Jehova—Tšepo ea Rona ea ho Kena Tsamaisong e Ncha
1. Ke hobane’ng ha ba bangata ba se ba lahlehetsoe ke tšepo ea hore taolo e ncha e ka fumaneha?
KE MANG ea sa batleng taolo e ncha ea lintho lefatšeng moo? Batho ba bangata ba lakatsa ho ba le taolo e lokileng le e phelang hantle ea lintho empa hona joale ba na le tšepo e nyenyane haholo hore ntho e joalo e ka etsahala. Boemo bo ntseng bo senyeha ba batho ba boitšoaro ha bo ba nee motheo oa letho bakeng sa ho tšepa hore lintho li tla ntlafala. Ba feletsoe ke tšepo ho hang hobane ha ho tšepo ea letho ea ’nete le e tšepahalang eo ba e tsebisitsoeng. Ha ba s’o ithute hore taolo ena e ncha e lakatsehang e tšepisitsoe ke e mong ea nang le matla ka ho feletseng le hore e tloha e phethahala. Eena eo ea nang le matla ea boletsoeng pele ke eena tšepo ea rōna. Ke eena Tšepo ea bohle bao ka tieo ba laba-labelang ho kena taolong e ncha ea ho loka.
2. Ho ea ka Jeremia 14:8, 9, Jehova e ne e le eng ho sechaba sa Iseraele, empa ha bonahala litaba e le life?
2 Joale, har’a lefifi le ntseng le teteana la lefatše lohle, ke nako e molemo ea hore re retelehele ho Tšepo ena e ’notsi ea rōna, joalokaha moprofeta Jeremia a ile a etsa ha lintho li fifalla sechaba sa habo. Mohoong oa hae oa thuso, Jeremia o itse: “Tšepo ea Iseraele, mopholosi oa hae tsatsing la tsietsi, na u ea ba joale ka molichaba lefatšeng, kapa joale ka moeti ea fapohang tsela ho hlola bosiu feela na? Na u rata ke’ng ho ba joale ka motho ea maketseng, joale ka senatla se sitoang ho pholosa? Kanthe Jehova, u ntse u le har’a rōna, lebitso la hao le ntse le bitsoa holim’a rōna; u se ke ua re tlohela.”—Jer. 14:8, 9.
3. Ho ea ka Jeremia 14:22, ke hobane’ng ha ho le teng mabaka a utloahalang a hore re lebe ho Jehova e le Tšepo feela ea rōna?
3 Ho na le lebaka le utloahalang la hore re etse Molimo oona ona Tšepo ea rōna kajeno. Oona hobane’ng, e seng o mong osele? Hobane ke oona ’Mōpi ’me o laola matla ’ohle a tlhaho le tšebetso e lefatšeng la rōna le e le potolohileng. Ho joalokaha Jeremia a totobatsa ha a bua ka Molimo ’me a re: “Na e mong a ka ba teng har’a mafeela a lichaba ea ka nesang pula? Kapa a maholimo [ao balepi ba linaleli ba a tšepileng] a teng a neang lipula? Na hase uena, Jehova, Molimo oa rōna? Le hona re ntse re itšepetse uena, hobane ke uena ea etsang tseo kaofela.”—Jer. 14:22.
4. Kaha sechaba sa Iseraele se ne se bitsoa ka lebitso la Molimo, ke eng se neng se bonahala se belaetsa se ileng sa hlahisa lipotso ho Jeremia?
4 Batho ba Iseraele oa boholo-holo ba ne ba bitsoa ka lebitso la Molimo, ’me kahoo re ka nahana hore ba ne ba e-na le boteng bo halalelang ba oona har’a bona. Ke hobane’ng, he, a neng a fetohile eo e neng e ke ea e-ba ‘tšepo ea Iseraele,’ joaloka moeti ea neng a lutse ka nakoana har’a bona, kapa motsamai ea neng a mpa a fapohetse a feta ka naha ea bona, ea teng kajeno hosesane a tsoha a iketse? Ke hobane’ng ha a ne a tšoana le ea maketseng ke bothata boo ba talimaneng le bona, ho hang a se boemong ba ho sebetsana le bona? Kapa joaloka senatla seo leha ho le joalo se sitoang ho thusa batho ba hlokang ho pholosoa liphellong tsa tsela eo ba entseng ka eona? Ebe ke lebaka lefe leo Jehova a ileng a le bolella Jeremia?
5. Jehova o ile a fana ka mabaka afe ka hore ho bonahale eka o lahlile Iseraele, ’me ke hobane’ng ha a ile a bapisa ka Moethiopia le ka lengau?
5 Sesosa sa khathatso ea Baiseraele e ne e se ntho e bonoang ka mahlo. Ho hlokomoloha ha bona selekane le Moetsi oa pula Jehova ho ne ho fetohile ho tebileng ka metso, hape le ho nyelisa ha bona lebitso la hae le ho tsoaka ha bona mofuta o hloekileng oa borapeli le bolumeli ba lichaba tsa bahetene tse ba potolohileng. Ha ho makatse, he, hore ebe ba ile ba bolelloa hore: “Na mo-Ethiopia [kapa Monubia] a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau le ka fetola matheba a lona na? Ha ho ka ba joalo, le ka tseba ho etsa hantle, athe le ba itemalelitseng ho etsa hampe. Empa ke tla ba qhalanya joale ka mooko o khoholoang ke moea oa lefeella. Eo ke kabelo ea hao, karolo eo ke u lekanyetsang eona, ho bolela Jehova, hobane u hlile ua ntebala, ’me u itšepetse leshano. . . . Bofebe ba hao le litakatso tsa hao tse lumang, bootsoa bo tlolisang ba hao ke bo bone lithabeng le lithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! uena Jerusalema, ha u ka ke ua ntlafala ho isa ho le hokae!”—Jer. 13:23-27.
6. Polelo eo ea linnete e supa eng ka litaba pakeng tsa Jehova le Iseraele hape le Bojakane?
6 Na ho boleloa ha linnete joalo ho supa hore Jehova o ne a e-na le nyeoe le Iseraele? Na e boetse e supa hore o na le nyeoe le Bojakane, bo ipolelang hore ke batho ba Molimo oa Bibele e Halalelang? Ho joalo kannete! Ka baka leo, o bolela hore nyeoe e tla lokisoa hantle, hobane ke eena Moahloli e Moholo.
7. Tumellanong le Jeremia 17:1-4, tlaleho ea Bojakane ea bokoenehi le bolefatše e ngotsoe ka botebo bo bokae, ’me e tla lateloa ke liphello life?
7 Kaha bo ipolela hore ke Bokreste, Bojakane bo ne bo lokela hore e be mohlala o motle ho lefatše lohle. Leha ho le joalo, bo iketselitse tlaleho ea bokoenehi ba bolumeli le bolefatše e ke keng ea hlakoloa. Tlaleho ea bona e tšoana le ea Jerusalema ea boholo-holo le naha ea Juda:
“Sebe sa Juda se ngoliloe ka moseto oa tšepe, ka daemane e nchocho: se ngoliloe leqepheng la lipelo tsa bona le linakeng tsa lialetare tsa bona [tsa borapeli ba bohata]. Joale ka ha ba hopola bana ba bona, ba hopola lialetare tsa bona joalo le liashera tsa bona [tsa borapeli ba litšoantšo] pel’a lifate tse mahlaku, marallaneng a maleletsana. Thaba ea ka le masimo a eona, leruo la hao le matlotlo a hao kaofela, ke tla li neela khapo [ho ba phethahatsang kahlolo ea ka], le tsona linqalo tse liphahameng tsa hao, ka baka la sebe sa hao se meeling ea hao kaofela. Ka molato oa hao u tla senyeheloa ke lefa leo ke neng ke u neile lona [Lefatšeng la Pallo]; ke tla u etsa mofo oa bao e leng lira ho uena, lefatšeng leo u sa le tsebeng [e leng, Babylona], hobane le tukisitse mollo oa khalefo ea ka, o ea ’ne o chese ka ho sa feleng.”—Jer. 17:1-4.
HA HO KENELLOE BAKENG SA BOJAKANE BA BOIKAKETSI
8, 9. Le hoja Bojakane bo jere lebitso la Kreste, ke hobane’ng a ke keng a kenella bakeng sa bona, joaloka tabeng ea Iseraele ea boholo-holo?
8 Bojakane bo etelletsa pele lebitso la Kreste. Empa na o tla kenella bakeng sa tsamaiso e joalo ea bolumeli e tsitlelletseng ho tsoaka lithuto tsa Bibele le bolumeli ba bohetene ka lilemo tse fetang makholo a 16? Che, ka sebele, hobane o tumellanong e feletseng le Ntat’ae oa leholimo, Jehova Molimo. o itse: “Ke sitoa ho etsa letho ke ’notši; ke ahlola kamoo ke utloang kateng, ’me kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.” (Joh. 5:30) Lilemo tse makholo a tšeletseng pele ho Kreste, mehleng ea Jeremia, Jehova o buile tjena ka setšoantšo sa Bojakane:
9 “Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pel’a ka, pelo ea ka e be e ke ke ea hauhela sechaba sena [sa Iseraele]. U tlo u se leleke pel’a ka, se tlohe.”—Jer. 15:1.
10. Ke hobane’ng ha ho kenella ha Moshe le Samuele ho ne ho ka nkoa ho sebetsa ho Molimo, empa joale boikutlo ba Jehova e ne e le bofe ka Baiseraele ba sa bakeng?
10 Moshe, ea neng a sebeliselitsoe ho nea Iseraele Melao e Leshome, o ne a kenelletse ka katleho lebitsong la bona. Ha e le ka Samuele lilemo tse makholo a mane hamorao, o ile a qalisa letoto le khethehileng la baprofeta ba ileng ba akarelletsa Jeremia ho tla fihla ho moprofeta Malakia. (Lik. 3:22-24) Samuele le eena o ile a kenella bakeng sa sechaba sa Iseraele, haholo-holo hoba se kōpe morena ea bonahalang oa motho. Empa joale, lilemo tse ka bang makholo a mane kamorao ho Samuele, ho kenella ha hae kapa ha Moshe ho ne ho ke ke ha thusa letho ho Jehova. Eaba ho felile ka Iseraele e sa bakeng!
11. Baiseraele ba sa bakeng ba ne ba tla tloha pel’a sefahleho sa Jehova ho ea thulana le boemeli bofe bo bolaeng?
11 Ho felle kae? motho ea utloelang Bojakane bohloko a ka’na a botsa. Re na le mohlala oa boprofeta hore na ho fellele kae ka seo Jehova a ileng a se bolella Jeremia, a re: “Etlere ha ba re ho uena: Ana re tsoele kae? u ba fetole, u re: Ho itsoe ke Jehova: Ba loketsoeng ke lefu ba tsoele lefung, ba loketsoeng ke lerumo ba tsoele lerumong, ba loketsoeng ke tlala ba tsoele tlaleng, ba loketsoeng ke kholeho ba tsoele kholehong. Ke tla bea likotsi tse mefuta e mene ho bona, ho bolela Jehova: [1] e tla ba lerumo ho bolaea, le [2] lintja ho harola, le [3] manong a leholimo, le [4] libatana tsa lefatše ho ja le ho senya. Ke tla ba neela ho tsukutloa mebusong eohle ea lefatše, ka baka la Manasse, mor’a Ezekiase, morena oa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema. Hobane ke mang ea ka u hauhelang, Jerusalema, kapa ke mang ea ka u utloelang bohloko, kapa ke mang ea ka fapohelang ho ea botsa kamoo u ntseng u phela kateng? U ntlohetse, ho bolela Jehova, u khutlile ka santhao [ho ’na].”—Jer. 15:2-6; hape 16:4.
12. Ke neng hona ka mang litšupiso linthong tse tšoanang tse bolaeang li ileng tsa etsoa mabapi le Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo le tsamaiso ea hona joale ea lintho?
12 Lefu, (kapa, seoa), lerumo (kapa, ntoa), tlala (kapa, khaello ea lijo) le khapo! Mantsoe ana a ileng a boleloa ho Jeremia mabapi le Jerusalema nakong ea hae ea bofelo (647-607 B.C.E.) mehleng ea hae ke mantsoe a ileng a boela a buuoa ke Jesu Kreste boprofeteng ba hae mabapi le ‘nako ea bofelo’ ba Jerusalema lekholong la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. (Matt. 24:3-7, 21, 22; Luka 21:10, 11, 20-24) Hape, boprofeteng ba hae bukeng ea ho qetela ea Bibele re hlokomelisoa ka lintho tsona tseo ka ho sebelisoa ha lipapiso, ho kopanyelletsa libata tse hlaha tsa naha. (Tšen. 6:1-8) Boprofeta boo ba ho qetela bo jere phethahatso ea lipolelo tseo tsa boprofeta tsa tlokotsi ho fetela ka nqa’ne ho ho ngoloa ha Tšenolo ka 96 C.E. ho tla fihlela mehleng ea rōna ‘nakong ea bofelo,’ ho tloha ka 1914 C.E. ho ea pele. (Dan. 12:4) Kahoo boprofeta, phethahatsong ea bona ea ho qetela, bo sebetsa tsamaisong ea hona joale e ahlotsoeng ea lintho, ho kopanyelletsa le Bojakane ba bokoenehi.
13. Ke ho tloha neng re bileng le lintho tse joalo ka tekanyo e ke keng ea lekanngoa?
13 Na leha e le mang kapa mang ho rōna a ka iphoufaletsa ’nete ea hore ho tloha ka ho felella ha Mehla ea Balichaba ka 1914 re bile le ntoa (lerumo), tlala, mafu a seoa, hape le litšisinyeho tsa lefatše ka tekanyo e khōlō haholo? Ho bile feela joalokaha ho hlile ha boleloa, joalokaha ho bontšitsoe tabeng ea Jerusalema ea mehleng ea Jeremia le Jerusalema ea mehleng ea baapostola ba Jesu.
14. Ke hobane’ng ha Bojakane bo sa ka ba khetholloa mahlomoleng a lintho tsa tlokotsi joalo?
14 Bojakane, phethahatso ea kajeno ea Jerusalema le Juda tsa bokoenehi, ha e-ea khetholloa ka letho mahlomoleng a lintho tsa tlokotsi e joalo. Lithapelo tsa baruti ba bona ha lia bo thusa. Lebaka la hona le tšoana le la tabeng ea Baiseraele mehleng ea Jeremia: “Ke tlositse khotso ea ka ho sechaba sena, ho bolela Jehova, le lereko le mehauhelo ea ka. Hobane ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Bonang, ke ea khutsisa nqalong ena, pel’a mahlo a lōna le mehleng ea lōna, lentsoe la thabo le lentsoe la nyakallo le lentsoe la monyaluoa.”—Jer. 16:5, 9.
HO LEBELLA KHOTSO KA LEFEELA!
15. Iseraele e ne e tšepile eng mehleng ea Jeremia, ’me baprofeta ba bang ba ne ba nea Baiseraele tiiso ea eng?
15 Bakeng sa Bojakane nakong ena “ea bofelo,” boemo bo tšoana hantle le kamoo bo neng bo le kateng ho Baiseraele mehleng ea ha Jeremia a ne a bolela molaetsa oa kahlolo oa Jehova ho bona: “Re lebeletse khotso, empa ha re bone molemo; le nako ea pholiso, empa bonang, hoa tšabeha.” (Jer. 14:19) Leha ho le joalo, baruti ba Bojakane ba phehelletse ho hanyetsa seo sehlopha sa Jeremia, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” se ’nileng sa se bolela e le temoso ho batho bohle. Lipaki tsena tse tlotsitsoeng tsa Jehova li kopana le boemo bo tšoanang le boo Jeremia a ileng a kopana le bona le boo a ileng a bo hlalosa, a re: “Jo! jo! Morena Jehova, bona, baprofeta ba bona ba ba bolella, ba re: Ha le ka ke la bona lerumo [letsohong la moahloli oa Jehova], tlala ha e ka ke ea e-ba teng ho lōna; hobane ke tla le nea khotso e tiileng nqalong ena.”—Jer. 14:13; Matt. 24:45-47.
16. Ke mantsoe afe a baruti ba Bojakane a etsang hore litho tsa likereke tsa Bojakane li se ele hloko haholo temoso e fanoang ke Lipaki tsa Jehova?
16 Boprofeta bo joalo ba hore ha ho tlokotsi e ka hlahang letsohong la Molimo bo lokiselitsoe ho kokobetsa tšabo ea batho. Bo tsosa tšepo ea bohata lifubeng tsa litho tsa likereke tsa Bojakane. Bo li sia li sa itebela bakeng sa ho qhoma leha e le hofe ha tšohanyetso ha ‘mahlomola a maholo’ ho ka amehang. Ka baka leo, a tla ba oela holimo joaloka lesholu la bosiu, ’me ba tla oeloa ke tšenyeho e sa feleng. Hantle joalokaha baruti ba nyelisa sehlopha sa Jeremia le ho theola molaetsa oa sona o nakong, hona ho etsa hore litho tsa likereke tse ikhotsofatsang li se ele hloko haholoanyane temoso eo Jehova a fanang ka eona ka lipaki tsa hae.
17, 18. (a) Ka baka la baruti ba Bojakane, ke eng se tšoanang le boemo bo sa phekoleheng ho sehlopha sa Jeremia? (b) Ke boikutlo bofe boo sehlopha sa Jeremia se tlamehileng ho bo boloka mabapi le ho atamelana le baruti?
17 Ho tebisa maikutlo ao ba faneng ka oona ka litiiso tsa bona tsa khotso, baetapele ba bolumeli ba hlorisa sehlopha sa Jeremia le batšehetsi ba sona. Ba se saeletsa marena a bopolotiki. Mahloriso le thohako tseo sehlopha sa Jeremia se tsoelang pele ho li mamella li tšoana le ntho e tloaelehileng ho sona, e joaloka lefu le sa phekoleheng ho bona ka tumello ea Jehova, joalokaha eka o tseka le sona. Se ke ke sa sekisetsa le sehlopha sa baruti ’me sa ikopanya le mokhopi o haufi le bona. Jehova ke eena feela Eo ba ka behang taba ea bona ho eena, ’me ba nyakallela tokisetsong ea hae, joalokaha Jeremia a itse:
18 “Uena Jehova, u tseba tsohle, u ’no u nkhopole, u ntlhokomele u mpheteletse ho ba ntlhorisang. Mamellong e kholo ea hao u se ke ua ntlosa; u ke u lemohe hobane ke jere sekhobo ka baka la hao. Mantsoe a hao ha a mphihlela, ke itjeletse ’ona; mantsoe a hao ho ’na e bile thabo le nyakallo pelong ea ka, hobane ho rapetsoe lebitso la hao holim’a ka, Jehova, Molimo oa makhotla. Ha kea ka ka itulela mokhatlong oa basomi ho ea ithabela teng [le basomi bao ba nahanang hore khotso e teng]; ka mpa ka lula ke ’notsi ka baka la letsoho la hao le ntšoereng, hobane u ntlatsitse ka hlonamo.”—Jer. 15:15-17.
19. Ho sa tsotellehe ho hlorisoa ha sehlopha sa Jeremia, ke hobane’ng ha ba hlorisoang ba ka thaba le ho ithorisa?
19 Mahloriso a itšoarelletseng ho sehlopha sa Jeremia joaloka lefu le sa phekoleheng ha a monate. (Jer. 15:18) Empa ba hlorisoang ba ka inyakallela Lentsoeng la Jehova, Mangolo a Halalelang a ileng a bolokeloa ho re tšelisa. (Ba-Roma 15:4) Re ka thabela ho fumana ka Mangolong ao mantsoe a boprofeta a hlalosang mehla ea rōna e thata le a re neang tšepo e khanyang bakeng sa taolo e ncha kamor’a Harmagedone. Ka sena re ka ithorisa ka Jehova.—Jer. 9:23, 24.
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha kajeno pelo ea motho e ipaka e le e “mano” ka ho fetisisa, e, “e bolile”? (b) Ho ea ka Jeremia 17:5-8, ke tsela efe ea ketso e isang thohakong e tsoang ho Molimo ’me ke efe e isang tlhohonohofatsong e tsoang ho eena?
20 Nakong ena ea ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho,’ ha tlōlo ea molao e phahama ’me Jehova a sa emetse nako ea hae ea ho otla bokhopo bo nammeng, pelo ea motho e ipakahatsa e le “mano” ka ho fetisisa, e, “e bolile,” ha sethō se iphumana se phathahane haholo. Haeba re leka ho khotsofatsa pelo ka litsela tse hananang le keletso ea Molimo le melao ea ho loka, e tla re lihela kahlolo e bohale ea oona. (Jer. 17:9-11) Tlas’a likhatello tsa kajeno hore batho ba nke tsela e fosahetseng, ha lipelo tsa rōna li se ke tsa re thetsa le ho re susumelletsa linthong tseo e seng tsa Mangolo le tsa booatla. Hopola: Tsela ea ketso eo re e nkang e tla lekanyetsa hore na re lokeloa ke ho amohela thohako kapa tlhohonolofatso. Jehova o lokolisitse tsela e isang thohakong e tsoang ho eena le tsela e isang tlhohonolofatsong e tsoang ho eena, a re:
21 “Ho rohakiloe motho ea itšepelang motho, ea etsang nama matla a hae, eo pelo ea hae e furaletseng Jehova. O joale ka ea itlhophereng nahathothe, a sa bone hobane ho fihla molemo; o ahile libakeng tse tšehla, fatšeng le lebu, le sa ahuoang. Ho lehlohonolo motho ea itšepetseng Jehova, eo tšepo ea hae e leng Jehova. O joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi, seo metso ea sona e namelang metsing; leha ho ka tla komello, ha se utloe letho, le mahlaku a sona a ntse a le matala; le selemong sa letsatsi ha se tsabe letho, ha se lese ho bea litholoana.”—Jer. 17:5-8.
