Tšepo ea Lilemo Tse Sekete E-ea Hlōla
1. Ke lipotso life tse ileng tsa hlahisoa ke ho tla ha Messia?
HA MESSIA eo e neng e le khale a emetsoe a fihla ho Bajode, na o ile a tiisa tumelo ea bona ea mathomo ea bophelo ba nakong e tlang ka tsoho, kapa na o ile a emela khopolo ea bona eo ba e fumaneng bocha ea bohetene ea hore moea ha o shoe? Ha a hlahisa tšepo ea leholimong, na Jesu Kreste o ile a bolela hore bohle ba pholositsoeng ba tla ea leholimong? Kapa na Mangolo a Seheberu le a Bakreste a Segerike a tšoaretse ba limillione tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng?
BOPHELO BA KAMOSO KA TSOHO
2. Jesu o ile a ruta eng ka tšepo ea bophelo bo tlang?
2 Ho hang a sa rute khopolo ea bohetene ea hore moea oa motho ha o shoe, Jesu o bontšitse hore tšepo leha e le efe bakeng sa bophelo ba kamoso e itšetlehile ka tsoho. A re: “Hobane joale ka ha Ntate a e-na le bophelo ka ho eena, o neile le eena Mora hore a be le bophelo ka ho eena; o mo neile le matla a ho ahlola, kahobane e le eena Mor’a Motho. Se makaleng ke hoo, hobane nako ea tla, eo bohle ba mabitleng ba tla utloa lentsoe la hae; ʼme ba tla tsoa ho ’ona; ba entseng hantle ba tsohele bophelo, ʼme ba entseng hampe ba tsohele tsuo.”—Joh. 5:26-29.
3. Ba bang ba baruti ba bolumeli ba Bojakane joale ba lumela eng ka moea?
3 Ho khahlisang, baruti ba bang ba kajeno ba bolumeli ba Bojakane ba tla maikutlong a hore hore moea ha o shoe ha a tšehetsoe ke Mangolo a Seheberu kapa a Bakreste a Segerike. Ka mohlala, The New International Dictionary of New Testament Theology (Moq. 3, 1978) e hatisa ‘kamoo Testamente ea Khale e sa tloaelanang le maikutlo a moea o arohaneng le ʼmele, kapa moea o ikarolang ʼmeleng lefung.’ ʼMe hape: ‘Matt. 10:28 ha e rute ho re moea ha o shoe empa hore ka ho ke keng ha etsolloa ba sa bakeng ba oela kahlolong ea Molimo. . . . Testamente e ncha e bona motho ka ho hlokahalang e le boleng bo le bong bo kopaneng ʼme e tšepisa ho fetoloa ha motho kaofela ha hae, e seng feela ho pholoha ha karolo . . . ho se bole ho ke ke ha e-ba teng pele ho tsoho.’
TŠEPO EA LEHOLIMONG LE EA LEFATŠENG
4. Lipaki tsa Jehova li amohela eng, empa li latola eng, hona hobane’ng?
4 Lipaki tsa Jehova ha li latole hore Mangolo a Bakreste a Segerike a ruta hore Bakreste ba bang ba amohela ‘pitso ea leholimo.’ (Ba-Heb. 3:1) Hoo li ho latolang ke hore ‘pitso ea leholimo’ e felisa morero oa pele oa Molimo oa hore lefatše le lengoe hore e be paradeise e tletseng moloko o lokileng oa banna le basali. Li sitoa ho amohela maikutlo a hore boprofeta bohle bo ka Mangolong a Seheberu bo bolelang pele ho nako ho tsosolosoa ha paradeise lefatšeng bo fetohile litlhaku tse shoeleng. Li kholisehile haholo ka sena hobane tšepiso ea “lefatše le lecha” leo ‘ho loka ho tla ikahela ho lona’ e tiisoa ke Mangolo a Bakreste a Segerike.—2 Pet. 3:13; Tšen. 21:1-4.
5, 6. Bibele e hlakisa tšepo ea Mangolo e habeli joang: (a) ea leholimo? (b) ea lefatše?
5 Boithuto bo tebileng ba Bibele bo entse hore Lipaki tsa Jehova li lumele hore tšepo ea Bokreste ea Mangolo e habeli. Neo ea ho se bole leholimong bakeng sa ba lekanyelitsoeng ba ʼmaloa, le bophelo bo sa feleng lefatšeng bakeng sa palo e khōlō haholo. Tšepo ea leholimo ea ho “busa” e le marena le Kreste e neoa e le “mohau” o khethehileng kapa ‘mosa o sa tšoanelang’ ho “bakhethoa” ba 144 000, ho qala ka baapostola le barutuoa ba pele ba Kreste. (Luka 12:32; Ba-Roma 5:17; 8:33; Tšen. 5:9, 10; 7:1-4; 14:1-4) Ho bana, ke “masala” a ʼmaloa feela a bona ba pholohileng ‘ho fihlela ho tleng ha Morena’ ba teng ba phela lefatšeng hona joale.—1 Ba-Thess. 4:14-17; Tšen. 12:17.
6 Tšepo ea lefatšeng ke tšepo ea pele eo Adama le Eva ba ka beng ba e finyelletse, hoja ba lula tlas’a borena ba Jehova Molimo ba se ke ba batla bolokolohi ba botho. (Bona likhaolo tsa pele tse tharo tsa Genese.) Motho ‘ke oa lefatše ka tlhaho.’ (1 Ba-Kor. 15:47, The Jerusalem Bible) Litakatso tsa hae tsa tlhaho le tseo a li laba-labelang ke tsa lefatšeng. “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, ʼme lefatše o le neile bana ba batho.” (Pes. 115:16) ʼMe Bibele e bolela ka ho hlakileng hore Jehova ‘ha a ka a bōpelo lefatše lefeela, empa hore le ahuoe ke bana ba batho.’ (Esa. 45:18) Kahoo tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng maemong a paradeise ke ea tlhaho e bile ke ea Mangolo. Hase ntho e ka soabeloang.
TŠEPO EA LILEMO TSE SEKETE BAKENG SA LIHLOPHA TSE PELI
7. Tšepiso ea Abrahama le boprofeta ba Daniele li tšoere tšepo efe bakeng sa batho ba lefatšeng?
7 Kaha Baiseraele ba moea ba 144 000 ke “peō” kapa “leloko la Abrahama” la “majalefa ka pallo” (Ba-Gal. 3:26-29), ke hantle ho hopola hore tšepiso e neiloeng Abrahama le eona e ile ea bolela hore: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hao.” (Gen. 22:16-18) Moprofeta Daniele le eena o buile ka “ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle” bao “Mor’a motho,” Jesu Kreste, a tla ba ‘busa e le morena’ ho tloha “maholimong.” Hona o ho etsa le “bakhethoa” ba boleloang e le “sechaba sa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng.”—Dan. 7:13, 14, 27; 2 Tim. 2:10.
8. Ke eng se bontšang hore Pauluse le Johanne ba ne ba hlokomela hore poloko ha e-ea lekanyetsoa ho “bakhethoa” feela?
8 Bakreste ba pele ba ne ba tloaelane le boprofeta bona bo buang ka lihlopha tse peli: “peō” le “lichaba,” “bahalaleli” le “ba lichaba.” Ho tiisa sena, kamor’a ho bua ka bao e tlang ho ba ‘majalefa le Kreste’ le ba tla ‘halaletsoa le eena’ leholimong, moapostola Pauluse o bua ka “popō” ea batho e ‘lebeletseng ka hlolohelo e kholo’ “ho holloa bohlankeng ba tšenyeho,” kapa, sebeng le ho fumana ‘tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.’ (Ba-Roma 8:15-21) A ngolla Bakreste bao, joaloka eena, ba neng ba e-na le kabelo tšepong ea leholimo, moapostola Johanne a bua ka Kreste e le “eena e leng pheko ea libe tsa rōna [tsa “bakhethoa”]; e seng ea tsa rōna feela, empa e le le ea tsa lefatše lohle.”—1 Joh. 2:2; 3:1-3.
9. (a) Mohlomong Johanne o ne a bile le lipono life ha a ngola lengolo la hae la pele? (b) Li tiisa boteng ba lihlopha tse peli tse pholosoang joang?
9 Ha Johanne a ne a ngola mantsoe ana, mohlomong o ne a se a fumane tšenolo eo ho eona, kamor’a hore a bone Baiseraele ba moea ba ‘tiisitsoeng’ ba 144 000, a ileng a bona “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle.” Bana ba pholoha ‘mahlomola a maholo’ ʼme ba tsamaisoa ke “Konyana,” Jesu Kreste, ho ba “isa lilibeng tsa metsi a bophelo.” (Tšen. 7:4-17) ʼMe, ha e le hantle, ke hona Tšenolong eo moo Johanne a ileng a bona puso ea Kreste ea lilemo tse sekete, e boetseng e bolelang lihlopha tse peli: “ba nang le kabelo tsohong ea pele,” ba ‘tla busa e le marena,’ le “batho” ba tla hlohonolofatsoa ke Molimo le ba tla ba “lichaba tsa oona.”—Tšen. 20:1–21:8.
10. Kajeno, ke lihlopha life tse peli tse kopanelang tšepo ea lilemo tse sekete, ʼme manane a tsona a bapisoa joang?
10 Kajeno, tšepo ea lilemo tse sekete e hlola lipelong tsa “mohlatsoana” o biletsoang ‘ho lula literoneng’ le Kreste leholimong ho busa ka lilemo tse sekete. (Luka 12:32; 22:28-30) Tšepo eo ea lilemo tse sekete e boetse e nkiloe ke bao ba “bongata bo boholo” ba ikopantseng le masala a tlotsitsoeng a Bakreste ho boleleng “Evangeli ena ea ʼmuso . . . e tle e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matt. 24:14) Lihlopha tsena tse peli li ile tsa emeloa moketeng oa Sejo sa Morena sa mantsiboea se neng se tšoeroe ka la 31 Tlhakubele, 1980. Ba ileng ba ja litšoantšetso tsa bohobe le veine lefatšeng lohle e bile feela ba 9 564, ruri “masala” a ʼmaloa feela a ba 144 000 ba tla busa le Jesu ʼmusong oa hae oa lilemo tse sekete. Empa hammoho le bona, ba bang ba 5 717 092 ba ba teng e le bashebelli, kahoo ba bontša kananelo ea tokisetso e khōlō ea Jehova e entsoeng hore e be teng ka sehlabelo sa Mora oa hae. Bana ba thabela tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise.
TŠEPO EA LILEMO TSE SEKETE E SA PHELA!
11. Ke neng hona joang tšepo ea lilemo tse sekete e tla phethahala?
11 E, tšepo ea lilemo tse sekete e lutse e phela haholo kajeno. E tla fetoha ntho ea sebele kamor’a ‘mahlomola a maholo,’ ha Kreste le “bakhethoa” ba 144 000 ba qala ho busa ba le leholimong ka lilemo tse 1 000, ʼme “bongata bo boholo” ba ba kang linku, hammoho le libillione tsa ba tsositsoeng lefatšeng, bo kena mahlohonolong a se nang tlhaloso sebakeng sa lefatšeng sa ʼmuso oo oa Messia.—Matt. 25:34; Tšen. 20:12, 13.
12. Puso ea lilemo tse sekete e hlalositsoe joang bukeng ea tsebo?
12 Batho ba hloka haholo tšepo e joalo kajeno. Batho ba bohlale ka mokhoa oa lefatše ba tloaelane le tšepo ena. Kahoo, 1977 Britannica Macropædia e hlalosa lilemo tse sekete ka mokhoa o latelang: ‘Nako ena ea lilemo tse 1 000, e tsejoang e le lilemo tse sekete tsa puso ea Kreste ea khotso, e talingoa e le nako eo ka eona ho laba-labela ha motho khotso, tokoloho bobeng, le ho busa ha ho loka lefatšeng li phethahatsoang qetellong ka matla a Molimo . . . puso ea lilemo tse sekete ea Kreste e amana le litebello tsa lefatšeng tsa batho . . . puso ea lilemo tse sekete e leka ho arabela ka monahano o hlakileng lipotso tse kang: Qetello ea lefatše lee e tla ba efe? Na ho na le mohla batho ba tla phethahatsa toro ea khale ea ho lula lefatšeng la paradeise kapa batho bohle ba tla timetsoa tlokotsing ea mollo oo ba o liheloang ke booatla ba bona kapa kahlolo ea Molimo?’—Mongolo o tšekaletseng ke oa rona.
13. (a) Na u lumela hore lefatše le tla senngoa ‘tlokotsing ea mollo’? Lebaka la karabo ea hao ke lefe? (b) Morero oa pele oa Molimo bakeng sa lefatše e ne e le ofe?
13 Ho bangoli ba bang ba libuka tsa tsebo, le baeta-pele ba bolumeli ba se nang tumelo, tseo e ka ʼna ea e-ba lipotso tsa khahleho e fetang feela. Empa ho batho ba bangata ba pelo li tšepahalang ba linaheng tsohle ke mathata a sebele a mehleng ea joale a thahasello e matla. Lipaki tsa Jehova li fumane karabo ea lipotso tsena ka Bibeleng. Ho tsona, tšepo ea ho phela ka ho sa feleng ‘paradeiseng ea lefatšeng’ hase ‘toro ea khale.’ Tšepo eo e na le motheo o tiileng, e theiloe boithutong ba Bibele. Mangolo a Seheberu le a Segerike a bontša hore Molimo o ke ke oa lumella batho ba khopo hore ba senye lefatše “tlokotsing ea mollo.” (Tšen. 11:18; Esa. 45:18) Leha e le hore o tla senya lefatše e le eena. (Pes. 104:5) Hoba a bōpe motho ʼme a mo bee paradeiseng e sebakeng se itseng, Molimo oa mo senolela morero oa Oona, e leng, hore motho a “buse” lefatše ka ho atolosa maemo a paradeise ho ea lefatšeng lohle, ba ‘tlala [e seng ho tšoloha] lefatšeng’ ka moloko o lokileng oa banna le basali ‘ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo.’—Gen. 1:26-28; 2:15.
14. Tšepo ea lilemo tse sekete e kena joang ‘morerong oa ka ho sa feleng’ oa Molimo?
14 Eo e sa ntsane e le “thato” ea Molimo, eo, ka ʼmuso oa oona oa Messia, e tla ‘etsoa lefatšeng joale ka leholimong.’ (Matt. 6:10) Molumo ’ohle oa Bibele o bontša ntle ho pelaelo hore Molimo ha o-oa tlohela morero ona oa pele. (Esa. 46:9, 10) Lilemo tse sekete tsa puso ea Kreste, li kena hantle ‘morerong ona o sa feleng’ oa Molimo, oo karolo ea oona e leng hore “o bokellele tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.” (Ba-Ef. 3:11; 1:8-10) Ka mantsoe a mang, puso ea lilemo tse sekete hase bofelo ka boeona; ke mokhoa o isang pheletsong, ho phethahatsoeng ha morero oa mathomo oa Molimo bakeng sa lefatše.
HASE ‘TORO EA HO RATA LINTHO TSE BONAHALANG’
15, 16. Moprista oa K’hatholike o hlalositse tšepo ea lilemo tse sekete joang, empa ho bonahala a lebetse eng?
15 Lira tsa bolumeli li qaboha Lipaki tsa Jehova ha li bolela tšepo ea puso ea lilemo tse sekete. Empa basomi bana ba thabile ka ho feletseng ho rōmela bohle ba lokileng leholimong ʼme bohle ba khopo tlhokofatsong ea ka ho sa feleng liheleng, kahoo ba sia lefatše le tsoile ho hang ‘morerong oa ka ho sa feleng’ oa Molimo. Ka mohlala, moprista oa Lefora oa Dominican H. C. Chéry, ea iphileng mosebetsi oa ho nyatsa Lipaki tsa Jehova, o bitsa tšepo ea paradeise e tsosolositsoeng lefatšeng ‘toro ea ho rata lintho tse bonahalang.’
16 Pele, moprista enoa oa K’hatholike a ke a hopole hore tšepo ea puso ea lilemo tse sekete ha ho mohla e kileng ea nyatsuoa ke kereke e K’hatholike kapa ea hlalosoa e le bokoenehi. Hona ha ho makatse, kaha e theiloe Bibeleng ʼme ea nkoa e le ‘e ʼngoe ea lithuto tsa bohlokoa tsa tumelo ea Bokreste’ ke “bo-ntate ba kereke” ba bangata ba pele le ba tumileng haholo. Na Polycarp, Papias, Irenaeus, Justin Martyr le Tertullian le bona e ne e ‘le balori ba ratang lintho tse bonahalang’?
17. Ke hobane’ng ha ho se motho eo ka nepo a ka nqosang Lipaki tsa Jehova ka ho ba ‘balori ba ratang lintho tse bonahalang’?
17 Ke ʼnete, ba bang ho bona, le ba bang mehleng ea moraonyana, ba ile ba theola tšepo ea lilemo tse sekete, ka ho neta mahlohonolo a hlileng a boleloa a puso ea lilemo tse sekete tšebeliso ea nama kapa eona ea bopolotiki. Empa ha ho lea mong ea ka nqosang Lipaki tsa Jehova hantle ka ho etsa sena kajeno. Le hona joale, lefatšeng le busoang ke menyaka, Bakreste bana ba loana ka matla khahlanong le lintho tse bonahalang le ho batla menate bophelong ba bona le ka liphuthehong tsa bona. Bophahamo ba bo abela lintho tsa moea. Ba hlokomela ka ho feletseng hore haeba ba bang ba ka haptjoa ke lintho tse bonahalang ‘mehleng ena ea bofelo’ ba ke ke ba bona puso ea lilemo tse sekete. (Luka 21:34-36; Dan. 12:4) Ho feta moo, ha ba na tšepo ea ho tlisa puso ea lilemo tse sekete ka mekhoa ea batho ea tokiso. Ba itšetlehile ho hang ka ho kenella ha Molimo ka morena oa hae oa Messia. Ka pelepele ho makhotla a loanang a leholimo ‘Morena enoa oa marena’ o tla loana ho felisa bokhopo bohle lefatšeng.—Tšen. 19:11–20:3.
PARADEISE—EA MOEA LE EA NAMA
18. Re ka lebella joang hore paradeise ea moea e hōle nakong ea puso ea lilemo tse sekete?
18 Lipaki tsa Jehova li se li ntse li phela paradeiseng ea moea. Ho feta moo, li lebelletse ka kholiseho hore li sekamele moeeng haholo ka nako eohle ea puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000, ha “libuka” tsa tšoantšetso tse senolang se hlokoang ke Molimo li tla “phetloa.”—Tšen. 20:12.
19. Ke hobane’ng ha puso ea lilemo tse sekete e tla biletsa boiteko bo bongata le mosebetsi o boima?
19 Ha ho baloa Mangolo ka hloko a buang ka puso ea Kreste ea lilemo tse sekete (ka mohlala, Tšenolo 20:11–21:8), Lipaki tsa Jehova li boetse li tseba hore ho tla hlokahala boiteko bo matla ho ba nkileng kabelo tšepong ea lefatšeng. Ho tla ba le mosebetsi o mongata o tla etsoa ha ho lengoa ho bile ho ntlafatsoa lefatše, empa li ke ke tsa hlaolela maemo a paradeise ka boithati feela bakeng sa bona le malapa a bona. Puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000 ha e le hantle ke “letsatsi” la kahloloa bakeng sa ba pholohang “ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” e atamelang ka potlako (Lik. 17:30, 31; Tšen. 16:14, 16); hape ke letsatsi la kahlolo bakeng sa bafu ba limillione ba tla tsosoa le ho ahloloa ho ea ka mesebetsi eo ba e etsang paradeiseng lefatšeng. (Joh. 5:28, 29; Luka 23:42, 43) Bongata bona bo tsositsoeng ho tla hlokahala hore bo rutoe ntle ho boithati ka litsela tsa ho loka ke ba seng ba le tlas’a puso ea lilemo tse sekete ea Messia. (Bapisa Esaia 11:1-9.) Hoo hase ‘toro ea ho rata lintho tse bonahalang’! Ho tla bolela mosebetsi o mongata o boima haholo, hape, le tekanyong ea moea.
20. Ho tla etsahala joang ha lilemo tse 1 000 li felelletse, ka tebello efe bakeng sa ba tšepahalang?
20 Ho fetang moo, puso ea lilemo tse sekete e tla be e le qalo feela. Kamor’a teko ea ho qetela, ha lilemo tse 1 000 li feleletse, banna le basali ba lulang ba tšepahetse boreneng bo bokahohleng ba Molimo ba tla kenngoa bophelong bo sa feleng lefatšeng la paradeise.b—1 Ba-Kor. 15:24-28; Tšen. 20:7-10.
TŠEPO E KA FETOHANG EA HAO
21, 22. (a) Lipaki tsa Jehova ka mehla li thabela ho etsa joang? (b) Tšepo ea bona bakeng sa nako e tlang e haufi ke efe?
21 Eo ke tšepo eo ha joale e boka-boketsoang ke Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste tse fetang 2 000 000 linaheng tse fetang 200. E phela haholo mehopolong le lipelong tsa tsona, hoo kamehla li thabelang ho nea ba bang ‘lebaka la tšepo e ho tsona.’—1 Pet. 3:15.
22 Ho tloha ka 1914, liketsahalo tsa lefatše tse phethahatsang boprofeta ba Bibele li bontša hore hona joale re phela ‘nakong ea bofelo,’ le hore ‘matsatsi a matsoalo’ ao ho seng a kileng a ka oona a haufi. (Dan. 12:1-4; Matt. 24:3-21) Masala a “bakhethoa” le “bongata bo boholo” ba metsoalle ea bona ba tšepisitsoe ho pholoha ‘mahlomoleng a maholo.’ (Matt. 24:22; Tšen. 7:9, 10, 14) Kamor’a moo, tšepo eo ba e lebelletseng ka ho fapana ea puso ea lilemo tse sekete e tla phethahala. Na u kholoa hoo? “Molimo oa tšepo o le tlatse ka thabo eohle le ka khotso eohle tumelong, tšepo ea lōna e tle e ekeletsoe.”—Ba-Roma 15:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona khaolo ea 7, “What to Expect of Judges for a Thousand Years,” bukeng God’s Kingdom of a Thousand Years Has Approached, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society.
b Bakeng sa lintlha tse eang pele, ka kopo bona likhaolo 12 ho ea ho 16 tsa buka Life Does Have a Purpose, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Tlas’a puso ea Messia ea lilemo tse sekete, ba tsosoang ba tla rutoa litsela tsa ho loka