Melato ea Iseraele ea Boholo-holo
‘Jehova o itse: ka baka la melato e merero, kapa e mene ea Iseraele—teng nke ke ka fetoha—kahobane ba reka chelete ka ea lokileng, le ka mofumanehi ba reka lieta, ba lakatsa ho bona lerōle la lefatše holim’a hloho ea mofutsana, ’me ba khopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntat’ae ba kenela mosali a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le khethehileng; ’me ba robala likobong tse nketsoeng molato pel’a aletare tsohle, ba noa veine ea litefo tsa bona tlung ea [melimo ea bona].’—Amose 2:6-8, bapisa le “NW.”
Tšebelisong ea Bibele, palo ‘tharo’ e emela matla kapa khatiso. Kahoo, “melato e meraro, kapa e mene” ea ’Muso oa Iseraele oa meloko e 10 ho Jehova e emela tlaleho e kopaneng ea ho se tšepahale ha ’Muso oa Iseraele.
Batho ba lokileng ba ne ba rekisoa feela lebitsong la “chelete.” Molao o ne o hlakisa hore lesholu le sitoang ho lefa matšeliso le lokela ho rekisoa bakeng sa lintho tseo le li utsoitseng. (Ex. 22:3) Mohlomong, sehlopha se nang le tšusumetso se busang se ne se tlōlisa hona, se rekisa batho ba tlase hore se fumane phaello e seng hobane ho hlokahala hore mofutsana a ntše matšeliso. Kapa, ‘ho rekisa ea lokileng chelete’ ho ka ’na ha utloisisoa hore baahloli, ka ho amohela chelete e le mpho ea qeko, kapa ho tšepisoa joalo, ba ne ba ahlola batho ba lokileng.
Mohlomong kaha mofumanehi o ne a sitoa ho lefella lieta, ea mo kolotetseng ka ho hloka kutloelo-bohloko o ne a mo rekisa bokhobeng. Kapa, hore a fumane lieta kapa ntho e ’ngoe ea theko e kholo, monna ea nang le tšusumetso a ka ’na a rekisa motho oa mofumanehi. Banna ba se nang mohau ba ne ba lakatsa ho bona mofumanehi a nyefoloa joalo e le hore ba ka mo roesa lerōle hloohong. (Bapisa Jobo 2:12.) “Ba bonolo” ho hang ba ne ba ke ke ba tšepa ho fumana toka leha e le efe.
Baiseraele ba rapelang litšoantšo ba lelapa le le leng ba ne ba e-ea ho seotsoa se le seng sa tempele e le mofuta oa borapeli, kahoo ba silafatsa lebitso le halalelang la Jehova. Hape ba ne ba bontša ho se tsotelle Ea Holimo-limo ka mokhoa o feteletseng ka ho tlōla molao oa hae ka mekhoa e meng. Ka mohlala, kobo e nkiloeng e le ho lefa molato e ne e tlameha ho khutlisoa pele bosiu bo fihla. (Ex. 22:26) Empa batho bana ba khopo ba ne ba boloka kobo e nkiloeng bakeng sa molato ebe joale ba e sebelisetsa ho e ala nakong ea mekete ea mahlabelo tempeleng. Ho phaella moo, litefiso ntle ho toka li ne li amoha bafumanehi ka hore ba fane ka chelete bakeng sa veine eo ba e noang meketeng tempeleng ea melimo ea bona. Kahoo, phaello ea khatello ea bona ba ne ba e sebelisa borapeling ba bohata. Ke thohako e kaakang eo Baiseraele ba sa tšepahaleng ba e tliselitseng lebitso le halalelang la Jehova!
Toka e ne e hloka hore ’Muso oa Iseraele oa meloko e 10 o biletsoe ho tla ikarabella bakeng sa melato ea oona. Nako ea kahlolo ea fela ea tla, lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ha Baassyria ba hapa naha ’me ba nka Samaria, motse oa moreneng oa ’Muso oa Iseraele oa ka leboea.