Liithuti Tsa Gileade Tsa Bolelloa: ‘Le Tla Thaba ka ’Nete’
LA 16 Loetse, 1979, la tlisetsa sehlopha sa 67 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower thabo e khōlō; ke letsatsi leo ba neng ba hapa likhau ka lona. Li bokane hammoho Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova, e Long Island City, New York, liithuti tse 51 tsa utloa mookameli oa sekolo, F. W. Franz, a li khothatsa hore li thabe. A hatisa thabo e neng e tsamaea le Mokete oa Metlotloane, o neng o keteka ho phuthoa ha litholoana tse beoang ke mobu Iseraeleng ea boholo-holo.
Ho bamameli ba fihlang ho 2 033, mookamili oa sekolo a hlalosa thabo e telele ea Mokete oa Kotulo. O ne o nka matsatsi a supileng, ’me Jehova ka Moshe a bolella batho: ‘Le tla thaba ka ’nete.’—Deut. 16:15.
Franz a boela a supa litšobotsi tse peli tse neng li eketsa moketeng ona tse tlileng hamorao, ’me tsena li ne li etsoa ha Jesu a ne a le lefatšeng. E ’ngoe e ne e le ho ea ha moprista a ea letšeng la Siloe a nkile pitsana ea gauda, a e tlatsa metsi, a khutlela tempeleng ’me a a tšollela morifing o isang tlase ho aletare. Nakong ea ha ho tšolloa metsi, thabo e ne e e-ba khōlō haholo, hoo ho neng ho ee ho boleloe hore ‘ea e-song ho bone ha ho tšolloa metsi a Siloe ha a s’o bone thabo bophelong ba hae.’
Tšobotsi e ’ngoe e thabisang ea mokete, kamoo Franz a hlalositseng, e ne e etsahala bosiu. Ho ne ho le teng liluloana tse khōlō tsa mabone tse ’ne tsa gauda ka Lebaleng la basali, ’me seluloana ka seng se e-na le morifi o moholo oa gauda. Ho ne ho tšeloa oli ’me liaparo tsa khale tsa baprista e le tsona tse hotetsoang ho bonesa. Ha ho ne ho hotetsoa mabone, khanya e ne e e-ba khōlō hoo ho neng ho bonahala eka ho khanya motse kaofela. Banna ba bang ba ne ba hobela ’me ba bina. Hona ho ne ho etsoa ho fihlela ha tsatsi le chaba.
A hlalosa ho ea pele hore ha Jesu a ne a e-ea Moketeng oa Metlotloane ka 32 C.E. o ne a supa ka mokhoa o sa tobang tšebeletsong e neng e etsoa ka metsi a Siloe ha a re: “Ekare ha e mong a nyoriloe, a tle ho ’na, a noe. Ea lumelang ho ’na, linōka tsa metsi a kollang li tla kolla mpeng ea hae, joale ka ha Lengolo le boletse.” (Joh. 7:37, 38) Hape, Jesu mohlomong o ne a supa ho bonesoa ha Jerusalema ka mabone nakong ea mokete ha a re ho Bajode: “Ke ’na leseli la lefatše.”—Joh. 8:12.
Na Mokete oa Metlotloane, kapa Kotulo, o na le phethahatso ea sebele? Haeba ho joalo, neng? Franz a hlalosa hore Mangolo a fana ka leseli kutloisisong ea sena. Ka mohlala, Esaia 12:3 e hlile ea bolela ka nako ea ha batho ba Molimo ba tla “ikhella metsi ka thabo.” Ho Mattheu 13:39 Jesu o senotse hore “kotulo ke bofelo ba lefatše.” ’Me ho Mattheu 24:31, tabeng e sebetsanang le “pontšo” ea bofelo ba lefatše, Jesu o hlile a bolela ho bokelloa ha “bakhethoa” ba hae lefatšeng lohle. Kahoo Mokete oa Metlotloane oa thabo, kapa Kotulo, o ne o ke ke oa qala phethahatso ea oona ea kajeno pele ho ‘nako ea bofelo.’ Pokello e joalo e tsoela pele hona joale ho tloha ka 1919 ’me e tla isa nakong ea thabo e khōlō.
Empa ke eng e bokelloang? Batho. Kahoo liithuti tse 51 tse qetileng tsa khothalletsoa ke mookameli oa sekolo ho tsoela pele ho ba le kabelo mosebetsing ona oa ho bokella, ba sebeletsa e le “leseli la lefatše” likabelong tse latellanang tsa bona tsa boromuoa. Ha a qetella a hatisa hore “le ’ne le rate Mokete oa Kotulo kapa Metlotloane. Thabo ea lōna e tsoang ho Jehova e be e le tiisang ’me le tsoele pele ho thaba” ka ho sa feleng.
Pelenyana, sebui se seng le sona sa hatisa thabo. Joel Adams a bolella liithuti hore Jehova o thabile hore li thabile. A li khothalletsa hore li se ke tsa lumella hore li itlhokise thabo ka baka la lintho tse nyenyane. A khothalletsa hore, “bolokang moea oa lōna oa thabo. E, Jehova ke Molimo o thabileng, ’me o batla hore re thabe bophelong ba rōna. Ke tlotla ho eena ha re boloka moea oa thabo.”
J. E. Barr le eena ka ho tšoanang a khothalletsa liithuti: “Le tšoanela ho tlala teboho hakaakang ka letsatsi lee la lōna la thabo la ho hapa likhau! E se eka bohle ka lilemo tsena tsohle tse ka pel’a lōna le ke ke la felloa ke boikutlo ba teboho ho Jehova. Ke lekunutu la hore thabo ea lōna le nyakallo e be tse mamellang kae le kae moo le abetsoeng teng.”
Motšeare oa mantsiboea liithuti tsa Gileade tsa etsa lenaneo le thabileng la ’mino oa machaba, li bontša ’mino le motjeko oa linaha tseo baromuoa ba neng ba li emela. Motšeare oa mantsiboea oa fihla tlhorong ka liithuti li bontša tšoantšiso e hatisang bohlokoa ba ho ananela lintho tsa bohlokoa kannete. E re “Le se ke la Nyelisa Lintho tse Halalelang,” e ne e bua ka Jakobo le Esau.
Ha lenaneo ie fihla qetellong ka thapelo e entsoeng ke M. G. Henschel, liithuti li ne li ikemiselitse ho mamela lentsoe leo Jehova a le buileng ka Moshe: ‘Le tla thaba ka ’nete.’