Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/1 maq. 23-24
  • ‘Re o Ananela Kannete’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Re o Ananela Kannete’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molula-Qhooa le Tsoha!—Likoranta tsa ’Nete tse Nakong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Buella Peeletso ea Molula-Qhooa ka May
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Khatiso e Ncha e Ithutoang ea Molula-Qhooa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Tlosang Batho Lefifing le ba Lebise Leseling
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/1 maq. 23-24

‘Re o Ananela Kannete’

RE FUMANA mangolo a tsoang ho babali ba “Molula-Qhooa” likarolong tse ngata tsa lefatše. Hangata ana ke lipolelo tsa kananelo, ’me re rata ho kopanela tse seng kae le lona.

Banyalani ba England ba sa tsoa ngola ba re: ‘Ka linako tsohle re ’nile ra bala le ho rata Bibele ’me re hlokomela hore ke Lentsoe la Molimo. Laha ho le joalo, ho tšoana le ba bangata har’a rōna, re ne re sa e utloisise ka nepo. Joale, ha re amohela “Molula-Qhooa,” senotlolo sa molaetsa oa Bibele sa kena ka matsohong a rōna. O re etselitse ho hoholo haholo.’

Babali ba bang ba hlile ba hlalosa ka lihlooho tse amanang le boprofeta. Seithuti sa univesithi Japane se ngola hore: ‘Se hlileng se matlafatsang tumelo ea ka ke litlhaloso tse hlakileng tsa boprofeta ba Bibele. Ke khahliloe ke botebo bo boholo ba bohlale ba Molimo bo ke bo lemohileng ka lihlooho tsena tse babatsehang. ’Mali oa mo-Canada o phaella ka hore: ‘Bohlokoa bo boholo boo “Molula-Qhooa” o nketselitseng bona ke ba ho utloisisa boprofeta, haholo bo buang ka puso ea ’Muso tlas’a Kreste Jesu.’

Hangata, ba re ngollang baa be ba hopotse ka tataiso e hahang eo “Molula-Qhooa” o faneng ka eona bophelong ba bona. Mosali oa England o re: ‘Linnete tse tsoang Lentsoeng la Molimo tseo ke li fumaneng ho theosa le lilemo li nthusitse hore ke fetole pono ea ka ho hang ka nako e tlang. Ho e-na le ho tlatselela, joale ke na le tšepo e feletseng ho Jehova le morero oa hae oa ho hloma khotso ea ’nete le tšireletseho ka Mora oa hae, Jesu Kreste.’ ’Me monna oa Jeremane ea balileng makasine ka lilemo tse 40 o sa hopola: ‘Ntle ho tšusumetso e tsoang ho “Molula-Qhooa” ne nke ke ka utloa boikutlo bo tebileng ba thabo ea ho khotsofala kannete e tsoang ho etseng thato ea Molimo. Nka be ke ile ka hlokomoloha matlotlo a fanoang ke letsoho la Jehova ’me ka senya matla a ka.’

Har’a matlotlo a fetisisang a fumanoeng ke babali ba rōna ba ’maloa ke tsamaiso eo Lentsoe la Molimo le fanang ka eona mabapi le bophelo ba lelapa. Baa ngola: ‘“MolulaQhooa” o nthusitse hore ke be le lenyalo le thabileng. ’Na le mosali oa ka nako le nako re ntse re hopotsoa hore re nahanelane, re itekanele, re talimane le mathata ka bonolo le ka ho tšepa Jehova.’ (Jeremane) ‘Oa nthusa hore ke utloisise ka Bibeleng hore sethepu ha se amohelehe har’a Bakreste ’me oa ntiisa hore ke tlohele basali ba bang ba ka ba ka thōko ’me ke lule le mosali oa ka oa pele. Ka baka leo, hona joale ke phela ka thabo le lelapa la ka ’me ke na le thabo ea ho neelana ho Jehova ka tšebeletso e amohelehang.’ (Nigeria) ‘Ka lilemo tse mashome a mabeli “Molula-Qhooa” o ’nolofalelitse hore ke rute bana ba ka se setle le se sebe, le ho tšepa hore seo ke se bolelang se nepahetse, hore ke maikutlo a Molimo. Kaha re sebelisa Bibele, hammoho le “Molula-Qhooa,” ho sebetsa mathata, ha ho mohla re kileng ra fihlela ho senyeha kamanong ea bana le batsoali.’ (Japane)

Ba bangata ho babali ba rōna ba qalile ho thabela “Molula-Qhooa” e sa le bana. E mong England o ngola hore: ‘Ha ke qala ho tseba “Molula-Qhooa,” ke ne ke le mocha ea nyahameng. Ka ikutloa ke sa sireletseha, ke buisana le batsoali ba ka ka mokhoa o monyenyane, ’me ke ne ke batla tsamaiso ka tsieleho. “Molula-Qhooa” oa koala sekheo seo. Ka ho khomarela ha oona ka botšepehi Bibeleng, hangata “Molula-Qhooa” o ’nile oa hatisa lihlooho tse batlisisang ’me ka linako tse ling (ho ’na ka bonna) tse hlabang ka ho sebelisa metheo ea Bibele bothong ba rōna. Ke leboha Jehova ka thuso.’

Makasine hape e koala likheo tsa ba seng ba hōlile lilemong. Mohlolohali o ile a botsa: ‘Ekaba lefatšeng ne nka etsa’ng ntle ho oona? Ke bolela “Molula-Qhooa,” bonneteng. Ha ho mohla o sitiloeng ho ntlisetsa keletso e nakong ka mathata a ka a nakong eo. Hona khoeling eo monna oa ka a shoeleng ka eona, ho ile ha hlaha sehlooho se neng se re “Ha ho Mohla u Leng Mong.” Ke ile ka fumana matšeliso le matla tse kaakang sehloohong seo le temana eo se neng se e phahamisa, Pesaleme ea 46. Kahoo, “Molula-Qhooa” e bile thuso e khōlō ho nthusa hore ke hahe bophelo bo bocha ke le motho oa lesooa. Ka keletso ea oona ke fumane hore ka ho leka ho bebofatsa ho hlora ha ba bang, ha ka ha nyamela.’

Seo babali ba bangata ba “Molula-Qhooa” ba ikutloang sona se feta teboho bakeng sa thuso eo ba e fumaneng ho nkeng leoto le bothata bo itseng. Monna oa Spain o ho beile ka tsela ena: ‘Lekholong lena la lilemo la mashome a mabeli “le hlabolohileng” hangata ho thata haholo ho bona lintho kamoo Molimo o li bonang kateng, boemong bo phahameng ba Morena ’Musi ea Phahameng oa bokahohle, Jehova. Leha ho le joalo “Molula-Qhooa” ka botšepehi o nthusitse hore ke etse joalo ka lilemo tse fetileng tse mashome a mararo.’ ’Mali oa Motaliana o fihletse qeto ea hore: ‘Tsela eo ka eona o phahamisitseng le ho sireletsa ka pel’a lefatše lohle lebitso la Jehova, bonnete ba Lentsoe la hae, tokelo ea hae ea ho busa—hona hohle ho mpontša hore e bile kofuto e sebelisoang ke Jehova ho jala leseli la moea.’ ’Me e mong o ile a ngola hore: ‘Letsatsi la pele leo ka Iona “Molula-Qhooa” o ileng oa fihla lapeng ha ka, ke ile ka o bala, ’me ka potlako ha buloa fenstere e isang bokamosong bo babatsehang. Ke ne ke rutiloe ka mehla lintho tse joalo ka ho se shoe ha moea, lihele tse mollo le Boraro-bobong. Empa kamor’a ho bala “Molula-Qhooa” hora e le ’ngoe, ka bokolla, “Ke fumane ’nete,” ’me ha nka ka hlola ke e tlohela.’

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela