Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 1/15 leq. 22
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lekhopho la Moloko oa Motho”
  • Ho Pata ’Nete
  • Baa ‘Chesoa’ Mozambique
  • Ho Senola Sephiri sa Lebitso le Lahlehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Lebitso la Bomolomo Hamoraonyana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lintho Tse Etsang Hore ho be Thata ho Tseba Molimo ka Lebitso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 1/15 leq. 22

Ho Nyarela ka Litabeng

“Lekhopho la Moloko oa Motho”

● Boitsebisong ba haufinyane bo neng bo tletse hohle ho keteka boikhopotso ba selemo sa lekholo sa Albert Einstein, sengoli likoranteng Joseph Kraft o ile a ngola mabapi le maikutlo a Einstein ka bochaba: “[Einstein] o beile mohlala ho nyeliseng bochaba. ‘Ha ke ikhetholle le naha e itseng,’ kamoo a kileng a ngola. A re bochaba ‘ke lefu la bana . . . lekhopho la moloko oa motho.’”

Ka ho tšoanang, lengolong le eang ho mohlophisi oa Bombay’s “Indian Express,” monna oa Moindia a re: ‘Ha ke lumele moeeng oa ho rata naha. Ke matekoane a kenyellelitsoeng ke mapolotiki ho sebeletsa liphello tsa oona tse mpe. Ke hore bona ba ene. Hore bona ba be molemo. Ke ho phahamisa oona. Ha ho mohla ho leng bakeng sa naha. Ha ho mohla ho leng bakeng sa sechaba. Ha ho mohla ho leng bakeng sa banna le basali feela ba kang ’na le uena le ka mohla. . . . Lerako lena la bohata le qapiloeng ke mapolitiki le arola motho ho motho e mong—le ngoan’a bo motho ho ngoan’abo; ho fihlela ha ka tsatsi le leng le tla etsa hore motho a felise motho. Ho rata naha kapa bochaba, kelellong ea ka, ke booatla bo etsoang ka botšepehi ba boikaketsi. . . . Ha ke ikhantše ka boikaketsi ka hore ke sena kapa sane se se nang thuso. Ke motho oa habo batho.’

Ho Pata ’Nete

● Ke hobane’ng ha “New International Version” (NIV) e tsoa hatisoa bocha ea Bibele e sitiloe ho sebelisa lebitso la Molimo moo le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000 mengolong ea Bibele ea boholo-holo? Karabelong ho motho ea ileng a botsa ka sena, Edwin H. Palmer, Th.D., Mongoli oa Phethahatso bakeng sa komiti ea NIV o ngolile hore:

“Lebaka ke lena leo re sa etsang joalo ka lona: U nepile hore Jehova ke lebitso le khethollang bakeng sa Molimo ’me ka ho utloahalang re ne re tšoanela ebe re le sebelisitse. Empa re senyehetsoe ke lidolara tse limillione tse 2 1⁄4 phetolelong ena ’me tsela e tiileng ea ho e isa le metsi ke ho fetolela, ka mohlala, Pesaleme ea 23 e re, ‘Yahweh ke molisa oa ka.’ Ka potlako re ne re tla be re fetoletse lefeela. Ha ho motho ea neng a tla e sebelisa. O, mohlomong uena le ba bang ba ’maloa. Empa hape Mokreste o lokela hore a be bohlale le ho utloisisa. Re babolauoa ba lilemo tse 350 tsa mokhoa oa motho oa King James. Ho molemo haholo ho fumana ba limillione tse peli ba ka e balang—ke kamoo ho seng ho le teng palo ea ba e rekileng ho tla fihlela joale—le ho latela King James, ho e-na le hore ho be le ba likete tse peli ba e rekang le ho ba le phetolelo e nepahetseng ea Yahweh. . . . E bile qeto e boima, ’me bafetoleli ba bangata ba rōna ba lumellana le uena.’

Palmer o qotsa “mokhoa oa motho oa King James” hammoho le ho nahanela thekiso ho buella ho tlosoa ha lebitso la Molimo mosebetsing oa Oona. Leha ho le joalo, hoa khahlisa hore le “King James Version” ka boeona e bea monahano o joalo ha e re ka bahanyetsi ba Molimo: “Tlatsa lifahleho tsa bona ka lihlong; hore ba batle lebitso la hao, OHO MORENA. A ba ke ba tsielehe ’me ba tšoenyehe ka ho sa feleng; uena, u ba neele lihlong, ’me ba timele: Hore batho ba tle ba tsebe hore uena eo, u leng mong lebitso la hao e leng JEHOVA, u ea holimo-limo lefatšeng lohle.”—Pes. 83:16-18.

Baa ‘Chesoa’ Mozambique

● Hoba ba nke puso lilengoaneng tse seng kae tse fetileng, babusi ba Frelimo ba Mozambique ba nkile bohato bo se nang khutlo ho loantša bolumeli. “Letsoso le loantšang Bokreste le ntse le phahama,” kamoo ho tlalehang koranta ea “To the Point International.” Sehlooho se bolela ho makala ha “tlhaselo e sa khaotseng likerekeng tsa Bokreste tse ileng tsa sebetsa ho tšehetsa marabele [a Frelimo] kahohle, ha a nka naha. “Li etelletsoe pele ke mobishopo ea matla oa Roma K’hatholike oa Nampula, Dom Manuel Vieira Pinto, ea ileng a ipolela pepenene hore o ka lehlakoreng la Frelimo, baromuoa ba bangata le baprista ba tšehetsa likhukhuni, ba li thusa [Mozambique] le ho ntšetsa pele tsela ea tsona ka ntle.” Ka lekhetlo le leng, “Mopapa Paul VI a amohela Roma baemeli ba baeta-pele ba ka holimo ba mokhatlo oa likhukhuni, ho kopanyelletsa motlatsi oa mookameli oa Frelimo Marcelino dos Santos.” Empa “kutloelo bohloko e sa ipateng ea likereke tsa Bokreste bakeng sa seo ho thoe’ng ke ‘mekha ea tokoloho,’ ha e-ea li lefa ka letho,” kamoo ho hlokomelang To the Point.” Ha e le hantle, baruti ba boletsoeng kaholimo “kaofela ba balehile naha kapa ba lelekiloe ke babusi ba bacha bao ba ba thusitseng ho fumana puso.”

Bibele e bontša hore ka mokhoa o tšoanang babusi ba lefatše ba tla fetohela bolumeli bohle ba lefatše ka bophara bo itšilafalitseng ka ho ipatlela lerato la bopolotiki.—Tšen. 17:1-3, 16.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela