Lilemo Tse Sekete—Ke Eng?
Li ile tsa nkoa joang? Na re ka li lebella nakong e tlang?
“Nako eo ka eona ho laba-labela ha motho khotso, tokoloho bokhopong, le puso ea ho loka lefatšeng li tla qetella li phethahetse ka matla a Molimo.”
KE KAMOO Encyclopædia Britannica e hlalosang thuto ea Bibele ea “nako ea lilemo tse 1 000, e tsejoang e le lilemo tse sekete tsa khotso.”
Na u ka hanyetsa hore re rata ha tlhaloso e joalo e ka phethahala? Ruri re ka lakatsa ho thabela ‘khotso, tokoloho bokhopong le ho loka lefatšeng.’ Empa na tebello eo ke karolo ea seo u se lumelang ka lilemo tse sekete tsa khotso?
Ho batho ba bangata ha ho joalo, hobane ba tseba ho honyenyane kapa ha ba tsebe letho ka lilemo tse sekete tsa khotso. Hoo ke ’nete le ka ba limillione ba keneng kereke, hobane bolumeli bo bongata bo sia taba e sa boleloe ho hang. Ho joalokaha eka ke ntho e ’ngoe eo Molimo o e akarellelitseng Bibeleng empa e se e sa khahle ka letho kapa e se ea bohlokoa.
Leha ho le joalo, joalokaha re bone, Lentsoe la Molimo le amahanya lilemo tse sekete tsa khotso le tlhaloso ea ho tlosa ha oona masoabi, meokho le lefu. Kahoo re na le lebaka le letle la ho batla ho utloisisa seo Jehova Molimo a se buang le ho se bolela ka lilemo tse sekete tsa khotso. Bokamoso ba rōna le ba malapa a rōna boa ameha hantle.
U ka phetla Bibele ea hao ho Tšenolo khaolo ea 20 ho fumana ho hongata hoo Bibele e ho buang ka puso ea lilemo tse sekete ea Kreste. Moapostola Johanne o re abela seo a ileng a neoa tokelo ea ho se bona:
“Ka ntoo bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le tšoere senotlolo sa sekoti le lehlaahlela le leholo letsohong la lona. La tšoara drakone, noha ea khale, e leng Diabolose le Satane, ’me la e holehela lilemo tse sekete. La e akhela sekoting, la e koalla teng, ’me la tiisa holim’a sona, hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe. . . .
“Eaba ke bona literone, ’me ba bang ba lula holim’a tsona, . . . ka bona meea ea ba khaotsoeng lihloho ka baka la bopaki ba Jesu . . . ba boela ba phela, ’me ba busa le Kreste lilemo tse sekete. . . .
“Lilemo tse sekete ha li fetile, Satane o tla lokolloa teronkong ea hae; ’me o tla tsoa ho ea khelosa lichaba tse likhutlong tse ’ne tsa lefatše, . . . ha mpa ha hlaha mollo o tsoang ho Molimo leholimong, ’me oa ba qeta. ’Me Diabolose ea ba khelositseng a akheloa letšeng la mollo . . .
“Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pel’a terone; ha phetloa libuka; . . . ’Me e mong le e mong ea sa kang a fumanoa a ngoliloe bukeng ea bophelo, a akheloa letšeng la mollo. [lefu la bobeli].”—Tšen. 20:1-15.
Kahoo, ho ea ka Bibele, lilemo tse sekete tsa khotso ke nako eo ka eona Satane a tla beng a sa lokoloha ho khelosa batho, bafu ba tla tsosoa le ho ahloloa, ’me batho ba tla busoa ka ho loka ke Jesu Kreste le majalefa a nang le eena.
Ke hantle u ka ’nang ua ipotsa, leha ho le joalo, hore na ke hobane’ng hona ho utloahala hanyenyane ka likerekeng kapa tikolohong ea bolumeli. ’Nete ke hore haeba u ka botsa, u tla fumana hore litumelo tse ling li na le maikutlo a hore lilemo tse sekete tsa khotso ha se lilemo tsa sebele tse nkang nako ea lilemo tse 1 000 eo Kreste a busang ka eona. Thuto e ’ngoe e tloaelehileng ke hore lilemo tse sekete tsa khotso ke feela tšoantšetso ea puso ea Kreste ho tloha hoo e ka bang lilemong tse fetileng tse 2 000 ’me e ntse e tsoela pele. Hantle-ntle u tla lumela eng? Re ka thuseha haholo ho utloisisa taba ena ea bohlokoa ka ho nahana ka seo moapostola Johanne le baapostola hammoho le eena ba neng ba se lumela hape le se ileng sa tsoela pele kamor’a lefu la baapostola ba tšepahalang ho felelleng ha lekholo la pele la lilemo.
HO SOTHOA LINNETE TSA ’MUSO
Ha rōna re bala Bibele kajeno, ho bonolo ho ananela hore ’muso oa leholimo oa Molimo e ne e le e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tseo Jesu a li rutileng barutuoa ba hae. Ha e le hantle, o qalile ka molaetsa: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Matt. 4:17; Joh. 18:36) A bolella baapostola ba hae hore o tla shoa empa o tla tsoha le hore o tla ba lokisetsa bolulo leholimong. (Matt. 16:21; Luka 22:28-30; Joh. 14:2, 3) Pele, baapostola ha baa ka ba mo utloisisa hobane ba ne ba nahanne hore ’Muso o tla hlongoa lefatšeng. (Joh. 20:9; Lik. 1:6, 7) Empa kamor’a hore ba amohele moea o halalelang, ba hlokomela hore ’Muso ke oa leholimo. Kahoo, moapostola Pauluse o ngolile: “Oa rōna motse o maholimong.” Ho fumana bophelo ba leholimo, ba ne ba tlameha ho shoa ’me ba tsosoe e le libopuoa tsa moea, hobane “nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo.”—Ba-Fil. 3:20; 1 Ba-Kor. 15:50.
Leha ho le joalo, linnete tsena tse hlakileng tsa Bibele tsa e-ba lerootho kamor’a lefu la baapostola ba Jesu. Hoo ho etsahetse joang? Pauluse o itse: “Ha ke se ke tlohile, . . . ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” (Lik. 20:29, 30) E, lekholong la pele la lilemo baapostola ba ile ba e-ba le tšusumetso e thibelang e ileng ea thusa ho boloka thuto ea Bokreste e hloekile. Empa hoba ba shoe kaofela bokoenehi ba kenella. (2 Ba-Thess. 2:3-8; 1 Tim. 4:1-4) Hona ha e-ba le tšusumetso e tiileng ho se neng se rutoa ka lilemo tse sekete tsa khotso. Ha re lefifing ka sena, hobane mangolo a pholohileng a makholo a lilemo la bobeli le la boraro a re thusa ho fumana mohlala oa se ileng sa etsahala.
MAIKUTLO A LIHLOPHA KA LILEMO TSE SEKETE TSA KHOTSO
Lekholong la lilemo la kamorao ho lefu la moapostola Johanne, ha hola maikutlo a hore ka lilemo tse sekete tsa khotso Kreste o tla busa lefatšeng, mohlomong a le Jerusalema e tsosolositsoeng. Mongoli oa lipale J. Mosheim o fana ka maikutlo a hore khopolo ena e hlahile ha ho tsoakoa tšepo ea Bokreste ea “’Muso oa ’MoIoki oa rōna oa leholimo” le tšepo e neng e le teng ea Sejode ea “’muso oa lefatše oa Messia.” Sehlopha sa Montana sa hlaha Asia Minor, se ruta hore Jesu o tla busa moo ho tloha Frigia. Bona, le ba bang, ba ruta hore lintho tse ngata tse khōlō li tla etsahala ha Kreste le majalefa hammoho le eena ba busa lefatšeng nakong ea lilemo tse sekete tsa khotso. Ka mohlala, babusi ba joalo ho nahanoa hore ba ne ba tla thabela menyaka ea nama ea mefuta eohle, ho akarelletsa likamano tsa botona le botšehali. ’Me ba ne ba tla ba le ’mele ea nama ‘e babatsehang haholo le e khanyang ho feta ea rōna.’ Maikutlo a feteletseng joalo a nahanoa e le a sebele har’a ba lumelang lilemo tse sekete tsa khotso. Ka baka leo, ‘thuto eohle ea lilemo tse sekete tsa khotso ea lahleheloa ke botumo ba eona,’ kamoo ho tlalehang Dr. A. Neander.
Ha hōla maikutlo a bobeli a ileng a phaella pherekano. Ho ea ka oona, “lilemo tse sekete” e ne e le tšoantšetso feela. Ho bonahala moruti ea susumelitseng haholo ntlheng ena e bile moruti oa Mok’hatholike Augustine. Encyclopædia Britannica e ea re bolella:
“Hoba a sokolohele Bokresteng, Augustine, eo pele e neng e le monoi le moji, a ’na a ikhethela mokhoa oa bophelo ba ho itelisa tsa lefatše le ba boinotši. Ha e le hantle, ho se hoheloe ha hae ke bohlokoa ba lefatše e ne e le ho feteletseng le ho feta ha ba lilemo tse sekete tsa khotso, hobane o ne a latola hore ke ntho ea nama ho ba le tebello leha e le efe ea lefatše le nchafalitsoeng le le hloekisitsoeng leo balumeli ba neng ba lebelletse ho le thabela.”
New Catholic Encyclopedia e tlaleha hore Augustine “a ntšetsa pele khopolo ea hore lilemo tse sekete tsa khotso li se li hlile li qalile ka ho tsoaloa ha Kreste.” ’Nete ea hore ha u s’o utloe ka lilemo tse sekete tsa khotso mohlomong e amana le phetoho ena, hobane hona joale Kereke e K’hatholike e na le maikutlo a hore “puso ea lilemo tse 1 000 ea Jesu [ke] setšoantšo sa bophelo bohle ba Kereke . . . Ho tlangoa ha Satane nakong eona ena ho hlakisa hore tšusumetso ea Satane e fokolitsoe ka ho hlokomelehang.”
Maikutlo ana a qhoebeshanang a lihlopha a tlatselitse ho se khothalletseng thahasello lilemong tse sekete tsa khotso. Empa kaha bokamoso ba rōna boa ameha, a re ke re hlahlobeng maikutlo ana a mabeli ka lilemo tse sekete tsa khotso ’me re lekanyetse hore na re ka lumela eng motheong oa Lentsoe la Molimo Bibele.
HOKAE HONA NENG
Likereke tse ngata li ruta hore Kreste o tla khutla ka nama, le lekholong la bobeli la lilemo maikutlo a ile a hōla hore Jesu le marena le baprista ba nang le eena ba tla busa ka nama lefatšeng nakong ea lilemo tse sekete tsa khotso. Leha ho le joalo, Jesu ka boeena o itse: “Ho se ho se hokae ’me lefatše ha le sa tla mpona; empa lōna [bao a neng a ea ho ba lokisetsa bolulo leholimong] le tla mpona; ereka ha ’na ke phela, le lōna le tla phela.” (Joh. 14:2, 3, 18, 19) Kahoo, Jesu o bontšitse hore o tla busa leholimong. Na ke sona seo re lokelang ho se utloisisa ha re bala Tšenolo khaolo ea 20? E, hobane Bibele ha e itoantše.
E hanyetsa hape puso ea lilemo tse sekete tsa khotso nameng lefatšeng, Encyclopædia of Religion and Ethics ea Hastings e-ea hlalosa:
“Tlalehong ena [Tšenolo 20] tšobotsi e ncha ke puso ea lilemo tse 1 000 ea bashoela-tumelo le Kreste, . . . Puso ena ha ho boleloe hore e lefatšeng, leha e le hore ho boleloa hore tsoho ea pele ke ea nama . . . Haeba bashoela-tumelo ba khutlisetsoang bophelong ke bahalaleli ba lulang Jerusalema ba hlaseloang ke Gogo oa Magogo, ke ho makatsang hore Kreste (eo ba busang le eena) ha a hlasele lira tseo. Timetso ea tsona e tsoa leholimong.”—Moq. V. leq. 387.
Hona ho lumellana le seo re seng re se bone ka Bibeleng ka Jesu le majalefa a nang le eena a busang ’musong oa leholimo, na ha ho joalo? Bibele ha e bolele hore ‘ba nang le kabelo joalo pitsong ea leholimo’ ho na le mohla ba tla ke ba amohele ’mele ea botho leha e le ka lilemo tse 1 000. (Ba-Heb. 3:1) Ho e-na le hoo, ka ho hlakileng e bontša hore Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba tla ‘tsosoa e le ’mele oa moea,’ joaloka Jesu Kreste, e le hore ba kene leholimong ka bolona.—1 Ba-Kor. 15:42-49; Ba-Heb. 9:24.
Kaha ba ruang ’Muso ba ea leholimong, litoro tsohle tsa lihlopha ka Jesu le “bahalaleli” ba busa nameng ho tloha Jerusalema oa lefatšeng kapa Frigia ’me ba kena menyakeng ea nama ea bolefatše ho hang ha li na motheo.
Maikutlo a joalo ho bonahala e le ho sothoa ha lithuto tse peli tse hlileng li fanoang ke Bibele: (1) ’Muso ke puso ea leholimo e entsoeng ka Jesu, baapostola le ba bang ba tsoselitsoeng leholimong “tsohong ea pele.” (Tšen. 20:6) (2) Tlas’a ’muso oo oa leholimo lefatše, le hloekisitsoe bokhopo, le tla khutlisetsoa maemong a paradeise ea khotso e tla thabeloa ke bahlanka ba Molimo ba batho.—Luka 23:43; Tšen. 19:11–20:3; 22:1, 2, 17.
U ka bona hore ea bobeli liphetohong tseo ha e e-so ho etsahale. Hoo ho ka fana ka maikutlo a hore lilemo tse sekete tsa khotso ke hona li tlang, na ha ho joalo?
Joalokaha re hlokometse, ba bang ba re lilemo tse sekete tsa khotso ha se nako ea sebele ea lilemo tse 1 000, empa feela ke nako e telele, bo sa lekanyetsoang eo mohlomong e qalileng makholong a fetileng a lilemo. Na hoo ho nepahetse? Ke ’nete hore lipalo tse itseng kapa linako ka bukeng ea Tšenolo lia tšoantšetsa, hobane molaetsa oa buka o fanoe ka “lipontšo” tse ngata. (Tšen. 1:1, 4; 2:10) Leha ho le joalo, na lebaka le teng la ho lumela hore “lilemo tse sekete” ha se tšoantšetso?
Ho Tšenolo khaolo ea bosupa moapostola o bapisa pakeng tsa palo e beiloeng ea ba busang le Kreste (144 000) le palo e sa lekanyetsoang e kholoanyane ea ba pholohang ‘mahlomola a maholo.’ Johanne o etsa joalo joang? O bitsa karolo ea bobeli e le “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala.” (Tšen. 7:4, 9) Hamorao, o bua hape ka palo e tobileng “ba likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene.” (Tšen. 14:3) Ka ho tšoanang, ho Tšenolo 20:8, Johanne o bolela hore palo e kholoanyane e sa lekanyetsoang ea batho ba fetohang qetellong ea lilemo tse sekete tsa khotso e tšoana le “lehlabathe la leoatle.” Leha e le hore moapostola Johanne, ho Tšenolo khaolo ea 20, o sebelisa lentsoe la bongata “likete,” leo ka linako tse ling le sebelisoang libakeng tse ling ho supa palo e khōlō kapa mohlomong e sa lekanyetsoang. (Tšen. 5:11; Dan. 7:10; 1 Sam. 18:7; Pes. 68:17; 119:72) Kahoo ho bonahala ho se teng lebaka le letle la ho fihlela qeto ea hore polelo “lilemo tse sekete” ea khaolo ea 20 e supa nako e telele empa e sa lekanngoang. Ho e-na le hoo, Johanne o sebelisa lentsoe ka tsela e supang nako e beetsoeng moeli—“lilemo tse sekete.”—Tšen. 20:6.
Na re ka nepisisa ka bolelele ba nako ee e beetsoeng moeli? A talima Tšenolo e le e sebetsanang le Bajode ho isa qetellong ea lekholo la pele la lilemo, J. J. Wettstein o boletse hore lilemo tse sekete tsa khotso e bile lilemo tse 50 kamor’a lefu la ’Musisi Domitian (96 C.E.) ho isa ntoeng ea Bajode nakong ea puso ea Hadrian. Maikutlo a mang ke hore letsatsi le emela selemo. Ho ea ka maikutlo ana, ka matsatsi a 360 selemong sa likhoeli tse baloang ka khoeli e holimo, lilemo tse sekete tsa khotso e ne e tla ba tse telele ka lilemo tse 360 000 (360 x 1 000). Ka tlhaloso tse joalo, Moprofesa A. T. Robertson o ngolile: “Ho qapiloe likhopolo tsa mefuta eohle, tseo ho seng e khotsofatsang motho ka ho feletseng.”
Katamelo e tobileng haholo ke ho amohela mantsoe a Johanne ka seo a hlileng a se bolelang—lilemo tse 1 000. Ba bangata ba bone ho sena puso e loketseng bakeng sa Jesu Kreste, eo Bibele e mo bitsang “morena . . . oa sabbatha.” (Matt. 12:8) E tla tšoana le sabbatha sa letsatsi la phomolo kamor’a lilemo tse ka bang 6 000 tseo ho tsona ho se phethahale ha botho ho renneng holim’a lefatše.—2 Pet. 3:8.
Johanne ka boeena o bontša hore lilemo tse sekete tsa khotso li latela ntoa e atlehileng ea Kreste khahlanong le lira tsohle tsa hae tse lefatšeng. (Tšen. 19:11-21) Kaha hoo ha hoa s’o etsahale, re ka tiisa hore ke hona lilemo tse sekete tsa khotso li tlang. Ho phethahala ha boprofeta ba Bibele mehleng ea rōna ho fana ka bopaki ba hore haufi Kreste o tla loana le ho timetsa lira tsa Molimo tsa lefatšeng, joalokaha ho hlalositsoe ke mantsoe a Jesu a boprofeta.—Matt. 24:3-22.
Bopaki bohle ba Bibele le ba pale bo supang hore re mehleng ea bofelo ea tsamaiso ena e khopo ea lintho bo re nea motheo o tiileng oa ho lebella lilemo tse sekete tsa khotso hore li qalehe haufi. (2 Tim. 3:1-5) Ka nako eo lefatše le tla ba joang?