Na Lilemo Tse Sekete Tsa Khotso ke Toro Feela?
“’Muso oa Jeremane o ileng oa tsoaloa ka la 30 Pherekhong 1933, Hitler o ile a ithorisa hore o tla tšoarella ka lilemo tse sekete, ’me lithokong tsa Nazi o ne o atisa ho bitsoa ‘’Muso oa Lilemo tse Sekete.’”—“The Rise and Fall of The Third Reich”, ea W. Shirer.
U TSEBA HO ETSAHETSENG. Toro ea Hitler ea lilemo tse sekete ha ho mohla e kileng ea phethahala. Empa u tseba batho ba bangata ba ’nile ba lebella pusong ea sebele ea khotso ea lilemo tse sekete? Dr. W. Lee oa Univesithi ea Dublin o hlokometse hore: “Khopolo-taba ea bolefatše hammoho le ea bolumeli li na le toro ea tsona ea Lilemo tse Sekete tsa khotso.”
Hangata “toro” eo e ’nile ea akarelletsa ho khutlisoa ha nako ea khotso ka nako e tlang. Ka mohlala, ha u etela Iran u ka utloa ho boleloa ka ‘nako ea khotso ea boholo-holo ea ha ho sa tsejoe letho, ho kula kapa lefu li le sieo.’ Baroa ba Afrika e ka boroa ba bua ka nako e fetileng ea ha batho le liphoofolo li ne li phela ka khotso hammoho. Ha e tlaleha ka litumelo tsena, The Encyclopedia of Religion and Ethics e bolela hore maikutlo a “nako ea khotso mehleng e fetileng, e lahlehileng ka baka la molato oa motho,” hangata a ne a tlamahana le “tšepo ea hore lintho li tla ntlafala kamoso,” mohlomong nakong e tlang ea khotso ea lilemo tse sekete.
Empa na tšepo e joalo ke takatso feela? Nahana ka se u hlaselang tsatsi le leng le le leng—litlaleho tsa bonokoane, ho phahama ha theko, tšilafalo, ho se tsitse har’a batho le ntoa. Ke batho ba seng ba kae feela ba ka bonang linthong tsena motheo leha e le ofe oa hore ho tla mehla ea khotso le nala. Tlaleho ea Loetse 1976 ea seboka sa Mokhatlo oa Machaba oa Lithuto tsa Maqiti se neng se kopane Baden, Austria, e boletse: “Batho ba nkang bophelo bohle ba bona ba ithuta linnete tse thata tse tsoalang ntoa ha ba sa na le tsona lipheko tsa ho finyella seo ho kileng ha tšepisoa hore e tla ba moloko oa khotso.”
Leha ho le joalo, u ka bala ho hong ka Bibeleng ho ka nahanoang ka botebo hore lilemo tse sekete tsa khotso hase ntho e ka lahloang feela hore ke toro. Ho feta moo, e tšepisa ka lintho tseo, haeba li ka phethahala, li tla etsa hore bophelo ba rōna bo ene haholo le ho thabisa haholo. Ho isa qetellong ea Bibele u tla fumana sena:
“[Lengeloi] la tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, la e holehela lilemo tse sekete. . . . hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe. . . . Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona [batho]; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšen. 20:1-3; 21:4.
Le hoja tlhaloso eo e utloahala e thabisa, ke hobane’ng ha re e-na le lebaka le leholoanyane la ho lebella hore e be ’nete ho feta tšepo e ’ngoe eo batho ba ’nileng ba e-ba le eona ka lilemo tse sekete tsa khotso, ho akarelletsoa le ’Muso oa Lilemo tse Sekete oa Nazi? Ho teng lebaka le le leng le tlamang, Lilemo tsena tse sekete tsa khotso li tšepisoa ke Jehova Molimo. Ka lekhetlo le leng, ha monna a ne a bolella Jesu hore taba eitseng ho bonahala e le thata, Mora oa Molimo a arabela ka hore: “Tse sitang batho ha li site Molimo.”—Luka 18:27.
Empa na Bibele e hlile e bolela hore Molimo nakong e tlang o tla tlisa lilemo tse sekete tsa sebele tsa khotso lefatšeng? Na ke kamoo re lokelang ho utloisisa Mangolo? Ka baka la ho thahasella mahlohonolo a maholo bakeng sa rōna le malapa a rōna, re lokela ho fumana hore na ebe lilemo tse sekete joalo tsa khotso ha se toro feela tjee.