molimo. Empa Petrose o ne a sa tsoa nyarosoa ke ho ja lijo tse sa hloekang, ’me joale o ne a kōpuoa hore a kene ka tlung ea Molichaba, eo le eena a mo nkang a sa hloeka! O tla etsa joang? Moea o halalelang oa tsamaisa karabo: “Hlo u theohe, ’me u ee le bona, u sa khanane, hobane ke ’na ke ba romileng.”—Lik. 10:9-20.

11 Petrose a utloisisa taba. Pono ea Jehova ea ho hloekisa se neng se le litšila pele e ne e sa ame lijo feela, empa, ha bohlokoa haholo, e ne e le ka boikutlo ba Petrose ho Balichaba. A bontša hore o-oa utloisisa, hamorao Petrose a bolella Kornele le ntlo ea hae: “Ka baka leo, eitse hobane ke bitsoe, ke tlile feela ke sa hane.” Joale moea o halalelang oa tšolleloa tlung eo ea Molichaba, ’me ba kolobetsoa. Moea o halalelang oa bontša hore joale Molimo o ne o tla hauhela Balichaba ntle ho hore ba bolotsoe.—Lik. 10:21-48.

12. (a) Ke bothata bofe bo bong bo ileng ba hlaha ka Balichaba, hona neng? (b) Ke motheong ofe sehlopha se setsing se ileng sa fana ka karabelo e khaolang khang?

12 Leha ho le joalo, na hona ho ile ha khotsofatsa Bajode bohle ba entsoeng Bakreste mabapi le Balichaba? Che, hobane ho ile ha feta lilemo tse ling tse 13, ’me khang ea hore na Balichaba ba lokela ho bolotsoa ea hlaha ho Bajode ba bang ba bolotseng ba ileng ba tla Antioke, Syria. (Lik. 15:1, 2) Ka hona ka selemo sa 49 C.E. ha lokisetsoa seboka le sehlopha se setsing sa baapostola le baholo ba bang ba Jerusalema. ’Mōkeng oo, Petrose, Pauluse le Barnabase ba pheta seo Molimo o se finyelletseng har’a Balichaba ba sa bolotsoang bao ba ileng ba bolela har’a bona. Kamor’a ho hlahloba kamoo Jehova a neng a hlile a sebelisane le Balichaba bao ka lilemo tse telele, ka lentsoe le le leng ba tiisa bopaki ba Mangolo a Halalelang, ba tiisa ’nete ea hore Balichaba ha ho hlokahale hore ba bolotsoe.

13. Ke joang ba bang ba ileng ba bontša ho haelloa ke kananelo bakeng sa tsela eo Jehova a tsamaisang batho ba hae ka eona, ’me e le ka liphello life mohlomong?

13 Hase balateli bohle ba Kreste ba neng ba ithaopela ho lokisa maikutlo a feletsoeng ke nako. Ba bang ba ne ba nka litlhakiso e le mabaka a hore ba tlohele ’nete, ho e-na le ho talima bopaki e le tsamaiso e tsoetseng pele ea Jehova ho batho ba hae. Ka mohlala, ha Jesu a kenyelletsa papiso e mabapi le ho ja ka tšoantšetso nama ea hae le ho noa mali a hae, tlaleho ea Bibele e bolela hore, “Ha e sa le mohlang oo, barutuoa ba bangata ba hae ba khutlela morao, ba se ke ba hlola ba tsamaea le eena.” (Joh. 6:53-66) E bile ho se utloisise ho hokaakang! E bile ho hloka kananelo ho hokaakang ha kamoo Jehova a etellang batho ba hae pele! Mohlomong lilemo tse mashome a mararo a metso e robeli hamorao ba bang ho bona ba ile ba lefa haboima, kaha ba sa kang ba tsoela pele ho tsamaea ka ho tsoetseng pele kutloisisong ea ’nete le bona ba ile ba lahla litaelo tsa Jesu tsa ho baleha Jerusalema pele e timetsoa. Hoo ha nka bophelo ba bona, ha bao ba ileng ba tsoela pele ho lumella Jehova a ba tsamaise ba ile ba baleha ’me ba bolokeha.—Luka 21:20-24.

TSAMAISO MEHLENG EA RŌNA

14. Ke ho isa kae maikutlo a rōna ka linnete tsa motheo a lokisitsoeng lekholong le fetileng la lilemo?

14 Ha re talima se ’nileng sa hatisoa ke phutheho ea Jehova ka maqephe a Molula-Qhooa le libuka tse ling lekholong le fetileng la lilemo, re fumana lijo tse hahang tsa moea ka bongata. Qalehong ea mehla ena, linnete tsa motheo tsa Bibele li ile tsa hlakisoa, ’me li ntse li hlakile ho tla fihlela kajeno. Maikutlo a rōna ka lihele, boraro-bo-bong, pelekatori, moea, moo bafu ba leng teng, topollo, tsoho, qetello ea lefatše, ’Muso le lithuto tse ling tse etellang pele a fetohile hanyenyane haholo ka lilemo tse 100. ’Nete e lutse e le ’nete ka mehla, le hoja kutloisiso ea rōna ea eona e ile ea hloka hore e lokisoe ka linako tse ling.—Bapisa Johanne 16:13.

15. Na ho ile ha hlokahala hore bahlanka ba Jehova ha kajeno ba lokise maikutlo a bona?

15 Jehova o tsoetse pele ho tsamaisa batho ba hae bohato-ka-bohato ho ea kananelong e tletseng ea linnete tsa hae, ’me hona a ho etsa ka nako ea hae le ka tsela ea hae. Ka baka la sena, Lipaki tsa Jehova ho tloha linakong tsa pele lekholong le fetileng la lilemo li ile tsa utloisisa hore li tlameha ho ithaopela ho lokisa le ho matlafatsa maikutlo a tsona ka thuto, mekhoa le mokhoa oa tsamaiso ha ho totobala hore moea oa Jehova o ne o ba isa litokisong tse joalo. Joalokaha ho lumela Bryan Wilson makasineng ea New Society, Lipaki tsa Jehova “ka mehla li ’nile tsa e-ba le maikutlo a hore boithuto bo tsoetseng pele ba Bibele bo ka isa tsebong e feletseng, ’me ka mekhetlo a fetileng liphoso tlhalosong ea boprofeta li ’nile tsa lumeloa.”

16. (a) Ke hobane’ng ha boprofeta ba Bibele e le sebaka seo ka ho khethehileng se batlang ho lokisoa ha maikutlo? (b) Bahlanka ba Jehova ba arabetse joang boitsebisong ba ‘mehla ea qetello,’ ’me ba tšehelitsoe joang?

16 Mohlomong sebaka se hlileng se hlokang boithaopo bo fetisisang ba ho lokisa ke sebakeng sa boprofeta ba Bibele. Boprofeta bo bongata bo fanoe feela ka mokhoa o akaretsang. Ka baka leo, ho hlokahala tumelo ho emela ho sebetsahala ha lintlha tse qaqileng. (Ba-Heb. 11:1) Mohlala oa sena o amana le boprofeta ba Bibele bo bontšang hore tsamaiso ena ea hona joale e khopo tlas’a Satane e tla senngoa ’me e nkeloe sebaka ka “maholimo a macha le lefatše le lecha.” (2 Pet. 3:13) Leha ho le joalo, lintlha tse lekaneng tsa “pontšo” e akaretsang tsa bofelo bo haufi li fanoa ka Bibeleng ho tšoaea ka ho hlakileng nako ea hona joale e le ‘mehla ea qetello,’ ‘nako ea bofelo.’ (2 Tim. 3:1; Dan. 12:4) Hona ho susumellelitse bahlanka ba Molimo ho tiisa mosebetsing oa ho phethahatsa mantsoe a Jesu, a reng: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Matt. 24:14) Ba atlehile ho etseng sena le ho pholoheng e le phutheho, hape le ho atleheng moeeng ho sa tsotellehe mahloriso a mangata, ka mokhoa o tšoanang le ho apareng le ho bonahatseng botho bo bocha lefatšeng lena le theohileng. Hona hohle e le bopaki ba ’nete ea hore Jehova ka sebele o ba tšehelitse.—Esa. 54:17.

17. Na ho se phethahale ha litebello tsa rōna tse tlileng pele ho nako ho bolela hore Jehova o fetotse merero ea hae?

17 Leha ho le joalo, ‘mehleng ena ea qetello’ na maikutlo a fosahetseng ka bofelo ba tsamaiso ena kapa telos (Segerike) a ’nile a fihlela bahlanka ba bang ba Jehova pele ho nako? E, ho bile joalo. A mang a maikutlo ana a ama nako e neng e tla feta pele bofelo bo fihla. Ka lebaka la cheseho le mofuthu bakeng sa ho tumisoa ha lebitso la Jehova, Lentsoe la hae le merero, le ho laba-labela tsamaiso e ncha, ba bang ba bahlanka ba hae ka linako tse ling litebello tsa bona li tlile pele ho nako. Hona ho tšoana le maikutlo ao barutuoa ba bileng le oona ka bohaufi ba ’muso oa Molimo mehleng ea bona. (Lik. 1:6) Empa kaha litebello li ’nile tsa tla pele ho nako ’me kahoo tsa se phethahale, na hona ho bolela hore Molimo ka mokhoa o itseng o fetotse morero oa oona? Le hanyenyane. “Morero oa ka o tla tiea, ke tla phetha thato ea ka kaofela,” ke Jehova ea bolelang joalo. (Esa. 46:10) Kahoo, merero ea Jehova le nako ea ho thea taolo e ncha ea ho loka li beiloe ka mokhoa o tiileng.

18. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho fella ho “se ngoliloeng”?

18 Hona ka sebele ho hatisa ho rōna bohlokoa ba ho lekanyetsa ka hloko mabaka ’ohle a Mangolo, ho sa hatelloe ntlha e itseng haholo ho isa moo joale e koahelang tse ling. Joalokaha Jesu ka boeena a ile a bolela ka ho hlakileng: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang.” (Matt. 24:36) Ka linako tsohle ho hlokahala hore ho eloe hloko keletso ea moapostola Pauluse ka matla, e reng: “Le se ke la tlōlisa se ngoliloeng.”—1 Ba-Kor. 4:6.

19. Le hoja maikutlo a ’nile a lokisoa, bopaki bo tiisa bohaufi ba bofelo ba tsamaiso ena joang?

19 Le hoja ba bangata ho Lipaki tsa Jehova ba ile ba tlameha ho lokisa maikutlo a bona tabeng ena, na re ka latola hore re “mehleng ea qetello”? Ruri bopaki bo ntse bo bokellana tsatsi le leng le le leng ba ho atamela ha bofelo ba tsamaiso ena, joalokaha re bona ho oa ho ntseng ho teba ha litsamaiso tse kang lenyalo, lelapa, mebuso le bolumeli ba lefatše, haesita le bonokoane le pefo tse ntseng li eketseha, le ho hlompholla Molimo ho ntseng ho hōla.—2 Tim. 3:1-5.

20, 21. Ba tsoelang pele ho tsamaea leseling le tsoelang pele la Jehova ba tla putsoa joang?

20 Le hoja ho sa ntsane ho saletse nako e ke keng ea lekanyetsoa ea “mehla ena ea qetello,” ’nete e sala ka ntho e le ’ngoe. Ba tsoelang pele ho tsamaea leseling le tsoelang pele la Jehova, ’me ba ikemiselitse ho lokisa mona le mane, e tla ba karolo ea masala a tlotsitsoeng le “bongata bo boholo” bo “tsoang mahlomoleng a maholo” ho kena taolong e ncha ea Molimo e lokileng. “Konyana e har’a terone e tla ba alosa, [bongata bo boholo] ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo; ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—2 Pet. 3:14, 15; Tšen. 7:9-17.

21 Kahoo, ba shebang tsamaiso ho Jehova ba ka lebella ka tšepo ho hlongoa ha tsamaiso e ncha eo ho eona ba “lokileng ba tla ja lefa la lefatše ’me ba tla hlola ho Iona.” Moo, “molotsana o tla ba sieo.” Empa sebakeng sa hae, ba bonolo le ba rutehang ba ‘iketle khotsong e kholo.’—Pes. 37:10, 11, 29.

22. Bahlanka ba Jehova ba ka ba le tšepo efe hona joale le bakeng sa nako e tlang?

22 Kahoo, joalokaha ho bile joalo ka lilemo tse fetileng tse 100 ka phutheho ea kajeno ea batho ba Jehova, rōna kajeno re na le tšepo ea hore e tla ba matsatsing a saletseng a mehla ena ea qetello, ‘Molimo e tla ba Molimo oa rōna ka mehla le mehla le ka ho sa feleng, o re tsamaise ho isa lefung.’ (Pes. 48:14) Joale, taolong ea hae e ncha, ka tšepo e joalo re ka lebella tsamaiso e tsoetseng pele ea Jehova bakeng sa bahlanka ba hae ho isa ka ho sa feleng, ho sa hlokahale hore ba shoe ho hang, kaha “ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Joh. 2:17.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela