Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 2/15 leq. 9
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bohlanya ba Chache”
  • Bopaki ba Liqiqita tse Hoammeng
  • Kereke e ne e Boloketse’ng Jones?
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?
    Tsoha!—2008
  • Na ke Lokela ho Bapala Lipapali Tsa Elektronike?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Thuto ea Mahlale: Na e Pakile Hore Bibele e Fositse?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Ke’ng Seo ke Lokelang ho se Tseba Mabapi le Lipapali Tsa Elektronike?
    Bacha Baa Botsa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 2/15 leq. 9

Ho Nyarela ka Litabeng

“Bohlanya ba Chache”

● Ha e hlalosa qeto e tsoa etsoa ke babishopo ba Chache ba Canada ho tlotsa banna ba robalang le banna hore e be baprista, mobishopo oa Toronto o boletse hore “re talimane ka kutloisiso le ’nete ea hore ho theosa le pale ea kereke ho ’nile ha e-ba teng ba tšebeletsong ba . . . sekametseng ho robaleng ha banna le banna.” Leha ho le joalo, qetong ea bona babishopo ba boletse hore baprista ba bacha ba banna ba robalang le banna ba tlameha ho tšepisa “ho ikhula liketsong tsa likamano tsa botona le batho ba bang ba batona” e le hore ba ka tlotsoa.

“Na hoo ha ho hotle,” kamoo ho boletseng “Sun’” ea Toronto sehloohong sa mohlophisi se neng se re “Bohlanya ba Chache.” “’Me babishopo ba rerile ho bona joang hore sena sea etsahala? . . . Ha se feela kereke e ntseng e lahleheloa ke ho tšehetsoa ke ba bangata. Ke ’nete ho robala ha banna le banna ‘ke ntho e etsahalang,’ joalokaha kereke e totobatsa. Ho joalo le ka ho nyalana ha batho ba tsoalanang haufi ka mali, ho khahlapetsoa ha bana, ho robala le phoofolo. Na bolumeli bo lokela ho fapoha tsela ea bona ho bontša ka moo bo nahanang ha batsi kateng le hore boa hlokomela ka ho mema ba nang le boikutlo bo sa utloahaleng, litakatso, le likelello tse ferekaneng hore e be bahlanka? Ho bonahala kereke ea Chache e nahana joalo. Ke bohlanya . . .”

Bopaki ba Liqiqita tse Hoammeng

● Hore na likete-kete tsa liphoofolo tse kholohali li ile tsa hoama joang leqhoeng la Siberia ho ’nile ha tsietsa bahlalefi ka mashome-shome a lilemo. Ha e nahanisisa ka khopolo e ncha, makasine ea “New Scientist” ea Brithani e hlokometse hore liqiqita tse hoammeng “ke bopaki ba hore mehla ea ho qetela ea leqhoa e oetse lefatše ka tšohanyetso.” Moprofesa Fred Hoyle oa Koleche ea Univesithi ea Cardiff, le Elizabeth Buttler oa Univesithi ea Oxford “ba fana ka maikutlo a hore haeba mehla ea ho qetela ea leqhoa . . . e ne e nkile lilemo tse baloang ka likete ho tšoara lefatše, liqiqita li ka be li bile le nako ea ho balehela serame ka boroa ho tla moo ho futhumetseng. Boemo bo botle haholo boo li bolokehileng ka bona le bona ke bopaki ba hore li ile tsa hoama kapele hoba li shoe—ho seng joalo li ka be li lle tsa qala ho bola.”

Ho hlalosa hore na serame se potlakileng joalo se ne se ka tla joang, Hoyle le motsoalle ‘ba fana ka maikutlo a hore—lerōle le leholo le tsoang linaleling le ile la kena sepaka-pakeng se ka holimo sa Lefatše ’me la hlahisa mahlaseli a letsatsi hoo e leng hore lefatše le ile la bata “ka lilengoana feela.”

Empa na tlhaloso e joalo e sothehileng le e se nang bonnete e-ea hlokahala? Che. Tlaleho ea Bibele ho Genese e fana ka pheko e bonolo le e hlakileng e tšoanelang linnete tsohle. E bontše ka boteng ba “metsi a ka holimo ho sebaka” sa “Leholimo” pele ho Moroallo, ao ho neng ho ka etsahala hore a hlahise boemo bo mofuthu o lekaneng hohle lefatšeng ka bophara, bo lumella liqiqita le bophelo bo bong hore li atlehe likarolong tse ka leboea. ‘Ho buloa ha boliba ba leholimo’ nakong ea Moroallo ho ne ho ka ’na ha tsamaea hantle le phetoho e khōlō mochesong le mohatseleng e neng e ka kenya libaka tsena leqhoeng le leholo le hoamisang, le bolokang liqiqita le bophelo bo bong boemong boo li fumanoeng li le ho bona.—Gen. 1:7, 8; 7:11, 12.

Kereke e ne e Boloketse’ng Jones?

● Kamor’a ho “ipolaea” ha balateli ba fetang 900 ba “Reverend” Jim Jones Jonestown, Guyana, ba bangata ba ile ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha Kereke ea Bokreste (Barutuoa ba Kreste) e ile ea lumella sehlopha sa hae hore se ’ne se be boemong bo botle. (Bona “Molula-Qhooa” oa December 1, 1979.) Komiti ea Tsamaiso ea litho tse 44 ea kereke ea kopana ’me ea nka kano hore e ke ke ea nka mehato ea ho fetisa “kahlolo holim’a tšebeletso ea phutheho.”

“Ka ho lumella esita le ka ho amohela maikutlo a sa lumellaneng, ha re itšiele sekala sa ho lekanya seo ka sona ho ka lekanyetsoang liphoso,” kamoo ho boletseng Kennethe L. Teegarden, mookameli oa sehlopha sa bolumeli se litho li limillione tse 1,3. Molao oa mokhatlo o bolela hore kereke efe le efe e ka ba setho ka hore feela e itšoarelle tumelong e ka sehloohong Topollong ea Kreste.

Empa na ho ipolela ho lumela ho Kreste ho etsa kereke e be e amohelehang ho eena? Na ho “lumella . . . maikutlo a sa lumellaneng” ho tumellanong le mohlala oa borapeli o theiloeng ke Kreste. Jesu ka boeena o boletse hore nakong e tlang ba bangata ba tla lumela ho eena e le “Morena,” leha ho le joalo, ho e-na le ho ba amohela kaofela motheong ona, a re: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate.” A re ho ba neng ba sa phelele se hlokoang ke Molimo: “Ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”—Matt. 7:21-23.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela