Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/15 maq. 18-23
  • Tiea Matla! Lilemo Tse Sekete li Haufi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tiea Matla! Lilemo Tse Sekete li Haufi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MOHLALA OA DANIELE OA HO TIEA MATLA
  • KA LEMENENG LA LITAU
  • ‘MATSATSING A MATSOALO’
  • “IPHE MATLA, U TIEE PELO”
  • U ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Daniele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Jehova o Putsa Tumelo le Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Le be Sebete—Jehova o na le Lōna!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Daniele ka Sekoting sa Litau
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/15 maq. 18-23

Tiea Matla! Lilemo Tse Sekete li Haufi

“Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo, ke hlōtse lefatše.”—Joh. 16:33.

1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore barutuoa ba Jesu ba tiee matla haholo?

A NA ke mantsoe ao Jesu a arohaneng le barutuoa ba hae ka oona e le keletso ho bona, a a bua mantsiboeeng ao a tla tšoaroa le ho bolaoa ka oona. Eena ka boeena o bontšitse tšoaneleho eo ea ho tiea matla ka tekanyo e tsotehang, ’me o ne a batla ha balateli ba hae ba ineetseng ba etsa joalo. Ho ne ho tla hlokahala hore ba tiee matla haholo, hobane Jesu o ne a sa tsoa ba bolella hore: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna; Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile. Hopolang lentsoe leo ke le boleletseng lona, ha ke ne ke re: Mohlanka ha a moholo ho morena oa hae. Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna; ha ba bolokile lentsoe la ka, ba tla boloka le la lona. Empa ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe ea nthomileng.”—Joh. 15:18-21.

2. Ke eng e kenyellelitsoeng ho tieeng matla ho kang ha Kreste? (Bapisa Lipesaleme 27:13, 14; 31:24.)

2 Leha ho le joalo, ke eng se akarelletsoang ho tieeng joaloka Kreste? Na ho bolela ho ipata mekoting, joalokaha ho etsa masole ha ntoa e befile haholo? Che, ho bolela ho fetang hoo. Ho tiea matla ha Bokreste ho batla ho bontšoa ha matla a boitšoaro a beang mohlala ka linako tsohle. Ho hloka ho tšehetsa ’muso oa Molimo ho sa thekeseleng tlas’a maemo leha e le afe le oona kaofela. Ho hloka tieo, mamello le botšepehi bo matla metheong e nepahetseng. Ho tiea matla ha ’nete ho akarelletsa ho etsa qeto le boikemisetso bo sebetsang ho hatela pele le ho atleha, le haeba e le har’a khanyetso eo ho bonahalang e le boima le mathata. Ho akarelletsa qeto e kang e bontšitsoeng ke moapostola Pauluse, a re: “Empa ke etsa ho le hong feela; ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse ka pele; ke titimela moo ho lekanntsoeng teng.”—Ba-Fil. 3:13, 14.

MOHLALA OA DANIELE OA HO TIEA MATLA

3. Daniele le metsoalle ea hae ba bontšitse ho tiea matla hofe ho beang mohlala mabapi le lijo le lino?

3 Lentsoe la Molimo le tletse litlaleho tsa ho tiea matla ho ileng ha bontšoa har’a liteko tse lekang tumelo. E mong ea bontšitseng ho tiea matla joalo ka makhetlo a mangata ke moprofeta oa Molimo Daniele. E le mohlankana ea entsoeng lekhoba Babylona, “a rera pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa ka lijo tse hlabosang tsa morena, leha e le ka veine e nooang ke eena,” ’me mona a tlatsoa ke Shadrake, Meshake le Abede-Nego. (Dan. 1:8-19) Hona ho ne ho hloka ho tiea matla, ho tšoana le ho tiea matla ho ’nileng ha hlokahala ka lehlakoreng la lipaki tse nyenyane tsa Jehova linaheng tse ling kajeno, ka mohlala ho haneng ho ja lijo tsa motšehare sekolong tse nang le mali.—Lik. 15:28, 29.

4. Ke mohlala ofe o motle oo bacha ba bangata kajeno ba o fumaneng ho Daniele khaolo ea 3? (Ba-Roma 15:4)

4 Hamorao, ha metsoalle e meraro eona eo ea Daniele e nka boemo bo tiileng ka khang ea borapeli ba litšoantšo, ntle ho pelaelo Daniele ka botšepehi a lumella boemo ba bona. Tlas’a pululelo a tlaleha ketsahalo eo ka ho qaqileng haholo, ho re eletsa mehleng ena e thata.—Dan. khaoh. 3.

5. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho hloka ho tiea matla hore Daniele a bue pel’a Nebukadnezare, ’me hamorao ho Belshatsare? (b) Ho tiea matla ho joalo ho hlokahala joang ho Lipaki tsa Jehova kajeno?

5 Ho ile ha hlokahala ho tiea matla hore Daniele a eme ka pel’a Nebukadnezare ea matla oa Babylona, ’me a tsebahatse tlhaloso ea litoro tsa morena tseo—haholo kaha boprofeta ba Daniele bo ne bo supa hore qetellong ’Muso oa Babylona o tla oa, ha esita le ho kokobetsoa ha morena. (Dan. 2:36-38, 44, 45; 4:24, 25, 33) Hape, nakong ea mokete oa Belshatsare oa borapeli ba litšoantšo, ha mongolo o tsoang ho Jehova o hlaha leboteng ka tlung ea morena, ho ne ho hlokahala hore Daniele a tiee matla ho tsebisa morena le ba boholong le eena hore ke phetho ka Babylona e moholo le hore o tla neoa Bamede le Bapersia. (Dan. 5:1-6, 17-28) Ka ho tšoanang, ho ile ha hlokahala ho tiea matla ka lehlakoreng la Lipaki tsa Jehova tse ngata kajeno ho bua ka sebete ka likahlolo tsa Molimo khahlanong le Babylona e Moholo le litsamaiso tse ling tse tsuong tsa lefatše lena.—Tšen. 16:12-16, 19.

KA LEMENENG LA LITAU

6, 7. (a) Daniele o ile a tsebisahala joang pusong ea Dariuse? (b) Ke joang feela lira tsa hae li neng li ka fumana sebaka sa ho mo qosa? (c) Ke maemo afe a tšoanang a hlahileng mehleng ea rōna?

6 Liphihlelong tsa bona tse lekang, Daniele le metsoalle ea hae ba ne ba itšetlehile haholo ho Jehova ka thapelo. (Dan. 2:17, 18) ’Me ke mabapi le thapelo Daniele a ileng a hlokoa hore a bontše ho tiea matla ho sa thekeseleng. Babylona e ne e oele, joale Dariuse a busa Medo-Persia, ’muso oa bone oa lefatše oa tlaleho ea Bibele. Ka baka la ‘moea oa mohlolo’ oo a o neiloeng ke Molimo oa hae, Daniele ea seng a hōlile a totobala ho feta mahosana a mang a ’Muso kaofela. Banna bana ba baholo, ba le mōna ka bohlale le setulo sa Daniele, ba batla tsela ea ho mo bolaea. Empa ba tsebisisa hore ba ke ke ba fumana molato, ntle leha ba ka etsa joalo ka se amanang le “molao oa Molimo oa hae.”—Dan. 6:1-5.

7 Ba elelletsoe mokhoa oa Daniele oa ho rapela le ho rorisa Molimo oa hae ka makhetlo a mararo tsatsi le leng le le leng, balotsana ba rera ho etsa hore morena a tekenele molao oa hore ka matsatsi a 30 mang kapa mang ea ka rapelang molimo leha e le ofe kapa motho ntle ho morena, a akheloe ka lemeneng la litau. Taelo eo ea e-ba molao o sa fetoheng oa Bamede le Bapersia. (Dan. 6:6-9) Hona ho tšoana le boemo linaheng tse ngata kajeno moo basebeletsi ba tlase ba ’muso kapa baruti, ba hlajoa ke ho hana ha Lipaki tsa Jehova ho ba karolo ea lefatše kapa hore ba bebofatse mosebetsi oa bona oa ’Muso, ’me ba le mōna ka tlhohonolofatso ea Molimo mosebetsing oa tsona, ba “lekang” ho tšoasa Lipaki le ho li ntša tšebetsong. Bahanyetsi bana ba tsebisisa hantle hore batho ba Jehova hangata ke bona batho ba utloang molao ka ho fetisisa le ba tšepahalang metseng. Kahoo ba susumelletsa likhang tse amanang le litšebeletso tsa borapeli ba litšoantšo le litumeliso, le ho hoeletsoa ha mapetjo a borata-naha a kang “Rokang Hitler,” “Rorisang Franco,” le a mang.

8. Lipaki tse tšepahalang kajeno li latetse mohlala o sa sekisetseng oa Daniele joang?

8 Daniele o siile mohlala o khanyang hakaakang ho talimaneng le likhang tse joalo! Tlaleho e-ea re bolella: “Daniele, ha a utloa hoba molao oo o ngoliloe, a ikela tlung ea hae, ’me lifenstere tsa ntlo e kaholimo ea hae ha li bulehetse nqa Jerusalema, a khumama ka mangole hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Molimo oa hae, joale ka ha a na a etsa pele.” (Dan. 6:10) Ha a ka a khaotsa borapeli ba hae boo a bo tloaetseng ba Jehova. Ka mokhoa o tšoanang, lipaki tse tšepahalang tsa kajeno ha li khaotse ho rapela ha tsona Molimo hobane feela ’m’ampoli e mong a thibela mosebetsi oa bona oa Bokreste. Ho ka ’na ha hlokahala hore ba phopholetse tsela ea bona ka bohlale, joaloka ho tlōla matlo ha ho etsoa mosebetsi oa ntlo le ntlo, kapa ka ho paka ka Bibele feela, kapa mohlomong ho bile ho hatisoa haholo boboleling bo sa rereloang. Empa ho rapela hona ba tla ho etsa! Ba ‘ke ke ba khaotsa ho bua ka lintho tseo ba li boneng le tseo ba li utloileng.’—Lik. 4:20.

9. Daniele o fumane tšireletso joang, ’me hona ke khothatso ea eng kajeno?

9 Ka baka la tsela ena ea ho boloka botšepehi, Daniele a akheloa ka lemeng la litau. Empa na hoo ho ne ho bolela hore Molimo o mo lahlile? Le hanyenyane! Leha e le hore Jehova o furalla lipaki tsa hae ha li akheloa lichankaneng tse litšila kajeno. Daniele o ne a sa tloheloa le ke eena Morena Dariuse, ‘ea ileng a itima lijo bosiu’—mohlomong a rapela Molimo oa Daniele. Kannete, tšireletso ea Jehova ea ipaka e le matla ho feta molao o sa fetoloeng oa Bamede le Bapersia. Hoseng ka le latelang, ha morena a potlakela lemeneng la litau ’me a botsa Daniele hore na ebe Molimo oa hae oo ‘a o sebeletsang ka tiisetso’ o tsebile ho mo pholosa, Daniele o ne a ka arabela: “Molimo oa ka o romile lengeloi la oona, ’me o thibile melomo ea litau, hore li se ke tsa nketsa letho hobane ke fumanoe ke se na molato pel’a oona, le pel’a hao, morena, ha kea ka etsa letho le lebe.”—Dan. 6:18-22.

10. Batho ba Jehova ba ka tšoephola maqheka a ‘tau eo e purumang’ Diabolose, joang?

10 Thapelo ho Jehova ke ea bohlokoa kajeno joaloka mehleng ea Daniele, ’me e sebetsa hakaakang! Le hoja kajeno Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa akheloa ka mameneng a sebele a litau, li phela lefatšeng leo ‘sera sa tsona, Diabolose, a tsamaeang joaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo harolang.’ Bakreste ba lokela ho etsa joang, he, ha ba thulana le mahloriso le liteko tse ling? Ba tlameha ho tiea matla. Ba tlameha hore ka boikokobetso ba ikokobeletse maemo a lekang ’me ba rapele, ba kholisehile hore baena ba bona hohle ba rapela ka tieo lebitsong la bona. Moapostola Petrose o fana ka keletso e ntle: “Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona [Molimo]; hobane oa le hlokomela. Le tsohe masene, le falimehe, . . . Hanang ho eena [Diabolose] ka ho tiea tumelong, le ntse le tseba hobane lihloreho li le ling le tsena li ntse li hlahela banab’abo lōna ba lefatšeng. Empa Molimo oa mehauhelo eohle, . . . o tla le etsa ba phethehileng, o le tiise, o le fe matla, o le thee. Khanya le matla ke tsa oona ka mehla e sa feleng.”—1 Pet. 5:6-11.

11. Ke mehlala efe ea kajeno e teng ea Lipaki tsa Jehova li pholoha ‘lemena la litau’?

11 Ho teng mehlala e mengata ea kajeno eo ho eona Lipaki tsa Jehova li ’nileng tsa akheloa ka ‘mameneng a litau,’ kamoo ho leng kateng. Manqosa a kang litau a ‘tau eo e purumang,’ Diabolose, a batla hore ka ho tsoetseng pele a je batho ba Molimo. Leha ho le joalo, Lipaki tsa oona li tiisetsa thapelong, li lahlela lipelaelo tsa tsona ho Jehova, le ho ema li tiile “tumelong.” Ka mohlala, ho bile le ngoanana e monyenyane Rhodesia ea neng a rutiloe hantle ke batsoali ba hae mabapi le metheo ea Bibele. A haptjoa ke masole a likhukhuni. Batsoali ba hae ba e-ba tsietsing ke eena, kaha likhukhuni li na le mokhoa oa ho silafatsa kapa ho kenya thuto ea tsona ho banana ba tlase lilemong. Sohle seo batsoali ba neng ba ka se etsa e ne e le ho rapella hore a bolokehe. Kamor’a matsatsi a mangata, ngoanana a khutla a sa tsoa kotsi. “U hlahetsoe ke life?” ha botsa batsoali ba hae. “Ke ile ka ’na ka ba pakela feela,” kamoo ho hlalositseng ngoanana. Eaba bahapi ba hae ba mo rōmela lapeng. Hamorao, moeta-pele oa likhukhuni a tla motseng ’me a batla batsoali ba hae. A ba bolella hore o ne a batla ho teana le batsoali ba ngoanana ea rutiloeng hantle hakana.

12. Ke thapelo efe e tiileng eo re ka neelanang ka eona ka mehla ho Jehova, hona ka tšepo efe?

12 Ke ’nete hakaakang hore Jehova o hlokomela le ho emela bahlanka ba hae ba rapelang! Ka tšepo, ka mehla re ka rapela joaloka Davida: “Jehova, Molimo oa ka, ke balehela ho uena, u mpoloke ho bohle ba ntlhorisang, ’me u ntokolle; e se re sera sa nthusolla joale ka tau, sa ntšetlakela ha ke hloka monamoleli.” E, ka linako tse ling re ka ikutloa hore ‘moea oa rōna o har’a litau,’ hore re har’a “batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, har’a batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.” Empa lithapelo tsa rōna tse tiileng ho Jehova, le ho balehela ha rōna moriting oa mapheo a hae, li tla re ntša har’a liteko tsena re le ba tšepahetseng. (Pes. 7:1, 2; 57:1-4) Joalokaha Daniele “ka tumelo . . . a thibile melomo ea litau,” le rōna re ka ho etsa.—Ba-Heb. 11:33.

‘MATSATSING A MATSOALO’

13. (a) Pusong ea Cyruse, ke hobane’ng ha Daniele a ne a hloka ho matlafatsoa? (b) Ke khothatso efe e tšoanang eo Lipaki tsa Jehova li e hlokang kajeno?

13 Hamorao, pusong ea Morena Cyruse, lengeloi la itlhahisa ho Daniele ponong ’me la mo tiisa, le re: “Se tšabe, monna ea ratoang! Khotso e be ho uena! Tiea pelo, tiea matla!” (Dan. 10:1-19) Ho ile ha hlokahala ho tiea matla ka lehlakoreng la Daniele ho fumana le ho tlaleha boprofeta bo matla boo a ileng a bo neoa ke lengeloi, le boo re bo fumanang ho Daniele likhaolo 11 le 12. ’Me ho hlokahetse ho tiea matla ho Lipaki tsa Jehova ho lula ‘e se karolo ea lefatše’ nakong ea ho phethahala ha karolo e qetellang ea boprofeta bona, kaha bo hlalosa ho thulana pakeng tsa “morena oa leboea” oa Bokomonisi, le “morena oa boroa” oa puso ea leruo mehleng ena ea libetsa tse chefu.

14. (a) Ke eng se khethollang Mikaele e le Morena Jesu Kreste? (b) Re ka fumana matla joang tlalehong e ho Daniele khaolo ea 12?

14 Ka makhetlo a mangata buka ea Daniele e bolela Mikaele, eo lebitso la hae le bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?” (Dan. 10:13, 21) Kahoo khosana ena e khōlō e khetholloa e le Morena Jesu Kreste, ea loanelang ho tumisoa ha borena ba Jehova. Ha le bua ka ‘mehla ena ea bofelo,’ lengeloi le re ho Daniele: “Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e khōlō, e emelang bara ba sechaba sa heno, o tla hlaha, ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo; empa mehleng eona eo, sechaba sa heno se tla bolokeha, e leng bohle ba ngoliloeng bukeng.” (Dan. 12:1, 4) E se eka re ka ba sebete haholo ho etsa sohle seo Molimo oa Daniele o re hlokang hore re se etse, ho fihlela ‘matsatsi ao a matsoalo’ a felisa lefatše le khopo la Satane. Hobane ka nako eo, letsatsi le khanyang la puso ea Jesu ea lilemo tse sekete tsa khotso le tla be le chabile. “Ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba tla tsoha” ka litebello tsa bophelo bo sa feleng lefatšeng. Daniele ea ileng a tiea matla, le eena, ‘o tla tsohela lefa la hae qetellong ea matsatsi.’—Dan. 12:2, 9, 13.

“IPHE MATLA, U TIEE PELO”

15, 16. (a) Ke boemong bofe ba pelenyana batho bahabo Daniele Baiseraele ho neng ho hlokahala ho tiea matla? (b) Joaloka Iseraeleng, ho tiea matla ha batho ba Molimo kajeno ho ka tiisoa joang?

15 Kajeno, batho ba Molimo ba eme mathuleng a lilemo tse sekete tsa khotso. Boemo bo tšoana le ba batho bahabo Daniele, Iseraele, nakong ea pelenyana ea pale ea bona. Hona ho etsahetse ha ba ne ba emisitse mabopong a Nōka ea Jordane, ba loketse ho tšela ho kena Lefatšeng la Pallo. Pakane ba ne ba e bona. Empa liteko le mathata li sa larile ka pele. Ho ne ho hlokahala ho tiea matla. Ka baka leo, moprofeta e mong ea tsebisahalang oa Jehova, Moshe ea seng a hōlile, a bua mantsoe ana ho Iseraele: “Ipheng matla, ’me le tiee lipelo; se tšabeng, ’me le seke la ba tšoha [lira tsa lōna], hobane Jehova, Molimo oa hao, ke eena ea tsamaeang le uena, a ke ke a u tlohela, a ke ke a u lahla.” ’Me ho ea neng a khethetsoe ho mo hlahlama, Joshua, Moshe a mo nea keletso e tšoanang, a re: “Iphe matla, ’me u tiee pelo.”—Deut. 31:1-8.

16 Ruri, batho bohle ho ne ho tla hlokahala hore ba tiee matla haholo; ’me, ka baka leo, Moshe a laela baprista, Balevi le baholo ba Iseraele mabapi le se tla etsahala ka lilemo tse ling le tse ling tse supileng moketeng oa metlotloane oo ho neng ho hlokahala hore bohle ba o boloke: “U tla phutha sechaba, banna le basali, le bana, le molichaba ea metseng ea hao, ba tle ba utloe, ’me ba ithute ho tšaba Jehova, Molimo oa lōna, ’me ba hlokomele ho etsa litaba tsohle tsa molao ona.” (Deut. 31:9-12) Ho mamela le ho ithuta le ho utloa molao oa Jehova ho ne ho hlokahala bakeng sa katleho ea sechaba seo, ’me hona ke habohlokoa hape kajeno haeba batho ba Molimo ba tla neoa matla a tla ba nolofaletsa ho pholoha bofelo ba lefatše.

17, 18. Ho hlokahala eng ho ‘tiea matla le ho etsa ka senna,’ ’me ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste ba lokela ho ela see hloko haholo?

17 Nakong eo e thata Iseraeleng, ho ne ho hlokahala hore monna ea hōlileng Joshua a bontše ho tiea matla ho beang mohlala, joalokaha hona ho hlokahala bakeng sa baholo ba Bakreste ka phuthehong kajeno. Kahoo, mantsoe a Jehova a builoeng ka ho toba ho Joshua, ’me a tiisa a builoeng pele ke Moshe, a lokeloa ke tlhokomelo ea rōna e haufi haholo: “Iphe matla, u etse ka senna . . . Feela u iphe matla, u etse ka senna haholo, . . . u iphe matla, u etse ka senna . . . Se tšohe, ’me u se ke ua tšaba hobane Jehova, Molimo oa hao, o na le uena kahohle moo u eang teng.” (Josh. 1:6, 7, 9) Jehova a bolella Joshua hore na ho hlokahala eng hore ‘a iphe matla, a etse ka senna,’ le hore a etse ka bohlale boemong bo bong le bo bong. E ne e le eng? Mangolo a arabela:

18 “Buka ena ea molao [oa Jehova] e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng; ke moo u tla atleha metsamaong ea hau, u iketle.”—Josh. 1:8.

19, 20. Qetello ea ho ‘tiea matla le ho etsa ka senna’ ha rōna e tla ba efe?

19 Ho ile ha qetella ho hlahile eng ka ketso e bohlale ea Joshua, hammoho le kutlo e tiileng matla ea batho? Hoba litšitiso tsohle li hlōloe, hoba Jehova a etse hore Iseraele e hlōle lira tsohle tsa eona le ha batho ba lute ‘naheng eo e kollang lebese le linotši,’ Joshua o tsebile ho ba khothatsa ka hore: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Josh. 5:6; 23:14.

20 Ha batho ba sebete ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba qetella ba tsoile ‘nakong ea matsoalo’ ea tlokotsi hore ba kene pusong ea Kreste ea lilemo tse sekete tsa khotso, ba tla utloa ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova ka tekanyo e khōlōanyane, e, tekanyo ea ka mehla. E se eka bohle ‘re ka ipha matla, ra etsa ka senna’ ho pholoha ho kena lilemong tse sekete tsa khotso tse haufi hona joale!

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Joalokaha Jehova a sirelelitse Daniele, ka ho joalo o sireletsa lipaki ho “litau” tsa kajeno

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela