Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/1 maq. 22-27
  • “Linotlolo Tsa ’Muso” le “Bongata bo Boholo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Linotlolo Tsa ’Muso” le “Bongata bo Boholo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO BULELA “BONGATA BO BOHOLO” TSELA
  • “Molimo ha a Leeme”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • “Linotlolo” Tsa ’Muso o Moholo ho Eohle Lia Sebelisoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Bongata bo Boholo ba Batho bo Il’o Phela Leholimong? Kapa Lefatšeng?
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • ‘Le Nyakalle, Lōna Lichaba, le Sechaba sa Hae’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1981
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/1 maq. 22-27

“Linotlolo Tsa ’Muso” le “Bongata bo Boholo”

1. Ka baka la hore Filipi a qetelle a falletse Sesarea, ho hlaha lipotso life ka eena mabapi le 36 C.E.?

KA SELEMO sa 36 C.E. ketsahalo e tšoaehileng ea etsahala paleng ea Bokreste Sesarea lebopong le ka bochabela la Leoatle le Leholo. Hore na ebe Filipi moevangeli o ne a se a ahile moo selemong seo ha re tsebisise. Haeba ho ne ho le joalo, ebe joale ke hobane’ng ha a sa ka a sebelisoa mabapi le mohlanka ea itseng e moholo oa sesole sa Mataliana ea neng a le moo? Filipi o ne a etelletse pele moapostola Petrose mosebetsing oa Bokreste Samaria, ebe joale ho ile ha hana eng Sesarea ka 36 C.E.? mangolo a bululetsoeng a re nea karabelo.

2. Selekane sa Molao oa Moshe se ile sa felisoa neng, ’me leha ho le joalo ho etelletsoa pele ha Bajode ba bolotseng ho ile ha tsoela pele ho fihlela neng?

2 Selekane sa Molao seo Moshe a neng a se buelletse pakeng tsa Jehova Molimo le Iseraele Thabeng ea Sinai ho la Arabia se ne se felisitsoe motheong oa ho khokhotheloa ha Jesu Kreste, setloholoana sa Abrahama le Morena Davida. Ho etsahetse lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng hoba Jesu a kolobetsoe a be a tlotsoe ka moea morao koana ka 29 C.E. Leha ho le joalo, Jehova a tsoela pele ho etelletsa pele Bajode ba tlhaho le Basamaria le hona nakong ena ea lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng e kamorao ho moo, ho phethahatsa boprofeta ba Daniele 9:24-27a. “Veke” ena kapa nako ea lilemo tse supileng e felletse khoeling ea bosupa (Tishri) ka 36 C.E. Ho tloha ka nako eo ho ea pele bana ba Abrahama ba Baiseraele ba ne ba tla beoa boemong bo lekanang ba moea le batho ba lichaba tseo e seng tsa Bajode, Balichaba ba sa bollang. Kamorao ho moo Bajode ba ne ba ke ke ba hlola ba etelletsoa pele ke Molimo oa Abrahama! Hona ho ile ha bontšoa joang ka 36 C.E.?

3. (a) Moapostola Petrose o ne a le hokae ka nako ee, hona hobane’ng? (b) Ho tlile joang hore Petrose a nyatsuoe ke Bakreste ba bolotseng ba Bajode Jerusalema ka ketso ea hae e sa tloaelehang?

3 Hoo e ka bang nakong ena, ka kōpo e potlakileng e tsoang phuthehong ea Bokreste motseng oa likepe oa Joppa, Petrose o ne a tlile ’me a tsositse Mojode oa Mokreste ea ratoang haholo Dorcase. Moo a lula ka matsatsi a seng makae le Simone mosuhi. (Lik. 9:36-43) Ka nako eo Molichaba ea sa bollang e ne e se molekane ea lakatsehang oa Mojode, joalokaha ho le joalo, kannete, ka motho ea khaotsoeng phuthehong ea batho ba Molimo. (Matt. 18:17) Kahoo, ho tla fihlela nakong ena, Mokreste oa Mojode Petrose ho ne ho se mohla a kileng a ithaopela ho kena tlung ea Molichaba ea sa bollang. (Hona ntle ho pelaelo e ne e le ’nete le ka moevangeli Filipi.) Ka baka leo, ha, hamorao, Bakreste ba Bajode ba bolotseng ba Jerusalema ba utloa hore Petrose o qetelletse a kene lelapeng la Molichaba, ba mo nyatsa, ba bolela hore “U kene ho banna ba sa bollang, ’me u jele le bona.”—Lik. 11:3.

4. Moapostola oa Mokreste oa Mojode Petrose o hlalositse boikutlo ba hae joang hoba a kene ka tlung ea Molichaba Sesarea?

4 Le eena Petrose, le hoja e ne e bile moapostola oa Mokreste ka lilengoana joale, a re ho mong a ntlo oa Sesarea eo a neng a ile a tsila-tsila ho kena ho eona: “Lea tseba hobane motho oa mo-Jode ha a lumelloe ho kopana le mo-lichaba.” (Lik. 10:28) Merabe ea Balichaba e ne e nkoa e silafetse kapa e sa hloeka.

5, 6. Petrose o fane ka linnete life ho itšireletsa ketsong ea hae e nyatsuoang Sesarea?

5 Ha a itšireletsa, Petrose a tlameha ho bolela linnete ho baapostola le Bakreste ba bang ba Bajode ba bolotseng ba Jerusalema. Linnete e ne e le life? Tsena: Hore ketso ena Petrose ha a iqapela eona. O ne a entse ka ho utloa Jehova Molimo.

6 Ha Petrose a le tlung ha Simone mosuhi Joppa, Molimo oa rōmella Petrose pono ea hore a tsebahatse hore seo Molimo o se hloekisitseng Petrose a ke ke a tsoela pele ho se bitsa se litšila. Joale banna ba bararo ba neng ba rōmiloe ke molaoli oa lekholo oa Motaliana Kornele oa Sesarea ba fihla ho tla batla Petrose. Molimo oa bolella Mokreste enoa oa Mojode oa moapostola hore “U ee le bona, u sa khanane, hobane ke ’na ke ba romileng.” Ba tšeletseng phuthehong ea Joppa ea Bakreste ba Bajode ba bolotseng ba ea le Petrose holimo motseng oa likepe oa Sesarea. Ka le latelang, ha ba kena tlung ha molaoli oa lekholo oa Molichaba Kornele, a hlalosa hore lengeloi la Molimo le itlhahitse ho eena ’me la mo bolella hore a laetse Petrose ea Joppa, “Ke eena ea tla u bolella taba tseo u tla bolokeha ke tsona, uena le ntlo ea hao kaofela.”—Lik. 10:1-33; 11:14.

7. Petrose o ile a tsoella halelele hakae ka puo ea hae ho Balichaba tlung ha molaoli oa lekholo oa Motaliana Kornele?

7 A sa hlokomela se tla tloha se etsahala, Petrose a tsoela pele ho fana ka molaetsa o buang ka tšebeletso ea Jesu Kreste lefatšeng, le lefu la hae le tsoho ea hae bafung ka matla a Molimo o matla ’ohle. Puong ea hae Petrose a fella moo a neng a re: “Ke eena ea beiloeng ke Molimo ho ahlola ba phelang le ba shoeleng. Baprofeta bohle ba ’moletse ka taba ea hore, e mong le e mong ea lumelang ho eena, o tla bona tšoarelo ea libe ka lebitso la hae.”—Lik. 10:34-43.

8. Ha Petrose a sa bua, Molimo o fane ka bopaki bofe ba hore joale o amohela balumeli ba sa bollang ba Balichaba ka phuthehong e tsoetsoeng ka moea?

8 Ntlheng ena Jehova Molimo a fana ka bopaki ba hore joale o ne a amohela balichaba ba lumelang, le hoja ba sa bolla, ho kena ka phuthehong ea Bakreste ba tsoetsoeng ka moea, hoba rea bala: “Eare ha Petrose a sa ntse a bolela taba tseo, Moea o Halalelang oa theohela holim’a bohle ba utloang lentsoe. Balumeli bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ea Moea o Halalelang e tšolleloa le ba-lichaba. Hobane ba ne ba ba utloa ba bua lipuo lisele, ba boka Molimo.”—Lik. 10:44-46.

9. Tlalehong ea hae Jerusalema, Petrose o hlalositse tšebetso ea moea o halalelang joang Sesarea, ’me a e bapisa le eng?

9 Ha a fana ka tlaleho ea hae ea sena Jerusalema, Petrose a re: “Eitse hobane ke qale ho bua, Moea o Halalelang oa theohela holim’a bona, joale ka ha ho entsoe ho rona ho qaleng [ka Pentekonta 33 C.E.]. Eaba ke elelloa polelo ea Morena, kamoo a boletseng kateng, a re: Johanne o fela a kolobelitse ka metsi, empa lona le tla kolobetsoa ka Moea o Halalelang. ’Me Molimo ha o ba file neo e joale ka eo o re neileng eona, rōna ba lumetseng ho Morena Jesu Kreste, ’na, ke ne ke le mang hore ke hane ho Molimo?”—Lik.11:15-17.

10. Petrose joale a laela hore ho etsoe joang ka Balichaba baa ba sa bollang, hona hobane’ng?

10 Eaba joale Petrose o etsa joang? “Eaba Petrose o bua, a re: Na ke mang joale [ho Bakreste ba Bajode ba tšeletseng ba neng ba tlile le Petrose] ea ka hanang le metsi, hore bao ba se ke ba kolobetsoa, ha e le mona ba se ba amohetse Moea o Halalelang joale ka rona [Bakreste ba Bajode ba bolotseng] na? Joale, a laela hore ba kolobetsoe ka lebitso la Morena.”—Lik. 10:46-48.

11. (a) Ho tloha ka nako eo ho ea pele, balumeli ba Balichaba ba tsoetsoeng ka moea ba ne ba lokolohile ho sebetsa boemong bofe? Hobane’ng? (b) Ke joang tšebetso ea moea o halalelang e bileng e tšoanang ka makhetlo a mararo, lihlopheng tse tharo tse khethollehileng?

11 Kahoo ke kamoo “Molimo o qalileng ho etela lichaba [tse sa bollang] hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.” (Lik. 15:14) Ka lekhetlo lena, tlung ea molaoli oa lekholo ea sa bollang Kornele oa Sesarea, Petrose a sebelisa se seng sa “Linotlolo tsa ’muso oa maholimo,” senotlolo sa boraro. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, barutuoa ba tlotsitsoeng ka moea ba Jesu e ne e ka ba lipaki tsa hae “ho isa pheletsong ea lefatše.” (Lik. 1:8) Seo Molimo o neng o se butse ka motšoari oa linotlolo Petrose sa lula se bulehile bakeng sa bopaki ba lefatše ka bophara. Tumellanong le sena, moea o halalelang oa Molimo ‘oa theohela’ (epipípto, ka Segerike) ho lihlopha tse tharo tsa balumeli tse khethollehileng, (1) ho barutuoa ba 120 ba kolobelitsoeng ’me hamorao, ho basokolohi ba Bajode ba ka bang 3 000, kaofela ba le Jerusalema ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E.; (2) ho Basamaria ba kolobelitsoeng, empa feela kamor’a hore ho fihle baapostola Petrose le Johanne le tšebeletso ea bona; le (3) ho Balichaba ba lumelang ba neng ba phuthehile tlung ea Kornele Sesarea, ka 36 C.E.—Lik. 1:15; 2:1-4, 38, 41; 8:15-17; 10:44, 45; 11:15, 16.

HO BULELA “BONGATA BO BOHOLO” TSELA

12. Ho tloha moo Jehova o ntse a ntša sehlopha sefe har’a bomang?

12 Ho theosa le makholo a lilemo ho tloha ka nako eo Jehova o ’nile a nka ‘batho ba khethetsoeng lebitso la hae’ har’a Bajode ba bolotseng, Basamaria ba bolotseng le Balichaba ba sa bollang. (Amose 9:12) Batho bana ba bitsoang ka lebitso la Jehova ba ne ba tla ba 144 000 feela ka palo, ba neng ba tla kopana le Jesu ’musong oa hae oa leholimo.—Tšen. 7:4-8; 14:1-3.

13. Food for Thinking Christians le The Divine Plan of the Ages li bontšitse sebopeho sefe le poloko bakeng sa ba amehang?

13 Ka Loetse 1881 buka ea Watch Tower Food for Thinking Christians ea lokolloa. Hamorao, ka 1886, buka The Divine Plan of the Ages ea lokolloa. Libuka tsena tse peli tsa bontša hore sebopeho sa moea le sebopeho sa botho kapa sa lefatše li arohane e bile li khethollehile. Ka ho loketseng, polokeho ea phutheho e tsoetsoeng ka moea ea ba 144 000 ho ea leholimong e ne e tla fapana le eo ea batho ba lopolotsoeng ho ea bophelong paradeiseng ea lefatšeng. Leha ho le joalo, sehlabelo sa topollo sa Jesu Kreste e ne e tla ba motheo bakeng sa ho bolokeha ka mekhoa eo e ’meli.

14. Puo ea phatlalatsa e fanoeng Los Angeles, California, ka Sontaha, la 24 Tlhakola, 1918, e hatisitse eng?

14 Ka la 24 Tlhakola, 1918, bohareng ba Ntoa ea Pele ea Lefatše, J. F. Rutherford e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society a neelana ka puo Los Angeles, California, U.S.A. E ne e re “Limillione tse Phelang Joale li ke ke tsa e-shoa.” Hoba Ntoa ea I ea Lefatše e fete taba ea puo ena e matla ea hatisoa e le bukana. Neelano ena ea hatisa hore ho tla ba teng batho ba lokileng lefatšeng ba neng ba tla bolokoa ba phela letsatsing le tlang la bohale ba Molimo. Ba ne ba tla pholoha ho kena ka taolong e ncha ea Molimo ’me ba be le monyetla oa hore ba se hlole ba e-shoa holim’a lefatše le fetotsoeng paradeise.

15. Puo ka 1923 Los Angeles, ka setšoantšo sa Jesu sa linku le lipoli, e ile ea bea eng?

15 Hape Los Angeles, ka 1923, ho ile ha tšoaroa kopano ’me mookameli oa Mokhatlo a bua ka setšoantso sa Jesu sa linku le lipōli. Ka Mangolo a paka ’nete ea hore “linku” tsa tšoantšetso tsa setšoantšo sena ke tseo hona joale, ‘mehleng ena ea qetello,’ li etsang botle ka litsela tse sa tšoaneng ho baena ba Kreste ba moea kapa ‘ba tsoetsoeng la bobeli.’ E le moputso ho ba etsang botle joalo ba ne ba tla bolokoa ntoeng e tlang ea Harmagedone, ’me “Mor’a Motho,” ea tlotlisitsoeng Morena Jesu Kreste oa leholimo, o ne a tla ba kenya sebakeng sa lefatšeng sa ’muso oa hae oa lilemo tse sekete. (Matt. 25:31-46) Hona ha khantša tšepo ea lefatšeng bakeng sa batho ba kang linku ba entseng “baena” ba Kreste hantle joalokaha eka ba ne ba ho etsa ho eena ka ho toba.

16, 17. Ha tsoelo pele e phahameng ea kutloisiso ea Bibele e e-tla lilemong tse 12 hamorao, ke hobane’ng ha e ne e se ketsahalo e tloaelehileng feela tjee?

16 Leha ho le joalo, bophahamo ba phetoho ena kutloisisong ea Bibele ba tla lilemo tse 12 hamorao. Hona ha hoa ka ha ipaka e le ketsahalo feela tjee e tloaelehileng paleng ea motho. Khatello e khōlō moruong ka nako eo joale e ne e le selemong sa botšelela. “Selemo se Halalelang” sa Roma e K’hatholike sa 1933 sa sitoa ho tlisa “khotso le nala” tse neng li tšepisitsoe. Ka baka la likhohlano le ’Muso oa Ethiopia, Italy e ne e lokisetsa ntoa ’me ka la 3 Mphalane, 1935, mabotho a Mataliana a futuhela ’Muso. Adolf Hitler o ne a le selemong sa boraro sa puso ea hae ea likhoka holim’a Jeremane, ’me a hlorisa Lipaki tsa Jehova ka sehloho. Ka la 4 Mphalane, 1934, o ne a hlokomelisitsoe ka mehala e makholo-kholo e tsoang lefatšeng lohle hore, haeba a sa khaotse ho li hlorisa, Jehova o tla mo ripitla eena le mokha oa hae oa Nazi. Empa joaloka pōli a ikemisetsa ho ntša ka metso “peo” ea Bakreste ba sa keneng lipolotiking ’Musong oa Jeremane.

17 Ka 1935, mookameli oa Amerika Franklin D. Roosevelt, o ne a kene mathateng mabapi le mokhatlo oo a neng a o theile, NRA, ’me ’muso o ne o ineela khatellong ea Bohato ba K’hatholike, Soviet Russia e ne e le tlas’a puso ea “monna ea matla” ea Joseph Stalin. Japane, e le mohanyetsi ea matla oa Bokomonisi, e ne e lebisa metsamao ea eona “Setsoalleng sa ba Bararo” se neng se tla fela le Italy ea Bofasi le Jeremane ea Bonazi, ho thea Mebuso ea Setsoalle. Ho ne ho qaleha Ntoa ea II ea Lefatše.

18. Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoara kopano hokae selemo ka 1935, ’me sehlooho sa puo ea phatlalatsa se re’ng?

18 Le hoja litaba tsa mebuso li ne li le thata joalo lefatšeng ka bophara ka 1935, sa ipaka e le nako e thabisang haholo bakeng sa Lipaki tsa Jehova. Tsa tšoara kopano motseng oa moreneng oa sechaba sa America, Washington, D.C., ka la 30 Motšeanong, ho isa ho la 3 Phuptjane. Puo ea phatlalatsa e ileng ea fanoa ka Sontaha, la 2 Phuptjane, e ne e re “’Muso” ’me ea hasoa ka sea le moea ho kena Britain, Europe, Afrika le lihleke-hlekeng tsa leoatle.—Bona tokollo ea Phato 29, 1935, ea The Golden Age.

19. Labohlano motšehare oa mantsiboea, ka la 31 Motšeanong, ke litho tsa sehlopha sefe tse ileng tsa khetholloa, ’me phihlelo ea sehlopha see e ne e tla ba efe mabapi le ‘mahlomola a maholo’?

19 Pelenyana, ka Labohlano motšehare oa mantsiboea, ka la 31 Motšeanong, bamameli ba ile ba neoa puo e susumetsang. Ka baka la bohlokoa ba eona, ea hasoa ka nako e le ’ngoe ka likhaso tse peli. Batho ba kang linku ba thahasellang bophelo bo sa feleng lefatšeng la boemo ba paradeise ba hla ba mengoa ka ho khethehileng hore ba be teng kopanong. Thahasello ea bohle ba kopaneng ea haptjoa ke sehlooho se neng se sa utloisisoe ho tla fihlela ka nako eo, e leng, “bongata bo boholo” bo bonoeng ponong ke moapostola Johanne ho ea ka TšenoIo 7:9-17. Nyakallong e khethehileng ea bamameli ba bonahalang le ba sa bonahaleng, litho tsa “bongata bo boholo” boo tsa tsebahatsoa. Ha se sehlopha se habileng leholimong, ‘se tsoetsoeng la bobeli’ sa Bakreste. Ke sehlopha sa “linku” sa lefatšeng sa setšoantšo sa Jesu se tlalehiloeng ho Mattheu 25:31-46. Ba pholoha lefatšeng ’me ka tsela ena ‘ba tsoa mahlomoleng a maholo.’—Tšen. 7:14.

20. Ke boitlamo bofe boo bao ba neng ba batla ho ba litho tsa kamoso tsa “bongata bo boholo” ba neng ba tlameha ho bo etsa, ’me, hoba ba itlame pontšeng, ba ne ba ke ke ba lebella hore moea o etse joang?

20 Bana ba oela tlamong ea ho itlama ho Molisa ea Molemo oa Jehova, Jesu Kreste. Ba bontša boitlamo ba bona ka ho ineela ho Jehova ka Kreste. Ka Mangolo boineelo bo joalo bo lokela ho beeloa bopaki ka kolobetso ea metsing ka lebitso la Ntate, le la Mora le la moea o halalelang. (Matt. 28:19, 20) Kahoo, haeba leha e le bafe ba ne ba lakatsa hore e be litho tsa “bongata bo boholo,” ba lokela hore ka ho utloahalang ba ineele hona joale ’me ba tšoantšetse boineelo ba bona ka kolobetso ea metsing. (The Watchtower, August 15, 1934, leq. 250, ser. 34) Ho ne ho ke ke ha lebelloa hore, kamorao ho kolobetso ea bona, moea oa Molimo o tla “theohela ho” bona ’me o ba tsoale hore ba ee bophelong ba leholimo boo ba neng ba sa bo batle.

21. Ka tšenolo ena, ba baloang ka makholo ba susumetseha ho etsa joang ka le latelang, ’me ba phallela ‘mohlapeng’ ofe?

21 Tšenolo ea e-ba e matla, haholo bakeng sa ba kang linku ba neng ba laba-Iabela kutloisiso e tiileng ea boemo ba bona tokisetsong ea Jehova. Kahoo ba chesehisetsoa ketsong ka ho tsebahatsoa ha “bongata bo boholo.” Ka le latelang, Moqebelo, la 1 Phuptjane, la lokisetsoa e le hore ho ka ba le monyetla oa kolobetso ea metsing. Thabo e bile khōlō ea bakolobetsuoa ba 840, bao bongata ba bona bo neng bo qoelisetsoa tšepo ea ho ba ba sehlopha sa Jehova sa “bongata bo boholo.” Ea ipaka e le ketsahalo e tsotehang ea kolobetso. Ha bonahala eka mehloli ea boliba e bulehile, ’me bongata ba phalla ho kena kamanong e boletsoeng le Jehova, ba kena ‘mohlapeng o le mong’ oa Molisa ea Molemo ho kopanela le “baena” ba hae ba moea.—Joh. 10:16; Matt. 25:34.

22. (a) Ho ne ho sebelisitsoe “senotlolo” sefe, hona ka phello efe? (b) Tlhokomelo ea bona ea lebisoa ’musong ofe ka le latelang, ’me ho ne ho le ho bona ho hoa e le bo-mang?

22 Ha tšoana leha sehlopha sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” se sebelisitse “senotlolo sa tsebo.” (Matt. 24:45-47; Luka 11:52) ’Me a notlollotse monyako bakeng sa litho tsa kamoso tsa “bongata bo boholo” hore li kene litokelong tse babatsehang. Ho tšoarella ho tsona ho ne ho tla bo sebeletsa ho ‘tsoa mahlomoleng a maholo’ le ho kena lefatšeng le hloekisitsoeng tlas’a ’muso oa lona o mocha oa lefatše oa Kreste. Tlhokomelo ea bona ea tobisoa ’musong oo ka letsatsi le latelang ka puo ea phatlalatsa e neng e le “’Muso,” taba e neng e loketse hantle boemong bo neng bo le teng ka nako eo boemong ba lefatše. Bamameling ba bangata ba bonahalang le bamameli ba bangata haholo ba mametseng ka sea-le-moea, puo ea fana ka temoso e tlang e sa le pele ea timetso e haufi ea mebuso eohle ea lefatše ea batho ba lefatše ntoeng ea Molimo Harmagedone. Ho feta moo, puo ea phahamisa puso ea leholimo ea Jehova ka Kreste e le eona tšepo feela bakeng sa batho bohle. Ona e ne e le ’muso o halalelang bakeng sa “bongata bo boholo,” ho o bolela e le tšepo ea bona e khanyang!a

23. (a) Ka ho sebelisa “senotlolo sa tsebo,” na monyako bakeng sa balumeli ba tšoanelehang bakeng sa ’muso oa leholimo o ne o koetsoe? (b) Ke eng e ka fanoang e le bopaki ntlheng ee?

23 Leha ho le joalo, ka tšebeliso e joalo ea “senotlolo sa tsebo” na monyako o amohelang balumeli ba tšoanelehang ho ea ’musong oa leholimo o ne o notletsoe ka nako eo? Che, hobane Jesu Kreste ke eena ea nang le “senotlolo sa Davida” ’me ke eena feela ea ka notlelang monyako o joalo. Tumello ea ho kena e ne e sa le teng bakeng sa ba bang ho ea ka thato ea Molimo. E le bopaki ba sena, litho tse ling tsa masala a tlotsitsoeng a Lipaki tsa Jehova li ile tsa kolobetsoa metsing lilemong tse latelang ho senoloa ho hoholo ha “bongata bo boholo” selemo ka 1935 le ho hatisoa ha tokollo ena e senolang ea Phato 1 le 15, 1935, ea makasine ea Watchtower.—Tšen. 3:7; Luka 11:52; Matt. 23:13.

24. (a) Ke eng se tla thibela ho kena hape ha ba bang ka ‘mohlapeng o le mong’ tlas’a Molisa ea Molemo? (b) Ke boemong bofe Molisa a amohelang “linku” ho kena ka ‘mohlapeng o le mong’?

24 Ke feela ho qhoma ha ‘mahlomola a maholo’ ho tla koala ho kena ka ho tsoetseng pele ha batho har’a ba kang linku ba tlang ho etsa “bongata bo boholo.” Tsela ea ho baleha timetsong le tsamaiso ena ea lintho joale e tla be e le monyetla o ke keng oa fumanoa bakeng sa poloko. Ka lilemo tsena tsohle ho tloha ka 1935 monyako oa ho kena ‘mohlapeng’ oa Molisa ea Molemo o lutse o bulehile. Kamoo ho tlalehoang, ba fetang limillione tse peli ba kene ka hare. Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, o itse: “Ke ’na monyako oa linku.” (Joh. 10:7-9) E le ea joalo, o sa ntsane a amohela metsoalle ea “baena” ba hae ba moea ’me o ba arola ho “lipoli” tse ke keng tsa pholoha ‘mahlomola a maholo’ le “ntoa” ea oona ea Harmagedone. Bohle ba ithatelang, ba ke ba mamele “lentsoe” la Molisa ea molemo ha joale le boleloa ka “baena” ba moea ba hae ba sa ntsaneng ba le lefatšeng. (Joh. 10:16) Oho, tokelo ea bona ke e kholo hakaakang ea ho thabela tšireletso ea “mohlape o le mong” tlas’a “molisa a le mong”!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Makholo-kholo a lipaki tse kolobelitsoeng bocha a kopanela ho arabeleng le bamameli ba bonahalang ha sebui sa pontšeng se fana ka qeto qetellong ea puo ea sona ’me se re: “’Me joale metsoalle ea ka e molemo e mametseng, e bonahalang le e sa bonahaleng, ke lakatsa hore e mong le e mong ho lona ea lakatsang ’muso oa ho loka, ea lakatsang ho bona ’muso oo ho oona khotso, nala le thabo li tlang ho tlela bohle ba utloang, a eme ’me a re E.”

Ka se ileng sa latela tlhahiso ena, koranta ea Washington Herald ea re:

“Joaloka leqhubu letšoele leo le matla le lebaleng le le le potolohileng la refoha. Matsoho a phahamiselitsoe holimo, lipaki tsa Jehova ka mantsoe a phahamileng haholo tsa lumela. Lifensetere tsa lebala tsa reketla ke leqhubu la molumo ’me mantsoe a bongata, kamoo sepolesa se hakanyang a ne a ka utloahala sebaka sa ’maele hole.”

Lipono tse tšoanang le eo tsa etsoa ka oona motsotso oo London, Belfast, Glasgow, Copenhagen le libakeng tse ling tse baloang ka makholo likarolong tse ngata tsa lefatše. The Golden Age, tokollo ea June 19, 1935, leq. 598; bona hape Year Book of Jehovah’s Witnesses for 1936, leq. 62, ser. 3.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela