A Sebetsa ho Mang?
“HOA hlapanngoa hoa thetsoa, hoa bolaoa, hoa utsuoa, hoa fejoa, ho tsoheloa batho matla, ’me mali a ntse a tšolloa holim’a mali a mang.” (Hos. 4:2) ‘E,’ motho ea balang Bibele seoelo a ka ’na a re, ‘hoo ruri ho hlalosa banyefoli ba kajeno.’
Ke ’nete, lefatše la batho le ikarotseng ho Molimo ka makholo-kholo a lilemo le ’nile la kopanela liketsong tse joalo tsa boetsalibe. Empa ak’u nahane ka polelo eo e tlalehiloeng ke moprofeta oa Molimo Hosea. E sebeletsa ho mang?
TEMOSO KA HO OA MOEENG
Temana e tlang pele e re: “Utloang lentsoe la Jehova, lōna bana ba Iseraele! Hobane Jehova o ea tsekisa baahi ba lefatše [leo Baiseraele ba phelang ho lona], hobane ha ho ’nete le mohau lefatšeng, ’me Molimo ha o tsejoe teng.” (Hosea 4:1) Kahoo mantsoe a matla a Hosea 4:1, 2 a hlile a sebetsa haholo-holo ho mang? Ho batho ba kamanong ea selekane le Molimo. Ba sitiloe ho phelela litlhokahalo tsa oona tse lokileng.
Kaha ‘Lengolo lohle le na le molemo oa ho ruta le oa ho laea,’ Mokreste o tla be a hlalefile haeba a sa talime mantsoe ana e le a sebetsang feela lefatšeng ka kakaretso. (2 Tim. 3:16, 17) Ho e-na le hoo, ha a hlokomela hore a ne a tobisitsoe ho batho ba Molimo ba mehleng eo qalehong ea oona, o tla iphumanela molemo. Ha se feela hore o tla hlokomela hore o tlameha ho qoba phoso tse joaloka ho thetsa, empa o tla amohela mantsoe a Hosea e le temoso ea botho khahlanong le ho oa moeeng ka ho tlohela litsela tsa bomolimo.
KAMANO EA RŌNA LE BA BANG
Mopesaleme Davida o itse: “Jehova, bao e leng lira ho ’na ba bangata hakaakang! Ba bangata hakaakang ba ntsohelang matla! Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moea oa ka: Ha a sa na polokeho ho Molimo.” (Pes. 3:1, 2) Polelo eo e ne e sebetsa ho mang? Ho lira tsa lefatše tsa batho ba Molimo?
Batho ba Jehova ba fela ba e-na le lira har’a ba se nang kamano ea botho le Molimo. Empa mantsoe ana a Morena Davida a ne a sebetsa ho lira tse har’a batho ba hae, Baiseraele. Ba bangata ho bona ba re, ‘Molimo o ke ke oa pholosa Davida.’ Ha e le hantle, joalokaha sehloho sa Pesaleme ea boraro se bontša, ke “pesaleme ea Davida ea mohla a balehang pel’a Absalome, mor’a hae.” Lira tsa Davida li ne li akarellesta setho sa ntlo ea hae, motho eo e leng oa sechaba sa batho ba Molimo. Absalome o ne a reretse ntat’ae bolotsana ’me a mo lelekile teroneng. Bolotsana bona ba fella ka ho se tsoelle. (2 Sam. 15:1–18:33) Leha ho le joalo, re ka ’na ra fumana molemo o moholoanyane oa botho pesalemeng ena haeba re ka botsa, Nka sebelisa boitsebiso bona joang tšebeletsong ea ka ho Molimo?
Kaha bofetoheli ba Absalome bo etsahetse har’a batho ba Molimo ba mehleng ea boholo-holo, ketsahalo e ka falimehisetsa Mokreste tlhokahalong ea botho ea hore a alose moea oa hae. E ka sebeletsa e le temoso khahlanong le ho ineela ho labalabela botumo ba botho, mohlomong ka liketso tsa bolotsana tse reretsoeng ho mo phahamisa le ho ntša ba bang ba ineetseng ho Jehova kotsi. Joale, he, ho hlokomela ka botlalo hore na mantsoe a Pesaleme ea boraro a ne a sebetsa ho mang mehleng ea Davida ho ka ’na ha hatisa ho Mokreste bohlokoa ba botšepehi ba botho ho litho tsa lelapa le ba bang ba leng ka moea ’ohle boineelong ba bona ho Jehova. Ka mohlala, leha a se a le lilemong, ngoana a ka ’na a hopotsoa kahoo hore o lokela ho tšepahala ho batsoali ba tsofalang.—Liprov. 19:26.
BOIKUTLO BO KA QOJOANG
Makholo-kholo a lilemo kamorao ho mehla ea Davida, moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a supa lira tse itseng ’me a ngola: “Hobane batho ba joalo ke baapostola ba bohata, ke basebetsi ba mano, ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa baapostola ba Kreste. ’Me hase ho ka makatsang, etsoe Satane le eena a ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli. Ha ho le joalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ea bona e tla lekana le mesebetsi ea bona.”—2 Ba-Kor. 11:13-15.
‘Ke qoso e kaakang ea baruti ba bolumeli ba bohata ba Bojakane!’ motho e mong a ka ’na a tsota. Empa, ka ho bala mantsoe a nyatso a Pauluse, ipotse, A ne a sebetsa ho mang?
Moapostola o ne a ngolla phutheho ea Bokreste e Korinthe. Lengolo la hae le bululetsoeng le ne le tobisitsoe ho balumeli—ho batho ba Molimo. Banna ba bang ba tsebisahalang har’a bona ba ne ba hloile Pauluse, e le ‘baapostola ba bohata, basebetsi ba mano le bahlanka ba Satane.’ ’Me banna bao ba babe ba ne ba ipolela hore ke balateli ba Jesu Kreste ba tsoetsoeng ka moea. Ka ho totobetseng ba ne ba e-na le tšepo ea hore ka letsatsi le leng ba tla busa le Kreste leholimong. Ha e le hantle, banna bao ba baikhohomosi mohlomong ba ne ba se ba iphumanetse botumo har’a balumeli hammoho le bona hoo e neng e se eka ba se ba ‘busa joaloka marena’—ntle ho moapostola Pauluse, eo ba neng ba mo khesa. (1 Ba-Kor. 4:8-14) Banna ba nang le boikutlo bo joalo ha ho mohla ba neng ba tla amoheloa e le ba busang hammoho le Kreste leholimong, ho sa tsotellehe hore na ba ne ba ikuka e le ba baholo le ba lokileng hakae. “Molimo o hanela baikhohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang.”—Jak. 4:6.
Ka ho nahana ka mantsoe a Pauluse a ho 2 Ba-Korinthe 11:13-15, le ka hore re se ke ra a sebelisetsa feela baruti ba lefatše, Bakreste ba tla be ba falimehetse kotsing ea botho ea ho se be ba ikhohomosang le ba mano. Ho feta moo, re tla susumelletseha ho amohela le ho tšepa barapeli hammoho le rōna ba Jehova ba tšepahalang le ba pakiloeng. E, re ka thuseha hore re qobe boikutlo bo fosahetseng ha ka ho nahanela re botsa, A ne a sebetsa ho mang ka nako eo, ’me a ka mphumantša molemo joang hona joale?
UTLOISISA TABA
Ho nahanela ha rōna hore na mantsoe a itseng a Mangolo a ne a tobisitsoe ho mang ho ka ba molemo ho ea balang Bibele ka litsela tse ngata. Ka mohlala, ha ho baloa buka ea Jakobo, ke hantle ha motho a hlokomela hore e ne e sebetsana le mathata a ka hare ho phutheho ea Bokreste, “Iseraele oa Molimo.” (Jak. 1:1; Ba-Gal. 6:16) Hona ho etsa hore Mokreste oa kajeno a itšebelisetse keletso e joalo e kang e fumanoang khaolong ea bobeli ea lengolo leo le bululetsoeng. ’Me hona ho lokela ho mo susumelletsa hore a qobe ho bontša leeme le khethollo. Hona, le hona, ho tla mo thusa hore a se etse lintho ka ho sheba tšobotsi ea motho.
Koana, batho ba lefatše ba etsa liphoso. Hangata ba haelloa ke botšepehi ho litho tsa lelapa, joalokaha ho entse Absalome. Hape, baa ipolelisa le ho ea ka tšobotsi. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hakaakang ho nahanisisa ka litemana tse potolohileng ha ho baloa Mangolo! Joale ke seoelo motho a ka fapohang matla a feletseng a seo a se balang. Ho e-na le hoo, a ka hlokomela melemo ea ’nete ea botho haeba a ka re khefu, hore a ipotse, A sebetsa ho mang?