Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/1 maq. 28-30
  • Mefiboshethe Monna ea Ananelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mefiboshethe Monna ea Ananelang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha aa ka a Koata ha a Tšoaroa Hampe
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Na U se U Kile Ua Ikutloa U le Mokhelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ba Ile ba Loana le Meutloa Nameng ea Bona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/1 maq. 28-30

Mefiboshethe Monna ea Ananelang

MEFIBOSHETHE kapa Meriba-baale e ne e le mora oa Jonathane le setloholo sa Morena Saule. Leha ho le joalo, ho ba ha hae setho sa lelapa la pele la borena la Iseraele ha hoa ka ha mo nea tšepiso ea letho ea bokamoso bo khanyang. O tsoetsoe hoba ntat’ae moholo Saule a lahle borena. Joale, ha Mefiboshethe a le lilemo li hlano, ntat’ae le ntat’ae moholo ba bolaoa ntoeng. Ha a utloa litaba tsena, mosali ea neng a hlokomela Mefiboshethe a tšoha ʼme a baleha, a nka moshemane. Ha a ntse a baleha, Mefiboshethe a oa ʼme a holofalla bophelo bohle ba hae, a lemetse maoto ka bobeli. Hoo e ka bang lilemo tse supileng hamorao, rangoan’ae Ishe-Boshethe a bolaoa ka sehlōhō. (2 Sam. 4:4-8) Kannete, Mefiboshethe a oeloa ke koluoa. Empa hona ha hoa ka ha mo senya pelo. A hōla ho ba motho ea ananelang.

Mefiboshethe a nyala a sa le monyenyane ʼme a tsoala moshemane ea bitsoang Mika. Eena le lelapa la hae, Mefiboshethe a lula le Makire, monna ea tsebisahalang, ea ruileng ea lulang Lo-debare, motse oa Gileade.—2 Sam. 9:4, 12; bapisa 2 Samuele 17:27-29.

Kamorao ho nako, mora enoa oa Jonathane a hlokomeloa ka mohau ke Morena Davida. Hoba Davida a tiisoe boreneng holim’a Iseraele eohle ka lilengoana, a inahana ka ho teba ka tšepiso e hlapanyelitsoeng eo a neng a e etselitse motsoalle oa hae Jonathane. (1 Sam. 20:42) Ka baka la Jonathane, Davida a etsa qeto ea ho etsa ka mosa mang le mang ea setseng oa ntlo ea Saule. Ka Tsiba mohlanka oa Saule, Davida a utloela ka Mefiboshethe ʼme ha a ka a lieha ho lata mora oa Jonathane. Ka boikokobetso, Mefiboshethe a itihela pel’a Davida. “Davida a re: Mefiboshethe! Eo a re: Ke ʼna mohlanka oa hao!’ Lentsoe la Mefiboshethe le ne le bontša ho tšoha, hobane Davida o ile a phakisa a mo tiisetsa hore: “Se tšabe, hobane ke fela ke tla u etsa ka mohau ka baka la Jonathane ntat’ao, ke busetse ho uena le masimo ʼohle a ntat’ao Saule; uena, u tla ʼne u je lijo tafoleng ea ka ka mehla.”—2 Sam. 9:1-7.

Mefiboshethe o ne a tšohile hobane’ng? Ho ke ho hopoloe hore rangoan’ae Ishe-Boshethe o ne a ile a busa e le morena ea tsekang borena le Davida, ʼme kahoo Mefiboshethe o ne a ka talingoa joaloka ea tsekang borena. Kaha ho ne ho tloaelehile hore marena a Bochabela a tiise libaka tsa oona ka ho bolaea bohle ba belaelloang ka bohanyetsi, Mefiboshethe mohlomong o ne a tšohile ho bolaoa.

Mefiboshethe o tlameha a be a ile a makala haholo ke ho hauheloa ke morena. Pele, e ne e le taba ea tšimo ea Saule. Mohlomong Davida, hoba a rene holim’a Iseraele eohle, o ne a laola tšimo ena. Kapa, kamorao ho lefu la Saule, mohlomong ba bang ba ne ba e nkile. Le haeba ho ne ho le ka tsela efe, Davida a rera hore lefa le khutlisetsoa ho mojalefa ea le tšoanelang, Mefiboshethe. Empa e ne e se phetho. Mefiboshethe o ne a tla thabela sebaka se hlomphehileng lebaleng la Davida. E ne e tla ba tokelo ea hae ho ja ka mehla tafoleng ea borena. Ena ke tlotla eo hangata e neng e neoa banna ba ikhethollang ka liketso tsa bonatla, e seng lihole tse sa reng letho.

A ananela ka botebo, Mefiboshethe a inama pel’a Davida, a re: “Mohlanka oa hao ke’ng, ha u talimile ntja e shoeleng, joale ka ha ke le eona na?” (2 Sam. 9:8) A hlolloa haholo ke mosa oa Davida. Ponong ea hae, Mefiboshethe ho hang o ne a sa lokeloe ke sena. ʼMe ka ho ipolela e le “ntja e shoeleng” o ne a lumela hore o setulong se tlase ho feta tsohle tse ka bang teng.

Davida joale a lokisetsa hore Tsiba a leme tšimo e neng e busetsoa ho Mefiboshethe. Se kotuloang se ne se tla sebeletsa e le mokhoa oa ho phelisa lelapa la Mefiboshethe le bahlanka. E tlameha e be e ne e le tšimo e khōlō, kaha e ne e hloka tšebetso ea Tsiba, bahlanka ba hae ba 20 le bara ba hae ba 15.—2 Sam. 9:9, 10; 19:17.

Tsiba a latela litaelo tsa Davida empa kamoo ho bonahalang o ne a ipatlela ho ithuela thepa ea Mefiboshethe. Monyetla ona oa hlaha phetohelong ea mora oa Davida Absalome. Ha Davida a ne a baleha Jerusalema, Tsiba a mo khahlanyetsa ka tse hlokahalang. Ha a arabela potso ea Davida ka Mefiboshethe, Tsiba ka ketselletso a re: “Bona, o setse Jerusalema ka ho re: Kajeno ntlo ea Iseraele e tla busetsa ʼmuso oa ntate ho ʼna.” (2 Sam. 16:3) Ka masoabi, Davida a amohela ketselletso a sa botse. A lelekisoa kamoo ho leng kateng ke mora oa hae, Absalome, Davida ho totobetse hore o ne a ferekane hoo a ileng a lumela hore Mefiboshethe o ne a fetohile lerabele. Eaba Davida o tšepisa Tsiba hore o tla mo nea tšimo ea Mefiboshethe.

Ka nako eohle eo Davida a ileng a tlameha ho baleha motseng oa moreneng, Mefiboshethe, a bontša ho hlomoha ke boemo bo tepeletsang ba Davida, a itlhokomoloha boeena. Hoba bofetoheli ba Absalome bo qhaloe, Mefiboshethe, a le boemong bona bo totobetseng ba ho siama, a khahlametsa Davida Jerusalema. A lumelisoa ka mantsoe a reng: “Ha ua ka ua tsamaea ke’ng le ʼna, Mefiboshethe?” (2 Sam. 19:25) Ka baka la se neng se boletsoe ke Tsiba, ho ne ho utloahala hore Davida a botse potso ena. Mefiboshethe a arabela:

“Morena, mong a ka, mohlanka oa ka o nthetsitse, athe, ke le mohlanka oa hao, ke na be ke laetse hore ke qhaneheloe esele, ke tle ke e palame, ke ee le morena; ua tseba, mohlanka oa hao o holofetse maoto. O bile o etsellelitse mohlanka oa hao ho morena, mong a ka, empa morena, mong a ka, o joale ka lengeloi la Molimo; etsa kamoo ho leng molemo mahlong a hao. Hobane bohle ba ntlo ea ntate ebe e se e le batho ba lokelang ho shoa pel’a morena, mong a ka, leha ho le joalo, u kile ua bea mohlanka oa hao har’a ba jang tafoleng ea hao. Ke sa na le tokelo efe? Nka hoeletsa ka taba efe ho morena?”—2 Sam. 19:26-28.

Ka ho utloa seo, Davida o tlameha a be a ile a hlokomela phoso ea hae ka ho amohela mantsoe a Tsiba, ʼme hona ka ho totobetseng ha mo khopisa. Ha a ka a hlola a batla ho utloa taba ho ea pele, hobane o itse ho Mefiboshethe: “U sa bua taba life tsa hao? Ke re, uena le Tsiba, le arolelane masimo.”—2 Samuele 19:29.

Mefiboshethe ha a ka a khopisoa ke hore Davida a sebetse litaba ka tsela ena. O ne a sa ameha ka ho lahleheloa ke lintho tse bonahalang, ntho ea bohlokoa ho ena ke hore Davida o khutlile a sa tsoa kotsi ho tla Jerusalema. Kahoo, Mefiboshethe a re: “[Tsiba] a nke hohle, ha e le moo morena, mong a ka, a khutletse hae ka khotso.”—2 Sam. 19:30.

Le hoja Mefiboshethe a ne a ka utloa bohloko ke seo a neng a le sona bophelong, o ne a ananela bophelo ka bobona. Ka baka la maemo a nako eo, o ne a ka be a bolailoe ke Davida. Hona ha mo etsa ea lebohang haholo ho neoa tokelo ea ho ja tafoleng ea borena, ʼme ka boikokobetso le ka botšepehi a ipea tlas’a liqeto tsa Morena Davida. Mefiboshethe kahoo ke mohlala o matla oa motho ea neng a nka seo a nang le sona e le sa bohlokoa ʼme a sa hlomohele seo a se nang sona. E se eka le rōna, re ka ananela joaloka Mefiboshethe.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela