Lipotso Tse Tsoang ho Babali
● Na e ka ba ho loketseng ho rapella motho ea khaotsoeng phuthehong ea Bokreste?
Nakong e fetileng ho ile ha nkuoa hore lithapelo tse joalo ha lia lokela. ’Me ho teng mabaka a molemo a Mangolo ho ithiba. Empa keletso ea Bibele e amanang le seo e buella ho nahana taba ka ’ngoe boemong ba eona ho e-na le ho e nka kakaretsong ea maemo.
Haholo 1 Johanne 5:16, 17 e re thusa ho fumana maikutlo a Molimo. Moo hoa boleloa: “Ha motho a bona ngoan’abo a etsa sebe se sa iseng lefung, a ke a mo rapelle, ’me Molimo o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa iseng lefung. Sebe se teng se isang lefung; hase bakeng sa sona ke reng, ho rapeloe. Bokhopo bohle ke sebe, ’me sebe se teng se sa iseng lefung.”
Pele moapostola Johanne o bolela “sebe se sa iseng lefung.” Kaha kaofela ha rōna ha rea phethahala e bile ha rea loka, bohle re molato oa sebe. (Pes. 51:5; Ba-Roma 3:23; 1 Johanne 3:4) Ea etsang sebe ho hlokahala hore a bake ’me a rapelle mohau o mongata oa Molimo. (1 Joh. 1:8-10) Joalokaha Johanne a bontša, le ba bang ba ka mo rapella.
Hape, Johanne o supa ‘sebe se isang lefung.’ Ke sefe? Ke sebe seo motho a ke keng a se tšoareloa; ‘se isa lefung’ hobane se isa ‘lefung la bobeli,’ kapa lefu la ka ho sa feleng. (Tšen. 21:8) Pelenyana, Jesu o bontšitse hore motho a ka etsa sebe ho fihlela ntlheng eo a siteloang moea o halalelang, e leng se sa tšoareloeng. (Matt. 12:31; Luka 12:10) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o bontšitse hore haeba ea neng a tseba ’nete ea Molimo a etsa sebe ka boomo, pako le tšoarelo li ke ke tsa hlola li e-ba bonolo.—Ba-Heb. 6:4-6; 10:26, 27.
Johanne o re bolella hore re se rapelle ea entseng sebe ‘se isang lefung’ joalo. Hona ho re hopotsa mantsoe a Molimo ka Baiseraele ba neng ba ineetse bokhopo hoo A neng a tla ba tlohella hore Bababylona ba ba ise bohlankeng. Molimo oa re ho Jeremia: “Ha e le uena, u se ke ua rapella sechaba sena, u se ke ua phahamisa mohoo leha e le thapelo bakeng sa bona, u se ke ua ntiisetsa matla.—Jer. 7:16-20; 14:11, 12.
Molimo, e seng rōna ba lefatšeng, ke oona o rerang hore na ebe motho o sitetsoe moea o halalelang. Leha ho le joalo, re ka ananela ka mantsoe a bululetsoeng a Johanne hore re ke ke ra rapella motho ea fanang ka bopaki ba ho itloaetsa sebe ka boomo. Johanne a boela a ngola ho 2 Johanne 9-11 ka batho ba tlatsang maikutlo ao e seng a Bokreste. Ho ba rapella e ka ba khopiso ho Molimo.
Na joale re ka fihlela qeto hore motho ea khaotsoeng ka baka la ho se bakele sebe mohlomong o ‘entse sebe se isang lefung,’ seo re ke keng ra se rapella. E seng hakaalo-kaalo. Hopola hore lekholong la pele la lilemo phuthehong ea Bokreste ea Korinthe monna o ile a oela boitšoarong bo bobe. Ka nakoana ha a ka a baka ’me ka baka leo a tlameha ho khaoloa. (1 Ba-Kor. 5:1, 9-13) Ho bonahala hore, leha ho le joalo, kamor’a nakoana o ile a baka ’me a khutlisetsoa. (2 Ba-Kor. 2:5-10) Hoo ho tla supa hore, le hoja a ne a khaotsoe, o ne a sa etsa sebe se isang lefung, seo Bakreste ba ke keng ba se rapella. Le kajeno ho ka ba joalo.
Ha motho a khaotsoe, ka nako eo ho ke ke ha hlaka hore na ebe sebe se ‘tla isa lefung’ kapa che. Empa kamorao ho nako bopaki ba pako le ho sokoloha bo ka ’na ba bonahala. (Bapisa Liketso 2:36-38; 3:19.) Hona ho ka ’na ha hlokomeloa pele ke e mong ea haufi, ea kang monna ea hlokomelang boikutlo le boitšoaro ba mosali oa hae ea khaotsoeng. Kahoo a ka fihlela qeto ea hore ha a etsa ‘sebe se isang lefung’ ’me a ka ’na a susumeletseha hore a mo rapelle. A ka rapela hore haeba Jehova—ea balang lipelo—a fumana motheo oa ho tšoarela phoso ea hae, thato ea Molimo e ke e etsoe. Hape, a ka ’na a bolela ho Molimo tšepo ea hore mosali a fumane matla Bibeleng e le hore a ka hlōla bofokoli ba hae.
Le hoja motho e mong a ka ikutloa ka boeena hore a ka atamela Molimo ka thapelo mabapi le motho ea khaotsoeng, ho ke ke ha lokela ho etsa joalo pontšeng kapa thapelong tsa phutheho. Ho ke ho ananeloe hore ba bang ba utloang lithapelo tse joalo mohlomong ha ba e-so ho bone bopaki bo bontšang pako. Kapa mohlomong ba ke ke ba kholoa hore motho eo ha a ea ‘etsa sebe se sa iseng lefung.’
Ka baka leo, mabakeng ao ho oona Mokreste a lumelang hore ho loketse ho rapella motho ea khaotsoeng, a ka etsa joalo lithapelong tsa lekunutung. ’Me rōna bohle re ka loanela ho tsamaisa monahano oa rōna ntlheng ena ka keletso e bululetsoeng ea Lentsoe la Jehova.