Lipesaleme
Pesaleme e Khutšoanyane ho Tsohle—Khothatso ea ho Roka Jehova
HO LIPESALEME tse bululetsoeng tse 150, Pesaleme ea 117 ke eona e khutšoanyane ho tsona tsohle. E baleha tjena: “Rokang Jehova, lōna, lichaba tsohle! Mo roriseng, lōna, merabe kaofela! Hobane mohau oa hae o matla haholo bakeng sa rona [Baiseraele], ’me ’nete ea Jehova e hlola ka ho sa feleng! Bokang Jehova!”
Pina ena ea thoko ke memo ho lichaba tsohle ho roka Jehova hobane li bone tsela e khōlō eo a sebelisaneng le batho ba hae ba Iseraele ka eona. Litšebelisano tsa hae li mo senola hore ke Molimo o lokeloang ke thoko le thoriso.
Ho sa tsotellehe boetsalibe le ho sitoa nako le nako ha Baiseraele, Jehova o ne a le mohau a qenehela. Ka botšepehi a khomarela tšepiso ea hae e etselitsoeng Abrahama hore ‘lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa lelokong la hae.’ (Gen. 22:18) Ka makholo ana ’ohle a lilemo ho tla fihlela ha peō eo e tšepisitsoeng e fihla, Jehova Molimo ha a ka a lahla Iseraele hore e se be sechaba sa hae. Kahoo, a ipaka hore ke Molimo oa mosa o lerato. Hape a pakahatsa bonnete ba hae ka ho phethahatsa lentsoe la hae leo a le tšepisitseng. Joshua, ka mohlala, a hopotsa Baiseraele hore: “Lea itsebela pelong tsa lōna bohle le meeeng ea lōna bohle hobane ha ho ntho leha e le ’ngoe ea tsohle tse molemo tsee Jehova, Molimo oa lōna, a le baletseng tsona, e hlokahetseng; tsohle li etsahetse ho lōna, ha ho e ’ngoe ea tsona e hlokahetseng.”—Josh. 23:14.
Haholo-holo ka ho fihla ha Jesu Kreste e le peō e tšepisitsoeng, nako e ne e fihlile ea hore batho ba lichaba tsohle ba roke Jehova. Ke ntlha e ileng ea hlakisoa ke moapostola Pauluse ha a ngolla Bakreste ba Roma, a re: “Jesu Kreste e bile monemotse oa ba lebollo ea emelang ’nete ea Molimo, hore a tle a phethe litšepiso tse etselitsoeng bo-ntate moholo; le hore balichaba ba tle ba tlotlise Molimo, ka baka la mohau oa oona; joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ka baka leo, ke tla u tumisa har’a balichaba, ke binele lebitso la hao lipesaleme. Ho itsoe hape: Lōna, ba-lichaba, le nyakalle le sechaba sa oona. Ha boela ha thoe: Lōna lichaba tsohle, bokang Morena; mo roriseng, lōna batho bohle.”—Ba-Roma 15:8-11.
Le hoja Jehova Molimo a ile a sebelisana feela le Baiseraele ka makholo-kholo a lilemo, ha e le hantle o ne a sebetsa litaba bakeng sa ho hlohonolofatsoa ha batho bohle ka peō ea Abrahama, Jesu Kreste ka sehloohong. Motheong oa hore Jesu o fane ka bophelo ba hae e le sehlabelo, batho ba lichaba tsohle ba ka tšoareloa libe tsa bona ’me ba ka fumana boemo bo amohelehang pel’a ea Holimo-Iimo. Kannete, he, batho ba lichaba tsohle ba na le lebaka la ho leboha Jehova ka mosa oa hae o lerato le bonnete ho hlahiseng peō ea tšepiso e le ngoana oa Abrahama ka tlhaho.