22. Baiseraele ba mehleng ea Jeremia ba bontšitse joang hore ba etsa ‘nama letsoho la bona’?
22 Batho ba linatla ka bobona hangata ba tšepa motho oa nama le ho tšepa letsoho la nama hore le ba lopolle. Ha se ho makatsang hore ba tšoana le sefate se itlhophereng lehoatateng le omeletseng le letsoai. Ba etsisa Baiseraele ba mehleng ea Jeremia. Ha makhotla a sera, a rorang joaloka tau a ne a tšosa Baiseraele bana, ha baa ka ba ipiletsa ho Morena Jehova. Ba retelehela ho batho ba lefatše ba letsoho le matla, ba hlalefileng ntoeng e mabifi, hore ba ba thuse. Eaba ha ba atamele ho Jehova hore ba noe metsi a poloko a tsoang ho eena Mohloli oa poloko. Ho e-na le hoo, ba mathela Egepeta ho ea noa metsi a poloko Nōkeng ea Nile. Kapa ba mathela Assyria ho ea noa metsi a poloko Nōkeng ea Eufrate, eo ka nakoana e neng e laoloa ke Assyria.
23. Baiseraele ba ‘icheketse mamena a ngamohileng a sa bolokeng metsi joang, hona ka phello efe?
23 Ka tsela eo, ha ho boleloa ka tšoantšetso, Baiseraele ba se nang tumelo ba tsoela pele ‘ho ichekela mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.’ Ba furalla Jehova, “seliba sa metsi a kollang.” Ka baka leo, ha ho poloko e tsoileng ho eena. Ka masoabi, mebuso ea lefatše e nang le mabotho a maholo a sesole ea Egepeta le Assyria ha e-ea ka ea tlatsa “mamena a ngamohileng” a Baiseraele ka metsi a poloko a tsoang ho lira tsa bona tsa bopolotiki. Eaba ha ba fumane metsi a neang bophelo a tsoang Shihore, Nōka ea Nile, kapa Nōka ea Eufrate ha e le tlas’a taolo ea Assyria. Ka ho furalla Jehova Molimo oa bona e le Mohloli oa poloko, Baiseraele ba koenehileng ba oela thohakong e omelletsang moea.—Jer. 2:13-18.
24. Ke hokae, leha ho le joalo, moo sehlopha sa Jeremia le “bongata bo boholo” se lebisang hlompho ea sona le tšepo, ’me se rapela mohloli oa ’nete oa metsi a phelang hokae?
24 Ho fapana le Baiseraele bao, bao ba sehlopha sa Jeremia ba kajeno ba entse Jehova Tšepo ea bona. Ba hlonepha terone ea hae ea borena ba bokahohleng. Ba mo rapela joaloka Molimo oa bona tempeleng ea hae ea moea kapa sehalalelo. Ba mo tšepile, e seng motho mang kapa mang oa lefatšeng kapa ’muso oa lefatše oa motho o nang le lihlomo tse chefu. Ba etelletse pele “bongata bo boholo” kajeno ho tšepeng Jehova. Ba qoba tsela ea Bojakane ba bokoenehi, ka bohlale ba re: “E sa le ho qaleng, nqalo ea sehalalelo sa rōna ke terone e phahamileng ea khanya. Tšepo ea Iseraele, Jehova, ba u hlobohang kaofela ba ea hlabisoa lihlong [ba soabisoe]. Ba nkoenehelang ba tla ngoloa lefatšeng, hobane ba hlobohile seliba sa metsi a phelisang, e leng ’na Jehova.”—Jer. 17:12, 13.
25. Ke ka tsela efe, he, re tlang ho kena Taolong e Ncha tlas’a Jesu Messia?
25 A re tloheleng, he, “mamena a ngamohileng” a entsoeng ke motho a se nang metsi a letho a poloko tlokotsing ea lefatše. A re reteleheleng ho Jehova. A ka re sireletsa ‘mahlomoleng a maholo’ ’me a re kenya hantle taolong ea hae e ncha tlas’a Jesu Messia.