Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 9/1 maq. 17-23
  • Balebeli ba Tsamaeang ba Tlisa Melemo Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Balebeli ba Tsamaeang ba Tlisa Melemo Kajeno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TOKISO KE EA BOHLOKOA
  • LITSELA TSA HO FUMANA MELEMO KA BOUENA
  • HO FUMANTŠA BA KHETHETSOENG BOIKARABELO MOLEMO
  • MOELETSI HA HO NAHANOA KA LIPUELLO
  • Kamoo Balebeli ba Tsamaeang ba Sebeletsang e le Batsamaisi ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Balebeli ba Tsamaeang—Limpho Tseo e Leng Banna
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Balebeli ba Lisang Mohlape
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Maeto a Banna ba Hōlileng a Fumantša Batho ba Molimo Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 9/1 maq. 17-23

Balebeli ba Tsamaeang ba Tlisa Melemo Kajeno

“Le ’na ke paka hoba o fela a le chesehela haholo, le ba Laodicea, le ba Hierapolise.”—Ba-Kol. 4:13.

1, 2. (a) Ke likotsi life tse re tobileng kajeno? (b) Re ka hlomelloa joang hore re hanyetse Diabolose? (c) Ke tokisetso efe e totobetseng eo Jehova a e entseng ho ‘tiisa liphutheho’?

RE PHELA ‘linakong tsa bothata,’ nakong e qetellang ea ‘mehla ea qetello’ e hlileng ea boleloa. Liithuti tsa Lentsoe la Molimo lia ho tseba. (2 Tim. 3:1) Leha ho le joalo, likhopotso tse nakong hangata li ka ’na tsa re thusa ho leleka ho iphapanya leha e le hofe mabapi le likotsi tse re talimileng. Lefatše la sera le ’musi oa lōna ea sa bonahaleng le tsoela pele ho hatella ka matla ho fokolisa tumelo, ho khelosa le ho senya. (Joh. 14:30; Tšen. 12:9, 12) Kannete, “lefatše lohle le rapeletse ka tlase ho e mobe.” (1 Joh. 5:19) Bohaleng ba hae, o ntse a tiisa ntoa ea hae ho loantša ba bolokang litaelo tsa Molimo. (Tšen. 12:17) Ka mano o leka ho tlosa batho ba Jehova ho Molimo o phelang hore ba kene tseleng ea bophelo e se nang molemo le ea lefatše, kahoo a ba tlosa ho ‘molisa le molebeli oa meea ea bona,’ Jehova Molimo. Sepheo sa Diabolose ke ho harola e mong.—Ba-Heb. 3:12; 1 Pet. 1:18, 19; 2:25; 5:8.

2 Ho qoba phello e kotsi joalo, re hloka litokisetso tsohle tse etsoang ke Jehova ho re boloka re le matla moeeng. Kahoo re ka hanela Diabolose ’me ra tsoela pele ho neela tšebeletso e khethehileng ho Jehova feela. (Matt. 4:8-11; Jak. 4:7) Har’a litokisetso tse fumantšang batho ba Molimo melemo haholo ke tokisetso ea balebeli ba tsamaeang ho ba sebeletsa le ho ‘bona hore na ba eme joang.’ Maeto a joalo a tlatsetsa ho ‘tiiseng liphutheho’ hore li ikemele ho sera, le ho susumelletsa ka ho tsona mafolo-folo a maholoanyane ho sebeletseng Molimo.—Lik. 15:36, 41; 1 Pet. 5:9; 1 Ba-Kor. 16:9.

3. Balebeli ba tsamaeang ba lokela ho talima mohlape joang, ’me ke boiteko bofe boo ba lokelang ho bo etsa lebitsong la oona?

3 Ho ke ke ha potoa kahosele botebo le bohlokoa ba mosebetsi oa balebeli bana ba tsamaeang. Ba lokela ho tebisa lipelong motheo oa Liproverbia 27:23, (NW), o reng: “U tšoanela ho tsebisisa hantle hore na mohlape ua hao o seng. Bea pelo ea hao mohlapeng oo u o tsamaisang.” Balisa bana ba tlase ba tsamaeang ba lokela ho hlokomella haufi boemo ba moea ba mohlape, e le hore ba ka o sireletsa kotsing. Hape ba lokela ho sebeletsa seo o se hlokang, ba thahasella “nku” e ’ngoe le e ’ngoe. (Bapisa 1 Samuele 17:34, 35; Ba-Filippi 2:4.) Ba amehile ka ho fumantša baena ba bona molemo, ho tla hlokahala hore ba iteke ka tieo ho ba ruteng le ho ba khothatseng mosebetsing oa boevangeli. (1 Tim. 5:17; 2 Tim. 4:5) Ka ho itšebelisa ka mokhoa o joalo ba lokela ho tšoana le Ephafrase, ea ‘neng a loana ka matla’ lebitsong la phutheho.—Ba-Kol. 4:12, 13.

4. Re ka etsa eng ka bomong ho fumana molemo maetong a banna baa ba hōlileng?

4 Ka ho sebelisa ka botlalo maeto ana, e mong le e mong ho rōna a ka fumana melemo e meholo keletsong, khothatsong le thusong ea banna bana ba hōlileng. Ho fumana mahlohonolo a joalo, leha ho le joalo, ho hloka tšebelisano le boiteko bo bohlale ka lehlakoreng la e mong le e mong ho rōna.

TOKISO KE EA BOHLOKOA

5. Ke litokisetso life tse sebetsang haholo katlehong ea leeto la molebeli ea tsamaeang? (1 Ba-Kor. 14:40)

5 Ho entsoe kemiso ea mesebetsi e sa tšoaneng bakeng sa leeto la molebeli ea tsamaeang ha a le phuthehong. Ho atleha ha leeto ho itšetlehile haholo-holo ka litokisetso tse etsoang ke phutheho pele ho nako. Ho hlokahala hore ho lokisetsoe linako le libaka bakeng sa tšebeletso, ho beeloe kathoko sebaka bakeng sa ho paka ka sehlopha, le ho lokisa hantle litlaleho tsa phutheho le ho etsa hore li be teng hore li ka hlahlojoa. Bahoeletsi ba ka fumana molemo o moholo ka ho lokisetsa hore ba kopanele mosebetsing ona. Ba bang ba ka ba le hona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang. Baholo ba baloang ka palo e itseng le bahlanka ba sebeletsang ba ka ’na ba tseba ho lokisa litaba tsa bona hore ba kopanele mosebetsing oa sehlopha har’a beke. Baholo ba ka nahanisisa ka hloko kemiso bakeng sa seboka sa baholo bekeng eo. Tsebiso e chesehang ea pele ea litokisetso tsa beke e ka tlatsetsa botsoalleng le tšebetsong e tlang ho nka nako eohle e susumetsang.

6. Ke kamohelo efe le ho nahanela tse ka bontšoang?

6 Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba lokela ho ananela kamohelo eo ba e fuoang ke phutheho. (Ba-Heb. 13:1, 2) Ba lokela ho ithuta ho fetoha le maemo a sa tšoaneng a kabelong ea bona. Ba tlas’a likhaello, ho tšoana le ba bang har’a rōna ba ka ’nang ba e-ba le mathata a bophelo ba ’mele, ’me ba hloka phomolo e lekaneng e le hore ba ka tsoela pele ka mesebetsi ea bona tsatsi le leng le le leng. Kahoo ho hlokahala hore ho nahaneloe ka mokhoa o loketseng litabeng tse joalo e sale pele. Koana, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba se ke ba lebella majaba-jaba leha e le afe. Eng kapa eng e lokiselitsoeng ka mokhoa o nahanelang e khabane, e loketseng bakeng sa marobalo le lijo tse hahang e lokela ho amoheloa ka kananelo ea ’nete.—Ba-Roma 12:13.

7. Phutheho e ka fumana melemo e phahameng joang leetong?

7 Tekanyo eo baholo le phutheho ka kakaretso e lokisetsang ka tšoanelo le ho haha cheseho bakeng sa leeto, e mong le e mong o tla fumana molemo ho isa tekanyong eona eo. Haeba tokisetso e haella kapa e tlohelloa ho fihlela ka motsotso oa ho qetela, liphello tse phahameng li ke ke tsa fumanoa.

LITSELA TSA HO FUMANA MELEMO KA BOUENA

8. Re ka fumana molemo ka bōrōna lipuong tse fanoang joang? (Liprov. 19:20; 20:18)

8 Ha leeto le qaleha ho teng lintho tseo e mong le e mong a ka li etsang hore a fumane melemo e meholo haholo ka Iona. Lipuo tsa molebeli ea tsamaeang li koahela litaba tsa borapeli, bophelo ba Bokreste le litsela tse sebetsang haholo tsa ho bolela le ho ruta ‘litaba tse molemo.’ Ba tebisitseng khothatso le keletso ea Mangolo lipelong kamehla ba ’nile ba thuseha hore ba etse liqeto le litokiso bophelong ba bona tse ’nileng tsa fella ka ho tsoela pele ha bona. (1 Tim. 4:15) Re ananela sena, re lokela ho rata ho kopanela ka botlalo sebokeng se seng le se seng, re nka lintlha tsa keletso tse sebetsang ho rōna ka bōrōna.—Ba-Heb. 10:23-25.

9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ikutloa re tsila-tsila ho atamela molebeli ea tsamaeang, ’me re ka bua eng le eena?

9 Boikutlo ba rōna ka molebeli ea etileng le bona bo ka re thusa hore re fumane molemo ka boteng ba hae. Ba bang ba ka ’na ba tsila-tsila ho mo atamela ka baka la kemiso ea hae e tšoarehileng. Leha ho le joalo, o moo ho ea thusa. Kahoo bohle ba lokela ho ikutloa ba lokolohile ho tloaelana le eena. (2 Ba-Kor. 6:11-13) Re ka buisana le eena ka seo re ithutileng sona libokeng, lintlha tse khahlisang libukeng, liphihlelo tsa tšimo le lipotso tsa hore na re ka ntlafatsa tšebeletso ea rōna ea botho joang.—Ba-Fil. 4:8, 9.

10. Ke ka litsela life re ka fumanang molemo ka ho tsamaea le molebeli ea tsamaeang tšebetsong ea tšimo?

10 Leha e le hore re ka ba le tšabo, kapa hona ho checha hore re ka tsamaea le eena tšebeletsong ea tšimo. Sepheo feela sa hae ke ho re khothatsa le ho re thusa ho e-na le ho re soma ka seo re se etsang. (Lik. 18:27, 28) Koana, haeba a e-na le litlhahiso tseo a ka fanang ka tsona, joale re thabela ho li amohela. Ha a ea lokela ho iphahamisa, empa o lokela ho hopola hore o sebetsana le ba bang ka mokhoa o bonolo le o lerato. (1 Ba-Thes. 2:7, 8) Haeba ba bang har’a rōna ba ’nile ba tsila-tsila ka hore na ba ka fumana molemo o feletseng leetong la hae nakong e fetileng, a re ikemisetseng ho etsa ho hong ka hona ha a etla ka lekhetlo le latelang. Ho tla tlatsetsa haholo thabong ea hae le ea rōna.

11. Ke melemo efe e ka fumanoang ka ho tloaelana ha bo-khaitseli le tšebelisano ea pelo eohle le mosali oa molebeli ea tsamaeang?

11 Balebeli tsa tsamaeang bongata ba bona ba nyetse ’me basali ba bona ba tsamaea le bona. Le hoja e le eena eo re ka buisanang le eena ka mathata a tebileng, bokhaitseli ka phuthehong ba ka fumana molemo haholo botsoalleng ba mosali oa hae le mohlala tšimong. O sebetsa tlas’a tsamaiso ea monna oa hae ’me o tla thabela ho amohela limemo tse tsoang ho bo-khaitseli ba joalo ho tsamaea le bona litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso. Ka mehla, ke ho ananelehang haeba ho tšehetsoa ho hotle ha tšebeletso ea tšimong hoseng ho ka ntšetsoa pele ho kenella motšehare oa mantsiboea, ha mohlomong bo-khaitseli ba sekabeng seo ba ka fana ka lintho tsa ho tsamaea ’me ba kopanela mosebetsing. Hona hangata ho lokolla monna hore a ka etsa likhetho tse eketsehileng. Ka hona bo-khaitseli ba na le monyetla o motle ka tsela ena ho phaella ho sebetseng ha leeto.

12. Ba lakatsang ho sebetsa moo tlhokahalo e leng khōlō ba ka etsa joang?

12 Na u thahasella ho ba le kabelo e khōloanyane mosebetsing oa ’Muso sebakeng se seng? Haeba sebaka seo phutheho ea heno e leng ho sona se sebelitsoe hantle, kōpa molebeli ea tsamaeang bakeng sa litlhahiso ka hore na ke hokae moo thuso ea hao e ka sebelisoang hamolemo sebakang se seng. (2 Ba-Kor. 10:15, 16) Naheng e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng lohle, ba alositseng mosebetsi ba lakatsa ho le thusa hore le atolose boiteko ba Iona.

13. (a) Ke hobane’ng hona joang bo-pula-maliboho ba thusitsoeng ke ho buisana ka mathata a bona a khe-thehileng le molebeli ea tsamaeang? (b) Bo-pula-maliboho ba bang ba boletse kananelo efe ka leeto la hae? (c) Na bo-pula-maliboho ba phuthehong ea heno ba na le litlhaloso tse kang tseo?

13 Kamoo ho atisang ho etsahala, molebeli ea tsamaeang e bile pula-maliboho ea neng a sebetsa tšimo ka lilemo tse telele, ’me o tloaelane hantle le mathata a atisang ho nyahamisa motho. Bo-pula-maliboho ba bang ba sebelisang nako ea bona e ’ngoe ba bua le eena ka mathata a bona a khethehileng, ho sa tsotellehe hore na a ama mathata a tsa moruo, bophelo, litlameho tsa lelapa le tse joalo, hangata ba neoa pono e ncha le thuso ho nchafatsa boikemitsetso ba bona ba ho tsoela pele tšebeletsong ena. (Ba-Fil. 4:11-13; 1 Ba-Thess. 3:7-10; Ba-Gal. 4:13; 1 Tim. 5:8) Bo-pula-maliboho ba babeli ba sa tsoa thusoa ke molebeli ea tsamaeang ba ngolile, ba re:

“Re ile ra ananela boeti [ba hae] phuthehong ea rōna. E bile khothatso e kholo ho rona hammoho le phutheho ka kakaretso. Re khothallelitsoe ho khomarela tšebeletsong ea bopula-maliboho ho sa tsotellehe sebopeho sa mathata a rōna.”

Pula-maliboho ea neng a kula ’me a le liphateng ka libeke tse peli o ile a bolela:

“Ke ne ke ikutloa ke nyahame haholo kaha ke ne ke sa ba le khoeli e ntle haholo. Empa ra eteloa ke molebeli oa potoloho ’me ea e-ba khothatso e khōlō ho rōna kaofela. Ra thabela leeto la hae haholo ’me bohle (haholo ’na) re ikutloa re loketse ho leka haholoanyane ho ntlafatsa tšebeletso ea rōna ho Jehova.”

E, bo-pula-maliboho, hammoho le e mong le e mong ka phuthehong, ba boemong ba ho fumana molemo leetong la hae.—Ba-Fil. 3:16.

HO FUMANTŠA BA KHETHETSOENG BOIKARABELO MOLEMO

14, 15. (a) Ke eng se bontšang hore Pauluse o ne a thahasella baholo le bahlanka ba sebeletsang? (b) Ke litaba life tsa bohlokoa tse ka buisanoang le molebeli ea tsamaeang, ’me baholo ba ka senya nako le eena ka bohlale joang?

14 Lekholong la pele la lilemo Pauluse o ne a thahasella ka mokhoa o khethehileng baholo le bahlanka ba sebeletsang. (Ba-Fil. 1:1) O ile a thathamisa litšoaneleho tsa bona ho 1 Timothea 3:1-10, 12, 13 le Tite 1:5-9 ’me a ba fa keletso e ngata e molemo haholo. Ka mokhoa o tšoanang, balebeli ba tsamaeang kajeno ba fumantša baena ba ikarabellang ka phuthehong molemo ka ho fana ka keletso e khethehileng le thuso.

15 Sebokeng sa bona le baholo, balebeli ba tsamaeang ba ’nile ba fana ka litlhahiso le keletso tse khothatsang. Setšeetso sa bona bakeng sa ho sebetsa boikarabelo ba phutheho, hammoho le phihlelo e fumanoeng ka ho sebeletsa liphutheho tse ngata, e ba nolofaletsa hore ba fane ka pono e sebetsang le keletso litšobotsing tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa ho bolela evangeli le oa ho etsa barutuoa, mesebetsing ea bolisa le kamoo ho ka ntlafatsoang liboka kateng. Leha ho le joalo, haeba nako e ka qetoa litabeng tseo e seng tsa bohlokoa haholo sebokeng sena, baholo ba tla haelloa ke melemo ea ho buisana ka litaba tsa bohlokoa bo boholo tse amang phutheho. Kahoo, baholo ba sebaka ka seng ba lokela ho lokisetsa kemiso ea se tlang ho buisanoa e loketseng leeto le tlang, ba fana ka monyetla oa ho koahela se tlang ho ba sa bohlokoa haholo katlehong le tsoelo peleng ea moea ea phutheho.—Liprov. 21:5; Ba-Fil. 1:9-11.

16. Ke joang hona hobane’ng bahlanka ba sebeletsang ba lokelang ho sebelisa menyetla ea ho amohela thuso nakong ea ketelo?

16 Haeba mang kapa mang e le mohlanka ea sebeletsang ho ka ’na ha e-ba le lintlha tsa mosebetsi oa hae sehlopheng sa buka sa thuto ea phutheho, likabelong tsa hae tsa ho boloka litlaleho kapa tse amanang le litšoanelo tsa hae tse ling Holong ea ’Muso tseo molebeli ea tsamaeang a ka ’nang a mo thusa ho li phethahatsa. Mohlanka ea sebeletsang o lokela ho bona bohlokoa ba menyetla ena hore a fumane thuso e le hore a ka ntlafatsa. (Luka 16:10) Ka ho ipakahatsa a tšepahala ’me a tsoela pele, o tla fana ka bopaki ba takatso ea hae ea ho sebeletsa baena le hore a ka tšepeloa boikarabelo bo boholoanyane kamoso.—1 Ba-Kor. 4:1, 2.

17. Baholo ba sebetsang mathata a tebileng ba ka fumana molemo joang ketelong?

17 Baholo hape ba ka ’na ba fumana maikutlo a molebeli ea tsamaeang le keletso e le a thusang haholo ha a sebetsana le mathata a tebileng. (Liprov. 13:10) Mohlomong ba ile ba fihlela bothata bo itseng ha ba sebetsana le taba e ’ngoe e sa tsoa etsahala ea ho fosa kapa e sa ntsaneng e emisitsoe. Keletso ea moeti ea Mangolo e ka ’na ea ba thusa ho leka-lekanya litaba ka hloko pele ba etsa qeto.—Liprov. 15:22.

18, 19. (a) Ke mathata afe har’a baholo a ka ’nang a hlaha nako le nako ka baka la ho se phethahale ha botho? (b) Ha ho le joalo, molebeli ea tsamaeang a ka thusa joang?

18 Ka lebaka la ho se phethahale ha botho, baholo kapa bahlanka ba sebeletsang nako le nako ba ka ’na ba e-ba le mathata a itseng har’a bona. (Jak. 3:2) Mohlomong ho ’nile ha tšoaeanoa liphoso ntle ho mabaka kapa ha se ke ha utloisisanoa. E mong ho baholo mohlomong o ile a sitoa ho boloka lekunutu, ho fella ka boikutlo ba ho utloa bohloko le ho kenella ho hlonepheha ha hae le baholo ba bang. (Liprov. 25:9) Mohlomong boikhohomoso ba botho bo ile ba etsa hore motho e mong a se ke a lekalekana ho isa ntlheng eo a bileng a iphahamisang haholo ’me a hloka kutloisiso. (Ba-Roma 12:3) Hothoe’ng haeba mathata a kang ao a ferekantse tšebelisano, ’me baena ba ikarabellang ba sebakeng seo ba sitiloe ho rarolla litaba?

19 Baholo ba lokela ho kenyelletsa molebeli ea tsamaeang lekunutung la bona, ba batla thuso ea hae ho khutlisa tumellano litšebelisanong tsa bona. (Ba-Ef. 4:1-3) Mohlomong a ka ’na a ba le hona ho ba thusa hore ba bee mabaka litabeng motheong oa Lentsoe la Molimo. (Liprov. 20:3) Ka ho leka ho rarolla litaba ka mokhoa o joalo ka nepo le ka khotso, baholo ba ka ’na ba bontša kananelo ea bona ea tokisetso ena ea ho bua lintho le moena e moholo Moreneng ea etileng ’me ba lumella Lentsoe la Molimo le otlolle lintho.—2 Tim. 3:16.

20. Haeba molebeli ea tsamaeang a ka fosa kahlolong, taba e ka sebetsoa joang?

20 Ka bopaki bona bona, baholo ba lokela ho hlokomela hore molebeli ea etileng le eena ha a ea phethahala. Ka nako e ’ngoe ho ka ’na ha bonahala ho baholo ba moo hore o fositse kahlolong, joalokaha moapostola Petrose a ne a e-na le liphoso. (Ba-Gal. 2:11-14) Joaloka moholo e mong le e mong, molebeli ea etileng a se ke a ikutloa hore o ka holimo ho ho eletsoa. Haeba baholo ba ’maloa ba tšoenyehile ke seo a se buileng kapa a se entseng, e tla ba mosa ho bona hore ba mo botse ka hona. Mohlomong e bile ho se utloisise kapa pono e sa kang ea hlaka, e leng moo ho ka buloang sebaka sa hore phoso e ’ne e be teng ’me taba e koaheloe ka lerato. (1 Pet. 4:8) Ka lehlakoreng le leng, ba ka ’na ba e-ba le ntlha e tšoanelehang ea keletso eo ho tla hlokahala hore a e sebelise e le hore a ka sebeletsa baena ba hae ka tsela e molemo haholoanyane. Ho tšoana le Davida, a ka nka keletso ea bona e le mosa o lerato oo a ke keng a ‘o hana.’—Pes. 141:5.

MOELETSI HA HO NAHANOA KA LIPUELLO

21, 22. (a) Ke hobane’ng ha e le boikarabelo bo tebileng ho buella baholo le bahlanka ba sebeletsang? (b) Baholo ba fumatšoa molemo joang ka hore molebeli ea tsamaeang a lule e le moeletsi ha ba etsa lipuello?

21 Lihlopha tsa baholo li lekile ho phethahatsa boikarabelo ba tsona ka nepo ha li buella baholo ba bacha le bahlanka ba sebeletsang, kapa ha li nka bohato ba ho tlosa ba seng ba khethiloe. Ho lekanyetsa litšoaneleho tsa monna bakeng sa boikarabelo ba phutheho ke taba e tebileng. Ho hatisang sena ke mantsoe a moapostola Pauluse ho 1 Timothea 5:22, ha a re: “U se ke ua phaka ua bea motho matsoho; hape, u se ke ua kena libeng tsa ba bang. U ipoloke, u be mohloeki.”

22 Kahoo, tsela e ’ngoe eo ka eona molebeli ea tsamaeang a fumantšang phutheho molemo ke ka ho lula le sehlopha sa moo sa baholo ho nahanisisa ka lipuello. Ke habohlokoa hore motho e mong le e mong ea buelloang a finyelle litšoaneleho tsa Mangolo. (1 Tim. 3:1-10, 12; Tite 1:5-9; 1 Pet. 5:1-4) Ka mohlala, na kannete ke motho oa moea? Na o bea mohlala ‘ho beeng haholo le ho ipaka hore ke morutuoa oa Kreste?’ (Joh. 15:8) Karolong ea hae e le moeletsi, molebeli ea etileng a ka thusa baholo ba talimaneng le lipotso tse joalo, a etsa joalo ka mokhoa o nang le kotloloho. Hona ho nea baholo monyetla oa ho fumana molemo keletsong le maikutlong a hae. Ka ho tšoanang, a ka ’na a botsa lipotso hore a hlakise litaba kelellong ea hae. Puisano e joalo e lokela hore sepheo sa eona e be ho etsa boikemisetso bo leka-lekaneng ka hore na batho ka bomong ba hlile ba tšoanelehela boikarabelo.

23. (a) Re fumana molemo o fetang eohle joang leetong la molebeli ea tsamaeang? (b) Ke eng se ka hlahisoang ke ho ananela ha rōna maeto aa?

23 Balebeli ba tsamaeang ruri ba etsa boiteko bo matla lebitsong la rōna. A re fumaneng molemo ka tšebeletso ea bona. A re amoheleng keletso leha e le efe e loketseng eo ba re neang eona ho re thusa hore re hlōle kapa re mamelle mathata a botho kapa re atamelle haufi le boena ka lerato. (1 Pet. 2:17) Ruri ba ka thusa ho re matlafatsa boikemisetsong ba rōna ba ho emellana le likhatello tse tsoang lefatšeng lena, le ho re apesa ka ho feletseng ka lihlomo tsa moea ha re ema re tiile ntoeng ea rōna le Diabolose. (Ba-Ef. 6:11-18) E, a re ananeleng maeto a balebeli ba tsamaeang e le tokisetso e ’ngoe ho re thusa ho hlaolela tšoaneleho eo e lekiloeng ea tumelo e tlang ho fumanoa ‘e le lebaka la thoriso le khanya le hlompho mohla Jesu Kreste a senoloang.’—1 Pet. 1:7.

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Ho bolela Malapeng

Ho ruta ka Phuthehong

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Ho Khothatsa Bacha

Ho Tšelisa Ba Hōlileng

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela