Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 4/15 maq. 12-17
  • Ho Matlafatsoa ke Tšepo ea Lilemo Tse Sekete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Matlafatsoa ke Tšepo ea Lilemo Tse Sekete
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “LE IPONELE”
  • HO LEMOHA “MANYALA”
  • BOEMO BO POTLAKILENG
  • “LEBELANG”
  • “’Mali a a Sebelise Temoho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Balehela Setšabelong Pele ho “Matšoenyeho a Maholo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • ‘Pontšo ea ho ba Teng ha Hao e Tla ba Efe?’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • “Manyala” A Hlōleha ho Tlisa Khotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 4/15 maq. 12-17

Ho Matlafatsoa ke Tšepo ea Lilemo Tse Sekete

“Ithuteng ho lekanya litaba ka sefate sa feiga. Lekala la sona ha le se le le bonolo, ’me le se le hlahisa mahlaku le tseba ka hoo hobane lehlabula le haufi. Ka mokhoa o joalo, le lōna, etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba Mor’a motho o haufi, o monyako.”—Mar. 13:28, 29.

1, 2. (a) Moeta-pele oa lefatše o itse’ng ka ntoa le khotso? (b) Empa ke tšepo efe e fanoeng ke Jesu? (Bapisa Luka 21:29-31.)

“MEHLENG ea liqhomane tse ‘hydrogen’, ha ho sa le phapang ea letho e bonahalang pakeng tsa ntoa ea lefatše le ho ipolaea ha lefatše.” Ke kamoo ho buileng mookameli oa Linaha tse Kopaneng tsa Amerika ha a tsoa tekenela Tumellano ea SALT le Soviet Union. A boela a bontša hore lefatše le ’nile la phela ka “khotso e lerootho,” kamehla le talimane le botšo ba tebello ea “tlokotsi ea ntoa ea libetsa tse chefu, ntoa eo ka ho nyarosa, ho timetsa le ho bolaea e ka nyenyefatsang lintoa tsohle tsa pale ea motho e telele le e mali, li kopane hammoho.” Empa na e tla fella ka ho ipolaea ha lefatše? A re hlahlobeng seo “Mor’a motho,” Jesu Kreste, a arabelang ka sona, ho ea ka buka ea Mareka.

2 Ha a bolela liketsahalo pele ho nako, ‘lintho tse etsahalang’ lekholong la rōna la bo20 la lilemo, Jesu Kreste o li tšoantšitse le sefate sa feiga “lekala la sona ha le se le le bonolo, ’me le se le hlahisa mahlaku, le tseba ka hoo hobane lehlabula le haufi.” (Mar. 13:28, 29) Hona ho lumellana le ho tla ha Jesu ho tla phethahatsa kahlolo. Joale ho tla latela “lilemo tse sekete,” tseo ka tsona Diabolose a ke keng a khelosa lichaba ka tsona hape.—Tšen. 20:2, 3.

3. (a) Batho ba amiloe joang ke ‘lintho tse etsahalang’ tse boletsoeng ke Jesu? (b) Barutuoa ba Jesu ba lokela ho nka lintho tsee joang?

3 Leha ho le joalo, ‘lintho tse etsahalang’ ha lia ba monate. Ha a li profeta, Jesu o re khothatsa ka mantsoe ana: “Mohla le utloang lintoa le melumo ea lintoa, le se ke la tšoha; hobane e ka khona hoo ho etsahale; empa le moo ha e e-so ho be bona bofelo. Hobane sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litšisinyeho tsa lefatše li tla ba teng ka nqa tse ngata, le litlala li tla ba teng le mefere-fere.” (Mar. 13:4, 7, 8) Kahoo barutuoa ba Jesu ha baa tšoenyeha ka ho sa lokelang ka liketsahalo tse tšosang lefatšeng ho tloha ho feleng ha ‘mehla e beetsoeng lichaba’ ka 1914. (Luka 21:24-28) Hona hohle ke pontšo ea hore Jesu Kreste, Mora motho, “o haufi, o monyako,” le hore haufinyane ba hatileng moo a hatileng ba tsositsoeng ba tla busa le eena e le marena ka “lilemo tse sekete.”—Matt. 24:33; Tšen. 20:4.

“LE IPONELE”

4. Lipaki tsa Jehova li hlokofetse ho feta ba bang hobane’ng, ’me Mareka 13:9 e re’ng ka see?

4 Hammoho le batho ba bang ba bangata, Lipaki tsa Jehova li hlokofalitsoe ke “mefere-fere” ena. Ka linako tse ling li bile tsa biletsoa ho tla mamella ho feta ba bang, hobane ena ke nako eo ka eona Diabolose a hlileng a halefetseng “ba bolokileng litaelo tsa Molimo.” (Tšen. 12:12, 17) Jesu o bua ka sena, a re: “Empa lōna le iponele; hobane ba tla le isa makhotleng le masynagogeng; le tla otloa, le emisoe pel’a babusisi le marena ka baka la ka, le tle le be lipaki ho bona.”—Mar. 13:9.

5. Ha ho uoa sepheong sa lilemo tse sekete tsa khotso, phihlelo ea Lipaki tsa Jehova e bile efe ho tloha ka 1914?

5 Mehleng e latelang 1914, hona ho ipakahalitse e le ’nete hakaakang! Liithuti tsa Bibele tse neng li haneloa ke letsoalo ba ne ba tsongoa le ho hlorisoa ke lichaba tse ngata tse neng li kene ntoeng ea I ea Lefatše. Maqhubu a mahloriso a kopela, empa a sitoa ho timetsa, lipaki tsa Jeremane tsa Jehova nakong ea bo1930 ho kenella ho bo1940. Ntoeng ea II ea Lefatše, lichaba tse ngata tsa lefatše tsa kopanela letšolong la ho hloea Lipaki tsa Jehova. Empa ho sa tsotellehe mahlomola a tsona, tšepo e khanyang ea puso e hlohonolofetseng ea lilemo tse sekete tsa khotso ka mehla e ne e ntse e lutse ka pel’a Bakreste bana; ’me ka thabo ea nako eo ba tsoetse pele ho hatela pele.—Tšen. 20:6.

6. (a) Ke “bopaki” bofe boo batho ba Molimo ho ileng ha hlokahala hore ba bo fane? (b) Mareka 13:10 e phethahalitsoe ho fihlela kae mehleng ea kajeno?

6 Ho tla fihlela kajeno, batho ba Jehova ba ntse ba tlameha ho hlaha ka pel’a baahloli le babusisi linaheng tse ngata, e le “bopaki ho bona.” Hona ho bakoa ke hobane bahlanka ba Molimo ba tšepahala pele ho ’muso oa Kreste, oo Jesu ka boeena a o hlalositsoeng e se “karolo ea lefatše lena.’ (Joh. 18:36) Hape ke kahobane ba kopanela ka cheseho ho phethahaleng ha mantsoe a latelang a boprofeta ba Jesu: “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.” (Mar. 13:10) Na hona ho finyelletsoe ho tloha ka 1914? Ho joalo ka sebele! E seng feela ka matla a motho, empa ka matla a moea oa Molimo, Lipaki tsa Jehova li koahetse lefatše ka letšolo la ho bolela le ho etsa barutuoa. Kajeno Lipaki tse fetang limillione tse peli li bolela tšepo ea lilemo tse sekete tsa khotso ‘ho isa pheletsong ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’—Zak. 4:6; Ba-Roma 10:18.

7. Ke ka litsela life Lipaki tsa Jehova li utloileng thuso ea matla a maholo a Molimo? (Esa. 40:28-31)

7 Ka matla ana a maholo Molimo o matlafatsa batho ba oona ka ho babatsehang ha ba tsoela pele ho emellana le maemo ao Jesu a a hlalosang ho ea pele, a re: “Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, ’me le se ke la se nahana, empa seo le tla se neoa nakong eona eo, le bolele sona hobane e ke ke ea e-ba lōna le buang, empa e tla ba Moea o Halalelang. Ngoan’abo motho o tla neela ngoan’abo polaong, ntat’a motho a etse ngoan’a hae joalo, ’me bana ba tla tsohela batsoali ba bona matla, ba ba bolaee. Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka.”—Mar. 13:11-13.

8. “Moea o halalelang” o atisa ho thusa batho ba Molimo joang ha ba hatelletsoe?

8 Mehleng ena ea ho phethahala ha “pontšo” ea Jesu, ho teng mehlala e mengata ea ho fana ha Jehova ka “moea o halalelang” le tataiso ha li hlokahala haholo. (Mar. 13:4) E mong oa Lipaki tsa Jehova, molebeli ea tšepahalang ea tsamaeang, o sa tsoa tšoaroa ka baka la ho bolela ‘litaba tse molemo,’ ’me ba neng ba mo tšoere ba lokisetsa ho ’molaea. Leha ho le joalo, a ipelaetsa hore o tlameha hore pele taba ea hae e mameloe hantle. Ha ho lumeloa hore o tla mameloa, a kōpa hore mongoli oa lekhotla a be teng. Ka thuso ea moea oa Jehova, molebeli a fana ka bopaki bo botle ka ’Muso, a qotsa Mangolo a mangata. Hona hohle ha ngoloa tlalehong ea lekhotla. Leha ho le joalo, a ahloleloa lefu. Empa ho latelang a tsebisa lekhotla hore molao o mo nea tokelo ea ho ipiletsa. Eaba o lumelloa ho nka boipiletso ka nyeoe ea hae motheong oa tlaleho ea lekhotla e ngotsoeng. Lekhotla le ka holimo la lahla qeto, ’me la lokolla molebeli ea tsamaeang hore a tsoele pele ka boboleli ba hae ba ’muso oa Molimo. Moea o halalelang o ne o mo thusitse hore a hlōle!—Bapisa Liketso 4:13, 31; 5:32.

9. Ke mathata afe ao ho ’nileng ha thulanoa le oona ’me a hloloa mabapi le litho tsa lelapa?

9 Joalokaha Jesu a hlile a bolela, litho tse sa lumelang tsa lelapa li eme e le bahlorisi. Ho ekoa ha Lipaki ke bana ba tsona ba marabele ho ’nile ha etsahala hangata, joalokaha ho etsahetse kampong ea bobalehi Afrika. Hape, linaheng tseo ho thoeng li na le khotso, Lipaki tsa Jehova ka linako tse ling li ile tsa tlameha ho loana le khanyetso e matla ea balekane ba lenyalo kapa litho tse ling tsa lelapa. Ha li paka ka bohlale ’me ka lerato li leka ho thusa bahanyetsi ba joalo, Lipaki tsohle tse joalo li matlafatsoa ke tiiso ea hore “ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mar. 13:13; bapisa Mareka 10:28-30; 1 Petrose 3:1-4.

HO LEMOHA “MANYALA”

10. Ke potso efe e hlahang ka Mareka 13:14?

10 Batho bohle ba laba-labelang lilemo tse sekete tsa khotso tse tlang ba ameha ka ho tebileng ho phethahaleng ha mantsoe a latelang a Jesu, a reng: “Etlare ha le bona manyala a bofeliso, . . . a eme moo a sa lokelang—ea balang a lemohe—mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng.” (Mar. 13:14) “Manyala” aa ke eng?

11. (a) ’Muso oa Molimo le “manyala” li bonahetse joang li hanyetsana? (b) Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng e le “manyala” ponong ea Jehova?

11 “Manyala” a ema a fapane le “’muso oa Morena oa rōna [Jehova Molimo] le oa Kreste oa hae,” o tsoetsoeng maholimong ka 1914. (Tšen. 11:15–12:12) ’Muso oo o hlalosoa ka boprofeta e le o ‘phahameng ka botle’ le “botleng bo phethehileng.” (Pes. 48:2; 50:2) Empa kapele lichaba tsa qala ho futuhela ’Muso. (Pes. 2:1-6) Kapele tsa hlahisa Selekane sa Lichaba, seo hamorao se ileng sa boela sa hlaha e le Machaba a Kopaneng. Bukeng ea Bibele ea Tšenolo sehlopha sena sa machaba se tšoantšoa e le ntho eo kannete e leng “manyala”—“sebata se ’mala oa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefoli, se nang le lihloho tse supileng, le linaka tse leshome.” (Tšen. 17:3, 8) Ke “manyala” a makaakang ponong ea Jehova! Hobane a phahamisitsoe e le boemeli bo tla tlisa “khotso le tšireletseho”—ntho e ka etsoang feela ke puso e khanyang ea ’Muso oa Kreste bakeng sa batho.—Esa. 9:6, 7; bapisa 1 Ba-Thessalonika 5:3.

12. Babylona e Moholo o tlile lehloeong la Molimo joang, ’me qetello ea hae ke efe?

12 Ke bo-mang ba entseng lipolelo tsa boikhantšo joalo bakeng sa boemeli bona ba motho? Ka ho totobetseng, baruti ba Bojakane! Ka Tšitoe 1918, Lekhotla le Kopaneng la Likereke tsa Kreste Amerika la phahamisa Selekane sa Lichaba seo ho neng ho reroa hore se etsoe e le “pontšo ea bopolotiki ea ’Muso oa Molimo lefatšeng.” Haufi haholo, ka 1965, Mopapa Paul VI o boletse Machaba a Kopaneng e le “tšepo ea ho qetela ea tumellano le khotso.” Ho theosa ho tla fihlela selemong sena sa 1980, bapapa le babishopo ba tsoela pele ho ipatla ho Machaba a Kopaneng. Empa baruti bana ke ba sehlopha sefe? Ba tlamahane le “seotsoa” sa bolumeli, se hlalosoang ho Tšenolo e le “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa le a manyala a lefatše.” (Tšen. 17:1, 3-6) Joaloka ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, “mosali” enoa oa seotsoa o lumellanya khoebo ea hae le baeta-pele ba lichaba ba bopolotiki, ha a bolela tumelo ea hae ho “sebata” sa Machaba a Kopaneng, a bile a inkela ‘ho lula joaloka mofumahali’ a kaletse “sebata” ka ho se laela. (Tšen. 18:7) Empa ha a bonahala a ‘lutse a iketlile’ le ‘baratuoa’ ba hae ba bopolotiki, “linaka tse leshome” tsa Machaba a Kopaneng li tla ‘hloea seotsoa li se felise li se hlobolise,’ ’me li se etse lesupi le feletseng.—Tšen. 17:16.

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha hona joale re lokela ho tiisa hore ‘ho balehela ha rōna lithabeng’ ho phethahetse? (b) Ke bopaki bofe bo teng ba hore ba bangata ba sa ntsane ba utloa molao o ho Tšenolo 18:4?

13 Ka leihlo le lemohang la tumelo, Bakreste ba se ntse ba bona hore “manyala”—Machaba a Kopaneng—“a eme moo a sa lokelang,” ka “linaka” li sokela hoo ho thoeng ke ‘nqalo e halalelang’ ea Bojakane. (Mar. 13:14; Matt. 24:15) Ho etsoa lesupi ha bolumeli ba bohata ho haufi! Bo fositse ka ho bea tšepo ea bona ‘manyaleng’ ana a sebata! Ea balang ha a lemoha lintho tsee o lokela ho etsa joang? Jesu oa arabela! A “balehele lithabeng.”

14 Ka thabo, ‘ba Judea’ ha baa lieha ho balehela “lithabeng” tse sireletsang tsa Jehova ka ntle ho sebaka seo. Ka baka leo, kajeno, linaheng tse 205 le libaka tse potolohileng lefatše, Lipaki tsa Jehova li lemosa ka pheliso e potlakileng ea tsamaiso ea lintho. Li utloile lentsoe le tsoang leholimong le reng: “Tlohang ho eena [Babylona e moholo], lōna sechaba sa ka, le se tšohe le kenella libe tsa hae, ’me la oeloa ke likotsi tsa hae. Hobane libe tsa hae li se li kolohane ho ea fihla leholimong, ’me Molimo o hopotse makhopo a hae.” (Tšen. 18:4, 5) Batho ba Jehova ha baa iketsa ‘karolo ea lefatše.’ (Joh. 15:19) Ba baloang ka likete ba ntse ba baleha, joalokaha ho bontša palo kakaretso ea ba kolobelitsoeng ba 416 167 lilemong tse tharo kamorao ho 1975.

BOEMO BO POTLAKILENG

15. Re ka sebelisa keletso ea Mareka 13:15, 16 joang bophelong ba rōna?

15 A hatisa ho potlaka ha “bofelo” ba tsamaiso ea lintho, Jesu o tsoela pele hore a re: “Ea leng holim’a ntlo, a se ke a theohela tlung, a se ke a kena ho nka letho tlung ea hae, le ea leng naheng, a se ke a khutlela hae ho nka kobo ea hae.” (Mar. 13:15, 16) Mehleng ea Bibele, ha tlokotsi e ne e sokela, e ne e tla ba booatla bakeng sa motho hore a theohele tlase ha a le ka holim’a ntlo ’me a kene ka tlung ho ea nka thepa ea hae. Hangata tsela e potlakileng haholo ea ho pholoha e ne e le hore a tsamaee holim’a matlo a haufi. Hape, molemi, ea neng a hlobotse hore a tsebe ho sebetsa masimong a hae, o ne a ka senya menyetla ea hae ea ho baleha haeba a ka khutlela ho ea nka kobo ea hae e ntle. Ho joalo le kajeno, polokeho e tla fumanoa ka ho balehela ’musong oa Molimo le ho bea lithahasello tsa ’Muso pele ka mehla—e seng ka ho leka ho bokella lintho tse bonahalang lefatšeng le ahlotsoeng.—Bapisa Luka 9:62; 12:22-31; 17:31, 32.

16. (a) Ke bo-mang ba tla thatafalloa haholo ha “mahlomola” a ho qetela a qhoma? (b) Ha ho bapisoa, ke tebello efe e tšelisang e ka ’nang ea tlela batsoali ba tšabang Molimo?

16 Jesu joale a re: “Ho mpa ho tla ba malimabe basali ba baimana le ba anyesang mehleng eo.” (Mar. 13:17) Ho ne ho le thata—ho le thata haholo bakeng sa batho ba joalo ha lebotho la Roma le etsa Jerusalema lesupi ka selemo sa 70 C.E. ’Me ho tla ba thata bakeng sa malapa a hlokomolohileng tokisetso ea Jehova ea ho pholoha, ha ‘mahlomola’ a ho qetela a le lefatšeng. Ka thabo, batsoali ba tšabang Molimo ba loanelang ho hōlisa bana ba bona ‘ka ho ba laea le ho ba rutela Moreneng,’ ba ka lebella hore bana ba bona ba tlase lilemong ba utloang ba kene tlas’a molemo oa lelapa, o ka bolelang ho pholoha ha bona. (Ba-Ef. 6:4; bapisa 1 Ba-Korinthe 7:14.) Empa tsela ea ho pholoha e ke ke ea e-ba bonolo, joalokaha mantsoe a eang pele a Jesu a bontša hore:

17. (a) Re ka lebella eng ka “maria” a “mahlomola”? (b) Re ka nka bohato ka bohlale joang hona joale, ’me e le ka tšepo efe bakeng sa nako e tlang? (Esa. 26:20, 21)

17 “Hape, le rapele hore paleho ea lōna e se hlahe maria. Hobane mehla eo e tla ba ea mahlomola ao ho e-song ho ka ho bonoa a makalo ha e sa le tšimolohong ea hlolo, ha Molimo o no o hlola lintho, ho fihlela joale, ’me ho ke ke ha e-ba teng a joalo le ka mohla o le mong. Le hojane Morena a sa ka a khutšofatsa matsatsi ao, ekabeba ho no ho ke ke ha phela motho; empa ka baka la bakhethoa bao a ba khethileng, o khutšofalitse matsatsi ao.” (Mar. 13:18-20) Rōna, ka bomong, re ka ’na ra haelloa haeba re lieha ho baleha ka nako e tšoanelang e kang lehlabula ho fihlela ha e le maria a “mahlomola.” Mehleng ena e sa tloaelehang, ha ho ea ka lebellang hore a ’ne a phele bophelo bo loketseng. Tsela ea bohlale kajeno ke ho balehela ka lehlakoreng la ’muso oa Molimo, le ho lula moo, motho a itšebelisa bophelong ba boitelo lebitsong la lithahasello tsa ’Muso. (Mar. 8:34-36; Matt. 6:33) Ha re talimane le mahlomola a fetang ’ohle, re ka leboha tiiso ea Jesu hore Jehova o tla ‘khutsofatsa matsatsi’ e le hore a ka pholosa “motho” ea ineetseng ho eena—bao ba ‘khethiloeng’ bao hamorao ba tla busa le Kreste le bao ba “bongata bo boholo” ba theang setsi sa ba tla phela lefatšeng lilemong tse sekete tsa khotso.—Tšen. 5:9, 10; 7:4, 9-17.

18. Re ka lebella ‘tsieleho ea lichaba’ e fihle tlhorong ka’ng? (Esa. 45:18)

18 Hoba a lemose ka ‘bo-kreste ba bohata le baprofeta ba bohata,’ ba hlahileng ka bongata mehleng ena ea qetello, Jesu o supa lipono tse tšosang maholimong le “matla a maholo le . . . khanya” ea ho tla ha hae e le “Mor’a motho,” ha a phethahatsa kahlolo ’me a bokella ba hae bakeng sa polokeho. (Matt. 24:24; Mar. 13:26) Ntle ho pelaelo, ka lijo, se besoang le lintho tse ling li fela, le ho bokelloa ho ntseng ho tsoela pele ha libetsa tse tšenyo e khōlō, ‘tsieleho ea lichaba, li sa tsebe moo li ka tsoang le teng, ha batho ba le matsoalong ke ho lebella tse tla hlaha holim’a lefatše’ e ntse e eketseha. (Luka 21:25, 26) Hore na ebe lichaba tseo li tla leka tsela ea ho ipolaea ka ntoa ea libetsa tse chefu ke hona ho tla bonahala. Empa li ke ke, ’me ha li na ho felisa batho holim’a lefatše! Hobane “bakhethoa” le metsoalle ea bona ba na le tšepiso e tiileng ea topollo.—Luka 21:28; Matt. 24:21, 22.

19. Ke eng eo re ka lebellang ho e bona haufinyane?

19 Kannete, “mefere-fere” e tlisitse masoabi a mangata ho batho ha esale ‘lichaba li tsohelana matla’ ntoeng ea lefatše. (Mar. 13:8) Leha ho le joalo Jesu o re tiisetsa hore, joalokaha ho atamela ha lehlabula ho hlokomeloa ka makhapetla a tetemang ao sefate sa feiga se a hlahisang, kahoo ‘lintho tsena tse etsahalang’ haufi li tla fella ka hore Kreste a tle ho tla liha kahlolo. O re: “Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale. Leholimo le lefatše li tla feta, empa lipolelo tsa ka li ke ke tsa feta.” (Mar. 13:21-27, 30, 31) Ho feta moo, Tšenolo eo Jesu a faneng ka eona, hamorao, ho moapostola Johanne, e re tiisetsa hore lilemo tse 1 000 tsa ’muso oa Molimo ka Kreste li tla latela ho feta ha Diabolose le mesebetsi eohle ea hae.—Tšen. 20:2, 3; 1 Joh. 3:8.

“LEBELANG”

20. (a) Ke hobane’ng ha ho le kotsi ho otsela ka nako ee? (b) Tumellanong le Mareka 13:34, 35, re ka bontša ho tšepahala ho Monghali oa rōna joang?

20 Mantsoe a qetellang a boprofeta bo boholo ba Jesu a na le temoso e matla bakeng sa rōna kaofela. Ba bang mohlomong ba ’nile ba koeetsoa hore ba otsele, kapa mohlomong hore ba hle ba robale, hobane “Mor’a motho” ha a ka a tla ho tla lokisa litaba le lichaba ka nako e lebelletsoeng. Ke kotsi e kaakang! Jesu oa eletsa: “Empa ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela. Iponeleng, le falimehe, ’me le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako.” Ho se tsebe nako eo ho re nea lebaka le matla haholo bakeng sa ho falimeha. Ho feta moo, ho tšepahala ho Monghali oa rōna, ho bontšoang ka cheseho ea rōna ho boleleng ‘litaba tse molemo’ tse mabapi le ho fihla ha hae, ho hloka ho falimeha ka linako tsohle. “Ho joale ka motho ha a etile, a tlohetse ntlo ea hae, a neile bahlanka ba hae litaelo tsa hae, a laetse e mong le e mong mosebetsi oa hae, ’me a laetse molebeli oa monyako ho lebela. Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla mong a ntlo a tla tla.”—Mar. 13:32-35.

21. Ke ka baka la litšepiso life re lokelang ho ‘lebela’?

21 Mohla “Mor’a motho” a fihlang ‘ka tšohanyetso,’ ka baka leo, ho tla phethahatsa kahlolo, a se fumane re robetse empa re le mafolo-folo haholo ho etseng thato ea Ntate oa hae. Hobane re tla hlohonolofatsoa haeba re ela hloko mantsoe a Jesu: “Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang!” (Mar. 13:37) E se eka re ka matlafatsoa ke litšepiso tsa bohlokoa tsa Jehova, ho theosa ho ea fihla ‘mahlomoleng’ le ho kena khotsong e hlollang e tlang ho nka lilemo tse 1 000 tlas’a ’muso oa Molimo ka Kreste!—Tšen. 20:1-6; 21:1-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

“Matsatsi a matsoalo” bakeng sa batho a qalile ka 1914 ’me ntse a tiea ho tla fihlela joale

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela